Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Ananela Tsela e Seli eo Jehova a re Lebelang ka Eona?

Na U Ananela Tsela e Seli eo Jehova a re Lebelang ka Eona?

“Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.”—LIPROV. 15:3.

1, 2. Tsela e seli eo Jehova a re lebelang ka eona e fapana joang le ea lik’hamera?

LINAHENG tse ngata, ho sebelisoa lik’hamera ho beha sephethephethe leihlo le ho nka video ea likotsi tse etsahalang. Lik’hamera li ka thusa mapolesa ho fumana mokhanni haeba li mo nkile video a chaisa ntho e itseng ebe ha a qeta o oa baleha. Ha e le hantle, kaha ho kentsoe lik’hamera hohle mona, ho ea ho thatafala hore batho ba pheme liphello tsa liketso tsa bona.

2 Empa na ho sebelisoa ha lik’hamera ho lokela ho re hopotsa Ntate oa rōna ea lerato Jehova ka tsela leha e le efe? Bibele e re mahlo a hae “a sebakeng se seng le se seng.” (Liprov. 15:3) Empa na see se bolela hore o lula a shebile ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang? Na Molimo o re lebetse hobane a batla ho tiisa hore re latela melao ea hae, ka morero oa ho re ahlola? (Jer. 16:17; Baheb. 4:13) Che! Lebaka le ka sehloohong leo Jehova a re lebelang ka lona ke hobane o oa re rata ebile o batla hore re atlehe.—1 Pet. 3:12.

3. Re tlil’o tšohla lintlha life tse hlano tse bontšang tsela e lerato eo Molimo a re lebelang ka eona?

3 Ke’ng e tla re thusa ho ananela hore Molimo o re lebela hobane a re rata? A re ke re hlahlobeng kamoo a bontšang  sena kateng. O etsa sena (1) ka ho re lemosa ha re bonahatsa litšekamelo tse fosahetseng, (2) ka ho re khalemela ha re nka mehato e fosahetseng, (3) ka ho re tataisa ka melao-motheo e fumanoang ka Lentsoeng la hae, (4) ka ho re thusa ha re tobana le liteko tse sa tšoaneng le (5) ka ho re putsa ha a bona se setle ho rōna.

MOLIMO EA SELI O OA RE LEMOSA

4. Morero oa Jehova e ne e le ofe ha a lemosa Kaine hore “sebe se laletse monyako”?

4 A re qaleng ka ho tšohla hore na Molimo o re lemosa joang ha re bonahatsa litšekamelo tse fosahetseng. (1 Likron. 28:9) E le hore re ananele tsela e seli eo Molimo a re lebelang ka eona, a re nahaneng kamoo a ileng a sebelisana le Kaine kateng, ea ileng “a tuka ke bohale” ha Molimo a sa mo amohele. (Bala Genese 4:3-7.) Jehova o ile a khothalletsa Kaine hore ‘a fetohe hore a etse se molemo.’ Jehova o ile a mo lemosa hore ha a sa etse joalo, “sebe se laletse monyako.” Molimo o ile a mo botsa, a re: “Na u tla se laola?” O ne a batla hore Kaine a amohele temoso eo ’me a tsosolose kamano ea hae le eena. Ho amoheloa ke Molimo ho ne ho tla etsa hore a lule a e-na le kamano e ntle le eena.

5. Jehova o sebelisa eng ho re lemosa ka litšekamelo tse fosahetseng tseo e ka ’nang eaba re na le tsona?

5 Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Jehova o bona se ka lipelong tsa rōna; o bona litšekamelo tsa rōna le seo re leng sona botebong ba pelo. Ntate oa rōna ea lerato o batla hore re phele ka ho loka; leha ho le joalo, ha a re qobelle hore re fetole tsela eo re phelang ka eona. Ka Lentsoe la hae Bibele, o oa re lemosa ha re khelohela tseleng e fosahetseng. Ka tsela efe? Ha re bala Bibele letsatsi le letsatsi, hangata re kopana le temana e re thusang ho hlōla litloaelo le litšekamelo tse fosahetseng. Ho feta moo, lingoliloeng tsa rōna tsa Bokreste li ka re fa keletso ea kamoo re ka sebetsanang le bothata boo mohlomong re tobanang le bona. Libokeng tsa phutheho teng, re fumana taeo e nakong!

