Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le Etse Sena ho Nkhopola”

“Le Etse Sena ho Nkhopola”

‘Ka mor’a ho leboha, a qhetsola bohobe ’me a re: “Sena se bolela ’mele oa ka o leng molemong oa lōna. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.”’—1 BAKOR. 11:24.

1, 2. E ka ’na eaba baapostola ba ile ba nahana’ng pele ho leeto la Jesu la ho qetela Jerusalema?

BALEBELI ba Jerusalema ba bone ha khoeli e thoasa. Sanhedrine e ile ea tsebisoa seo, ’me ea phatlalatsa hore khoeli e ncha ea Nisane e qalile. Ho ile ha besoa mollo kapa ha rongoa manģosa ho hasa taba eo. Baapostola ba ne ba tseba hore nako ea Paseka e atametse. E tlameha ebe ba ile ba nahana hore Jesu o batla ho ea Jerusalema e le hore a fihle pele ho Paseka.

2 Ka nako eo, Jesu le baapostola ba hae ba ne ba le Perea (ka mose ho Jordane) leetong la hae la ho qetela Jerusalema. (Mat. 19:1; 20:17, 29; Mar. 10:1, 32, 46) Ha ba se ba tseba hore na letsatsi la pele la khoeli ea Sejuda ea Nisane le neng, Paseka e ne e tla tšoaroa matsatsi a 13 hamorao, ka mor’a hore letsatsi le likele ka la 14 Nisane.

3. Ke hobane’ng ha ho loketse hore Bakreste ba thahaselle letsatsi la Paseka?

3 Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena tse bang ka letsatsi le tsamaisanang le la Paseka, li tla tšoaroa ka la 14 April, 2014, ka mor’a hore letsatsi le likele. Leo e tla ba letsatsi le khethehileng ho Bakreste ba ’nete le batho ba bang ba thahasellang. Hobane’ng? Re fumana lebaka ha re bala 1 Bakorinthe 11:23-25, e reng: “Jesu ka bosiu boo ho neng ho tla nehelanoa ka eena o ile a nka bohobe ’me, ka mor’a ho leboha, a bo qhetsola ’me a re: ‘Sena se bolela ’mele oa ka o leng molemong oa lōna. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.’ Hape a etsa ka ho tšoanang mabapi le senoelo.”

4. (a) Re ka ’na ra ipotsa lipotso life mabapi le Sehopotso? (b) Letsatsi la Sehopotso le tsejoa joang selemo le selemo? (Sheba lebokose le reng  “Sehopotso sa 2014.”)

4 Ha ho pelaelo hore u tla ba teng ketsahalong ena eo Jesu a itseng balateli ba hae ba lokela ho ikhopotsa eona hang ka selemo. Ipotse esale pele: ‘Ke lokela ho itokiselletsa mantsiboea ao joang? Ke lintho life ka ho khetheha tse tla sebelisoa moo? Lintho li tla tsamaisoa joang ketsahalong eo? Hona ketsahalo eo le lintho tse  tla sebelisoa ho eona li lokela ho nkama joang?’

LITŠOANTŠETSO

5. Jesu o ile a re ho etsoe’ng ho lokisetsa Paseka ea ho qetela le baapostola ba hae?

5 Ha Jesu a ne a bolella baapostola ba hae hore ba lokise kamore eo ba tla jela Paseka ho eona, ha aa ka a bua ka mekhabiso e majabajaba; ho e-na le hoo, mohlomong o ne a batla kamore e tšoanelehang, e hloekileng e bileng e leng khōlō ho lekana batho ba menngoeng. (Bala Mareka 14:12-16.) Ba ne ba lokela ho hlophisa lintho tse tla jeoa, ho akarelletsa bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu. Ka mor’a hore ba je Paseka, Jesu o ile a tsepamisa maikutlo litšoantšetsong tseo tse peli.

6. (a) Ka mor’a hore ba je Paseka, Jesu o ile a re’ng ka bohobe? (b) Ho sebelisoa bohobe bo joang ka Sehopotso?

