Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le Falimehe Mabapi le Lithapelo”

“Le Falimehe Mabapi le Lithapelo”

“Le hlaphoheloe likelellong, . . . ’me le falimehe mabapi le lithapelo.”—1 PET. 4:7.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re “falimehe mabapi le lithapelo”? (b) Ke lipotso life tse fatang maikutlo tseo re lokelang ho ipotsa tsona mabapi le thapelo?

MOTHO e mong ea neng a sebetsa bosiu o re: “Nako e boima ka ho fetisisa ea hore motho a lule a falimehile ke pelenyana ho meso.” Mohlomong ba bang bao le bona ba lokelang ho falimeha bosiu kaofela ba ka lumellana le eena. Kajeno Bakreste ba boemong bo tšoanang, kaha bosiu bo bolelele ba tsamaiso ena e khopo ea Satane bo ntse bo roalellana. (Bar. 13:12) Ruri re ka ba kotsing haeba re ka robala lihoreng tsena tsa ho qetela! Ho hlokahala hore re “hlaphoheloe likelellong” ’me re mamele keletso ea Mangolo ea hore re “falimehe mabapi le lithapelo.”—1 Pet. 4:7.

2 Ka lebaka la nako eo re phelang ho eona, e ka ba hantle hore re ipotse: ‘Ke falimehile hakae tabeng ea thapelo? Na ke sebelisa mofuta o mong le o mong oa thapelo, hona na ke rapela ke sa khaotse? Na ke tloaetse ho rapella batho ba bang, kapa na kamehla ke rapella feela lintho tseo ke li hlokang le tseo ke li batlang? Hona thapelo e ka nthusa joang hore ke pholohe?’

ETSANG MOFUTA O MONG LE O MONG OA THAPELO

3. Mefuta e meng ea thapelo ke efe?

3 Lengolong la hae le eang ho Baefese, moapostola Pauluse o ile a bua ka “thapelo ea mofuta o mong le o mong.” (Baef. 6:18) Hangata lithapelong tsa rōna, re ka ’na ra kōpa Jehova ka tieo hore a re thuse ka lintho tseo re li hlokang le hore re hlōle mathata. Ka lerato, Molimo “Ea Utloang thapelo” o oa re mamela ha re kōpa thuso. (Pes. 65:2) Leha ho le joalo, re boetse re lokela ho ikitlaelletsa ho etsa mefuta e meng ea thapelo. E akarelletsa thapelo ea ho mo rorisa, ho mo leboha le ho etsa thapeli.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho rorisa Jehova khafetsa lithapelong tsa rōna?

 4 Ho na le mabaka a mangata ao ka ’ona re lokelang ho kenyelletsa mantsoe a thoriso ha re rapela Jehova. Ka mohlala, re susumelletseha ho mo rorisa ha re nahana ka “mesebetsi ea hae ea bonatla” le “bongata ba boholo ba hae.” (Bala Pesaleme ea 150:1-6.) Ke kahoo litemaneng tse tšeletseng tsa Pesaleme ea 150 re phehelloang ka makhetlo a 13 hore re rorise Jehova! Ka lebaka la ho hlompha Molimo ka ho tebileng, moqapi oa pesaleme e ’ngoe o ile a bina a re: “Ke u rorisitse ka makhetlo a supileng ka letsatsi ka lebaka la liqeto tsa hao tsa boahloli tse lokileng.” (Pes. 119:164) Ruri Jehova o tšoaneloa ke thoriso. Kahoo, na ha rea lokela ho mo rorisa “ka makhetlo a supileng ka letsatsi” lithapelong tsa rōna, ke hore khafetsa?

5. Ho leboha Molimo ha re rapela ho re sireletsa joang?

5 Mofuta o mong oa bohlokoa oa thapelo ke oa teboho. Pauluse o ile a phehella Bakreste ba Filipi a re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo.” (Bafil. 4:6) Ho leboha Jehova ka thapelo e tsoang pelong hoa re sireletsa. Sena ke ’nete ka ho khetheha, kaha re phela matsatsing a ho qetela ao batho “ba se nang teboho.” (2 Tim. 3:1, 2) Ka sebele moea oa ho hloka teboho o rena hohle. Haeba re se hlokolosi, o ka re hahlamela habonolo. Ha re leboha Molimo lithapelong tsa rōna, seo se etsa hore re khotsofale, ebile se re thibela ho ba “bakorotli, ba belaelang ka tse ba hlahelang bophelong.” (Juda 16) Ho feta moo, ha hlooho ea lelapa e kenyelletsa liteboho ha e rapela le ba lelapa, seo se khothalletsa mosali le bana ho ba le moea oa ho leboha.