6, 7. (a) Ke joang lingoliloeng tse ngoletsoeng batho ba bangata e leng bopaki ba hore Molimo o oa u rata ebile o oa u tsotella? (b) U ka rua molemo joang tseleng e lerato eo Jehova a u hlokomelang ka eona?

6 Litemoso tseo tsohle ke bopaki ba tsela e lerato eo Jehova a re lebelang ka eona re le batho ka bomong. Ke ’nete hore Bibele e ngotsoe lilemong tse makholo tse fetileng, hore lingoliloeng tse hatisoang ke mokhatlo oa Molimo li ngolloa batho ba bangata le hore taeo e fanoang libokeng e reretsoe ho thusa phutheho eohle. Empa maemong ana ’ohle, Jehova o u hlokomelisa se ka Lentsoeng la hae e le hore u lokise litšekamelo tsa hao. Kahoo, sena ke bopaki ba hore Jehova o oa u rata ebile o oa u tsotella.

Matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ka Bibele a re thusa ho qoba maemo a kotsi a re potolohileng (Sheba serapa sa 6 le 7)

7 E le hore re rue molemo litemosong tsa Molimo, re lokela ho hlokomela hore o amehile ka rōna e le kannete. ’Me seo se lokela ho etsa hore re mamele Lentsoe la hae, ebe re loanela ho tlosa menahano e sa thabiseng Molimo likelellong tsa rōna. (Bala Esaia 55:6, 7.) Ha re mamela likeletso tseo re li fuoang, re tla qoba mathata a mangata. Empa a re re mohlomong re inehela litšekamelong tsa rōna tse fosahetseng. Ntate oa rōna ea lerato o re thusa joang?

NTATE OA RŌNA EA LERATO O OA RE KHALEMELA

8, 9. Keletso eo Jehova a fanang ka eona a sebelisa bahlanka ba hae e bontša joang hore o re tsotella e le kannete? Bontša.

8 Ntho e ’ngoe e ka ’nang ea re bontša ka ho khetheha hore Jehova o oa re tsotella ke ha a re khalemela. (Bala Baheberu 12:5, 6.) Ke ’nete hore ha re thabe ha re khalemeloa kapa ha re fuoa taeo. (Baheb. 12:11) Empa ak’u nahane ka seo motho ea fanang ka taeo a lokelang ho se ela hloko. O lokela ho elelloa hore seo re se etsang  se ka ama kamano ea rōna le Jehova Molimo, a be a nahanele maikutlo a rōna, ’me a ikemisetse ho sebelisa nako le matla a hae ho re bontša ka Bibele hore na re ka fetola litsela tsa rōna joang e le hore re khahlise Molimo. Jehova le eena, e leng Mohloli oa keletso eo o oa ameha.

9 A re ke re nahaneng ka mohlala o bontšang kamoo batho ba re eletsang ba bonahatsang kameho ea Molimo kateng. Mor’abo rōna e mong o ne a tloaetse ho sheba litšoantšo tse litšila pele a ithuta ’nete, empa o ile a tlohela mokhoa oo. Leha ho le joalo, o ne a ntse a e-na le takatso ea ho li sheba. E ile ea boela ea e-ba matla le ho feta ha a ba le selefouno e ncha. (Jak. 1:14, 15) O ile a sheba liwebsaete tsa litšoantšo tseo tse litšila. Ka letsatsi le leng ha ba ntse ba paka ka thelefono, o ile a alima moholo e mong fono hore a shebe boitsebiso ho eona. Ha moholo eo a ntse a e sebelisa, ho ile ha hlaha liwebsaete tse belaetsang. Qetellong seo e ile ea e-ba thuso e khōlō ho mor’abo rōna eo bomoea ba hae bo neng bo le kotsing. O ile a fuoa keletso e loketseng, a rua molemo ho eona ’me qetellong a hlōla mokhoa oo o mobe. Ruri re leboha hore ebe Ntate oa rōna ea lerato ea leholimong o bona esita le libe tsa rōna tse patehileng ebile o re khalemela pele re oela kotsing!

