Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u balile ka hloko limakasine tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

Jesu o ile “a bolela ho meea e chankaneng” neng? (1 Pet. 3:19)

Ho bonahala eka nakoana ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ile a bolella meea e khopo kahlolo e loketseng eo e tla e fumana.—6/15, leqepheng la 23.

Ke lintho life tse tharo tse ka thatafalletsang lenyalo la bobeli ho atleha?

Ke ho lula u bua ka molekane oa hao oa pele; ho thatafalloa ho kopana le metsoalle e sa tsebeng molekane oa hao; ho thatafalloa ho tšepa molekane oa hao e mocha hobane oa pele a sa ka a tšepahala.—7/1, leqepheng la 9-10.

Jesu o ahlola batho neng e le linku kapa lipōli? (Mat. 25:32)

E tla ba ha Jesu a tla ho tla ahlola batho nakong ea matšoenyeho a maholo, ka mor’a hore ho timetsoe bolumeli ba bohata.—7/15, leqepheng la 6.

Batho ba etsang tlōlo ea molao bao ho buuoang ka bona papisong ea koro le mofoka ba tla lla le ho tsikitlanya meno neng? (Mat. 13:36, 41, 42)

Ba tla lla le ho tsikitlanya meno nakong ea matšoenyeho a maholo ha ba hlokomela hore ba ke ke ba pholoha.—7/15, leqepheng la 13.

Mantsoe a Jesu a mabapi le lekhoba le tšepahalang le le masene a phethahala neng? (Mat. 24:45-47)

A qalile ho phethahala ka mor’a 1914, eseng ka Pentekonta ea 33 C.E. Ka 1919, lekhoba le ile la behoa hore le okamele bahlanka ba ntlo, ba akarelletsang Bakreste bohle ba feptjoang moeeng.—7/15, leqepheng la 21-23.

Jesu o beha lekhoba le tšepahalang neng hore le okamele lintho tsohle tsa hae?

O tla le beha nakong ea matšoenyeho a maholo ha lekhoba le tšepahalang le fumana moputso oa lona leholimong.—7/15, leqepheng la 25.

Na batho ba sa boleloang ka mabitso ka Bibeleng ke hobane ba le babe kapa e se ba bohlokoa?

Ha rea lokela ho etsa qeto e joalo. Ka Bibeleng, batho ba bang ba lokileng le ba khopo ha baa boleloa ka mabitso. (Ruthe 4:1-3; Mat. 26:18) Re boleletsoe mabitso a mangeloi a mabeli feela a tšepahalang.—8/1, leqepheng la 10.

Ntle le hore Molimo o ile a li fa matla, ke’ng e ileng ea thusa Lipaki tse 230 ho nka leeto le lelelele ho tloha kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen?

Le hoja li ne li fokotse ka lebaka la tlala le ho kula, li ile tsa lula li khothatsana e le hore li ka mamella.—8/15, leqepheng la 18.

Ke hobane’ng ha tlaleho ea ha Baiseraele ba tšela Nōka ea Jordane ho ea Naheng e Tšepisitsoeng e re khothatsa?

Le hoja nōka e ne e jele litlhokoa, Jehova o ile a etsa hore e khaotse ho phalla e le hore batho ba hae ba ka tšela. E tlameha ebe seo se ile sa matlafatsa tumelo le tšepo ea bona ho eena, ’me le rōna re tiisoa ke tlaleho eo.—9/15, leqepheng la 16.

Hore ebe ka Bibeleng ho buuoa ka mebala khafetsa, seo se bontša’ng?

Tsela eo Bibele e sebelisang mebala ka eona e bontša hore Molimo o oa utloisisa hore mebala e ka ama batho maikutlo le hore e ka re thusa ho hopola lintho.—10/1, leqepheng la 14-15.

Boprofeta ba Mikea 5:5 bo buang ka babusisi le balisa bo phethahala joang kajeno?

Re utloisisa hore ‘balisa ba supileng le babusisi ba robeli’ ba boletsoeng ho Mikea 5:5 ba emela baholo ba khethiloeng phuthehong, ba matlafatsang batho ba Molimo ho ba lokiselletsa tlhaselo e boletsoeng esale pele.—11/15, leqepheng la 20.

Ke hobane’ng ha re hloka Molimo?

Re hloka tataiso e molemo le likarabo tsa lipotso tse re tšoenyang bophelong, ’me Molimo o re fa tsona. O batla hore batho ba phele hantle ba be ba thabe, ’me o tla phethahatsa litšepiso tse ka Lentsoeng la hae e le hore sena se etsahale.—12/1, leqepheng la 4-6.