Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thabelang Lenyalo la Konyana!

Thabelang Lenyalo la Konyana!

“A re thabeng ’me re nyakalle . . . hobane lenyalo la Konyana le fihlile.”—TŠEN. 19:7.

1, 2. (a) Ke lenyalo la mang le tla tlisa thabo e khōlō leholimong? (b) Ho phahama lipotso life?

HO NKA nako ho lokisetsa lenyalo. Empa re tlil’o bua ka lenyalo le ikhethang haholo, e leng la boreneng. Ak’u nahane feela! Ho nkile lilemo tse ka bang 2 000 ho le hlophisa. Joale nako e atamela ka potlako ea hore monyali a kopanngoe le monyaluoa oa hae. Haufinyane, ntlo e khōlō ea Morena e tla tlala ’mino o thabisang, ’me libōpuoa tsa leholimo li tla bina, li re: “Rorisang Jah, hobane Jehova Molimo oa rōna, ea Matla ’Ohle, o qalile ho busa e le morena. A re thabeng ’me re nyakalle, ’me re mo tlotliseng, hobane lenyalo la Konyana le fihlile ’me mosali oa eona o itokisitse.”—Tšen. 19:6, 7.

2 Jesu Kreste ke eena “Konyana” eo lenyalo la eona le tlang ho tlisa thabo leholimong. (Joh. 1:29) O apere eng bakeng sa lenyalo? Monyaluoa ke mang? Hona o ’nile a etsa’ng ho itokisetsa lenyalo? Lenyalo le neng? Lenyalo lena le tla etsa hore ba leholimong ba thabe, empa na ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ba tla kopanela thabong eo? Re tla tšohla lipotso tsena ha re ntse re hlahloba Pesaleme ea 45.

 LIAPARO TSA HAE LI NKHA HAMONATE

3, 4. (a) Monyali o apere liaparo tse joang tsa lenyalo, hona ke’ng e tlatsetsang thabong ea hae? (b) “Barali ba marena” le “mofumahali” ba kopanelang thabong ea Monyali ke bo-mang?

3 Bala Pesaleme ea 45:8, 9Monyali, e leng Jesu Kreste, o apara liaparo tsa hae tse khanyang tsa borena bakeng sa lenyalo. Ka ho loketseng, liaparo tsa hae li ntša monko o monate joaloka “litlolo tse nkhang hamonate ka ho fetisisa,” tse kang myra le kasia, tse neng li sebelisoa ha ho etsoa oli e tlotsang e halalelang Iseraeleng.—Ex. 30:23-25.

4 ’Mino o bang teng leholimong o tlalang ntlo ea borena o tlatsetsa thabong eo Monyali a bang le eona ha lenyalo la hae le ntse le atamela. “Mofumahali,” e leng karolo e leholimong ea mokhatlo oa Molimo, e akarelletsang “barali ba marena,” ke hore mangeloi a halalelang le eena o kopanela thabong ena. Ruri hoa thabisa ho utloa libōpuoa tsa leholimo li hooa li re: “A re thabeng ’me re nyakalle . . . hobane lenyalo la Konyana le fihlile”!

MONYALUOA O LOKETSE LENYALO

5. “Mosali oa Konyana” ke mang?

5 Bala Pesaleme ea 45:10, 11. Re se re tseba Monyali, empa monyaluoa ke mang? Hase motho a le mong, empa ke sehlopha sa litho tsa phutheho eo Jesu Kreste e leng hlooho ea eona. (Bala Baefese 5:23, 24.) E tla ba karolo ea ’Muso oa Kreste oa Bomesia. (Luka 12:32) Bakreste bana ba 144 000 ba tlotsitsoeng ka moea “ba ntse ba latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae.” (Tšen. 14:1-4) E-ba “mosali oa Konyana,” ’me ba ea leholimong ho ea phela le eona.—Tšen. 21:9; Joh. 14:2, 3.

6. Ke hobane’ng ha batlotsuoa ba bitsoa “morali oa morena,” hona ke hobane’ng ha ba khothalletsoa hore ‘ba lebale batho ba habo bona’?