6 Moapostola Matheu o ne a le teng moo, ’me hamorao o ile a ngola a re: “Jesu a nka bohobe ’me, ka mor’a ho kōpa tlhohonolofatso, a bo qhetsola ’me, ha a bo fa barutuoa, a re: ‘Nkang, le je.’” (Mat. 26:26) “Bohobe” boo bo ne bo sa lomosoa, ’me bo ne bo sebelisoa ka Paseka. (Ex. 12:8; Deut. 16:3) Bo ne bo entsoe ka phofo ea koro le metsi, bo sa lomosoa kapa hona ho tšeloa linōko tse kang letsoai. Kaha bo ne bo sa lomosoa, bo ne bo ke ke ba kokomoha. E ne e tla ba sephaphatha se omeletseng se robehang habonolo. Kajeno, baholo ba phutheho ba ka ’na ba lokisetsa pele ho Sehopotso hore motho e mong a lube bohobe boo ka phofo ea koro le metsi, ebe o bo pheha paneng e tlotsitsoeng hanyenyane ka oli. (Haeba phofo ea koro e sa fumanehe, bo ka etsoa ka raese e sitsoeng, harese, poone kapa lijo thollo tse ling tse kang tseo.) Kapa ho ka ’na ha sebelisoa bohobe bo sa lomosoang ba Bajuda, bo se nang ’mela, mahe kapa eiee.

7. Jesu o ne a bua ka veine ea mofuta ofe, hona kajeno ho ka ’na ha sebelisoa veine ea mofuta ofe ka Sehopotso?

7 Matheu o ile a tsoela pele, a re: “[Jesu] a nka senoelo ’me, ha a lebohile, a ba fa sona, a re: ‘Noang ho sona, kaofela ha lōna.’” (Mat. 26:27, 28) Jesu o ne a nkile senoelo sa veine e khubelu. (E ne e ke ke ea ba ke lero la morara o sa tsoa khuoa, kaha e ne e le khale kotulo ea morara e fetile.) Qalong ha ho jeoa paseka Egepeta,  ho ne ho se na veine, empa Jesu ha aa ka a thibela hore e sebelisoe ka Paseka. O ile a ba a sebelisa e ’ngoe ea eona Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena. Kahoo, Bakreste ba ba le veine ka Sehopotso. Kaha ho ne ho sa hlokahale hore bohlokoa ba mali a Jesu bo tlatselletsoe kapa bo eketsoe, ha ho sebelisoe veine e tšetsoeng brandy kapa linōko. Ho lokela ho sebelisoe veine e khubelu e sa tsoakoang, e entsoeng hae kapa e rekoang, joaloka Beaujolais, Burgundy, kapa Chianti.

SE EMELOANG KE LITŠOANTŠETSO

8. Ke hobane’ng ha Bakreste ba thahasella se emeloang ke bohobe le veine?

8 Moapostola Pauluse o ile a hlakisa hore Bakreste ba bang le bona ntle ho baapostola ba lokela ho tšoara Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. O ile a ngolla balumeli-’moho le eena ba Korinthe, a re: “Ke ile ka amohela ho Morena seo le ’na ke ileng ka nehelana ka sona ho lōna, hore Morena Jesu . . . o ile a nka bohobe ’me, ka mor’a ho leboha, a bo qhetsola ’me a re: ‘Sena se bolela ’mele oa ka o leng molemong oa lōna. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.’” (1 Bakor. 11:23, 24) Kahoo, le kajeno Bakreste ba ntse ba tšoara ketsahalo ena ea bohlokoa selemo le selemo ’me ba thahasella haholo se emeloang ke bohobe le veine.

9. Batho ba bang ba na le maikutlo afe a fosahetseng ka bohobe boo Jesu a ileng a bo sebelisa?

9 Batho ba bang ba kenang kereke ba re Jesu o ne a bua ka tsela ea sebele ha a re: ‘Ona ke ’mele oa ka,’ kahoo ba lumela hore ha e le hantle bohobe bo ile ba fetoha ’mele oa hae ka tsela ea mohlolo. Empa ha ho joalo. * Baapostola ba tšepahalang ba ne ba ntse ba bona ’mele oa Jesu haesita le bohobe bo sa lomosoang boo ba neng ba lokela ho bo ja. Ho hlakile hore Jesu o ne a bua ka tsela ea tšoantšetso, joalokaha a ’nile a etsa ka makhetlo-khetlo.—Joh. 2:19-21; 4:13, 14; 10:7; 15:1.

10. Bohobe bo sebelisoang Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena bo emela eng?

 10 Bohobe boo baapostola ba neng ba bo bona ebile ba tlil’o bo ja, bo ne bo bolela ’mele oa Jesu. ’Mele ofe? Ka nako e ’ngoe, bahlanka ba Molimo ba ne ba nahana hore kaha Jesu o ile a qhetsola bohobe empa ha ho na lesapo la hae le ileng la rojoa, bohobe boo bo emela “’mele oa Kreste,” e leng phutheho ea batlotsuoa. (Baef. 4:12; Bar. 12:4, 5; 1 Bakor. 10:16, 17; 12:27) Empa ha nako e ntse e ea, ba ile ba chabeloa ke leseli, ’me ba elelloa hore Mangolo a bontša hore bohobe bo emela ’mele oa nama oa Jesu, oo a neng a o lokiselelitsoe. Jesu ‘o ile a utloa bohloko nameng,’ a ba a khokhotheloa thupeng. Kahoo, nakong ea Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, bohobe bo emela ’mele oa Jesu oa nama o ileng oa “jara libe tsa rōna.”—1 Pet. 2:21-24; 4:1; Joh. 19:33-36; Baheb. 10:5-7.

