Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mamelang Balisa ba Behiloeng ke Jehova

Mamelang Balisa ba Behiloeng ke Jehova

“Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna.”—BAHEB. 13:17.

1, 2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ebe Jehova o itšoantša le molisa?

JEHOVA o itšoantša le molisa. (Ezek. 34:11-14) Taba eo ke ea bohlokoa hobane e re thusa ho utloisisa hore na Jehova o joang. Molisa ea lerato o jara boikarabelo ba ho alosa le ho sireletsa linku tse tlhokomelong ea hae. O li isa makhulong le lilibeng tsa metsi (Pes. 23:1, 2); o li alosa bosiu le motšehare (Luka 2:8); o li sireletsa liphoofolong tse hlaha (1 Sam. 17:34, 35); o sika likonyana (Esa. 40:11); o batla tse lahlehileng le ho hlokomela tse lemetseng.—Ezek. 34:16.

2 Kaha bahlanka ba Jehova ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba phela libakeng tse nang le makhulo ba bile ba phela ka temo, ba ile ba utloisisa habonolo bohlokoa ba ho bapisa Jehova Molimo le molisa ea lerato. Ba ne ba tseba hore linku li hloka ho hlokomeloa e le hore li atlehe. Ka kutloisiso ea moea, batho le bona ba hloka ho hlokomeloa ka tsela e tšoanang. (Mar. 6:34) Ha ba sa hlokomeloe moeeng ba bile ba sa fuoe tataiso, ba hula ka thata. Ba hlaseleha habonolo ’me baa hlahlathela boitšoarong, feela joalokaha “linku tse se nang molisa” li qhalakana. (1 Mar. 22:17) Leha ho le joalo, ka lerato Jehova o fa batho ba hae seo ba se hlokang.

3. Re tlil’o tšohla’ng sehloohong see?

3 Hore ebe Jehova o itšoantša le molisa ho bolela ho hong esita le kajeno. Jehova o ntse a hlokomela batho ba hae ba kang linku. A re boneng hore na o tataisa linku tsa hae le ho li hlokomela joang kajeno. Re tla boela re hlahlobe kamoo linku li lokelang ho itšoara kateng ha Jehova a li bontša kameho e lerato.

MOLISA EA KHABANE O FANA KA BALISA BA TLAASANA

4. Jesu o na le boikarabelo bofe tabeng ea ho hlokomela linku tsa Jehova?

4 Jehova o khethile Jesu hore e be Hlooho ea phutheho  ea Bokreste. (Baef. 1:22, 23) Kaha Jesu ke “molisa ea khabane,” o bonahatsa boikutlo ba Ntate oa hae, sepheo le litšobotsi tsa hae. Jesu o ile a “nehelana ka moea oa hae molemong oa linku.” (Joh. 10:11, 15) Ruri sehlabelo sa Kreste sa thekollo ke tlhohonolofatso e khōlō ho batho! (Mat. 20:28) Ha e le hantle, Jehova o batla hore “e mong le e mong ea bontšang tumelo ho [Jesu] a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng”!—Joh. 3:16.   

5, 6. (a) Jesu o khethile bo-mang hore ba hlokomele linku tsa hae, hona ho hlokahala hore linku li etse’ng e le hore li rue molemo tokisetsong ee? (b) Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re batlang ho ikokobelletsa baholo e lokela ho ba lefe?

5 Linku li itšoara joang ha li e-na le Molisa ea Khabane, Jesu Kreste? Jesu o ile a re: “Linku tsa ka li mamela lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela.” (Joh. 10:27) Ho mamela lentsoe la Molisa ea Khabane ho bolela ho latela tataiso ea hae linthong tsohle. Sena se akarelletsa ho sebelisana hantle le balisa ba tlaasana ba moea bao a ba khethileng. Jesu o ile a bontša hore baapostola le barutuoa ba hae ba ne ba tla tsoela pele ka mosebetsi oo a o qalileng. Ba ne ba lokela ‘ho ruta’ le ‘ho fepa linku tsa Jesu tse nyenyane.’ (Mat. 28:20; bala Johanne 21:15-17.) Ha litaba tse molemo li ntse li phatlalatsoa libakeng tse ngata ’me barutuoa ba ntse ba eketseha, Jesu o ile a lokisetsa hore ho be le balisa ba Bakreste ba hōlileng tsebong liphuthehong.—Baef. 4:11, 12.