6 Monyaluoa oa ka moso o boetse o bitsoa “morali oa morena.” (Pes. 45:13) “Morena” eo ho buuoang ka eena ke mang? Bakreste ba tlotsitsoeng ke “bana” ba Jehova ba nketsoeng lapeng. (Bar. 8:15-17) Kaha batlotsuoa e tl’o ba monyaluoa leholimong, ba fuoa taelo ena: “Lebala batho ba heno le ntlo ea ntat’ao” ea lefatšeng. Likelello tsa bona li lokela ho lula “li tsepame linthong tse holimo, eseng linthong tse lefatšeng.”—Bakol. 3:1-4.

7. (a) Kreste o ’nile a etsa’ng ho lokisa monyaluoa oa hae oa ka moso? (b) Monyaluoa o talima Monyali oa hae oa ka moso joang?

7 Ho theosa le makholo a lilemo, Kreste o ’nile a lokisetsa monyaluoa oa hae oa ka moso lenyalo leholimong. Moapostola Pauluse o re Kreste o “ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona, e le hore a ka e halaletsa, a e hloekisa ka ho e hlatsoa ka metsi ka lentsoe, e le hore a ka hlahisa phutheho ho eena ka botle ba eona bo khanyang, e se na letheba kapa masoebe kapa leha e le efe ea lintho tse joalo, empa hore e be e halalelang le e se nang sekoli.” (Baef. 5:25-27) Pauluse o ile a re ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba Korinthe ea boholo-holo: “Ke le boulela ka poulelo ea bomolimo, kaha ke ile ka etsa tšepiso ea ho le nyalisa monna a le mong e le hore nka le hlahisa joaloka moroetsana ea hloekileng ho Kreste.” (2 Bakor. 11:2) Kaha monyaluoa o rapela Molimo ka tsela e hloekileng le e amohelehang, Morena Jesu Kreste o bona a le motle. Monyaluoa o mo nka e le “morena” ’me o oa mo ‘inamela’ kaha ke monna oa hae oa ka moso.

MONYALUOA ‘O TLISOA HO MORENA’

8. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ho thoe monyaluoa o “khanya haholo”?

8 Bala Pesaleme ea 45:13, 14a. Monyaluoa o tlisoa ho Morena a “khanya haholo” bakeng sa lenyalo la boreneng. Ho  Tšenolo 21:2, monyaluoa o tšoantšoa le motse, e leng Jerusalema e Mocha, ’me o ‘khabile bakeng sa monna oa hae.’ Motse ona o leholimong o khantšetsoa ke “khanya ea Molimo” ’me o phatsima “joaloka lejoe la bohlokoa ka ho fetisisa, joaloka lejoe la jaspere le benyang ka ho hlaka joaloka kristale.” (Tšen. 21:10, 11) Botle bo khanyang ba Jerusalema e Mocha bo hlalositsoe ka bokhabane bukeng ea Tšenolo. (Tšen. 21:18-21) Ke kahoo mopesaleme a reng monyaluoa o “khanya haholo”! Etsoe lenyalo lena la boreneng le leholimong.

9. “Morena” eo monyaluoa a tlisoang ho eena ke mang, hona monyaluoa o apere joang?

9 Monyaluoa o tlisoa ho Monyali, e leng Morena oa Bomesia. Monyali o ’nile a mo lokisa ka hore a mo ‘hloekise ka ho mo hlatsoa ka metsi ka lentsoe.’ Monyaluoa o oa ‘halalela ebile ha a na sekoli.’ (Baef. 5: 26, 27) Le eena o lokela ho apara ka tsela e loketseng ketsahalo eo. ’Me o feela a etsa joalo! Ha e le hantle, “liaparo tsa hae li khabisitsoe ka khauta,” ’me “o tla tlisoa ho morena ka seaparo se lohiloeng.” Bakeng sa lenyalo la Konyana, “o nehiloe hore a apare line ea boleng bo botle, e khanyang, e hloekileng, kaha line ea boleng bo botle e emela liketso tse lokileng tsa bahalaleli.”—Tšen. 19:8.

‘LENYALO LE FIHLILE’

10. Lenyalo la Konyana le neng?

10 Bala Tšenolo 19:7. Lenyalo la Konyana le neng? Le hoja ‘mosali oa eona a itokisitse,’ lintlha tse hlalosoang ka mor’a moo ha li hlalose se hlileng se etsahalang lenyalong. Ho e-na le hoo, li hlalosa ka ho hlaka lintho tse etsahalang qetellong ea matšoenyeho a maholo. (Tšen. 19:11-21) Na see se bolela hore lenyalo le tla ba teng pele Morena eo hape e leng Monyali, a phetha tlhōlo ea hae? Che. Lipono tse bukeng ea Tšenolo ha lia behoa ka tatellano ea nako. Ho Pesaleme ea 45, lenyalo la boreneng le ba teng ka mor’a hore Morena Jesu Kreste, a tlame sabole ea hae ’me ‘a tsoele pele ho atleha’ holim’a lira tsa hae.—Pes. 45:3, 4.