11, 12. (a) Jesu o ile a re’ng mabapi le veine? (b) Veine e sebelisoang Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena e emela eng?

11 Sena se re thusa ho utloisisa seo Jesu a ileng a se bua ka veine. Re bala sena: “Hape a etsa ka ho tšoanang mabapi le senoelo, ka mor’a ho ja lijo tsa shoalane, a re: ‘Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka.’” (1 Bakor. 11:25) Libibele tse ngata li sebelisa mantsoe a tšoanang le a phetolelong ea Robert Young e fetoletseng lentsoe ka lentsoe, a reng: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka.” Na senoelo seo Jesu a neng a se tšoere e ne e le sona selekane se secha? Che. Lentsoe “senoelo” le ne le bolela veine e ka ho sona. Jesu o ile a re veine e bolela’ng kapa e emela’ng? Mali a hae a tšolotsoeng.

12 Kosepeleng ea Mareka, re bala mantsoe a Jesu a reng: “Sena se bolela ‘mali a selekane’ a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata.” (Mar. 14:24) Ha e le hantle, mali a Jesu a ne a tla “tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.” (Mat. 26:28) Kahoo, veine e khubelu e emela mali a Jesu ka ho loketseng. Re ka fumana thekollo ka mali ao, ’me ra ‘tšoareloa litšito tsa rōna.’—Bala Baefese 1:7.

Baapostola ba ile ba noa veine e neng e emela mali a Jesu a selekane (Sheba serapa sa 11 le 12)

HO IKHOPOTSA LEFU LA KRESTE

13. Hlalosa se etsahalang Sehopotsong sa Lefu la Kreste se tšoaroang selemo le selemo.

13 Haeba u tla be u qala ho ba teng Sehopotsong se tšoaroang ke Lipaki Tsa Jehova, u ka lebella eng? Seboka seo se ka ’na sa tšoareloa sebakeng se setle, se hloekileng moo bohle ba ka lulang hantle ’me ba thabela ketsahalo eo. Se ka ’na sa khabisoa ka lipalesa tse seng kae, empa eseng ka mokhabiso o feteletseng. Moholo ea tšoanelehang o tla hlalosa ka ho hlaka le ka tsela e nang le seriti seo Bibele e se buang ka ketsahalo eo. O tla thusa bohle hore ba ananele seo Kreste a re etselitseng sona. O shoele e le thekollo e le hore re fumane bophelo. (Bala Baroma 5:8-10.) Sebui se tla hlalosa lintho tse peli tseo Bibele e li tšepisang Bakreste.

14. Puong ea Sehopotso, ho buuoa ka litšepiso life?

14 Bakreste ba bang ba na le tšepo ea ho ea busa le Kreste leholimong, ’me ke balateli ba seng bakae feela ba Kreste ba nang le tšepo eo, joaloka baapostola ba tšepahalang. (Luka 12:32; 22:19, 20; Tšen. 14:1) Ba bang ba bangata ba sebeletsang Molimo ka botšepehi mehleng ena ea rōna ba na le tšepo e ’ngoe. Ba na le tebello ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, paradeiseng e tsosolositsoeng. Ka nako eo, thato ea Molimo e tla etsoa lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong, e leng seo Bakreste ba ’nileng ba se rapella ka nako e telele. (Mat. 6:10) Mangolo a bontša hore ba tla phela hamonate ka ho sa feleng.—Esa. 11:6-9; 35:5, 6; 65:21-23.

15, 16. Ke’ng se etsoang ka bohobe Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena?

15 Ho elella qetellong ea puo eo, sebui  se tla bolela hore nako e fihlile ea hore ho etsoe seo Jesu a ileng a re baapostola ba hae ba se etse. Joalokaha ho boletsoe ka holimo, ho tla sebelisoa litšoantšetso tse peli, e leng bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu. Li ka ’na tsa behoa tafoleng e pel’a sebui. Sebui se tla tšohla tlaleho ea Bibele e hlalosang seo Jesu a ileng a se bua le ho se etsa ha a theha ketsahalo eo. Ka mohlala, tlalehong ea Matheu re bala se latelang: “Jesu a nka bohobe ’me, ka mor’a ho kōpa tlhohonolofatso, a bo qhetsola ’me, ha a bo fa barutuoa, a re: ‘Nkang, le je. Sena se bolela ’mele oa ka.’” (Mat. 26:26) Jesu o ile a qhetsola bohobe boo bo sa lomosoang e le hore a ka bo fa baapostola ba neng ba e-na le eena. Sebokeng se tla tšoaroa ka la 14 April, ho tla ba le bohobe bo sa lomosoang bo qhetsotsoeng ’me bo tla behoa poleiting.