6 Ha a bua le balebeli ba phutheho ea Efese ba lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a re moea o halalelang o ba khethile hore ba “lise phutheho ea Molimo.” (Lik. 20:28) Hoa tšoana le ka balebeli ba Bakreste kajeno, kaha le bona ba khethiloe hobane ba finyella litšoaneleho tsa Mangolo a bululetsoeng ka moea o halalelang. Kahoo, ha re mamela balebeli ba Bakreste re bontša hore re hlompha Jehova le Jesu, e leng bona Balisa ba ka sehloohong. (Luka 10:16) Ka sebele lena e lokela ho ba lona lebaka le ka sehloohong le etsang hore re batle ho ikokobelletsa baholo. Empa ho boetse ho na le mabaka a mang a hore re ikokobeletse bona.

7. Baholo ba u thusa joang hore u lule u e-na le kamano e ntle le Jehova?

7 Ha baholo ba tataisa balumeli-’moho le bona, baa ba khothatsa le ho ba fa keletso e thehiloeng Mangolong kapa melao-motheong ea Mangolo. Sepheo sa bona hase ho bolella barab’abo bona hore na ba phele joang. (2 Bakor. 1:24) Ho e-na le hoo, ke ho fa Bakreste-’moho le bona tataiso ea Mangolo e tla ba thusa hore ba etse liqeto tse molemo le ho etsa hore ho rene khotso ’me ho be le tlhophiso ka phuthehong. (1 Bakor. 14:33, 40) Baholo ba ‘lebela meea’ ka kutloisiso ea hore ba batla ho thusa setho se seng le se seng sa phutheho hore se be le kamano e ntle le Jehova. Kahoo, ba tla potlakela ho thusa mora kapa morali oabo rōna ha ba bona eka o mothating oa ho nka “mohato o fosahetseng” kapa o se a o nkile. (Bagal. 6:1, 2; Juda 22) Na aa hase mabaka a utloahalang a ‘ho mamela ba etellang pele’?—Bala Baheberu 13:17.

8. Baholo ba sireletsa mohlape oa Molimo joang?

8 Moapostola Pauluse, eo le eena e neng e le molisa oa moea o ile a ngolla barab’abo ba Kolose a re: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.” (Bakol. 2:8) Temoso ena e re hlokomelisa lebaka le leng la bohlokoa leo ka lona re lokelang ho latela keletso ea Mangolo eo re e fuoang ke baholo. Ba sireletsa mohlape ka ho hlokomelisa barab’abo bona ka  motho leha e le ofe ea ka ’nang a leka ho ba fokolisa tumelong. Moapostola Petrose o ile a lemosa ka “baprofeta ba bohata” le “mesuoe ea bohata” e neng e tla leka ho “eka meea e sa tsitsang” hore e etse se fosahetseng. (2 Pet. 2:1, 14) Kajeno, baholo le bona ba lokela ho fana ka temoso ha ho hlokahala. Kaha ke Bakreste bao e leng khale ba li bona, ba hōlile tsebong. Ho feta moo, pele ba khethoa ba bontšitse hore ba utloisisa Mangolo ka ho hlaka le hore ba tšoanelehela ho ruta se molemo. (1 Tim. 3:2; Tite 1:9) Kaha ba hōlile tsebong, ba etsa lintho ka teka-tekano ’me ba sebelisa bohlale bo thehiloeng Bibeleng, seo se ba thusa ho fa mohlape tataiso e bohlale.

Joalokaha molisa a sireletsa mohlape oa hae, baholo ba sireletsa linku tse behiloeng tlhokomelong ea bona (Sheba serapa sa 8)

MOLISA EA KHABANE O FEPA LINKU LE HO LI SIRELETSA

9. Jesu o fepa phutheho ea Bokreste joang kajeno esita le ho e tsamaisa?

9 Jehova o sebelisa mokhatlo oa hae ho fa bohle ba mo sebeletsang lefatšeng ka bophara matletsetletse a lijo tsa moea. Re fuoa likeletso tse ngata tsa Mangolo ka lingoliloeng tsa rōna. Ho feta moo, ka linako tse ling mokhatlo o fa baholo ba phutheho tataiso ka ho toba, ebang ke ka mangolo kapa ka litaelo tse fanoang ke balebeli ba tsamaeang. Ka tsela eo linku li fumana tataiso e hlakileng.

