‘Sena e Tla ba Sehopotso ho Lōna’
“Letsatsi lena e tla ba sehopotso ho lōna, ’me le le keteke e le mokete oa Jehova.”—EX. 12:14.
1, 2. Ke ketsahalo efe eo Bakreste bohle ba lokelang ho e thahasella ka ho khetheha, hona hobane’ng?
U HOPOLA ketsahalo efe ea bohlokoa ha u nahana ka tseo batho ba ikhopotsang tsona? Motho ea lenyalong a ka ’na a re: “Ke hopola letsatsi la ka la lechato.” Ba bang ba ka ’na ba hopola letsatsi la ketsahalo e itseng e tummeng historing, e kang ea ha naha ea habo bona e fumana boipuso. Empa na u tseba ketsahalo eo sechaba se seng se ’nileng sa ikhopotsa eona ka lilemo tse fetang 3 500?
2 Ketsahalo eo ke Paseka. E ne e tšoaea ho lokolloa ha Baiseraele ba boholo-holo bokhobeng Egepeta. U lokela ho nka ketsahalo eo e le ea bohlokoa. Hobane’ng? Hobane e amana haufi-ufi le likarolo tse itseng tsa bophelo ba hao. Empa u ka ’na ua re: ‘Le hoja Bajuda ba ne ba keteka Paseka, ’na ha ke Mojuda. Ke hobane’ng ha ke lokela ho thahasella ketsahalo eo?’ Karabo e ka fumanoa mantsoeng ana a bohlokoa: “Kreste paseka ea rōna o entsoe sehlabelo.” (1 Bakor. 5:7) E le hore re utloisise bohlokoa ba se boleloang ke ’nete ea seo, re lokela ho hlahloba se neng se etsahala ka Paseka ea Bajuda, ’me re nahane ka sona re ipapisitse le taelo e fuoeng Bakreste bohle.
KE HOBANE’NG HA BA ILE BA KETEKA PASEKA?
3, 4. Ho ile ha etsahala’ng pele ho Paseka ea pele?
3 Batho ba limilione tse makholo lefatšeng ka bophara bao e seng Bajuda ba tseba lintho tse ling tse ileng tsa etsahala nakong ea seo re ka ’nang ra se bitsa Paseka ea pele. E ka ’na eaba ba tseba seo hobane ba balile ka ketsahalo eo lengolong la Bibele la Exoda, ba boleletsoe ka eona kapa ba bone filimi e e tšoantšisang.
4 Ka mor’a hore Baiseraele ba qete lilemo tse ngata e le makhoba Egepeta, Jehova o ile a roma Moshe le moholoane oa hae, Arone, ho Faro hore a lokolle batho ba Hae. ’Musi eo ea ikhohomosang oa Egepeta o ile a hana ho lokolla Baiseraele, kahoo Jehova a otla naha eo ka likotlo tse bohloko. Qetellong, Molimo o ile a tlisa kotlo ea leshome, ’me a bolaea matsibolo a Baegepeta, e leng se ileng sa etsa hore Faro a lokolle Baiseraele.—Ex. 1:11; 3:9, 10; 5:1, 2; 11:1, 5.
5. Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa’ng pele ba lokolloa? (Sheba setšoantšo se qalong.)
5 Empa Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa’ng pele ba lokolloa? E ne e le nakong ea selemo ka 1513 B.C.E., khoeling ea Seheberu ea Abibe, eo hamorao e ileng ea bitsoa Nisane. * Molimo o ile a re ka letsatsi la leshome khoeling eo, Baiseraele ba ne ba lokela ho itokiselletsa letsatsi la la 14 Nisane. Letsatsi leo le ile la qala ha letsatsi le likela hobane ka Seheberu letsatsi le ne le qala ha letsatsi le likela ’me le fela ka le hlahlamang ha le likela. Ka la 14 Nisane, lelapa le leng le le leng le ne le lokela ho hlaba nku (kapa pōli) e tona, ’me le fafatse mali a eona likoseneng le karolong e ka holimo ea monyako. (Ex. 12:3-7, 22, 23) Lelapa le ne le lokela ho ja konyana e besitsoeng ka bohobe bo sa lomosoang le meroho. Lengeloi la Molimo le ne le tla feta naheng eo ’me le bolaee matsibolo a Baegepeta, empa Baiseraele ba mamelang ba ne ba tla sireletsoa ’me ka mor’a moo ba lokolloe.—Ex. 12:8-13, 29-32.