11. Kreste o tla phetha tlhōlo ea hae ka tatellano efe ea liketsahalo?

11 Kahoo, re ka fihlela qeto ea hore liketsahalo li tla latellana ka tsela ena: Qalong, ho tla phethahatsoa kahlolo ho “seotsoa se seholo,” e leng Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšen. 17:1, 5, 16, 17; 19:1, 2) Ka mor’a moo, Kreste o tla phethahatsa likahlolo tsa Molimo likarolong tse ling tsohle tsa tsamaiso e khopo ea Satane tse lefatšeng ka hore a li timetse ka Armagedone, e leng ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.’ (Tšen. 16:14-16; 19:19-21) Qetellong, Morena oa Mohlabani o tla phetha tlhōlo ea hae ka hore a koalle Satane le bademona ba hae ka mohohlong, a ba hlokise matla a ho sebetsa, joalokaha eka ba shoele.—Tšen. 20:1-3.

12, 13. (a) Lenyalo la Konyana le tla ba neng? (b) Ke bo-mang ba tla thabela lenyalo la Konyana leholimong?

12 Ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba qeta tšebeletso ea bona ea lefatšeng nakong ea ho ba teng ha Kreste, ba tsosetsoa ho ea phela leholimong. Ka mor’a hore Babylona e Moholo e timetsoe, Jesu o tla bokella litho tsohle tse setseng tsa sehlopha sa monyaluoa. (1 Bathes. 4:16, 17) Kahoo, pele ntoa ea Armagedone e qhoma, litho tsohle tsa “monyaluoa” li tla be li le leholimong. Ka mor’a ntoa eo, e tla ba lenyalo la Konyana. Ruri ketsahalo eo e tla ba e thabisang! Tšenolo 19:9 e re: “Ho thaba ba memetsoeng lijong tsa shoalane tsa lenyalo la Konyana.” Ka sebele, litho tse 144 000 tsa sehlopha sa monyaluoa li tla thaba haholo. Ho feta moo, Morena eo hape e leng Monyali  o tla thaba haholo ha marena-’moho le eena a ‘ja le ho noa le eena tafoleng ea ’muso oa hae’ ka tsela ea tšoantšetso. (Luka 22:18, 28-30) Empa hase Monyali le monyaluoa feela ba tla thabela lenyalo leo la Konyana.

13 Joalokaha re bone pejana, libōpuoa tsa leholimo li bina hammoho li re: “A re thabeng ’me re nyakalle, ’me re mo tlotliseng [Jehova], hobane lenyalo la Konyana le fihlile ’me mosali oa eona o itokisitse.” (Tšenolo 19:6, 7) Empa ho thoe’ng ka bahlanka ba Jehova ba lefatšeng? Na le bona ba tla thaba?

“BA TLA TLISOA KA THABO”

14. “Metsoalle” ea monyaluoa eo ho buuoang ka eona ho Pesaleme ea 45 ke bo-mang?

14 Bala Pesaleme ea 45:12, 14b, 15. Moprofeta Zakaria o ile a bolela esale pele hore nakong ea bofelo, batho ba lichaba ba tla thabela ho ikopanya le masala a Iseraele ea moea. O ile a ngola, a re: “Matsatsing ao . . . banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’” (Zak. 8:23) Pesalemeng ea 45:12, ho buuoa ka ‘banna bana ba leshome’ e le “morali oa Tyre” le “barui ba sechaba.” Ba tla ho masala a batlotsuoa ba nkile limpho, ba batla ho a “nolofatsa sefahleho” le hore a ba thuse moeeng. Ho tloha ka 1935, batho ba limilione ba lumetse hore masala a ‘ba tlise ho lokeng.’ (Dan. 12:3) Metsoalle ena e tšepahalang ea Bakreste ba tlotsitsoeng e itlhoekisitse, e le hore e be baroetsana moeeng. “Metsoalle” ena ea monyaluoa e  inehetse ho Jehova ’me e ipakile ho ba bafo ba tšepahalang ba Morena eo hape e leng Monyali.

