Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Qobang ho “Sisinngoa Kapele Monahanong oa Lōna”!

Qobang ho “Sisinngoa Kapele Monahanong oa Lōna”!

“Barab’eso, . . . rea le kōpa hore le se ke la sisinngoa kapele monahanong oa lōna.”—2 BATHES. 2:1, 2.

1, 2. Ke hobane’ng ha thetso e atile hakaale mehleng ee, hona e ka jaloa ka litsela life? (Sheba setšoantšo se qalong.)

LESHANO le thetso ke kobo-anela tsamaisong ena ea lintho. Ha rea lokela ho makatsoa ke sena. Bibele e totobatsa hore Satane Diabolose ke mothetsi ea maqiti le hore ke ’musi oa tsamaiso ena. (1 Tim. 2:14; 1 Joh. 5:19) Ha re ntse re atamela qetellong ea tsamaiso ena e khopo, Satane o halefa le ho feta kaha o saletsoe ke “nako e khutšoanyane.” (Tšen. 12:12) Kahoo, re ka lebella hore batho ba susumetsoang ke Diabolose ba tla tsoela pele ho thetsa batho ba ntšetsang pele borapeli ba ’nete.

2 Ka linako tse ling, mecha ea phatlalatso e hasa mashano ka bahlanka ba Jehova le seo ba se lumelang. E sebelisa likoranta, mananeo a thelevishene le Inthanete ho jala mashano ana. Ka lebaka leo, batho ba bang baa ferekana ’me ba potlakela ho lumela mashano ana.

3. Ke’ng e ka re thusang ho loantša thetso?

3 Re leboha hore ebe re na le Lentsoe la Molimo, “le molemo . . . bakeng sa ho otlolla lintho” ho re thusa ho loantša maqiti ao a sera sa rōna. (2 Tim. 3:16) Ha re bala mangolo a moapostola Pauluse, rea hlokomela hore Bakreste ba bang ba Thesalonika ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba khelositsoe, kahoo ba lumela lithuto tsa bohata. O ile a ba eletsa ‘hore ba se ke ba sisinngoa kapele monahanong oa bona.’ (2 Bathes. 2:1, 2) Ke’ng seo re ka ithutang sona keletsong e lerato eo Pauluse a ileng a ba fa eona, hona re ka e sebelisa joang maemong a rōna?

TEMOSO E NAKONG

4. Bakreste ba Thesalonika ba ile ba lemosoa joang ka ho tla ha “letsatsi la Jehova,” hona rōna re lemosoa joang?

4 Lengolong la pele leo Pauluse a ileng a le ngolla phutheho ea Thesalonika, o ile a bua ka ho tla ha “letsatsi  la Jehova.” O ne a sa batle hore barab’abo ba be lefifing ’me ba hloke tsebo. Ho e-na le hoo, o ile a ba khothalletsa hore kaha ke “bara ba leseli,” ba ‘lule ba falimehile ’me ba lule ba hlaphohetsoe likelellong.’ (Bala 1 Bathesalonika 5:1-6.) Kajeno, re letetse ho felisoa ha Babylona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Sena se tla tšoaea ho qala ha letsatsi le leholo la Jehova. Rea thaba hore ebe re se re utloisisa haholoanyane tsela eo morero oa Jehova o phethahalang ka eona. Hape, ka phuthehong re lula re fumana likhopotso tse nakong tse re thusang hore re lule re hlaphohetsoe. Ha re ela hloko litemoso tsena tseo re li fuoang khafetsa, seo se tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho etsetsa Molimo ‘tšebeletso e halalelang ka matla a rōna a ho nahana.’—Bar. 12:1.

Pauluse o ile a ngolla Bakreste temoso e nakong (Sheba serapa sa 4 le 5)

5, 6. (a) Pauluse o ile a bua ka eng lengolong la bobeli leo a ileng a le ngolla Bathesalonika? (b) Haufinyane Molimo o tla etsa’ng a sebelisa Jesu, hona re lokela ho ipotsa lipotso life?