16 Ho tla sebelisoa lipoleiti tse ’maloa e le hore bo tle bo fihle ho batho bohle kapele. Ha bo na ho fetisoa ka tsela e itseng e ikhethang. Ho tla etsoa thapelo e khutšoanyane, ’me ka mor’a moo ho fetisoe lipoleiti tseo ka tsela e hlophisehileng, ho latela maemo a sebaka ka seng. Ke batho ba seng bakae (kapa mohlomong ba ke ke ba e-ba teng) ba tla ja bohobe boo, joalokaha ho etsahetse liphuthehong tse ngata ha bo ne bo fetisoa ketsahalong ena ka 2013.

17. Nakong ea Sehopotso, ho tla etsoa’ng ka veine e le hore ho lateloe seo Jesu a se laetseng?

17 Ka mor’a moo, ho tla tšohloa seo Matheu a ileng a tsoela pele ho se hlalosa, ha a re: “[Jesu] a nka senoelo ’me, ha a lebohile, a ba fa sona, a re: ‘Noang ho sona, kaofela ha lōna; kaha sena se bolela “mali a selekane” a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.’” (Mat. 26:27, 28) Ho tla lateloa seo, ’me ho etsoe thapelo e ’ngoe e khutšoanyane ebe ho fetisoa ‘linoelo’ tsa veine ho bohle ba teng.

18. Haeba ke batho ba seng bakae ba tla ja litšoantšetso kapa ba ke ke ba e-ba teng, ke hobane’ng ha e ntse e le habohlokoa hore re be teng?

18 Batho ba bangata ba bang teng ba bontša tlhompho ka ho se je litšoantšetso ha li fetisoa, kaha Jesu o ile a bontša hore li lokela ho jeoa feela ke ba tla busa le eena ’Musong oa leholimo. (Bala Luka 22:28-30; 2 Tim. 4:18) Ba bang bohle e tla ba bashebelli ba nang le tlhompho. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore ba be teng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena, kaha seo se bontša hore ba ananela bohlokoa ba sehlabelo sa Jesu. Nakong ea Sehopotso, ba ka nahana ka litlhohonolofatso tseo ba ka li fumanang motheong oa sehlabelo sa Jesu sa thekollo. Ba na le tšepo ea ho ba har’a “bongata bo boholo,” bo tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ a tlang. Bana ke barapeli ba tla beng “ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.”—Tšen. 7:9, 14-17.

19. Re ka etsa’ng ho itokiselletsa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena le ho rua molemo ho tsona?

19 Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li itokiselletsa seboka sena se khethehileng. Libeke pele ho moo, re tla mema batho ba bangata kamoo re ka khonang hore ba be teng. Ho feta moo, matsatsing a etellang Sehopotso pele, ba bangata ba rōna re tla bala litlaleho tsa Bibele tse buang ka seo Jesu a ileng a se etsa le lintho tse etsahetseng ka matsatsi a tsamaisanang le a 33 C.E. Re tla hlophisa mabaka a rōna e le hore re tle re be teng moo. E tla ba hantle hore re fihle pele ho pina le thapelo e qalang e le hore re amohele baeti, ’me ka mor’a moo re mamele lenaneo lohle. Kaofela ha rōna, ba ka phuthehong le baeti, re tla rua molemo haholo ha re sheba litemana ka Bibeleng ha ho hlalosoa lintlha tse itseng. Habohlokoa le ho feta, ho ba teng ha rōna Sehopotsong ho tla bontša hore re ananela ka ho teba sehlabelo sa Jesu le hore re mamela taelo ena ea hae: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.”—1 Bakor. 11:24.

^ ser. 9 Setsebi sa Mojeremane se bitsoang Heinrich Meyer, se re: “Kaha . . . ’mele oa Jesu o ne o ntse o e-s’o rojoe (a ntse a phela) le mali a hae a e-s’o tšolloe, ha ho moeti le ea mong [baapostola] eo ho ka thoeng . . . ha e le hantle o jele ’mele a ba a noa mali a Morena, kahoo e ke ke eaba Jesu o ne a batla hore mantsoe a Hae a utloisisoe ka tsela e hanyetsanang le ’nete eo.”