6, 7. Thapeli ke eng, hona re ka etsa thapeli ho Jehova maemong afe?

6 Thapeli ke thapelo e tiileng e nang le boikutlo bo matla. Ke maemong afe moo re ka etsang thapeli ho Jehova? Re ka mo rapela ka tieo haeba re hlorisoa kapa re kula haholo. Ke ho utloahalang hore ha re rapela Molimo hore a re thuse maemong a kang ana, re etsa thapeli. Empa na ke maemong aa feela moo re ka etsang thapeli ho Jehova?

7 Nahana ka thapelo ea Jesu ea mohlala, ’me u hlokomele seo a se buileng ka lebitso la Molimo, ’Muso oa Hae le thato ea Hae. (Bala Matheu 6:9, 10.) Lefatše lena le qoetse bobeng, ’me mebuso ea batho e hlōleha ho fa baahi esita le lintho tsa motheo feela. Ha ho pelaelo hore re lokela ho rapella hore lebitso la Ntate oa rōna ea leholimong le halaletsoe le hore ’Muso oa hae o felise puso ea Satane lefatšeng. Ena e boetse ke nako ea ho etsa thapeli ho Jehova hore thato ea hae e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. Kahoo, a re luleng re falimehile ’me re etse lithapelo tsa mefuta eohle.

“LE RAPELE LE SA KHAOTSE”

8, 9. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nyatsa Petrose le baapostola ba bang ba ileng ba robala serapeng sa Gethesemane?

8 Le hoja moapostola Petrose a ile a khothalletsa Bakreste hore ba “falimehe mabapi le lithapelo,” o ile a hlōleha ho etsa seo bonyane ka lekhetlo le le leng. Ke e mong oa barutuoa ba ileng ba robala ha Jesu a ntse a rapela serapeng sa Gethesemane. Ba ile ba ’na ba robala le ka mor’a hore Jesu a ba bolelle hore ba ‘lule ba lebetse ’me ba rapele ba sa khaotse.’—Bala Matheu 26:40-45.

9 Ho e-na le hore re nyatse Petrose le baapostola ba bang ka hore ba ile ba hlōleha ho lula ba falimehile, re lokela ho hopola hore ba ne ba khathetse ka lebaka la lintho tse neng li etsahetse letsatsing leo. Ba ne ba lokiselitse Paseka ba bile ba e ketekile mantsiboeeng ao. Ka mor’a moo, Jesu o ile a theha Lijo Tsa Shoalane  Tsa Morena, ’me a behela balateli ba hae mohlala oa hore na ba tšoare Sehopotso sa lefu la hae joang. (1 Bakor. 11:23-25) ‘Ka mor’a ho bina lithoriso, ba ile ba tsoa ba ea Thabeng ea Mehloaare,’ ’me ba tsamaea literateng tse moqotetsane tsa Jerusalema. (Mat. 26:30, 36) Nakong eo, mohlomong e ne e se e bile e le ka meso. Haeba re ne re le serapeng sa Gethesemane bosiung boo, mohlomong le rōna re ka be re ile ra robala. Ho e-na le hore Jesu a nyatse baapostola bao ba khathetseng, ka lerato o ile a lumela hore “moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.”

Le hoja Petrose a ile a khoptjoa, o ile a ithuta ho ‘falimeha mabapi le lithapelo’ (Sheba serapa sa 10 le 11)

10, 11. (a) Petrose o ile a ithuta’ng ho se mo etsahaletseng serapeng sa Gethesemane? (b) Se etsahaletseng Petrose se u ama joang?

10 Se etsahetseng serapeng sa Gethesemane se ile sa ruta Petrose thuto ea bohlokoa. O ile a ithuta habohloko hore o lokela ho lula a falimehile. Pejana, Jesu o ne a ile a re: “Kaofela ha lōna le tla khoptjoa mabapi le ’na bosiung bona.” Ha Petrose a utloa seo, o ile a re: “Le haeba ba bang kaofela ba khoptjoa mabapi le uena, le ka mohla nke ke ka khoptjoa!” Jesu o ile a bolella Petrose hore o tla mo latola ka makhetlo a mararo. Empa Petrose o ile a tsitlella, a re: “Esita le haeba nka lokela ho shoa le uena, ho hang nke ke ka u latola.” (Mat. 26:31-35) Leha ho le joalo, o ile a khoptjoa, feela joalokaha Jesu a ne a boletse esale pele. Petrose ‘o ile a lla habohloko,’ a sithabelitsoe ke hore o latotse Jesu.—Luka 22:60-62.