5 Nakoana ka mor’a hore Pauluse a romelle Bakreste ba Thesalonika lengolo la pele, o ile a ba romella la bobeli. Lengolong leo, o ile a bua ka matšoenyeho a tlang, nakong eo Morena Jesu a tla phethahatsa kahlolo ho “ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo.” (2 Bathes. 1:6-8) Karolo ea lengolo leo, eo hona joale e leng khaolo ea bobeli e hlalosa hore ba bang ka phuthehong ba ne ba ‘fehile matšoafo’ ka lebaka la letsatsi la Jehova, hoo ba neng ba lumela hore le haufi. (Bala 2 Bathesalonika 2:1, 2.) Bakreste bao ba pele ba ne ba sa utloisise hantle tsela eo morero oa Jehova o phethahalang ka eona, joalokaha Pauluse hamorao a ile a lumela seo mabapi le boprofeta a re: “Etsoe re na le tsebo e sa fellang ’me re profeta ka mokhoa o sa fellang; empa ha se feletseng se fihla, se sa fellang se tla felisoa.” (1 Bakor. 13:9, 10) Empa temoso e bululetsoeng e ngotsoeng ke Pauluse, moapostola Petrose le barab’abo rōna ba bang ba tlotsitsoeng ba mehleng eo, e ne e ka ba hlomella hore ba sireletse tumelo ea bona.

6 E le ho otlolla lintho, Pauluse o ile a hlalosa a le tlas’a pululelo hore ho tla hlaha bokoenehi bo boholo le “motho ea sa eeng ka molao,” pele letsatsi la Jehova le fihla. * Ka mor’a moo, ka nako ea hae e loketseng,  Morena Jesu o tla ‘etsa lefeela’ bohle ba thetsitsoeng. Moapostola eo o ile a bontša hore ba ahloloa ka tsela ena ‘hobane ba sa ka ba amohela lerato la ’nete.’ (2 Bathes. 2:3, 8-10) E ka ba hantle hore re ipotse: ‘Ke rata ’nete hakae? Na ke bala limakasine le lingoliloeng tse ling tse thehiloeng Bibeleng tse hatisetsoang phutheho ea batho ba Molimo lefatšeng lohle e le hore ke tsebe tsela eo lithuto tsa Bibele li hlalosoang ka eona hona joale?’

KHETHA METSOALLE KA BOHLALE

7, 8. (a) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tobane le maemo afe a kotsi? (b) Ke boemo bofe boo ka ho khetheha bo behang Bakreste ba ’nete kotsing kajeno?

7 Ke ’nete hore ho na le maemo a mang a neng a tla beha Bakreste kotsing, ntle ho bakoenehi le lithuto tsa bona. Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.” Moapostola eo o ile a hlalosa hore “ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Tim. 6:10) “Mesebetsi ea nama” le eona e ne e tla ba beha kotsing e khōlō.—Bagal. 5:19-21.

8 Kahoo, u tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a lemosa Bathesalonika kamoo batho ba kang bao a ileng a ba bitsa “baapostola ba bohata” lengolong le leng, ba leng kotsi kateng. Har’a bona ho ne ho e-na le ba neng ‘ba bua lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.’ (2 Bakor. 11:4, 13; Lik. 20:30) Hamorao, Jesu o ile a babatsa phutheho ea Efese hobane e ne e sa “mamelle batho ba babe.” Baefese ba ne ba “leka” baapostola bao ba bohata bao ha e le hantle e neng e le bathetsi. (Tšen. 2:2) Ntho e thahasellisang ke hore Pauluse o ile a fana ka khothatso ena lengolong la bobeli leo a ileng a le ngolla Bathesalonika: “Joale re le fa litaelo, barab’abo rōna, ka lebitso la Morena Jesu Kreste, hore le tlohe ho mor’abo lōna e mong le e mong ea tsamaeang ka mokhoa o sa laoleheng.” Ka mor’a moo, o ile a qolla Bakreste ba neng ba “sa batle ho sebetsa.” (2 Bathes. 3:6, 10) Empa haeba Bakreste bao ba ne ba nkoa ba sa laolehe, hakaakang ka ba neng ba khelohela bokoenehing! Ruri mehleng eo ho ne ho le kotsi haholo hore Bakreste ba tloaelane le batho ba joalo, ’me ba ne ba lokela ho ba qoba—ho joalo le kajeno.—Liprov. 13:20.

9. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi ha motho e mong a qala ho bua ka likhopolo-taba kapa a nyatsa-nyatsa lintho?

9 Matšoenyeho a maholo a ntse a atamela hammoho le bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho, kahoo temoso e bululetsoeng e ileng ea fuoa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ke ea bohlokoa haholo. Ho hang ha re batle ho “lahleheloa ke morero” oa mosa o sa tšoanelang oa Jehova le ho fetoa ke monyetla oa ho phela ka ho sa feleng, ebang ke leholimong kapa lefatšeng. (2 Bakor. 6:1) Haeba motho e mong ea tlang libokeng a leka ho re lebisa moqoqong o etsang hore re bue ka likhopolo-taba kapa re nyatse-nyatse lintho, re lokela ho ba hlokolosi.—2 Bathes. 3:13-15.

“LE TSOELE PELE LE TŠOARELETSE LINEANONG”

10. Bakreste ba Thesalonika ba ile ba phehelloa hore ba khomarele lineanong life?

10 Pauluse o ile a phehella barab’abo ba Thesalonika hore ‘ba eme ba tiile’ le hore ba khomarele seo ba ithutileng sona. (Bala 2 Bathesalonika 2:15.) “Lineano” tseo ba neng ba li rutiloe e ne e le life? Ho hlakile hore e ne e se lineano tse etsoang bolumeling ba bohata tse bileng li nkoang e le tsa bohlokoa joalokaha eka li ngotsoe ka Mangolong. Ho e-na le hoo, Pauluse o ne a bua ka lithuto tseo eena le ba bang ba li rutiloeng ke Jesu le tseo Molimo a neng a mo susumelitse hore a li fetisetse ho ba bang, tseo boholo ba tsona e bileng karolo  ea Mangolo a bululetsoeng. Pauluse o ile a babatsa barab’abo ba phutheho ea Korinthe, kaha o ile a ngola a re: “Linthong tsohle lea nkhopola ’me le tšoere lineano ka tieo feela joalokaha ke ile ka nehelana ka tsona ho lōna.” (1 Bakor. 11:2) Lithuto tse joalo li ne li tsoa mohloling o tšepahalang ’me ka sebele li ne li ka tšeptjoa.

11. Batho ba bang ba ka ’na ba angoa ke thetso ka litsela life?

11 Ha Pauluse a ne a ngolla Baheberu, o ile a bua ka litsela tse peli tse ka etsang hore Mokreste a khelohe tumelong ’me a hlōlehe ho ema a tiile. (Bala Baheberu 2:1; 3:12.) O ile a bua ka ho “hoholeha” le “ho suthela hōle.” Qalong, ha sekepe se hoholeha se ka ’na sa suthela thōko le lebōpo ka mokhoa o sa hlokomeleheng. Butle-butle, lekhalo lea eketseha. Ka lehlakoreng le leng, ha motho a sutumetsa sekepe sa hae, ke eena ea se tlosang lebōpong. Maemo ana ka bobeli a bontša se etsahalang ha motho a susumetsoa ke thetso, ’me a lumella seo hore se mo fokolise tumelong.

