Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Hatela Pele le Mokhatlo oa Jehova?

Na U Hatela Pele le Mokhatlo oa Jehova?

“Mahlo a Jehova a talimile ba lokileng.”—1 PET. 3:12.

1. Sechaba sa bakoenehi sa Iseraele se ile sa nkeloa sebaka ke mokhatlo ofe oa batho ba bitsoang ka lebitso la Jehova? (Sheba setšoantšo se qalong.)

KE KA nepo re ka bolelang hore Jehova ke eena ea thehileng phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo le ho tsosolosa borapeli ba ’nete morao tjena. Joalokaha re hlokometse sehloohong se fetileng, sechaba sa bakoenehi sa Iseraele se ile sa nkeloa sebaka ke mokhatlo o neng o entsoe ka balateli ba pele ba Kreste e leng batho ba bitsoang ka lebitso la Jehova. Mokhatlo oo o mocha oo Molimo a neng a o rata haholo, o ile oa pholoha ha ho timetsoa Jerusalema ka 70 C.E. (Luka 21:20, 21) Lintho tse etsahetseng lekholong la pele la lilemo e ne e le selelekela sa lintho tse neng li tla etsahalla bahlanka ba Jehova kajeno. Tsamaiso ea lintho ea Satane e tla felisoa haufinyane, empa mokhatlo oa Molimo oona o tla pholoha. (2 Tim. 3:1) Re tseba joang hore seo se tla etsahala?

2. Jesu o ile a re’ng ka “matšoenyeho a maholo,” hona a tla qala joang?

2 Ha Jesu a ne a bua ka ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng le qetello ea tsamaiso ea lintho o ile a re: “Ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale.” (Mat. 24:3, 21) Matšoenyeho  ana ao ho seng a kileng a tšoana le ’ona a tla qala ha Jehova a sebelisa mebuso ea lipolotiki ho timetsa “Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšen. 17:3-5, 16) Ho tla etsahala’ng ka mor’a moo?

SATANE O ETSA LINTHO TSE TLA LEBISA HO ARMAGEDONE

3. Ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo felisoe, ho tla etsahala’ng ka batho ba Jehova?

3 Ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo felisoe, Satane le balateli ba hae ba tla hlasela bahlanka ba Jehova. Ka mohlala, ha Mangolo a bua ka “Gogo oa naha ea Magogo,” a re: “U tla tlameha ho hlaha. U tla kena joaloka sefefo. U tla ba joaloka maru a koahelang naha, uena le lihlopha tsohle tsa hao hammoho le lichaba tsohle tse nang le uena.” Kaha Lipaki Tsa Jehova ha li tšoare lihlomo ebile ke batho ba nang le khotso ka ho fetisisa lefatšeng, ho ka ’na ha bonahala eka li tla hlaseleha habonolo. Empa ho li hlasela e tla ba phoso e khōlō e le ruri!—Ezek. 38:1, 2, 9-12.

4, 5. Jehova o tla etsa’ng ha Satane a leka ho felisa bahlanka ba hae?

4 Molimo o tla etsa’ng ha Satane a leka ho timetsa batho ba hae? Jehova o tla ba loanela, a sebelise matla a hae joaloka ’Musi oa Bokahohleng. Jehova o nka hore ha batho ba hae ba hlaseloa, ho tšoana le ha ho hlaseloa eena. (Bala Zakaria 2:8.) Kahoo, Ntate oa rōna ea leholimong o tla nka khato ka potlako e le hore a re pholose. Lintho li tla fihla sehlohlolong ha ho timetsoa lefatše la Satane “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,” e leng Armagedone.—Tšen. 16:14, 16.

5 Ha boprofeta ba Bibele bo bua ka Armagedone bo re: “‘Jehova o na le tseko le lichaba. O tla kena kahlolong le nama eohle. Ha e le ba khopo, o tla ba nehela sabole,’ ho bolela Jehova. Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Bonang! Tlokotsi e tloha sechabeng se seng e ea ho se seng, ’me ho tla tsosoa sefefo se matla likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše. Ka sebele letsatsing leo ba bolailoeng ke Jehova ba tla ba teng ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho fihlela pheletsong e ’ngoe ea lefatše. Ba ke ke ba lleloa, kapa ba phuthoa kapa ba patoa. Ba tla fetoha moiteli holim’a lefatše.’” (Jer. 25:31-33) Armagedone e tla felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho. Lefatše la Satane le tla timetsoa, empa karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova e tla pholoha.

