Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Bona Thabo ea Jehova”

“Bona Thabo ea Jehova”

Mathata a ka re sithabetsa. A ka re sitisa ho nahana, a re qeta matla, esita le ho ama tsela eo re talimang lintho ka eona bophelong. Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ne a aparetsoe ke mathata a mangata. O ile a tobana le ’ona joang? Davida o ile a bua mantsoe a latelang pesalemeng e ’ngoe e amang maikutlo: “Ka lentsoe la ka, ke ile ka hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso; ka lentsoe la ka, ka qala ho kōpa hore Jehova a mpontše mohau. Ka ’na ka tšollela ho tšoenyeha ha ka ka pel’a hae; ka tsoela pele ho bolela mahlomola a ka ka pel’a hae, ha moea oa ka o tepeletse ka hare ho ’na. Joale u ne u tseba tsela ea ka.” Ha e le hantle, Davida o ile a rapela Molimo ka boikokobetso hore a mo thuse.—Pes. 142:1-3.

Ha ho le thata, Davida o ile a rapela Jehova ka boikokobetso hore a mo thuse

Pesalemeng e ’ngoe Davida o ile a bina a re: “Ke kōpile ntho e le ’ngoe ho Jehova—ke seo ke tla se batla, hore ke lule ka tlung ea Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba ka, ho bona thabo ea Jehova le ho talima tempele ea hae ka kananelo.” (Pes. 27:4) Davida e ne e se Molevi, empa ak’u nahane a eme ka ntle lebaleng le halalelang haufi le setsi sa borapeli ba ’nete. Davida o ne a ananela ho ba moo hoo a neng a batla ho qeta bophelo bohle ba hae teng, ’me kahoo a ‘bone thabo ea Jehova.’

Lentsoe “thabo” le amahanngoa le “ho nahana kapa boikutlo ba ho khotsofala kapa ba ho thaba.” Davida o ne a lula a ananela tokisetso eo Molimo a e entseng ea borapeli. Re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke ikutloa ka tsela eo Davida a neng a ikutloa ka eona?’

‘HO TALIMA TOKISETSO EA MOLIMO KA KANANELO’

Kajeno, Jehova ha aa etsa tokisetso ea hore re mo atamele ka ho ea sebakeng se itseng. Ho e-na le hoo, o lokiselitse tempele e khōlō ea moea—e leng tokisetso e halalelang ea borapeli ba ’nete. * Haeba re ‘talima tokisetso ena ka kananelo,’ le rōna re ka “bona thabo ea Jehova.”

Nahana ka aletare ea koporo ea nyehelo ea secheso e neng e le pel’a monyako oa tabernakele. (Ex. 38:1, 2; 40:6) Aletare eo e ne e tšoantšetsa ho ikemisetsa ha Molimo ho amohela sehlabelo sa mali a Jesu. (Baheb. 10:5-10) Ak’u nahane hore na seo se bolela’ng ho rōna! Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ha re ne re le lira, re ile ra boelanngoa le Molimo ka lefu la Mora oa hae.” (Bar. 5:10) Ka ho bontša tumelo maling a Jesu a tšolotsoeng, re ka thabela ho ba metsoalle ea Molimo eo a e amohelang le ho e tšepa. Ka lebaka leo, re ba le “kamano e haufi-ufi le Jehova.”—Pes. 25:14.

Kaha ‘libe tsa rōna lia hlakoloa,’ re ba le ‘linako tse khathollang tse tsoang ho Jehova.’ (Lik. 3:19) Boemo ba rōna bo tšoana le ba motšoaruoa ea soabetseng liphoso tsa hae, ’me a etsa liphetoho tse khōlō ha a ntse a emetse ho bolaoa. Ha moahloli ea mosa a bona seo, o susumelletseha ho hlakola molato oa monna eo, ’me o hula kahlolo ea hae ea lefu. Ruri motšoaruoa eo o ikutloa a imolohile a bile a nyakaletse! Feela joaloka moahloli eo, Jehova o bontša batho ba bakileng mosa, ’me o hula kahlolo ea bona ea lefu.

ANANELA BORAPELI BA ’NETE

Tse ling tsa lintho tseo Davida a ileng a li lemoha ka borapeli ba ’nete ha a le ka tlung ea Jehova ke hore Baiseraele-’moho le eena ba ne ba bokana ka bongata, Molao o baloa ebile o hlalosoa, ho chesoa libano, ’me baprista le Balevi ba etsa tšebeletso e halalelang. (Ex. 30:34-38; Num. 3:5-8;  Deut. 31:9-12) Lintho tsena tse neng li etsahala Iseraeleng ea boholo-holo li tšoana le tse etsahalang mehleng ena.

Kajeno ho tšoana le nakong e fetileng, ‘ho hotle ebile hoa khahlisa ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!’ (Pes. 133:1) Ho bile le keketseho e khōlō ‘mokhatlong oohle oa barab’abo rōna.’ (1 Pet. 2:17) Lentsoe la Molimo lea baloa le ho hlalosoa libokeng tsa rōna. Jehova o sebelisa mokhatlo oa hae ho re fa thupelo ea boleng bo phahameng. Re boetse re na le lingoliloeng tse ngata tseo re ka li sebelisang thutong ea botho le ha re ithuta re le lelapa. Setho se seng sa Sehlopha se Busang se ile sa re: “Ho nahanisisa ka Lentsoe la Jehova, ho thuisa ka seo le se bolelang le ho batla temohisiso le kutloisiso ho entse hore ke be le maruo a mangata a moea le khotsofalo.” Ha e le hantle, ‘tsebo e ka ba e khahlisang meeeng ea rōna.’—Liprov. 2:10.

Kajeno, bahlanka ba Molimo ba rapela Jehova letsatsi le letsatsi ka tsela e amohelehang. Jehova o nka lithapelo tseo joaloka libano tse nkhang hamonate. (Pes. 141:2) Ho re khatholla hakaakang ho tseba hore Jehova Molimo o thabisoa ke ha re mo rapela ka boikokobetso!

Moshe o ile a rapela a re: “Thabo ea Jehova Molimo oa rōna e ke e be holim’a rōna, u tiise mosebetsi oa matsoho a rōna ka thata holim’a rōna.” (Pes. 90:17) Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re mo sebeletsa ka cheseho. (Liprov. 10:22) Ho ka etsahala hore ebe re thusitse ba bang hore ba ithute ’nete. Mohlomong re qetile lilemo tse ngata re ntse re etsa tšebeletso le hoja batho ba sa thahaselle, re kula, re khathatsehile maikutlong, kapa re hlorisoa. (1 Bathes. 2:2) Leha ho le joalo, na ha re bone “thabo ea Jehova” le ho lemoha hore Ntate oa rōna ea leholimong o ananela boiteko ba rōna?

Davida o ile a bina a re: “Jehova ke karolo ea kabelo eo ke e filoeng le ea senoelo sa ka. U tšoara lotho ea ka ka tieo. Likhoele tse lekanyang li oetse libakeng tse khahlehang bakeng sa ka.” (Pes. 16:5, 6) Davida o ne a ananela “karolo” ea hae, e leng ho ba le kamano e ntle le Jehova le tlotla ea ho mo sebeletsa. Joaloka Davida, le rōna re ka ’na ra tobana le mathata moeeng, empa re fumana litlhohonolofatso tse ngata! Ka hona, e se eka re ka tsoela pele ho ananela borapeli ba ’nete le ho lula re ‘talima tempele ea Jehova ea moea ka kananelo.’

^ ser. 6 Sheba Molula-Qhooa oa July 1, 1996, leqepheng la 14-24.