12. Ke lintho life tse etsoang mehleng ee tse ka fokolisang tumelo ea rōna?

12 Sena e ka ’na eaba ke sona se ileng sa etsahalla Bathesalonika ba bang. Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Ho na le lintho tse ngata tse senyetsang batho nako. Ak’u nahane hore na ke lihora tse ngata hakae tseo batho ba li qetang ba le liwebsaeteng tseo ho etsoang metsoalle ho tsona, ba bala ba bile ba araba melaetsa ea e-mail, ba chesehela ho etsa lintho tse itseng ho itlosa bolutu kapa hona ho tseba se etsahalang lipapaling. Ntho leha e le efe ho tsena e ka ba tšitiso ho Mokreste ’me ea fokotsa cheseho ea hae. Phello e ka ba efe? A ka ’na a nyehlisa tabeng ea ho etsa lithapelo tse tsoang botebong ba pelo, ho ithuta Lentsoe la Molimo, ho ba teng libokeng le ho kopanela boboleling ba litaba tse molemo. Re ka etsa’ng e le hore re qobe ho sisinngoa kapele monahanong oa rōna?

SE KA RE SIRELETSANG HORE RE SE KE RA SISINNGOA

13. Joalokaha ho boletsoe esale pele, batho ba bangata ba na le boikutlo bofe, hona ke’ng e tla etsa hore re se ke ra felloa ke tumelo?

13 E ’ngoe ea lintho tseo re lokelang ho lula re li hopola ke hore re phela nakong ea bofelo ’me re elelloe kotsi ea ho tloaelana le ba sa lumeleng hore re phela “matsatsing a ho qetela.” Moapostola Petrose o ile a ngola tjena mabapi le nako eo re phelang ho eona: “Ho tla tla basomi ka ho soma ha bona, ba tsoela pele ho ea ka litakatso tsa bona ba re: ‘Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.’” (2 Pet. 3:3, 4) Ha re bala Lentsoe la Molimo kamehla ’me re ithuta lona, seo se tla re thusa hore re lule re hopola hore re phela “matsatsing a ho qetela.” Ke khale bokoenehi bo boletsoeng esale pele bo hlaheletse, ’me bo ntse bo tsoela pele le kajeno. “Motho ea sa eeng ka molao” o ntse a le teng, ’me o tsoela pele ho hanyetsa bahlanka ba Molimo. Ka lebaka leo, re lokela ho lula re hopola hore letsatsi la Jehova le atametse.—Sof. 1:7.

Ha re lokisetsa hantle re bile re kopanela tšebeletsong, seo se ka re thusa hore re se ke ra sisinngoa kapele monahanong oa rōna (Sheba serapa sa 14 le 15)

14. Ho lula re phathahane tšebeletsong ea Molimo ho re sireletsa joang?

14 Phihlelo e pakile hore tsela e ka sehloohong e ka re thusang hore re lule re falimehile le hore re se ke ra sisinngoa monahanong oa rōna, ke hore re bolele litaba tse molemo tsa ’Muso kamehla. Kahoo, ha Kreste Jesu, Hlooho ea phutheho a ne a laela balateli ba hae hore ba etse batho ba lichaba tsohle barutuoa le hore ba ba rute ho boloka lintho tseo a ba laetseng tsona, o ne a ba fa keletso e tla ba sireletsa. (Mat. 28:19, 20) E le hore re latele tataiso ea hae, ho hlokahala hore re ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa boboleli. Na u nahana hore barab’abo rōna ba Thesalonika ba ne ba bolela ba bile ba ruta ka monyebe,  joalokaha eka ba etsa seo ho ithola moroalo feela? Pauluse o ile a re ho bona: “Le se ke la tima mollo oa moea. Le se ke la eisa boprofeta.” (1 Bathes. 5:19, 20) Ruri boprofeta boo re ithutang bona le boo re bo bolellang batho ba bang boa hlolla!