6. Batho ba Molimo ba boholo-holo ba ne ba lokela ho talima Paseka joang?
6 Seo ke sona se ileng sa etsahala, ’me Baiseraele ba ne ba lokela ho hopola ho lokolloa ha bona le ka mor’a moo. Molimo o ile a re ho bona: “Letsatsi lena e tla ba sehopotso ho lōna, ’me le le keteke e le mokete oa Jehova melokong eohle ea lōna. Le lokela ho le keteka e le taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Ka mor’a la 14, ba ne ba lokela ho keteka ka matsatsi a mang a supileng. La 14 Nisane e ne e le lona letsatsi la Paseka, empa matsatsi ao kaofela a robeli le ’ona a ne a ka bitsoa Paseka. (Ex. 12:14-17; Luka 22:1; Joh. 18:28; 19:14) Paseka e ne e le o mong oa mekete (“likhopotso,” The Bible in Living English) eo Baheberu ba neng ba lokela ho e keteka selemo le selemo.—2 Likron. 8:13.
7. Jesu o ile a theha ketsahalo efe ka mor’a hore ba keteke Paseka ea ho qetela?
7 Kaha Jesu le baapostola ba hae e ne e le Bajuda ba tlas’a Molao oa Moshe, ba ne ba keteka Paseka ea selemo le selemo. (Mat. 26:17-19) Ka lekhetlo la ho qetela ha ba e keteka, Jesu o ile a theha ketsahalo e ncha eo balateli ba hae ba neng ba lokela ho e hopola selemo le selemo—e leng Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Empa ba ne ba lokela ho hopola ketsahalo eo neng?
LIJO TSA SHOALANE TSA MORENA—LI LOKELA HO BA NENG?
8. Ho hlaha potso efe tabeng ea Paseka le Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?
8 Kaha Jesu o ile a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena hang ka mor’a Paseka ea ho qetela, ketsahalo eo e ncha e lokela ho hopoloa ka letsatsi le tšoanang le la Paseka. E ka ’na eaba u hlokometse hore lik’halendareng tse ling, letsatsi la Paseka ea Bajuda le sieana le leo re hopolang lefu la Kreste ka lona ka letsatsi kapa a ’maloa. Ke hobane’ng ha a sieana? Lebaka le leng la seo le amana le taelo eo Molimo a neng a e file Baiseraele. Ha Moshe a qeta ho bolela hore ‘phutheho eohle ea seboka sa Iseraele e tla hlaba’ konyana, o ile a bolela hore na e tla hlajoa neng ka la 14 Nisane.—Bala Exoda 12:5, 6.
9. Ho ea ka Exoda 12:6, konyana ea Paseka e ne e lokela ho hlajoa neng? (Sheba le lebokose le reng “Ka Nako Efe ea Letsatsi?”)
9 Buka ea The Pentateuch and Haftorahs e re Exoda 12:6 e bolela hore konyana e ne e lokela ho hlajoa “pakeng tsa lishoalane tse peli.” Liphetolelo tse ling tsa Bibele le tsona li sebelisa poleloana e tšoanang. Tse ling, ho akarelletsa Tanakh ea Sejuda, li re “ka shoalane.” Tse ling tsona li re “ka phirimana,” “mantsiboea,” kapa “ha letsatsi le ea malikelong.” Kahoo, nku e ne e lokela ho hlajoa ka mor’a hore letsatsi le likele empa pele ho e-ba lefifi, qalong ea la 14 Nisane.
