Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PALE EA BOPHELO

Ruri Jehova o Nthusitse

Ruri Jehova o Nthusitse

Ke ne ke e-na le mosali oa ka Evelyn, ha re theoha terene Hornepayne merung e ka leboea ho Ontario, Canada. E ne e le hoseng haholo ’me serame se kenella masapong. Mora e mong oabo rōna oa moo o ile a tl’o re lata, ’me ka mor’a ho ja lijo tse futhumetseng le eena, mosali oa hae le mora, re ile ra tsamaea lehloeng ho ea paka ka ntlo le ntlo. Thapameng eo, ke ile ka fana ka puo ea ka ea pele ea phatlalatsa ke le molebeli oa potoloho. Re ne re le bahlano feela sebokeng seo.

HA E le hantle, taba ea hore ke batho ba ’maloa feela ba neng ba mametse puo ea ka ka 1957 ha e ea ka ea ntšoenya. Taba ke hore haesale ke le motho ea lihlong haholo. Ha ke sa le monyenyane ke ne ke ipata ha baeti ba le teng lapeng, esita le haeba ke ba tseba.

Empa u ka ’na ua makala ha u hlokomela hore likabelo tse ngata tseo ke ’nileng ka li fuoa ka mokhatlong oa Jehova li ne li nqobella ho kopana le batho ba bangata—bao ke ba tloaetseng le bao ke sa ba tloaelang. Leha ho le joalo, ke ’nile ka tsoela pele ho loantša lihlong le ho se itšepe, kahoo nke ke ka ithorisa ka hore ebe ke atlehile ho phetha likabelo tseo. Ho e-na le hoo, ke bone bonnete ba mantsoe a Jehova ha a re: “Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.” (Esa. 41:10) Tsela e ’ngoe e ka sehloohong eo Jehova a nthusitseng ka eona ke ka tšehetso ea Bakreste-’moho le ’na. E re nke ke le qoqele ka ba bang ba bona, ke qale ka ha ke sa le moshanyana.

O NE A SEBELISA BIBELE LE BUKANA E NTŠO

Ke polasing eso ka boroa-bophirimela ho Ontario

Ka Sontaha se seng hoseng lilemong tsa bo-1940, Elsie Huntingford o ile a fihla polasing eso e ka boroa-bophirimela ho Ontario. ’Mè o ile a buisana le eena monyako ’me ’na le Ntate re ne re lutse ka tlung re mametse etsoe Ntate le eena e ne e le motho ea lihlong. Kaha  Ntate o ne a nahana hore Morali’abo rōna Huntingford o oa rekisa le hore ’Mè o tloha a reka ntho eo re sa e hlokeng, o ile a ea monyako ’me a re ha re thahaselle. Morali’abo rōna Huntingford o ile a mo botsa a re, “E le hore ha le thahaselle ho ithuta Bibele?” Ntate o ile a re, “Ho ithuta Bibele hona rea ho rata.”

Morali’abo rōna Huntingford o ne a fihlile ka nako e nepahetseng. Batsoali ba ka bao e neng e le litho tse chesehang tsa Kereke ea United e Canada ba ne ba sa tsoa etsa qeto ea ho e tlohela. Hobane’ng? Hobane phasejeng ea kereke moruti o ne a beha mabitso a batho ba ntšitseng koleke, a a thathamisa ho latela hore na ba ntšitse bokae. Kaha batsoali ba ka e ne e le batho ba itlhophereng, ba ne ba lula ba le ho elella qetellong ea lethathamo leo, ’me baholo ba kereke ba batla hore ba ntše koleke e eketsehileng. Moruti e mong o ile a re o ne a ruta lithuto tseo a sa li lumeleng molemong oa hore feela a se ke a lelekoa mosebetsing. Ka hona, re ile ra khaotsa ho ea kerekeng empa ka lehlakoreng le leng re ntse re lakatsa ho sebeletsa Molimo.

Mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ne o thibetsoe Canada, kahoo Morali’abo rōna Huntingford a re khannela thuto a sebelisa Bibele le lintlha tseo a li ngotseng bukaneng e ntšo. Ha a hlokomela hore re ke ke ra mo tlaleha ho ba boholong, o ile a re siela lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Re ne re li pata ka hloko nako le nako ha re qeta ho ithuta. *

Batsoali ba ka ba fumane ’nete bopaking ba ntlo le ntlo ’me ba kolobetsoa ka 1948

Morali’abo rōna Huntingford o ile a tsoela pele ho bolela litaba tse molemo ka cheseho ho sa tsotellehe khanyetso le litšitiso tse ling. Ke ile ka khahloa ke tsela eo a neng a cheseha ka eona ’me ka susumelletseha hore ke amohele ’nete. Selemo ka mor’a hore batsoali ba ka ba kolobetsoe hore e be Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Molimo ka kolobetso. Ka la 27 February, 1949, ke ile ka kolobeletsoa ka senoelong sa liphoofolo. Ke ne ke le lilemo li 17. Ka mor’a moo, ke ile ka ikemisetsa ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng.

JEHOVA O NTHUSITSE HO BA SEBETE

Ke ile ka makala ha ke bitsetsoa ho ea sebeletsa Bethele ka 1952

Qalong ke ne ke qeaqea ho ba pula-maliboho. Ke ile ka qeta nakoana ke sebetsa bankeng le ofising hobane ke ne ke nahana hore ke lokela ho ba le chelete e le hore ke itjare ha ke le pula-maliboho. Kaha ke ne ke le mocha ’me ke se na phihlelo, ke ne ke sebelisa chelete habohlasoa. Kahoo, Mor’abo rōna Ted Sargent o ile a nkhothalletsa ho ba sebete le hore ke  tšepe Jehova. (1 Likron. 28:10) Ka mor’a hore a mphe khothatso eo, ke ile ka nka bopula-maliboho ka November 1951. Ke ne ke e-na le lidolara tse 40 feela, baesekele ea khale le mokotlana o mocha oa libuka. Empa Jehova o ’nile a mpha lintho tsohle tseo ke li hlokang. Ruri ke leboha hore Ted o ile a nkhothalletsa ho nka bopula-maliboho! Bo ntliselitse litlhohonolofatso tse eketsehileng.

Mantsiboeeng a mang ka August 1952, ke ile ka fumana mohala o tsoang Toronto. Ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Canada e ne e ’memela ho ea qala tšebeletso ea Bethele ka September. Le hoja ke ne ke le lihlong ke bile ke e-s’o ka ke etela ofising ea lekala, ke ile ka thabela seo hobane bo-pula-maliboho ba bang ba ne ba mpoleletse lintho tse monate ka Bethele. Ke ile ka e rata hang ha ke fihla.

“BONTŠA BARAB’ABO RŌNA HORE U UA BA TSOTELLA”

Ka mor’a lilemo tse peli ke le Bethele, ke ile ka nkela Bill Yacos sebaka, ka ba mohlanka oa phutheho, (eo hona joale a bitsoang mohokahanyi oa sehlopha sa baholo) Sehlopheng sa Shaw, Toronto. * Ke ne ke le lilemo li 23 ka nako eo, ’me ke ikutloa eka ke moshanyana feela tjee oa mapolasing. Empa ka lerato le ka boikokobetso Mor’abo rōna Yacos o ile a mpontša seo ke lokelang ho se etsa. Jehova le eena o ile a nthusa.

Mor’abo rōna Yacos—ea neng a shahlile empa a le mokhutšoaane ka seemo o ne a rata ho bososela—’me a thahasella batho. O ne a rata barab’abo rōna, ’me le bona ba mo rata. O ne a lula a ba etela, a sa emele mohla ba nang le mathata. Bill Yacos o ile a nkhothalletsa hore ke etse se tšoanang le hore ke sebetse le bara le barali babo rōna tšimong. O ile a re: “Ken, bontša barab’abo rōna hore u ua ba tsotella. Seo se tla etsa hore le se ke la bonana mefokolo.”

MOSALI OA KA O ILE A BONTŠA LERATO LA SEBELE

Jehova o nthusitse ka tsela e hlollang ho tloha ka January 1957. Khoeling eo ke ile ka nyala Evelyn, ea neng a le sehlopheng sa bo14 Sekolong sa Gileade. Pele re nyalana, o ne a le tšimong eo ho buuoang Sefora ho eona profinseng ea Quebec. Mehleng eo Kereke ea Roma e K’hatholike e ne e li hula pele Quebec. Kahoo Evelyn o ne a e-na le kabelo e thata, empa o ile a e phetha ka botšepehi ’me a khomarela Jehova.