10. Balisa ba moea ba na le boikarabelo bofe ba ho thusa ba tsoileng mohlapeng?

10 Ka kutloisiso ea moea, balebeli ba  na le boikarabelo ba ho sireletsa le ho hlokomela litho tsa phutheho, haholo-holo tse itemalitseng kapa tse kulang moeeng. (Bala Jakobo 5:14, 15.) Tse ling e ka ’na eaba li tsoile mohlapeng ’me li khaolitse ho etsa tšebeletso ea Bokreste. Boemong bo joalo, moholo ea tsotellang o lokela ho etsa sohle se matleng a hae ho batla nku e ’ngoe le e ’ngoe e lahlehileng ’me a e thuse ho khutlela mohlapeng, ke hore ka phuthehong. Jesu o ile a re: “Hase ntho e lakatsehang ho Ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.”—Mat. 18:12-14.

RE LOKELA HO TALIMA MEFOKOLO EA BALISA BA TLAASANA JOANG?

11. Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ho latela tataiso ea baholo?

11 Jehova le Jesu ke Balisa ba phethahetseng. Balisa ba tlaasana bao ba ba fileng boikarabelo ba hore ba hlokomele phutheho ha baa phethahala. Sena se ka ’na sa etsa hore ba bang ba thatafalloe ho latela tataiso ea baholo. Batho bao ba ka ’na ba re: ‘Ke batho joaloka rōna. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela keletso ea bona?’ Ke ’nete hore baholo ha baa phethahala. Leha ho le joalo, re lokela ho talima mefokolo le liphoso tsa bona ka tsela e nepahetseng.

12, 13. (a) Batho bao Jehova a neng a ba file boikarabelo nakong e fetileng ba ile ba etsa liphoso life? (b) Ke hobane’ng ha ka Bibeleng ho tlalehiloe liphoso tsa banna ba neng ba fuoe boikarabelo?

12 Mangolo ha a hlathe koana le koana ha a bua ka liphoso tsa batho bao Jehova a ileng a ba sebelisa hore ba etelle batho ba hae pele nakong e fetileng. Ka mohlala, Davida o ne a khethiloe hore e be morena le moeta-pele oa sechaba sa Iseraele. Leha ho le joalo, o ile a inehela tekong ’me a ba le molato oa bofebe le oa polao. (2 Sam. 12:7-9) Hape nahana ka moapostola Petrose. Le hoja a ne a fuoe boikarabelo bo boholo ka phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo, o ile a etsa liphoso tse tebileng. (Mat. 16:18, 19; Joh. 13:38; 18:27; Bagal. 2:11-14) Ka mor’a Adama le Eva, ha ho motho e mong ea phethahetseng ea kileng a phela haese Jesu.

13 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a etsa hore bangoli ba Bibele ba tlalehe mefokolo ea batho bao a neng a ba file boikarabelo? Lebaka le leng ke hore Molimo a bontše hore a ka sebelisa batho ba sa phethahalang ho etella batho ba hae pele. Ha e le hantle, esale a ba sebelisa. Kahoo, ha rea lokela ho nka ho se phethahale ha ba re etellang pele kajeno e le lebaka la hore re ba korotlele kapa re hane ho latela tataiso ea bona. Jehova o lebeletse hore re hlomphe bara bao babo rōna ’me re ba mamele.—Bala Exoda 16:2, 8.

14, 15. Re ithuta’ng tseleng eo Jehova a ileng a buisana le batho ba hae ka eona nakong e fetileng?