11 Ho hlakile hore Petrose o ile a ithuta ho sena se mo etsahaletseng ’me a loantša tšekamelo ea ho itšepa ho tlōla. Kamoo ho bonahalang kateng, o ile a thusoa ke thapelo boemong bona. Ha e le hantle, ke ho thahasellisang hore ebe ke Petrose ea ileng a fana ka keletso ea hore re “falimehe mabapi le lithapelo.” Na re mamela keletso eo e bululetsoeng? Ho feta moo, na re ‘rapela re sa khaotse,’ e leng se bontšang hore re itšetlehile ka Jehova? (Pes. 85:8) Hape a re hopoleng temoso ea moapostola Pauluse, ha a ne a re: “Ka lebaka leo ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.”—1 Bakor. 10:12.

LITHAPELO TSA NEHEMIA LI ILE TSA ARAJOA

12. Nehemia o re behetse mohlala ofe o motle?

12 Nahana ka Nehemia, eo e neng e le moqhatsetsi oa Morena Artaxerxese oa Persia lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Nehemia o ile a rapela ka tieo, kahoo a re behela mohlala o motle. O ile a qeta matsatsi ‘a itima lijo a sa khaotse ebile a rapela ka pel’a Molimo’ ka lebaka la tlokotsi e neng e oetse Bajuda ba Jerusalema. (Neh. 1:4) Ha Artaxerxese a mo  botsa hore na ke hobane’ng ha a bonahala a soabile, ‘hang-hang Nehemia o ile a rapela Molimo oa maholimo.’ (Neh. 2:2-4) Phello e ile ea e-ba efe? Jehova o ile a araba lithapelo tsa hae ’me a tsamaisa lintho ka tsela e ileng ea tsoela batho ba Hae molemo. (Neh. 2:5, 6) E tlameha ebe see se ile sa matlafatsa tumelo ea Nehemia hakaakang!

13, 14. Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re le matla tumelong ’me re hanele boiteko ba Satane ba ho re nyahamisa?

13 Ho rapela re sa khaotse, joaloka Nehemia, ho re thusa hore re lule re le matla tumelong. Satane o sehlōhō ’me o atisa ho re hlasela ha re fokola. Ka mohlala, haeba re kula kapa re e-na le bothata ba ho tepella maikutlo, re ka ’na ra qala ho nahana hore Molimo ha a bone eka nako eo re e qetang re le tšebeletsong khoeli le khoeli ke ea bohlokoa. Ba bang ba rōna re ka ’na ra sithabetsoa ke lintho tse bohloko tse re etsahaletseng. Satane o batla re lumele hore ha re na thuso. Hangata litlhaselo tsa hae li etselitsoe ho bapala ka likelello tsa rōna le ho re fokolisa tumelong. Empa re ka lula re le matla tumelong haeba re ‘falimehile mabapi le lithapelo.’ Ha e le hantle, ‘thebe e khōlō ea tumelo e tla re thusa ho tima metsu eohle e tukang ea ea khopo.’—Baef. 6:16.

Ho ‘falimeha mabapi le lithapelo’ ho re hlomella hore re tobane le liteko tse sa tšoaneng (Sheba serapa sa 13 le 14)

14 Haeba re ‘falimehile mabapi le lithapelo,’ a ke ke a re tsometsa ’me kahoo ra felloa ke tumelo ha re lekoa re sa lebella. Ha re tobana le liteko, a re hopoleng mohlala oa Nehemia, ’me re rapele Molimo hang-hang. Ke Jehova feela ea ka re thusang ho hanela liteko tsa tumelo kapa ho li mamella ka katleho.