SE ETSANG HORE MOKHATLO OA JEHOVA O ATLEHE KAJENO

6, 7. (a) Batho bao e leng karolo ea “bongata bo boholo” ba tsoa hokae? (b) Ho bile le keketseho efe lilemong tsa morao tjee?

6 Mokhatlo oa Molimo o oa atleha le ho hōla lefatšeng kaha Molimo o amohela litho tsa oona. Bibele e re tiisetsa hore: “Mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe.” (1 Pet. 3:12) Ba lokileng ba akarelletsa “bongata bo boholo” bo “tsoang matšoenyehong a maholo.” (Tšen. 7:9, 14) Baphonyohi bao hase “bongata” feela tjee. Empa ke “bongata bo boholo.” Na u ipona u le har’a bongata boo bo tla phonyoha ‘matšoenyeho a maholo’?

7 Batho bao e leng karolo ea bongata bo boholo ba tsoa hokae? Ba ntse ba bokelloa ka lebaka la seo Jesu a boletseng esale pele hore e tla ba karolo ea pontšo ea ho ba teng ha hae. O itse: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Mat. 24:14) Ona ke ona mosebetsi o ka sehloohong o etsoang ke mokhatlo oa Molimo matsatsing ana a ho qetela. Mosebetsi oa ho bolela le ho ruta o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara o thusitse batho ba limilione ho rapela Molimo “ka moea le ka ’nete.” (Joh. 4:23, 24)  Ka mohlala, lilemong tse leshome tse fetileng tsa tšebeletso—ho tloha ka 2003 ho ea ho 2012—batho ba fetang 2 707 000 ba ile ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Molimo ka ho kolobetsoa. Hona joale ho na le Lipaki tse ka holimo ho 7 900 000 lefatšeng ka bophara le batho ba limilione ba li etelang libokeng, haholo-holo nakong ea Sehopotso sa selemo le selemo. Ha re ithorise ka keketseho ena, kaha ‘Molimo ke eena ea hōlisang.’ (1 Bakor. 3:5-7) Empa ho totobetse hore bongata bo boholo bo tsoela pele ho eketseha selemo le selemo.

8. Ke’ng e entseng hore ho be le keketseho mokhatlong oa Jehova kajeno?

8 Bahlanka ba Molimo ba eketsehile ka tsela e hlollang kaha Jehova o tšehetsa Lipaki tsa hae. (Bala Esaia 43:10-12.) Keketseho ena e ’nile ea boleloa esale pele mantsoeng ana a boprofeta: “E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla. ’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” (Esa. 60:22) Ka nako e ’ngoe masala a batlotsuoa a ne a le joaloka “e monyenyane,” empa a ile a eketseha ha litho tse ling tsa Iseraele ea moea li tlisoa mokhatlong oa Molimo. (Bagal. 6:16) Ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova ho theosa le lilemo, ho bokelloa ha bongata bo boholo ho entse hore ho ’ne ho be le keketseho.

SEO JEHOVA A BATLANG HORE RE SE ETSE

9. Re lokela ho etsa’ng haeba re batla ho ba le bokamoso bo khanyang bo tšepisitsoeng ka Lentsoeng la Molimo?

9 Ebang re Bakreste ba tlotsitsoeng kapa re litho tsa bongata bo boholo, re ka ba le bokamoso bo khanyang bo tšepisitsoeng ka Lentsoeng la Molimo. Empa e le hore re bo fumane, re lokela ho etsa seo Jehova a reng re se etse. (Esa. 48:17, 18) Nahana ka Baiseraele ba neng ba le tlas’a Molao oa Moshe. Sepheo se seng sa Molao e ne e le ho sireletsa Baiseraele ka ho ba fa litaelo tse ba tataisang tabeng ea boitšoaro ba ho kopanela liphate, litšebelisanong tsa khoebo, ho hōliseng bana, ho tšoara batho ba bang ka tsela e loketseng le lintho tse ling tse joalo. (Ex. 20:14; Lev. 19:18, 35-37; Deut. 6:6-9) Ho etsa seo Molimo a reng re se etse ho re tsoela molemo ka tsela e tšoanang—’me ka sebele ha ho boima ho etsa thato ea hae. (Bala 1 Johanne 5:3.) Ha e le hantle, feela joalokaha Molao o ne o sireletsa Baiseraele, le rōna re tla sireletseha ha re mamela melao le melao-motheo ea Jehova Molimo, hape seo se tla re boloka re “phela hantle tumelong.”—Tite 1:13.

