Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Tla Itella ’Muso?

Na U Tla Itella ’Muso?

“Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”—2 BAKOR. 9:7.

1. Batho ba bangata ba tela lintho life, hona hobane’ng?

BATHO ba itella lintho tseo ba li nkang e le tsa bohlokoa. Batsoali ba sebelisa nako le matla a bona molemong oa bana ba bona. Ha lithaka tsa bona li bapala li bile li ithabisa, baatlelete ba bacha ba batlang ho emela linaha tsa habo bona lipapaling tsa Liolimpiki, ba qeta lihora tse ngata letsatsi ka leng ba itlhakisa le ho ikoetlisa ka matla. Jesu le eena o ile a itella lintho tseo a neng a li nka e le tsa bohlokoa. Ha aa ka a phela bophelo bo mabothobotho ebile ha aa ka a ba le bana. Ho e-na le hoo, o ile a khetha ho etelletsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso. (Mat. 4:17; Luka 9:58) Balateli ba hae le bona ba tetse lintho tse ngata e le hore ba tšehetse ’Muso oa Molimo. Ntho eo ba neng ba e nka e le ea bohlokoa haholo ke ho phatlalatsa ’Muso oo, ’me ba ile ba itela e le hore ba o tšehetse ka botlalo. (Mat. 4:18-22; 19:27) Kahoo re ka ’na ra ipotsa, ‘Ke ntho efe eo ke e nkang e le ea bohlokoa bophelong?’

2. (a) Bakreste bohle ba ’nete ba lokela ho itela ka tsela efe? (b) Ba bang ba khona ho bontša boitelo ka litsela life tse ling?

2 Bakreste bohle ba ’nete ba lokela ho tela lintho tse itseng, ’me seo sea hlokahala e le hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Ho itela ha bona ho akarelletsa ho sebelisa nako le matla a bona ha ba rapela, ba bala Bibele, ba tšoara borapeli ba lelapa, ba ea libokeng le tšebeletsong ea tšimo. * (Josh. 1:8; Mat. 28:19, 20; Baheb. 10:24, 25) Ka lebaka la boiteko boo re bo etsang le tlhohonolofatso ea Jehova, mosebetsi oa boboleli o hatela pele ka matla, ’me ba bangata ba tsoela pele ho phallela ‘thabeng ea ntlo ea Jehova.’ (Esa. 2:2) E le hore ba tšehetse mesebetsi e amanang le ’Muso, ba bangata ba iteletse ho ea sebeletsa Bethele, ho thusa ho haha Liholo Tsa ’Muso le Tsa Likopano, ho hlophisa likopano, kapa ho thusa libakeng tseo ho bileng le likoluoa tsa tlhaho ho tsona. Hase tlamo hore motho a etse lintho tsena e le hore a fumane bophelo bo sa feleng, empa ho etsa  seo ke habohlokoa bakeng sa ho tšehetsa mesebetsi e amanang le ’Muso.

3. (a) Re rua molemo joang ha re itella ’Muso? (b) Re lokela ho ipotsa lipotso life?

3 Hona joale ho hlokahala hore re tšehetse mesebetsi e amanang le ’Muso ho feta le ha e le neng pele. Hoa thabisa ho bona hore ba bangata ba itella ho sebeletsa Jehova. (Bala Pesaleme ea 54:6.) Moea o joalo oa boitelo o oa re thabisa, ha re ntse re letetse ho tla ha ’Muso oa Molimo. (Deut. 16:15; Lik. 20:35) Empa kaofela ha rōna re lokela ho itekola. Na ho na le litsela tse ling tseo re ka itellang ’Muso ka tsona? Re sebelisa nako, chelete, matla le bokhoni ba rōna joang? Re lokela ho ela hloko temoso efe? A re hlahlobeng mohlala oo re ka o etsisang ha re etsa mahlabelo a joalo a boithaopo, e leng se tla eketsa thabo ea rōna.