14 Ke habohlokoa hore re mamele ba re etellang pele kajeno. Nahana kamoo Jehova a ileng a buisana kateng le batho ba hae linakong tse fetileng ha ho le thata. Ha Baiseraele ba ne ba tloha Egepeta ea boholo-holo, Molimo o ile a sebelisa Moshe le Arone ho ba fa litaelo. E le hore Baiseraele ba pheme kotlo ea leshome, ba ne ba lokela ho mamela taelo ea hore ba lokise lijo tse khethehileng le ea hore ba fafatse mali a linku tse hlabiloeng likoseneng tsa menyako ea bona. Ha hoa ka ha tsoa lentsoe leholimong le neng le ba fa taelo eo. Ho e-na le hoo, ba ne ba lokela ho mamela banna ba baholo ba Iseraele, bao le bona ba neng ba fuoa litaelo tse tobileng ke Moshe. (Ex. 12:1-7, 21-23, 29) Maemong ao, Moshe le banna ba baholo e ne e le bona ba fetisetsang litaelo tsa Jehova sechabeng. Baholo ba Bakreste le bona ba etsa mosebetsi oa bohlokoa kajeno.

15 Mohlomong u ka ’na ua nahana ka  maemo a mang a mangata a tlalehiloeng ka Bibeleng, ao ho ’ona Jehova a ileng a sebelisa batho kapa mangeloi ho fana ka litaelo. Molimo o ile a bona ho le molemo ho sebelisa batho maemong ana ’ohle. Manģosa a ne a bua lebitsong la hae, ’me a ne a bolella batho seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba pholohe tlokotsi. Na ha re nahane hore Jehova a ka ’na a etsa se tšoanang ka Armagedone? Ho hlakile hore baholo ba fuoeng boikarabelo ba ho emela Jehova kapa mokhatlo oa hae kajeno, ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba sebelisa matla ao ba a fuoeng hampe.

‘MOHLAPE O MONG, MOLISA O MONG’

16. Ke “lentsoe” lefe leo re lokelang ho le mamela?

16 Batho ba Jehova ke “mohlape o le mong” o tlas’a ‘molisa a le mong,’ Jesu Kreste. (Joh. 10:16) Jesu o ile a re o tla ba le barutuoa ba hae “ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:20) Kaha ke Morena leholimong, o na le matla a ho etsa hore lintho tsohle tse tla lebisa ho phethahatsoeng ha kahlolo khahlanong le lefatše la Satane li etsahale. E le hore re lule re le bonngoeng re bile re sireletsehile mohlapeng oa Molimo, re lokela ho mamela ‘lentsoe ka mor’a rōna,’ le re bolellang tsela eo re lokelang ho e latela. “Lentsoe” lena le akarelletsa seo moea o halalelang oa Molimo o se buang ka Bibeleng le seo Jehova le Jesu ba se buang ka balisa ba tlaasana bao ba ba khethileng.—Bala Esaia 30:21; Tšenolo 3:22.

Baholo ba leka ho sireletsa malapa a batsoali ba se nang balekane metsoalleng e kotsi (Sheba serapa sa 17 le 18)

17, 18. (a) Ke’ng e sokelang mohlape, empa re ka kholiseha ka eng? (b) Re tla tšohla’ng sehloohong se latelang?

17 Satane o tsamaea “joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Pet. 5:8) O nanarela mohlape joaloka sebata se harolang, ’me o batla monyetla oa ho tsometsa ba sa falimehang kapa ba hlahlathelang. Lena ke le leng la mabaka ao re lokelang ho lula ka har’a mohlape re bile re le haufi le “molisa le molebeli oa meea” ea rōna. (1 Pet. 2:25) Ha Tšenolo 7:17 e bua ka baphonyohi ba mahlomola a maholo, e re: “Konyana [Jesu] . . . e tla ba lisa, ’me e tla ba tataisetsa lilibeng tsa metsi a bophelo. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” Eo ke tšepiso e thabisang hakaakang!

18 Ka mor’a hore re hlahlobe karolo ea bohlokoa eo baholo ba Bakreste ba e phethang e le balisa ba tlaasana ba moea, e ka ba hantle hore re ipotse: Banna baa ba khethiloeng ba ka etsa’ng ho netefatsa hore ba tšoara linku tsa Jesu ka tsela e loketseng? Re tla tšohla karabo ea potso ena sehloohong se latelang.