15. Masala a sehlopha sa monyaluoa a etsa’ng hammoho le “metsoalle” ea ’ona?

15 Masala a sehlopha sa monyaluoa a ananela ka ho khetheha tsela eo “metsoalle” ena e a thusang ka cheseho kateng ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Mat. 24:14) “Moea le monyaluoa ba ntse ba re: ‘Tloo!’” ’me le ba utloang ba re: “Tloo!” (Tšen. 22:17) Ha e le hantle, “linku tse ling” li utloile litho tsa sehlopha sa monyaluoa li re “Tloo!” ’me li ikopantse le monyaluoa ho re “Tloo!” ho baahi ba lefatše.—Joh. 10:16.

16. Jehova o file linku tse ling tlotla efe?

16 Masala a batlotsuoa a rata metsoalle ea ’ona ’me a thabisoa ke ho tseba hore Jehova e leng Ntate oa Monyali, o file linku tse ling tse lefatšeng tlotla ea ho kopanela thabong ea lenyalo la Konyana le leholimong. Ho ile hoa boleloa esale pele hore “metsoalle” ena e “tla tlisoa ka thabo le nyakallo.” Ha e le hantle, linku tse ling tse nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, le tsona li tla thaba ha lenyalo la Konyana le tsoela pele leholimong. Ka ho loketseng, buka ea Tšenolo e hlalosa hore “bongata bo boholo . . . bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.” Bo etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang lebaleng le lefatšeng la tempele ea hae ea moea.—Tšen. 7:9, 15.

Lenyalo la Konyana le thabisa “metsoalle” ea monyaluoa (Sheba serapa sa 16)

“BARA BA HAO BA TLA BA SEBAKENG SA BAHOLO-HOLO BA HAO”

17, 18. Lenyalo la Konyana le tla ba le liphello life, hona Kreste e tla ba ntate ho bo-mang Pusong ea hae ea Lilemo Tse Sekete?

17 Bala Pesaleme ea 45:16. “Metsoalle” ea monyaluoa oa Kreste e tla ba le lebaka le leng la ho thaba ha e bona liphello tsa lenyalo leo lefatšeng le lecha. Morena eo hape e leng Monyali o tla lebisa tlhokomelo ea hae lefatšeng ’me o tla tsosa “baholo-holo” ba hae, bao e tla ba “bara” ba hae ba lefatšeng. (Joh. 5:25-29; Baheb. 11:35) Ba bang ba bona o tla ba khetha hore e be “likhosana lefatšeng lohle.” Ho ka etsahala hore ebe Kreste o tla khetha likhosana tse ling har’a baholo ba tšepahalang kajeno hore ba etelle pele lefatšeng le lecha.—Esa. 32:1.

18 Nakong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete, Kreste e tla ba ntate le ho ba bang. Ha e le hantle, baahi bohle ba lefatše ba tla fumana bophelo bo sa feleng, ba tla bo fumana hobane ba bontša tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. (Joh. 3:16) Kahoo, e ba ‘Ntate oa bona oa ka ho sa Feleng.’—Esa. 9:6, 7.

BA SUSUMELLETSEHA ‘HO TSEBAHATSA LEBITSO LA HAE’

19, 20. Liketsahalo tse thabisang tse boletsoeng ho Pesaleme ea 45 li ama Bakreste bohle ba ’nete joang kajeno?

19 Bala Pesaleme ea 45:1, 17. Ha e le hantle, liketsahalo tse tlalehiloeng ho Pesaleme ea 45 li ama Bakreste bohle. Batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng ba thabisoa ke tšepo ea hore haufinyane ba tla kopana le barab’abo bona le Monyali oa bona leholimong. Linku tse ling li susumelletseha ho ikokobelletsa Morena oa tsona ea khanyang, ’me li ananela tlotla ea ho amahanngoa le masala a monyaluoa oa Kreste a lefatšeng. Ka mor’a hore Kreste le majalefa a ’Muso ba nyalane, ba tla fa baahi ba lefatše khapukhapu ea mahlohonolo.—Tšen. 7:17; 21:1-4.

20 Na ha re susumelletsehe ‘ho tsebahatsa lebitso la hae,’ ha re ntse re letetse “taba e khahlisang” e malebana le Morena oa Bomesia? E se eka le rōna re ka ‘roka Morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.’