RE RUA MOLEMO HA RE SEBELISA MELAO-MOTHEO EA BIBELE

10, 11. (a) U ka batla tataiso ea Molimo joang? (b) Lelapa le leng le ile la bona molemo oa ho latela tataiso ea Jehova joang?

10 Mopesaleme o ile a binela Jehova, a re: ‘U ntsamaisa ka keletso ea hao.’ (Pes. 73:24) Neng le neng ha re hloka tataiso, re ka ‘ela Jehova hloko’ ka hore re batle maikutlo a hae ka Lentsoeng la hae. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho re ruisa molemo moeeng, ’me ka linako tse ling ho re thusa hore re fumane lintho tseo re li hlokang.—Liprov. 3:6.

11 Phihlelo ea mor’abo rōna e mong oa sehoai ea lulang lithabeng tsa Masbate, Philippines, ea hirileng polasi, e bontša kamoo Jehova a ’nileng a tataisa ba bang kateng. Eena le mosali oa hae e ne e le bo-pula-maliboho ba kamehla ’me ba e-na le lelapa le leholo. Ka letsatsi le leng ba ile ba makala ha mong’a polasi a ba bolella hore o oa ba leleka. Molato? Ba ne ba qositsoe ka bohata ka hore ba entse bolotsana. Le hoja mor’abo rōna a ne a tšoenyehile ka hore na lelapa la hae le tla lula hokae, o ile a re: “Jehova o tla re fa sebaka. O lula a re hlokomela, ho sa tsotellehe  hore na ho etsahala’ng.” Mor’abo rōna o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho ba le tšepo. Ka mor’a matsatsi a seng makae, lelapa leo le ile la bolelloa hore ha ho sa hlokahala hore le tsamaee. Hobane’ng? Mong’a polasi o ne a hlokometse hore lelapa leo la Lipaki le tataisoang ke melao-motheo ea Bibele, ke la batho ba itlhomphang le ba nang le khotso, ho fapana le seo ba qosoang ka sona. Sena se ile sa khahla mong’a polasi hoo a ileng a ba lumella hore ba lule a ba a ba ekelletsa sebaka seo ba ka se lemang. (Bala 1 Petrose 2:12.) Ha e le hantle, Jehova o re tataisa ka Lentsoe la hae ho re thusa hore re sebetsane le mathata a bophelo.

MOTSOALLE EA RE THUSANG HO MAMELLA LITEKO

12, 13. Ba bang ba ka ’na ba tobana le maemo afe a ka etsang hore ba ipotse hore na Molimo ha a bone mathata a bona?

12 Leha ho le joalo, ka linako tse ling re ka ba le mathata ka nako e telele. Mohlomong e ka ba boloetse bo sa foleng, ho hanyetsoa nako e telele ke litho tse haufi tsa lelapa, kapa ho lula re hlorisoa. E ka boela ea e-ba liqabang tseo ka linako tse ling li bang teng pakeng tsa rōna le litho tse ling tsa phutheho.