10. Ba bang ba re konyana e ne e hlajoa neng, empa tlhaloso eo e phahamisa potso efe?
10 Ha nako e ntse e ea, Bajuda ba bang ba ile ba nahana hore e tlameha ebe ho ne ho nka lihora ho hlaba likonyana tsohle tse neng li tlisoa tempeleng. Kahoo, ba bang ba ile ba utloisisa hore Exoda 12:6 e bua ka qetello ea la 14 Nisane, e leng pakeng tsa ha letsatsi le ea malikelong (thapama) ho fihlela ha le likela. Empa haeba ke seo lengolo leo le se bolelang, joale paseka e ne e tla jeoa neng? Moprofesa Jonathan Klawans, e leng setsebi sa Bolumeli ba Sejuda ba khale o re: “Letsatsi le qala ha letsatsi le likela, kahoo sehlabelo se etsoa ka la 14 empa ha e le hantle Paseka le lijo li ba ka la 15, le hoja Exoda e sa bolele linako tsena ka tatellano eo ka ho toba.” O ile a boela a ngola, a re: “Libuka tsa bo-rabi . . . ha li re bolelle le hore na ho ne ho etsahala’ng ka Seder [lijo tsa Paseka] pele Tempele e timetsoa” ka 70 C.E.—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
11. (a) Jesu o ile a etsa’ng ka Paseka ea 33 C.E.? (b) Ke hobane’ng ha letsatsi la la 15 Nisane 33 C.E. le ile la bitsoa Sabatha “e khōlō”? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
11 Kahoo re ka ’na ra botsa, Paseka e ile ea tšoaroa neng ka 33 C.E.? Ka la 13 Nisane, ha letsatsi ‘leo ka lona phofu ea paseka e neng e tla etsoa sehlabelo’ le atamela, Kreste o ile a re ho Petrose le Johanne: “E-eang ’me le lokise paseka hore re e je.” (Luka 22:7, 8) ‘Qetellong hora e ile ea fihla’ ea lijo tsa Paseka, ka mor’a hore letsatsi le likele ka la 14 Nisane, e neng e tla ba mantsiboea ka Labone. Jesu o ile a ja lijo tseo le baapostola ba hae, ’me ka mor’a moo a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. (Luka 22:14, 15) Bosiung boo o ile a tšoaroa ’me a qosoa. Jesu o ile a khokhotheloa ho elella har’a mp’a motšehare ka la 14 Nisane, ’me a shoa thapama hona letsatsing leo. (Joh. 19:14) Kahoo, “Kreste paseka ea rōna o [ile a etsoa] sehlabelo” ka letsatsi leo konyana ea Paseka e neng e hlajoa ka lona. (1 Bakor. 5:7; 11:23; Mat. 26:2) Jesu o ile a patoa ho elella qetellong ea letsatsi leo la Sejuda—pele letsatsi la la 15 Nisane le qala. *—Lev. 23:5-7; Luka 23:54.
SEHOPOTSO SE RE RUTA HO HONG
12, 13. Bana ba Bajuda ba ne ba etsa’ng ka ho khetheha moketeng oa Paseka?
12 Empa a re khutleleng ho se ileng sa etsahala Egepeta. Moshe o ile a re batho ba Molimo ba ne ba lokela ho boloka Paseka; e ne e le molao “ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” E le karolo ea sehopotso seo sa selemo le selemo, bana ba ne ba botsa batsoali ba bona hore na ketsahalo eo e bolela’ng. (Bala Exoda 12:24-27; Deut. 6:20-23) Kahoo, Paseka e ne e tla ba “sehopotso” esita le ho bana.—Ex. 12:14.
13 Ha bana ba ntse ba hōla, bo-ntate ba ne ba ba ruta lithuto tsa bohlokoa. Har’a tse ling ba ne ba ba ruta hore Jehova a ka sireletsa barapeli ba hae. Bana ba ne ba ithuta hore hase Molimo eo ho leng thata ho mo utloisisa. Jehova ke Molimo oa sebele le ea phelang ea thahasellang batho ba hae ea bileng a ba sireletsang. O ile a bontša sena ka ho sireletsa matsibolo a Baiseraele “ha a otla Baegepeta.” O ile a a boloka a phela.