15. Ke lintho life tsa bohlokoa tseo re ka li tšohlang nakong ea borapeli ba lelapa?

15 Ka ho utloahalang, re batla ho thusa ba malapa a rōna hore ba khone ho fana ka bopaki tšimong. Bara le barali babo rōna ba bangata ba hlokometse hore tsela e ’ngoe eo ba ka etsang seo ka eona ke hore ba sebelise nako e ’ngoe ea borapeli ba lelapa ho ikoetlisetsa tšebeletso ea tšimo. U ka ’na ua fumana ho le molemo ho bua ka hore na ba bang ka lapeng ba tla etsa’ng e le hore ba khutlele ho batho ba bontšitseng thahasello. Ba tla bua ka eng leetong le latelang? Ke lintlha life tse ka ’nang tsa etsa hore batho bao re ba etelang ba lule ba e-na le thahasello? Nako e molemo ea ho ba etela ke efe? Malapa a mangata a boetse a sebelisa nako e ’ngoe ea borapeli ba lelapa ho lokisetsa liboka tsa phutheho e le hore a tsebe se tla tšohloa libokeng tseo. Na u ka lokisetsa hore u tle u nke karolo haholoanyane ho tsona? Ho nka karolo ho tla u matlafatsa tumelong le ho u thusa hore u se ke ua sisinngoa monahanong oa hao. (Pes. 35:18) Ka sebele, ho tšoara borapeli ba lelapa ho tla le sireletsa hore le se ke la lumela likhopolo-taba le ho ba le lipelaelo.

16. Ke’ng e susumelletsang Bakreste ba tlotsitsoeng hore ba sireletse matla a bona a ho nahana?

16 Ha re nahana ka tsela eo Jehova a hlohonolofalitseng batho ba hae ka eona ho theosa le lilemo ka ho etsa hore ba utloisise boprofeta ba Bibele haholoanyane, seo se etsa hore re ananele moputso o babatsehang o larileng ka pele. Batlotsuoa ba na le tšepo ea ho ba le Kreste leholimong. Ruri seo se ba susumelletsa hore ba sireletse matla a bona a ho nahana! Ha ho pelaelo hore seo Pauluse a neng a se ngoletse Bathesalonika sea sebetsa le ho bona: ‘Re tlamehile ho leboha Molimo kamehla ka lebaka la lōna, barab’eso ba ratoang ke Jehova, hobane Molimo o ile a le khetha ka ho le halaletsa ka moea le ka tumelo ea lōna ’neteng.’—2 Bathes. 2:13.

17. Ke khothatso efe eo u e fumanang mantsoeng a ho 2 Bathesalonika 3:1-5?

17 Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le bona ba lokela ho leka ka matla hore ba se ke ba sisinngoa kapele monahanong oa bona. Haeba u na le tšepo ea ho phela lefatšeng, hopola mantsoe ana a khothatsang ao Pauluse a ileng a a ngolla batlotsuoa-’moho le eena ba Thesalonika. (Bala 2 Bathesalonika 3:1-5.) Kaofela ha rōna re lokela ho ananela ka ho teba khothatso eo e lerato. Ruri mangolo a neng a ngoletsoe Bathesalonika a re fa temoso ea bohlokoa mabapi le likhopolo-taba kapa likhopolo tse fosahetseng. Kaha re phela nakong ea bofelo, ena ke temoso eo Bakreste ba e ananelang haholo.

^ ser. 6 Joalokaha re bala ho Liketso 20:29, 30, Pauluse o ile a re ka phuthehong ea Bokreste ho ne “ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” Histori e netefatsa hore ha nako e ntse e ea, phapang pakeng tsa baruti le balumeli ba bang e ile ea bonahala. Lekholong la boraro la lilemo C.E., “motho ea sa eeng ka molao” o ile a totobala, a hlahella e le sehlopha sa baruti ba Bokreste-’mōtoana.—Sheba Molula-Qhooa oa February 1, 1990, leqepheng la 10-14.