13 Ka mohlala, u ka ’na ua utloisoa bohloko ke mantsoe ao u utloang eka aa hlaba. U ka ’na ua re: ‘Sena ha sea lokela ho etsahala ka mokhatlong oa Molimo!’ Empa mor’abo rōna ea buileng mantsoe ao o fuoa litokelo ka phuthehong, ’me ho bonahala ba bang ba mo rata. U ka ’na ua ipotsa: ‘Ntho e tjee e ka etsahala joang? Na Jehova ha a bone se etsahalang? Na o tla nka khato?’—Pes. 13:1, 2; Hab. 1:2, 3.

14. E ka ’na eaba lebaka le leng ke lefe le etsang hore Molimo a se ke a kenella ho rarolla mathata a rōna?

14 E ka ’na eaba Jehova o na le mabaka a utloahalang a ho se kenelle boemong boo. Ka mohlala, le hoja mohlomong u nka hore motho e mong ke eena ea molato, e ka ’na eaba Molimo o bona taba eo ka tsela e ’ngoe. Mohlomong o oa elelloa hore u molato ho feta kamoo u nahanang kateng. Mantsoe ao u nkang hore aa hlaba, mohlomong ke keletso eo u e hlokang eo u lokelang ho e mamela. Paleng ea hae ea bophelo, Mor’abo rōna Karl Klein eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang, o re ka nako e ’ngoe o kile a fuoa khalemelo e matla ke Mor’abo rōna J. F. Rutherford. Ka mor’a moo, Mor’abo rōna Rutherford o ile a lumelisa Mor’abo rōna Klein a thabile a re, “Lumela, Karl!” Empa Mor’abo rōna Klein a arabella ka marameng, kaha o ne a ntse a koatile ka lebaka la khalemelo eo a e filoeng. Ha Mor’abo rōna Rutherford a hlokomela hore Mor’abo rōna Klein o ntse a koatile, o ile a mo lemosa hore a itlhokomele a se ke a oela lerabeng la Diabolose. Hamorao, Mor’abo rōna Klein o ile a ngola a re: “Ha re koetlela barab’abo rōna lehloeo, hobane ba buile ntho eo ba nang le tokelo ea ho e bua ka lebaka la boikarabelo ba bona, re tla tšoasoa habonolo ke maraba a Diabolose.” *

15. Ke’ng e tla u thusa hore u se ke ua fela pelo ha u ntse u letetse Jehova hore a u thuse mathateng ao u tobanang le ’ona?

15 Leha ho le joalo, re ka ’na ra fela pelo ha re bona eka mathata a rōna ha a ee moriting. Re ka etsa’ng boemong boo? A re nke hore u ua khanna ’me u fihla moo ho nang le sephethephethe. Ha u tsebe hore na u tla ema moo nako e kae. Haeba u teneha ’me u leka ho nka tsela e ’ngoe, u ka ’na ua lahleha. U ka qetella u liehile ho fihla moo u eang, ho feta ha u ne u ile ua mamella. Ka ho tšoanang, haeba u tsoela pele ho tsamaea tseleng e boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo, u tla qetella u fihlile moo u eang.

16. Lebaka le leng ke lefe leo ka lona Jehova a ka ’nang a khetha ho se kenelle mathateng a rōna?

 16 Jehova a ka ’na a se ke a kenella mathateng a rōna hobane a batla ho re ruta thuto ea bohlokoa. (Bala 1 Petrose 5:6-10.) Empa hase Molimo ea re bakelang mathata. (Jak. 1:13) ‘Mohanyetsi oa rōna, Diabolose,’ ke eena ea re bakelang mathata a mangata. Leha ho le joalo, Molimo a ka sebelisa mathata ho re thusa hore re hōle moeeng. O bona matšoenyeho a rōna ’me ‘kaha o oa re tsotella,’ o tla tiisa hore a tsoela pela “ka nakoana” feela. Na ha u le mathateng, u ananela tsela e seli eo Jehova a u lebelang ka eona, u kholisehile hore o tla u bulela tsela ea ho tsoa?—2 Bakor. 4:7-9.