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho behella ka thōko nako ea ho ithuta Bibele le ea ho ba le Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea beke le beke?

10 Karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova e hatela pele ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, kutloisiso ea rōna ea ’nete ea Bibele e tsoela pele ho hlaka. Sena ke seo re ka se lebellang, kaha “tsela ea ba lokileng e joaloka leseli le khanyang le ntseng le khanya ka ho eketsehileng ho fihlela motšehare o moholo.” (Liprov. 4:18) Empa re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ke tsamaisana le kutloisiso e ntlafalitsoeng ea ’nete ea Mangolo? Na ke tloaetse ho bala Bibele kamehla? Na ke khothalletse ho bala lingoliloeng tsa rōna? Na ’na le ba lelapa la ka re ba le Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea beke le beke?’ Ba bangata ba rōna re ka lumela hore ha ho thata ho etsa lintho tsena. Hangata ke taba feela ea ho behella nako ea ho li etsa ka thōko. Ruri ke habohlokoa hore re fumane tsebo e nepahetseng ea Mangolo, re e sebelise ’me re hatele pele moeeng—haholo-holo hona joale kaha matšoenyeho a maholo a ntse a atamela!

11. Mekete ea boholo-holo hammoho le liboka le likopano tse nyenyane le tse khōlō tse tšoaroang kajeno li molemo ka tsela efe?

11 Mokhatlo oa Jehova o re tsoela molemo  ha o re phehella hore re mamele keletso ea moapostola Pauluse e reng: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheb. 10:24, 25) Mekete le likopano tse neng li tšoaroa selemo le selemo li ne li matlafatsa Baiseraele moeeng. Ho feta moo, liketsahalo tseo tse kang Mokete o khethehileng oa Maphephe oa mehleng ea Nehemia e ne e le tse thabisang. (Ex. 23:15, 16; Neh. 8:9-18) Re rua molemo ka tsela e tšoanang ha re le libokeng le likopanong tse nyenyane le tse khōlō. A re sebeliseng ka botlalo litokisetso tsena e le hore re imatlafatse moeeng ’me re thabe.—Tite 2:2.

12. Re lokela ho ikutloa joang ka mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso?

12 Kaha re kopanela le mokhatlo oa Molimo, re thabela ho nka karolo “mosebetsing o halalelang oa litaba tse molemo tsa Molimo.” (Bar. 15:16) Ha re kenya letsoho ‘mosebetsing ona o halalelang’ seo se re etsa “basebetsi-’moho” le Jehova, ‘Ea Halalelang.’ (1 Bakor. 3:9; 1 Pet. 1:15) Ha re bolela litaba tse molemo re tlatsetsa tabeng ea ho halaletsoa ha lebitso la Jehova. Ruri ke tlotla e khōlō ho fuoa boikarabelo ba ho phatlalatsa “litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo ea thabileng.”—1 Tim. 1:11.

13. Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re le matla moeeng ’me re tsoele pele re phela?

13 Molimo o batla hore re lule re le matla moeeng ka hore re mo khomarele re be re tšehetse mokhatlo oa hae le mesebetsi e sa tšoaneng eo o e etsang. Moshe o ile a re ho Baiseraele: “Kajeno ke nka maholimo le lefatše e le lipaki khahlanong le lōna, hore ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna, tlhohonolofatso le thohako; le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela, lōna le bana ba lōna, ka hore le rate Jehova Molimo oa lōna, le mamele lentsoe la hae ’me le mo khomarele; etsoe ke eena bophelo ba lōna le bolelele ba matsatsi a lōna, e le hore le ka lula naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna Abrahama, Isaka le Jakobo hore o tla ba fa eona.” (Deut. 30:19, 20) E le hore re tsoele pele re phela re lokela ho etsa thato ea Jehova, re mo rate, re mo mamele le ho mo khomarela.

14. Mor’abo rōna e mong o ne a ikutloa joang ka karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Molimo?

14 Mor’abo rōna Pryce Hughes, ea ileng a khomarela Molimo ’me a tsamaisana le mokhatlo oa Hae, o ile a ngola a re: “Ke thabela hore ebe ke tsebile merero ea Jehova ho tloha pejana ho 1914 . . . Haeba ho na le se bileng bohlokoa haholo ho ’na, e bile taba ea ho tsoela pele ke le haufi le mokhatlo oa Jehova o bonahalang. Phihlelo eo ke bileng le eona e nthutile hore ruri ke booatla ho tšepa maikutlo a batho. Ka mor’a hore ke lemohe seo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke batla ho khomarela mokhatlo ona o tšepahalang. Etsoe eo ke eona feela tsela eo motho a ka amoheloang ke Jehova le ho fumana tlhohonolofatso ea hae.”