MAHLABELO ISERAELENG EA BOHOLO-HOLO

4. Ho etsa mahlabelo ho ne ho tsoela Baiseraele molemo joang?

4 E le hore Baiseraele ba mehleng ea boholo-holo ba tšoareloe libe, ba ne ba lokela ho etsa mahlabelo. A ne a hlokahala e le hore Jehova a ba amohele. A mang e ne e le tlamo ho a etsa; ha a mang a ne a etsoa ka boithaopo. (Lev. 23:37, 38) Linyehelo tse feletseng tsa secheso li ne li ka etsoa e le linyehelo tsa boithaopo, kapa limpho ho Jehova. Mohlala o ikhethang ke oa linyehelo tse ileng tsa etsoa ha ho khakoloa tempele mehleng ea Solomone.—2 Likron. 7:4-6.

5. Jehova o ne a etselitse mafutsana tokisetso efe?

5 Ka lerato, Jehova o ne a utloisisa hore batho ba ke ke ba khona ho fana ka tsela e lekanang, ’me o ne a batla hore e mong le e mong a fane ho latela seo a nang le sona. Molao oa Jehova o ne o re mali a phoofolo a lokela ho tšolloa, ’me seo e ne e le “seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla” ka Mora oa hae, Jesu. (Baheb. 10:1-4) Leha ho le joalo, hase hore Jehova o ne a sa tenyetsehe ha a sebelisa molao oo. Ka mohlala, Molimo o ne a amohela nyehelo ea maebana-khoroana haeba motho a sa khone ho nyehela phoofolo e tsoang mohlapeng. Kahoo, esita le mafutsana a ne a ka etsetsa Jehova mahlabelo ka thabo. (Lev. 1:3, 10, 14; 5:7) Le hoja batho ba ne ba ka ’na ba etsa mahlabelo ka liphoofolo tse sa tšoaneng, ho ne ho e-na le lintho tse peli tse neng li hlokahala ha motho a etsa mahlabelo a boithaopo.

6. Ho ne ho hlokahala’ng ho motho ea etsang mahlabelo, hona ke hobane’ng ha e ne e le habohlokoa ho latela litaelo tseo?

6 Ntho ea pele, motho o ne a lokela ho  fana ka se molemohali. Jehova o ile a bolella sechaba hore nyehelo leha e le efe eo se e etsang e tlameha ho ba boemong bo botle e le hore e ‘fumane kamohelo.’ (Lev. 22:18-20) Haeba phoofolo e na le sekoli, e ne e ke ke ea nkoa e le sehlabelo se amohelehang ho Jehova. Ntho ea bobeli, motho ea etsang sehlabelo o ne a lokela ho hloeka. Haeba a sa hloeka, o ne a lokela ho etsa nyehelo ea sebe kapa nyehelo ea molato e le hore a boele a be le kamano e ntle le Jehova, pele a etsa nyehelo ea boithaopo. (Lev. 5:5, 6, 15) Ena e ne e le taba e tebileng. Jehova o ne a laetse hore haeba motho ea sa hloekang a ja sehlabelo se kopanetsoeng, se neng se akarelletsa nyehelo ea boithaopo, a felisoe sechabeng sa Molimo. (Lev. 7:20, 21) Ka lehlakoreng le leng, haeba motho ea etsang sehlabelo a e-na le kamano e ntle le Jehova a bile a fana ka nyehelo e se nang sekoli, a ka thaba a ba a khotsofala.—Bala 1 Likronike 29:9.

HO ETSA MAHLABELO KAJENO

7, 8. (a) Batho ba bangata ba thabela eng ha ba itella ’Muso? (b) Ke lintho life tseo re nang le tsona tseo re ka li sebelisang?