Ha ’na le Evelyn re nyalana ka 1957

Evelyn o ’nile a ntšehetsa ka botšepehi. (Baef. 5:31) Ha e le hantle, o ile a tlameha ho bonahatsa botšepehi ba hae hang feela ha re qeta ho nyalana! Re ne re rerile ho ea phomolong Florida, U.S.A., empa ka mor’a letsatsi feela re nyalane, ofisi ea lekala e ile ea nkōpa hore ke ee sebokeng se neng se tl’o nka beke, Bethele ea Canada. Ke ’nete hore seboka seo se ne se sitisa morero oa rōna, empa ’na le Evelyn re ne re batla ho etsa ntho leha e le efe eo Jehova a reng re e etse. Kahoo, re ile ra tlohela ho ea phomolong. O ile a qeta beke eo a ea tšimong haufi le ofisi ea lekala. Le hoja tšimo eo e ne e fapane hōle le ea Quebec, o ile a mamella.

Ha beke eo e fela, ke ile ka fumana kabelo eo ke neng ke sa e lebella—ka abeloa ho ba molebeli oa potoloho karolong e ka leboea ho Ontario. Ke ne ke sa tsoa nyala, ke le lilemo li 25 feela ke bile ke se na phihlelo,  empa re ile ra tsamaea re kholisehile hore Jehova o tla re thusa. Har’a mariha ao a batang a Canada, re ile ra kena tereneng e tsamaeang bosiu re e-na le balebeli ba bang ba tsamaeang bao e leng khale ba li bona, ’me bona ba khutlela likabelong tsa bona. Ba ile ba re khothatsa haholo! Mor’abo rōna e mong o ile a re phehella hore re robale ka lekarecheng le nang le libethe leo a neng a le lefeletse, e le hore re se ke ra qeta bosiu re lutse. Ka le hlahlamang, matsatsi a 15 feela re nyalane, re ile ra fihla sehlopheng se senyenyane, Hornepayne, joalokaha ke boletse pejana.

’Na le Evelyn re ile ra lokela ho etsa liphetoho tse ling. Ho elella qetellong ea 1960 ha ke ntse ke le molebeli oa setereke, ke ile ka bitsetsoa thupelong ea likhoeli tse leshome sehlopheng sa bo36 Sekolong sa Gileade, e neng e tla qala mathoasong a February 1961, Brooklyn, New York. Ke ’nete hore ke ile ka thabela seo, empa ka sulafalloa ke hore Evelyn eena o ne a sa mengoa thupelong eo. Ho e-na le hoo, ho tšoana le basali ba bang ba bapotolohi, ho ile ha thoe Evelyn a ngole lengolo a bolele hore na o ikemiselitse hore re ka qeta bonyane likhoeli tse leshome re arohane kapa che. Evelyn o ile a lla, empa ra etsa qeto ea hore ke ee sekolong, ’me o ne a thabetse hore ke tla fumana koetliso ea bohlokoa Gileade.

Ha ke ntse ke le sekolong, Evelyn o ile a e’o sebetsa lekaleng la Canada. O ile a ba le tlotla ea ho lula le morali’abo rōna oa motlotsuoa ea bitsoang Margaret Lovell. Ke ’nete hore ’na le Evelyn re ne re hloloheloana haholo. Empa ka thuso ea Jehova, re ile ra atleha ho lula likabelong tseo tsa rōna tsa nakoana. Ho ithaopela ha Evelyn hore re arohane molemong oa hore Jehova a khone ho re sebelisa haholoanyane le mokhatlo oa hae, ho ile ha nkama maikutlo haholo.

Ka mor’a likhoeli tse ka bang tharo ke le Gileade, Mor’abo rōna Nathan Knorr, ea neng a etella pele mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng ka bophara o ile a mpolella taba e ’ngoe e ileng ea ’makatsa. O ile a nkōpa hore ke tlohele Sekolo sa Gileade ’me ke khutlele Canada, ke il’o ba morupeli oa nakoana Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso lekaleng. Mor’abo rōna Knorr o ile a mpolella hore hase hore ke tlamehile ho amohela kōpo eo. O ile a re ha ke rata nka qetela koetliso ea ka Sekolong sa Gileade, mohlomong ebe ka mor’a moo ke isoa mosebetsing oa boromuoa. O ile a boela a ntlhalosetsa hore haeba ke etsa qeto ea ho khutlela Canada, ho ka etsahala hore ke se ke ka hlola ke e-ba le monyetla oa ho khutlela Gileade le hore mohlomong ka mor’a nako nka ’na ka abeloa hore ke khutlele tšimong Canada. O ile a re ke tla etsa qeto ha ke se ke buisane le mohats’a ka.