RAPELLANG BA BANG

15. Re lokela ho ipotsa lipotso life tabeng ea ho rapella ba bang?

15 Jesu o ile a etsetsa Petrose thapeli e  le hore moapostola eo a se ke a felloa ke tumelo. (Luka 22:32) Mokreste e mong ea tšepahalang oa lekholong la pele la lilemo ea bitsoang Epafrase o ile a etsisa Jesu tabeng ena, ’me a ikitlaelletsa ho rapella barab’abo ba Kolose. Pauluse o ile a re ho bona: “Kamehla o le rapella ka matla, hore le eme le tiile, le phethehile, le amohetse ka ho tlala thato eohle ea Molimo.” (Bakol. 4:12, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ke hantle ho ipotsa: ‘Na ke rapella ka matla barab’abo rōna ba lefatšeng ka bophara? Ke hangata hakae ke rapellang balumeli-’moho le ’na ba oetsoeng ke likoluoa tsa tlhaho? Ke qetetse neng ho rapella ka matla barab’abo rōna ba jereng boikarabelo bo boima mokhatlong oa Jehova? Na morao tjee nkile ka rapella litho tsa phutheho tse tobaneng le maemo a thata?’

16. Na lithapelo tseo re li etsetsang ba bang li ba tsoela molemo? Hlalosa.

16 Ha re rapella ba bang ho Jehova Molimo, lithapelo tseo li ka ba thusa haholo. (Bala 2 Bakorinthe 1:11.) Le hoja ho se letho le tlamang Jehova ho nka khato hobane feela barapeli ba hae ba bangata ba rapeletse taba e itseng ka makhetlo-khetlo, o ela hloko seo ba se kōpang le seo ba amehileng ka ho teba ka sona. Kahoo re lokela ho nka ka botebo tokelo le boikarabelo boo re nang le bona ba ho rapella ba bang. Joaloka Epafrase, re lokela ho bontša bara le barali babo rōna ba Bakreste lerato le kameho e tsoang botebong ba pelo ka hore re ikitlaelletse ho ba rapella. Ho etsa joalo ho tla tlatsetsa thabong ea rōna, kaha “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Lik. 20:35.

“POLOKO EA RŌNA E HAUFI”

17, 18. Ho lula re ‘falimehile mabapi le lithapelo’ ho tla re thusa joang?

17 Nakoana pele Pauluse a bolela hore “bosiu bo se bo ile haholo; letsatsi le atametse,” o ile a ngola a re: “Le tseba nako, hore e se e le hora ea hore le tsohe borokong, kaha joale poloko ea rōna e haufi ho feta nakong ea ha re e-ba balumeli.” (Bar. 13:11, 12) Lefatše le lecha leo Molimo a le tšepisitseng le atametse, ’me poloko ea rōna e haufi ho feta kamoo re ka ’nang ra nahana kateng. Ha rea lokela ho robala moeeng, kapa hona ho lumella litšitiso tsa lefatše lena ho re hlokisa nako ea ho rapela Jehova boinotšing. Ho e-na le hoo, a re ‘falimeheng mabapi le lithapelo.’ Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re tšoarehe “liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo” ha re ntse re letetse letsatsi la Jehova. (2 Pet. 3:11, 12) Kahoo, tsela eo re phelang ka eona e tla bontša hore re falimehile moeeng le hore re lumela hore bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho bo atametse. Ka hona, e se eka re ka ‘rapela re sa phetse.’ (1 Bathes. 5:17) Le rōna a re etsiseng Jesu ka hore re batle nako ea ho rapela boinotšing. Haeba re qeta nako e ngata re buisana le Jehova ka thapelo, seo se tla re atametsa haufi le eena haholoanyane. (Jak. 4:7, 8) Ruri eo e tla ba tlhohonolofatso e khōlō!

18 Mangolo a re: “Matsatsing a nama ea hae [Kreste] o ile a nyehela lithapeli le likōpo tse matla ho Ea neng a khona ho mo pholosa hore a tsoe lefung, ka mehoo e matla le meokho, ’me a utluoa ka mokhoa o amohelehang ka lebaka la tšabo ea hae ea bomolimo.” (Baheb. 5:7) Jesu o ile a etsa lithapeli le likōpo ’me a tšepahala ho Molimo ho isa qetellong ea bophelo ba hae lefatšeng. Ka lebaka leo, Jehova o ile a pholosa Mora oa hae ea ratoang lefung, ’me a mo putsa ka bophelo ba ho se shoe leholimong. Le rōna re ka tšepahala ho Ntate oa rōna ea leholimong ho sa tsotellehe hore na re ka ’na ra tobana le liteko life nakong e tlang. Ha e le hantle, re ka fumana moputso oa bophelo bo sa feleng—haeba re lula re ‘falimehile mabapi le lithapelo.’