7 Le kajeno, ba bangata ba ikitlaelletsa ho sebeletsa Jehova, ’me o thabisoa ke seo. Ho sebeletsa barab’abo rōna hoa putsa. Mor’abo rōna e mong ea thusang kahong ea Liholo Tsa ’Muso le libakeng tse bileng le likoluoa tsa tlhaho o re ho thata ho hlalosa thabo e tlisoang ke ho etsa seo. O re: “Ha ke bona tsela eo bara le barali babo rōna ba thabang le ho ananela ka eona ha ba kena ka Holong ea bona e ncha ea ’Muso kapa ha ba fumana thuso ka mor’a koluoa ea tlhaho, seo se nkhotsofatsa haholo.”

Linyehelo tse ngata li ne li etsoa ka boithaopo, ho tšoana le mahlabelo ao re a etsang kajeno (Sheba serapa sa 7-13)

8 Haesale mokhatlo oa Jehova oa kajeno o batla litsela tsa ho tšehetsa mosebetsi oa Jehova. Ka 1904, Mor’abo rōna C. T. Russell o ile a ngola, a re: “E mong le e mong o lokela ho inka joaloka ea khethiloeng ke Morena ho ba mohlokomeli oa nako ea hae, matla, chelete, joalo-joalo, ’me e mong le e mong o lokela ho batla ho sebelisa litalenta tsena hamolemo kamoo a ka khonang, tlotlisong ea Morena.” Le hoja re fumana litlhohonolofatso tse ngata, re lokela ho fana ka ho itseng ha re etsetsa Jehova mahlabelo. (2 Sam. 24:21-24) Na re ka sebelisa hamolemo lintho tseo re nang le tsona?

Litho tsa lelapa la Bethele, Australia

9. Litaelong tseo Jesu a faneng ka tsona ho Luka 10:2-4, ke molao-motheo ofe oo re ka o latelang ha re tla tabeng ea ho sebelisa nako?

9 Nako. Ho nka nako e ngata ebile ke mosebetsi ho fetolela le ho hatisa lingoliloeng  tsa rōna, ho haha libaka tsa borapeli, ho hlophisa likopano, ho phalla ha ho e-na le koluoa le ho etsa lintho tse ling tse ngata tse hlokahalang. Re na le lihora tse 24 feela ka letsatsi. Jesu o fane ka molao-motheo o ka re thusang. Ha Jesu a romela barutuoa ba hae tšimong, o ile a re ‘ha ba le tseleng ba se ke ba lumelisa leha e le mang ka ho mo kopa.’ (Luka 10:2-4) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a ba fa taelo ee? Setsebi se seng sa Bibele se re: “Tsela eo batho ba linaheng tsa Bochabela ba neng ba lumelisana ka eona ha e tšoane le eo rōna re lumelisanang ka eona, ea ho ōma ka hlooho, kapa ho tšoarana ka matsoho, empa bona [ba ne] ba hakana ka makhetlo, ba ōma ka hlooho, ba bile ba itihela fatše. Sena sohle se ne se nka nako.” Jesu o ne a sa khothaletse balateli ba hae hore ba hloke botho. Ho e-na le hoo, o ne a ba lemosa hore ba saletsoe ke nako e seng kae, ’me ba lokela ho e sebelisa ka hloko ho etsa lintho tsa bohlokoa. (Baef. 5:16) Na le rōna re ka latela molao-motheo oo e le hore re be le nako e eketsehileng ea ho thusa ka mosebetsi oa ’Muso?

Bahoeletsi Holong ea ’Muso Kenya, Afrika

10, 11. (a) Har’a tse ling, monehelo oo re o etsang ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle o sebelisetsoa ho etsa’ng? (b) Ke molao-motheo ofe o boletsoeng ho 1 Bakorinthe 16:1, 2 o ka re thusang?