TSOELA PELE HO TSAMAISANA LE MOKHATLO OA MOLIMO

15. Fana ka mohlala o ka Mangolong o bontšang kamoo re lokelang ho talima kateng liphetoho tse etsoang kutloisisong ea rōna ea ’nete ea Bibele.

15 E le hore Jehova a re amohele le ho re hlohonolofatsa re le batho ka bomong, re lokela ho tšehetsa mokhatlo oa hae le ho amohela liphetoho tse ba teng kutloisisong ea rōna ea Mangolo. Ak’u nahane ka sena: Ka mor’a lefu la Jesu, ho ne ho e-na le Bakreste ba Bajuda ba likete ba neng ba chesehela Molao ’me ba thatafalloa ho o tlohela. (Lik. 21:17-20) Empa lengolo leo  Pauluse a neng a le ngoletse Baheberu le ile la ba thusa hore ba amohele ’nete ea hore ha ba halaletsoe ke mahlabelo “a nyeheloang ho ea ka Molao,” empa ba halaletsoa ke “ho nyeheloa ha ’mele oa Jesu Kreste hang le ka ho ke keng ha phetoa.” (Baheb. 10:5-10) Ha ho pelaelo hore ba bangata ba Bakreste bao ba Bajuda ba ile ba fetola monahano oa bona ’me ba hōla moeeng. Le rōna re lokela ho ikitlaelletsa ho ithuta le ho amohela liphetoho tse etsoang kutloisisong ea rōna ea Lentsoe la Molimo le mosebetsing oa rōna oa boboleli.

16. (a) Ke litlhohonolofatso life tse tla etsa hore bophelo e be bo thabisang lefatšeng le lecha? (b) Ke’ng eo u labalabelang ho e bona lefatšeng le lecha?

16 Bohle ba lulang ba tšepahalla Jehova le mokhatlo oa hae ba tla tsoela pele ho hlohonolofatsoa. Batlotsuoa ba tšepahalang ba tla ba le tlotla e babatsehang ea ho ba majalefa-’moho le Kreste leholimong. (Bar. 8:16, 17) Haeba tšepo ea rōna ke ho phela lefatšeng, nahana feela kamoo bophelo e tla ba bo thabisang kateng Paradeiseng. Kaha re karolo ea mokhatlo oa Jehova, ruri ke tlotla ho bolella ba bang ka lefatše le lecha leo Molimo a le tšepisitseng! (2 Pet. 3:13) Pesaleme ea 37:11 e re: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” Batho “ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona,” ba thabele “mosebetsi oa matsoho a bona.” (Esa. 65:21, 22) Ha ho sa tla hlola ho e-ba le khatello, bofuma le tlala. (Pes. 72:13-16) Babylona e Moholo ha e sa tla hlola e khelosa motho leha e le ofe, kaha e tla be e felisitsoe. (Tšen. 18:8, 21) Bafu ba tla tsosoa ’me ba phele ka ho sa feleng. (Esa. 25:8; Lik. 24:15) Ruri eo ke tebello e babatsehang eo batho ba limilione ba inehetseng ho Jehova ba nang le eona! E le hore re tle re bone ha litšepiso tseo tsa Mangolo li phethahala, re lokela ho hatela pele moeeng, re tsamaisane le mokhatlo oa Molimo.

Ipone u le Paradeiseng (Sheba serapa sa 16)

17. Re lokela ho ikutloa joang ka ho sebeletsa Jehova le mokhatlo oa hae?

17 Kaha bofelo ba tsamaiso ena bo atametse, a re luleng re tiile tumelong ’me re bontše hore re ananela ka ho teba tokisetso eo Molimo a e entseng ea borapeli. Ke kamoo mopesaleme Davida a neng a ikutloa kateng, ea ileng a bina a re: “Ke kōpile ntho e le ’ngoe ho Jehova—ke seo ke tla se batla, hore ke lule ka tlung ea Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba ka, ho bona thabo ea Jehova le ho talima tempele ea hae ka kananelo.” (Pes. 27:4) E se eka e mong le e mong oa rōna a ka tsoela pele ho tsamaisana le mokhatlo oa Jehova.