THABELA TLHOHONOLOFATSO EA MOLIMO

17. Mahlo a Jehova a qamaka bo-mang, hona hobane’ng?

17 Ho boetse ho na le lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa leo Molimo a re lebelang ka lona. Jehova o ile a sebelisa moprofeta Hanani hore a re ho Morena Asa: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likron. 16:9) Ke ’nete hore Molimo o ile a bona hore pelo ea Asa ha e ea fella, empa o tla re “bontša matla a hae” haeba re tsoela pele ho etsa se nepahetseng.

18. Ke’ng eo u lokelang ho e hopola ka Jehova, ha u nka hore ha ho na motho ea tsotellang seo u se etsang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

18 Molimo o batla hore ‘re batle se molemo,’ re “rate se molemo,” ’me re “etse se molemo” e le hore a ka re “bontša mohau.” (Amose 5:14, 15; 1 Pet. 3:11, 12) Jehova o bona batho ba lokileng ’me o oa ba hlohonolofatsa. (Pes. 34:15) Ka mohlala, ak’u nahane ka babelehisi ba Baheberu ba bitsoang Shifra le Pua. Ha Baiseraele e ne e le makhoba Egepeta, basali bana ba babeli ba ile ba bontša hore ba tšaba Molimo ho feta Faro, ea neng a ba laetse hore ba bolaee masea ’ohle a bashemane a Baheberu. Ho hlakile hore matsoalo a bona a ile a ba susumelletsa hore ba pholose masea ao. Hamorao Shifra le Pua ba ile ba sitsoa ka malapa. (Ex. 1:15-17, 20, 21) Jehova o ile a bona liketso tsa bona tse ntle. Ka linako tse ling, re ka ’na ra nka hore ha ho na motho ea tsotellang lintho tse ntle tseo re li etsang. Empa Jehova o oa li tsotella. O hlokomela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle eo re e etsang, ’me o tla re putsa.—Mat. 6:4, 6; 1 Tim. 5:25; Baheb. 6:10.

19. Ke’ng e ileng ea elellisoa morali’abo rōna e mong hore Jehova o lemoha lintho tse ntle tseo motho a li etsang?

19 Morali’abo rōna e mong oa Austria o ile a elelloa hore Molimo o ne a lemoha mosebetsi oa hae o boima. Kaha ke Mohungary, o ile a fuoa aterese ea motho ea buang Sehungary hore a mo etele tšimong. O ile a ea hang-hang ha motho eo, empa a fumana ho se na batho. O ile a khutlela ka makhetlo-khetlo. Ka linako tse ling, o ne a ee a utloe eka batho ba teng, empa ho se na motho ea arabang. O ne a siea lingoliloeng, mangolo, liaterese tsa hae le lintho tse ling. Ka mor’a hore a qete selemo le likhoeli tse tšeletseng a ntse a khutlela, o ile a buleloa! Morali’abo rōna o ile a fumana ’mè e mong ea botsoalle, ea ileng a re: “Ke kōpa u kene. Ke balile lintho tsohle tseo u ntšietseng tsona ’me esale ke u letetse.” Mong’a ntlo o ne a ntse a fuoa phekolo ea kankere ’me a sa batle ho kopana le batho. Ba ile ba qalisa thuto ea Bibele. Ka sebele, Molimo o ile a putsa boiteko bo matla ba morali’abo rōna!

20. U ikutloa joang ka tsela e seli eo Jehova a re lebelang ka eona?

20 Jehova o bona lintho tsohle tseo u li etsang ’me qetellong o tla u putsa. U se ke ua nka hore tsela eo Molimo a u lebelang ka eona, e tšoana le ea k’hamera. Ho e-na le hoo, e se eka u ka atamelana haholoanyane le Molimo ea lerato ea u tsotellang e le kannete!

^ ser. 14 Pale ea bophelo ea Mor’abo rōna Klein e hlaha Molula-Qhooeng (oa Senyesemane) oa October 1, 1984.