10 Chelete. Ho hlokahala chelete e ngata ho tšehetsa mesebetsi e amanang le ’Muso. Ho sebelisoa liranta tse limilione tse mashome selemo le selemo ho koahela litšenyehelo tsa balebeli ba tsamaeang, bo-pula-maliboho ba khethehileng le baromuoa. Ho tloha ka 1999, ho se ho hahiloe Liholo Tsa ’Muso tse fetang 24 500 linaheng tse futsanehileng. Empa ho ntse ho hlokahala Liholo tse ling Tsa ’Muso tse ka bang 6 400. Khoeli le khoeli ho hatisoa limakasine tse ka bang limilione tse 100 tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Lintho tsena kaofela li tšehetsoa ka menehelo ea lōna ea boithatelo.

11 Moapostola Pauluse o ile a bolela molao-motheo oo re lokelang ho o latela ha re nahana ho ntša monehelo. (Bala 1 Bakorinthe 16:1, 2.) A le tlas’a pululelo, o ile a khothatsa barab’abo ba Korinthe hore ba se ke ba emela mafelo-beke e le hore ba bone hore na ba saletsoe ke bokae, ho e-na le hoo ba behelle ka thōko chelete e itseng qalong ea beke ho latela seo ba ka se khonang. Joaloka lekholong la pele la lilemo, bara le barali babo rōna kajeno ba rera esale pele ho fana ka seatla se bulehileng ho itšetlehile ka maemo a bona. (Luka 21:1-4; Lik. 4:32-35) Jehova o ananela moea oa ho fana oo ba o bontšang.

Moithaopi ea sebetsang le Komiti ea Kaho ea Lebatooa Tuxedo, New York, U.S.A.

12, 13. Ke lintho life tse ling tse ka ’nang tsa etsa hore ba bang ba tsoafe ho fana ka matla le bokhoni ba bona, empa Jehova o tla ba thusa joang?

12 Matla le bokhoni ba rōna. Jehova o oa re tšehetsa ha re leka ho sebelisa matla le bokhoni ba rōna tšebeletsong ea ’Muso. O re tšepisa hore o tla re thusa ha re khathala. (Esa. 40:29-31) Na re nka hore ha re na tsebo e hlokahalang e le hore re kenye letsoho mosebetsing oo? Na re bona eka ho na le ba bang ba tšoanelehang ho re feta? Hopola hore Jehova a ka khona ho ntlafatsa bokhoni ba motho ofe kapa ofe, feela joalokaha a ile a etsa ka Bezaliele le Oholiabe.—Ex. 31:1-6; sheba setšoantšo se qalong.

13 Jehova o re khothalletsa hore re fane ka se molemo ka ho fetisisa ’me re etse sohle se matleng a rōna. (Liprov. 3:27) Ha ho tsosolosoa tempele, Jehova o ile a bolella Bajuda ba Jerusalema hore ba nahane ka ho teba ka mosebetsi oa kaho oo ba o etsang. (Hag. 1:2-5) Ba ne ba sa tsepamisa likelello tsa bona mosebetsing oo. Re lokela ho hlahloba hore na lintho tseo re li nkang e le tsa bohlokoa li tšoana le tseo Jehova a li nkang e le tsa bohlokoa. Na re ka ‘beha lipelo tsa rōna litseleng tsa rōna’ e le hore re  kopanele haholoanyane mosebetsing oa ’Muso matsatsing aa a ho qetela?

RE ETSE MAHLABELO HO LATELA SEO RE NANG LE SONA

14, 15. (a) Mohlala oa barab’abo rōna ba futsanehileng o re khothatsa joang? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

14 Batho ba bangata ba lula libakeng tseo bofutsana e leng kobo-anela. Mokhatlo o leka ho “koala” khaello ea barab’abo rōna ba lulang libakeng tse joalo. (2 Bakor. 8:14) Empa le barab’abo rōna ba kojoana li mahetleng ba thabela ho fana. Jehova o oa thaba ha batho ba futsanehileng ba susumelletseha ho fana ba thabile.—2 Bakor. 9:7.

