Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ha motho a ne a hahola liaparo mehleng ea Bibele, seo se ne se bontša’ng?

MANGOLO a bua ka liketsahalo tse ngata tseo ho tsona batho ba ileng ba tabola liaparo tsa bona. Ketso e joalo e ka ’na ea utloahala e makatsa ho rōna babali ba kajeno, empa ke tsela eo ka eona Bajuda ba neng ba bonahatsa boikutlo bo matla ha ba nyahame, ba saretsoe, ba tlotlolohile, ba halefile kapa ba siame.

Ka mohlala, Rubene o ile “a hahola liaparo tsa hae” ha a lemoha hore morero oa hae oa ho lopolla Josefa ngoan’abo o nyopile hobane o ne a rekisitsoe hore e be lekhoba. Ntate oa bona Jakobo le eena o ile “a hahola liaparo tsa hae” kaha o ne a nahana hore Josefa o harotsoe ke sebata. (Gen. 37:18-35) Jobo o ile “a hahola seaparo sa hae” ha a bolelloa hore bana ba hae bohle ba shoele. (Jobo 1:18-20) Lenģosa le ile la tla ho Moprista ea Phahameng Eli le hahotse liaparo, ’me la mo tsebisa hore Baiseraele ba hlōtsoe ntoeng le hore bara ba hae ba babeli ba bolailoe ’me areka ea selekane e hapuoe. (1 Sam. 4:12-17) Ha Josiase a utloa mantsoe a Molao a baloa ’me a hlokomela liphoso tsa sechaba sa habo o ile “a hahola liaparo tsa hae.”—2 Mar. 22:8-13.

Ha Moprista ea Phahameng Kaifase a ntse a mametse nyeoe ea Jesu, o ile “a hahola liaparo tsa hae” ha a utloa mantsoe ao a neng a nahana hore ke nyeliso. (Mat. 26:59-66) Ho ea ka molao oa bolumeli o entsoeng ke bo-rabi, motho ofe kapa ofe ea neng a utloa Lebitso la Molimo le nyefoloa o ne a tlameha ho tabola liaparo tsa hae. Leha ho le joalo, ka mor’a ho ripitloa ha temple e Jerusalema, bo-rabi ba ile ba ba le maikutlo a hore, “kajeno ha motho a utloa Lebitso la Molimo le nyefoloa ha aa lokela ho hahola liaparo tsa hae, kaha o tla be a li senya.”

Hoa hlaka hore ho hahola liaparo e ne e le ntho e sa reng letho mahlong a Molimo haeba motho a sa ikoahlaee e le kannete. Ka hona, Jehova o ile a bolella batho ba hae hore ‘ba hahole lipelo tsa bona, eseng liaparo ’me ba khutlele ho eena.’—Joele 2:13.