14. Batsoali ba Bakreste ba ka sebelisa tlaleho e buang ka Paseka ho thusa bana ba bona hore ba ananele eng?
14 Batsoali ba Bakreste ha ba phetele bara le barali ba bona se boleloang ke Paseka eo selemo le selemo. Leha ho le joalo, na le uena u ruta bana ba hao hore Molimo o sireletsa batho ba mo rapelang? Na u ba bontša hore u lumela ka tieo hore Jehova e ntse e le Mosireletsi oa batho ba hae le kajeno? (Pes. 27:11; Esa. 12:2) Na u etsa seo hore e be moqoqo o monate ho e-na le ho ba komela? Leka ho kenyelletsa taba eo ha u ba ruta e le hore u thuse ba lelapa la hao hore ba hōle moeeng.
15, 16. Tlaleho e buang ka Paseka le ea Exoda li ka sebelisetsoa ho totobatsa ntlha efe ka Jehova?
15 Tlaleho e buang ka Paseka ha e re rute feela hore Jehova o na le matla a ho sireletsa batho ba hae. E boetse e re ruta hore o oa ba lokolla, kaha o ile a ‘ba ntša Egepeta.’ Nahana hore na seo se ne se akarelletsa’ng. Ba ile ba tataisoa ke topallo ea leru le ea mollo. Ba ile ba tsamaea mobung o omileng Leoatleng le Lefubelu ’me metsi a lona a entse lebota ka mahlakoreng. Hang ha ba se ba tšetse ba bolokehile, ba ile ba bona ha metsi a koahela lebotho la Egepeta. Ka mor’a moo, Baiseraele bao ba pholositsoeng ba ile ba tsanyaola, ba re: “E-re ke binele Jehova . . . O lahletse pere le mopalami oa eona ka leoatleng. Matla a ka le bonatla ba ka ke Jah, etsoe ke poloko ea ka.”—Ex. 13:14, 21, 22; 15:1, 2; Pes. 136:11-15.
16 Haeba u na le bana, na u ba thusa ho lumela hore Jehova ke Molopolli? Na lipuo tsa hao le liqeto tseo u li etsang li bontša seo? Borapeling ba Lelapa le ka buisana ka lintlha tse fumanoang ho Exoda khaolo ea 12-15 ’me ua totobatsa kamoo Jehova a ileng a lopolla batho ba hae kateng. Ka linako tse ling, u ka ’na ua kenyelletsa taba eo ha le hlahloba Liketso 7:30-36 kapa Daniele 3:16-18, 26-28. Ha e le hantle, ba bacha le ba hōlileng ba ka kholiseha hore le kajeno Jehova e ntse e le Molopolli. Feela joalokaha a ile a lopolla batho ba hae mehleng ea Moshe, le rōna o tla re lopolla nakong e tlang.—Bala 1 Bathesalonika 1:9, 10.
SEO RE LOKELANG HO SE HOPOLA
17, 18. Tsela eo mali a ileng a sebelisoa ka eona Pasekeng ea pele, e lokela ho re hopotsa eng?
17 Bakreste ba ’nete ha ba ikhopotse Paseka ea Bajuda. Ketsahalo eo e ne e le karolo ea Molao oa Moshe, ’me ha re tlas’a Molao oo. (Bar. 10:4; Bakol. 2:13-16) Ho e-na le hoo, ho na le ketsahalo e ’ngoe eo re e nkang e le ea bohlokoa, e leng lefu la Mora oa Molimo. Leha ho le joalo, lintho tse ling tse neng li etsoa nakong ea Paseka e qalileng morao koana Egepeta li re ruta ho hong.
18 Mali a konyana a ileng a fafatsoa likoseneng le karolong e ka holimo ea monyako a ile a sebelisetsoa ho sireletsa bophelo. Kajeno ha re etsetse Molimo mahlabelo a liphoofolo ka Paseka kapa ka letsatsi leha e le lefe le leng. Empa ho na le sehlabelo se molemo le ho feta se ka etsang hore batho ba phele ka ho sa feleng. Moapostola Pauluse o ile a ngola ka “phutheho ea matsibolo a ngolisitsoeng maholimong.” Ntho e etsang hore Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba tsoele pele ba phela ke “mali a ho fafatsa,” e leng mali a Jesu. (Baheb. 12:23, 24) Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le bona ba itšetlehile ka mali ao hore ba lule ba phela. Ba lokela ho lula ba ikhopotsa tšepiso ena: “Ka eena re na le tokollo ka thekollo ka mali a eo, e, tšoarelo ea litšito tsa rōna, ho ea ka maruo a mosa oa hae o sa tšoanelang.”—Baef. 1:7.