15 Naheng e ’ngoe e futsanehileng haholo Afrika, barab’abo rōna ba bang ba seha karolo e nyenyane lirapeng tsa bona, ’me ka chelete eo ba e fumanang ha ba rekisa lijalo tse karolong eo, ba tšehetsa mesebetsi e amanang le ’Muso. Hona naheng eo, ho ile ha hlophisoa hore ho hahoe Holo ea ’Muso, e neng e hlokahala haholo. Bara le barali babo rōna ba moo ba ne ba batla ho thusa. Empa holo e ne e lokela ho hahoa nakong ea temo. Leha ho le joalo, kaha ba ne ba ikemiselitse ho thusa kahong ea Holo ea ’Muso, ba ne ba ea holong motšehare ’me mantsiboea ba ea masimong ho ea lema. Ruri ba ne ba itetse! Sena se re hopotsa barab’abo rōna ba lekholong la pele la lilemo ba Macedonia. Ba ne ba le ‘bofutsaneng bo tebileng,’ leha ho le joalo ba ile ba kōpa hore ba fuoe monyetla oa ho kenya letsoho mosebetsing o neng o etsoa. (2 Bakor. 8:1-4) Ka ho tšoanang, e se eka e mong le e mong oa rōna a ka ‘fana ho lekana tlhohonolofatso eo Jehova a mo fileng eona.’—Bala Deuteronoma 16:17.

16. Re ka etsa’ng ho tiisa hore mahlabelo a rōna e ba a amohelehang ho Jehova?

16 Empa re lokela ho ba hlokolosi. Joaloka Baiseraele ba boholo-holo, re lokela ho tiisa hore mahlabelo a rōna a boithaopo aa amoheleha ho Molimo. Re lokela ho etsa lintho ka teka-tekano e le hore re phethahatse boikarabelo ba rōna bo ka sehloohong ba ho hlokomela malapa a rōna le borapeli ba rōna ho Jehova. Ha re fana ka nako le lintho tseo re nang le tsona molemong oa ba bang, ha rea lokela ho hlokomoloha seo ba malapa a rōna ba se hlokang moeeng kapa nameng. Ho seng joalo, re tla be re fana ka seo re se nang sona. (Bala 2 Bakorinthe 8:12.) Ho phaella moo, re lokela ho sireletsa bomoea ba rōna. (1 Bakor. 9:26, 27) Empa a re kholiseheng hore ha re phela tumellanong le melao ea Bibele, mahlabelo a rōna a tla re thabisa le ho re khotsofatsa haholo, ’me e tla ba a ‘amohelehang ka ho khethehileng’ ho Jehova.

MAHLABELO A RŌNA KE A BOHLOKOA HAHOLO

17, 18. Re ikutloa joang ka bohle ba itellang ’Muso, hona re lokela ho nahana ka eng?

17 Bara le barali babo rōna ba bangata ba iketsa ‘linyehelo tsa seno’ ho tšehetsa mesebetsi e hlokahalang ea ’Muso. (Bafil. 2:17) Ka sebele, re ananela moea oa ho fana oo ba o bontšang. Re boetse re babatsa basali ba barab’abo rōna ba etellang pele mosebetsing oa ’Muso hammoho le bana ba bona, ka ho fana ka seatla se bulehileng le ka ho bontša boitelo.

18 Ho tšehetsa mesebetsi e amanang le ’Muso ho hloka boiteko bo matla. E se eka kaofela ha rōna re ka nahana ka thapelo hore na ke joang re ka kenyang letsoho haholoanyane mosebetsing ona. U ka kholiseha hore ho etsa joalo ho na le moputso o moholo hona joale le hore o tla ba moholo le ho feta “tsamaisong ea lintho e tlang.”—Mar. 10:28-30.

^ ser. 2 Sheba sehlooho se reng “Ho Etsetsa Jehova Mahlabelo ka Pelo Eohle,” Molula-Qhooeng oa January 15, 2012, leqepheng la 21-25.