Kaha Evelyn o ne a se a ntse a mpoleletse hore na o ikutloa joang ka likabelo tse amanang le puso ea Molimo, ke ile ka re ho Mor’abo rōna Knorr: “Re thabela ho etsa sohle seo mokhatlo oa Jehova o batlang hore re se etse.” Re ne re nka hore ho sa tsotellehe hore na ke kabelo efe eo re e ratang, re lokela ho ea hohle moo mokhatlo oa Jehova o re abelang ho ea teng.

Kahoo, ke ile ka tloha Brooklyn ka April 1961, ka khutlela Canada ho ea rupela Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso. Ka mor’a moo, re ile ra ba litho tsa  lelapa la Bethele. Ke ile ka makala ha ke fumana memo ea hore ke ee sehlopheng sa bo40 sa Gileade, se neng se tla qala ka 1965. Le lekhetlong lena, Evelyn o ile a tlameha ho ngola lengolo a bolele hore na o oa lumela hore re arohane kapa che. Empa ka mor’a libeke tse seng kae, le eena o ile a memeloa ho ea sekolong seo, e leng se ileng sa re thabisa haholo.

Ha re fihla Sekolong sa Gileade, Mor’abo rōna Knorr o ile a re bolella hore liithuti tse ithutang Sefora joaloka rōna, li ne li tl’o romeloa Afrika. Empa ha re qeta moo sekolong, re ile ra romeloa Canada! Ke ile ka khethoa hore ke be molebeli oa lekala (eo hona joale e leng mohokahanyi oa Komiti ea Lekala). Ke ne ke le lilemo li 34 feela ka nako eo, ’me ka re ho Mor’abo rōna Knorr, “Ke sa le monyenyane.” Empa o ile a nkhothatsa. Ho tloha qalong feela, ke ’nile ka kōpa likeletso ho barab’abo rōna ba hōlileng le ba nang le phihlelo ho mpheta ba Bethele, pele ke etsa liqeto tse tebileng.

BETHELE KE SEBAKA SA HO ITHUTA LE HO RUTA

Ho sebeletsa Bethele ho mphile monyetla o babatsehang oa ho ithuta ho ba bang. Ke hlompha litho tse ling tsa Komiti ea Lekala ebile ke li ananela haholo. Ke boetse ke ithutile ho hongata ho bara le barali babo rōna ba bangata—ba bacha le ba hōlileng—bao ke sebelitseng le bona lekaleng le liphuthehong tseo ke ’nileng ka li etela.

Ke tšoere temana ea letsatsi lehaeng la Bethele Canada

Ho sebeletsa Bethele ho boetse ho mphile monyetla oa hore ke rute ba bang le ho ba matlafatsa tumelong. Moapostola Pauluse o ile a re ho Timothea: “U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona.” O ile a boela a re: “Lintho tseo u ileng ua li utloa ho ’na ka tšehetso ea lipaki tse ngata, lintho tsena u li behe ho banna ba tšepahalang, bao, le bona, e tla ba ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.” (2 Tim. 2:2; 3:14) Ka linako tse ling, Bakreste-’moho le ’na ba ee ba mpotse hore na ke ithutile’ng lilemong tse 57 tseo ke li qetileng ke sebeletsa Bethele. Ke ba araba feela ka ho re, “Ke bone hore motho o lokela ho ikemisetsa ho etsa seo mokhatlo oa Jehova o batlang hore a se etse, ’me a se etse ka potlako le hore o lokela ho itšetleha ka Jehova hore a mo thuse.”

Ekare ke maobanyana mona ha ke ne ke fihla Bethele ke le moshanyana ea lihlong, ea sa tsebeng letho. Empa ho theosa le lilemo, Jehova o ’nile ‘a ntšoara ka letsoho le letona.’ O tsoela pele ho ntiisetsa a sebelisa ka ho khetheha tšehetso e mosa le e lerato ea balumeli-’moho le ’na, ’me o re: “U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.”—Esa. 41:13.

^ ser. 10 Ka la 22 May, 1945, ’muso oa Canada o ile oa tlosa thibelo mosebetsing oa rōna.

^ ser. 16 Ka nako eo, haeba ho ne ho e-na le liphutheho tse ngata sebakeng se le seng, phutheho ka ’ngoe e ne e bitsoa sehlopha.