19. Se ileng sa etsoa ka konyana ea Paseka se lokela ho matlafatsa kholiseho ea rōna joang litšepisong tsa boprofeta?
19 Ha Baiseraele ba ne ba hlaba konyana ea Paseka, ba ne ba sa lokela ho roba masapo a eona. (Ex. 12:46; Num. 9:11, 12) Ho ile ha etsahala’ng ka “Konyana ea Molimo” e neng e tletse ho fana ka thekollo? (Joh. 1:29) E ile ea khokhotheloa thupeng hammoho le linokoane tse peli. Bajuda ba ile ba kōpa Pilato hore masapo a banna bao ba khokhothetsoeng thupeng a rojoe. Sena se ne se tla etsa hore ba shoe kapele e le hore la 15 Nisane le se ke la ba fumana ba ntse ba leketlile thupeng, kaha e ne e le letsatsi la Lisabatha tse peli. Masole a ile a roba meomo ea linokoane tse peli tse neng li khokhothetsoe le Jesu, ‘empa ha a tla ho eena, kaha a ile a bona hore o se a shoele, a se ke a mo roba meomo.’ (Joh. 19:31-34) Ho bile joalo le ka konyana ea Paseka, kahoo e ne e le “seriti” sa se neng se tla etsahala ka la 14 Nisane 33 C.E. (Baheb. 10:1) Ho feta moo, tsela eo lintho li ileng tsa etsahala ka eona ho phethahatsa mantsoe a ho Pesaleme ea 34:20, e lokela ho matlafatsa kholiseho ea rōna litšepisong tsa boprofeta.
20. Ho na le phapang efe e khōlō pakeng tsa Paseka le Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?
20 Leha ho le joalo, ho na le phapang pakeng tsa Paseka le Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Sena se bontša hore Paseka eo Bajuda ba neng ba lokela ho ikhopotsa eona e ne e sa tšoantšetse seo Kreste a ileng a re balateli ba hae ba se etse ho ikhopotsa lefu la hae. Ha Baiseraele ba ne ba le Egepeta, ba ile ba ja nama ea konyana empa ha baa ka ba noa mali a eona. Seo se fapane le seo Jesu a ileng a laela barutuoa ba hae hore ba se etse. O ile a re ba tla busa “’musong oa Molimo” ba lokela ho ja bohobe le ho noa veine tse tšoantšetsang nama le mali a hae. Re tla tšohla ntlha ena haholoanyane sehloohong se latelang.—Mar. 14:22-25.
21. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re ithute ka Paseka?
21 Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore Paseka eo e ne e le ketsahalo ea bohlokoa tseleng eo Molimo a neng a sebelisana le Baiseraele ka eona, ’me e re ruta thuto ea bohlokoa. Kahoo, le hoja Paseka e ne e lokela ho ba ‘sehopotso ho’ Bajuda, eseng ho Bakreste, re lokela ho e tseba le ho nka ka botebo lintlha tsa bohlokoa tseo re ithutang tsona ho eona, kaha ke karolo ea ‘Lengolo lohle le bululetsoeng ke Molimo.’—2 Tim. 3:16.
^ ser. 5 Le hoja Nisane e le tsela eo khoeli eo e qalileng ho bitsoa ka eona ka Seheberu ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng, re tla re khoeli e qalang k’halendareng ea Bajuda ea Seheberu ke Nisane, e le hore re nolofatse lintho.
^ ser. 11 Letsatsi la la 15 Nisane le ile la qala ha letsatsi le likela, e leng se bolelang hore selemong seo, Sabatha ea beke le beke (Moqebelo) e ne e le letsatsing le qalang la Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang, oo le oona e neng e le sabatha. Kaha ho ile ha e-ba le Lisabatha tse peli letsatsing leo, e ile ea e-ba Sabatha “e khōlō.”—Bala Johanne 19:31, 42.