Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova ke Molimo oa Tlhophiso

Jehova ke Molimo oa Tlhophiso

“Molimo hase Molimo oa ho hloka taolo, empa ke oa khotso.”—1 BAKOR. 14:33.

1, 2. (a) Ke mang eo Molimo a mo bōpileng pele, hona o ile a mo sebelisa joang? (b) Ke’ng e bontšang hore mangeloi a hlophisitsoe?

JEHOVA, ’Mōpi oa bokahohle, o etsa lintho ka tsela e hlophisehileng. O qalile ka ho bōpa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši ea bitsoang “Lentsoe,” kaha ke ’muelli ea ka sehloohong oa Molimo. Lentsoe o ’nile a sebeletsa Jehova ka lilemo tse ngata, etsoe Bibele e re mabapi le eena: “Tšimolohong Lentsoe o ne a le teng, ’me Lentsoe o ne a e-na le Molimo.” Ho phaella moo: “Lintho tsohle li bile teng ka eena [Lentsoe], ’me kantle ho eena ha ho ntho leha e le ’ngoe e bileng teng.” Lilemong tse ka holimonyana ho 2 000 tse fetileng, Molimo o ile a romela Lentsoe lefatšeng, ’me a etsa thato ea Ntate oa hae ka botšepehi e le Jesu Kreste ea phethahetseng.—Joh. 1:1-3, 14.

2 Pele Mora oa Molimo a tla lefatšeng, o ne a mo sebelelitse ka botšepehi e le “mosebetsi ea hloahloa.” (Liprov. 8:30) Jehova o ile a mo sebelisa ho bōpa libōpuoa tse ling tse limilione tsa moea tse leholimong. (Bakol. 1:16) Tlaleho e ’ngoe ea Bibele e re ha e bua ka mangeloi ao: ‘Ho ne ho e-na le ba likete tse sekete ba ntseng ba sebeletsa Jehova, le ba likete tse leshome tse iphetileng ka makhetlo a likete tse leshome ba ntseng ba eme ka pel’a hae.’ (Dan. 7:10) Libōpuoa tsa Molimo tsa moea li bitsoa “mabotho” a hlophisitsoeng hantle a Jehova.—Pes. 103:21.

3. Ho na le linaleli le lipolanete tse kae, hona li hlophisitsoe joang?

 3 Ho ka thoe’ng ka lintho tse bōpiloeng tse kang boieane ba linaleli le lipolanete? Koranta ea Houston, Texas e bitsoang Chronicle e tlaleha hore phuputso ea morao tjena e bontša hore ho na le linaleli le lipolanete tse libilione-bilione, kapa tse menang ka makhetlo a mararo palo eo bo-rasaense ba neng ba e nahana. Linaleli li arotsoe ka lihlopha, ’me sehlopha ka seng se ka ba le tse libilione kapa libilione tse likete, haesita le lipolanete tse ngata. Lihlopha tsena le tsona li etsa lihlopha tse ling tse khōlō.

4. Ke hobane’ng ha re ka lebella hore bahlanka ba Molimo ba lefatšeng ba hlophisoe?

4 Ho tšoana le libōpuoa tsa moea tse tšepahalang tse leholimong, lihloliloeng tsa leholimo le tsona li hlophisitsoe ka tsela e hlollang. (Esa. 40:26) Ka hona, ke ho utloahalang ho fihlela qeto ea hore Jehova a ka hlophisa bahlanka ba hae ba lefatšeng. O batla hore ba lule ba hlophisehile, ’me seo se molemo haholo kaha ba na le mosebetsi oa bohlokoa oo ba lokelang ho o etsa. Tlaleho e ntle ea barapeli ba Jehova ba nakong e fetileng le ba hona joale ba mo sebelelitseng ka botšepehi e fana ka bopaki bo matla ba hore o ’nile a ba tšehetsa le hore “Molimo hase Molimo oa ho hloka taolo, empa ke oa khotso.”—Bala 1 Bakorinthe 14:33, 40.

BATHO BA MOLIMO BA NE BA HLOPHISITSOE NAKONG E FETILENG

5. Morero oa hore batho ba tlale lefatše ka tsela e hlophisehileng o ile oa sitisoa joang?

5 Ha Jehova a qeta ho bōpa batho ba pele o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.” (Gen. 1:28) Batho ba ne ba lokela ho ata ka tsela e hlophisehileng e le hore ba tlale lefatše le ho atolosa Paradeise ho fihlela e anetse lefatše lohle. Ho se mamele ha Adama le Eva ho ile ha sitisa morero oo ka nakoana. (Gen. 3:1-6) Ha nako e ntse e ea, ‘Jehova o ile a bona hore bobe ba motho bo bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e mpe feela ka linako tsohle.’ Ka lebaka leo, “lefatše le ne le senyehile mahlong a Molimo oa ’nete ’me lefatše le ne le tletse pefo.” Ka hona, Molimo o ile a rera ho tlisa moroallo lefatšeng o neng o tla timetsa batho ba sa mo mameleng.—Gen. 6:5, 11-13, 17.

6, 7. (a) Ke hobane’ng ha Noe a ile a fumana kamohelo mahlong a Jehova? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ho ile ha etsahala’ng ka batho ba sa tšepahaleng ba mehleng ea Noe?

6 Leha ho le joalo, ‘Noe o ile a fumana kamohelo mahlong a Jehova’ hobane “e ne e le motho ea lokileng” ea neng “a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae.” Kaha “Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete,” Jehova o ile a mo laela hore a hahe areka e khōlō. (Gen. 6:8, 9, 14-16) E ne e hahiloe ka tsela eo e tla pholosa batho le liphoofolo. Noe o ile a bontša kutlo “a etsa ho ea ka sohle seo Jehova a mo laetseng sona,” ’me lelapa la hae la mo thusa ho phetha mosebetsi oo ka tsela e hlophisehileng. Ka mor’a hore batho le liphoofolo ba kene arekeng, ‘Jehova o ile a koala monyako.’—Gen. 7:5, 16.

7 Ha Moroallo o fihla ka 2370 B.C.E., Jehova o ile a “felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang e holim’a lefatše,” empa a pholosa Noe ea tšepahalang le lelapa la hae ka areka. (Gen. 7:23) Batho bohle ba lefatšeng kajeno ba tsoa ho Noe le bana ba hae. Bohle ba se nang tumelo ba neng ba le ka ntle ho areka ba ile ba timetsoa, kaha ha baa ka ba mamela Noe, “’moleli oa ho loka.”—2 Pet. 2:5.

Ho hlophiseha ho ile ha thusa batho ba robeli ho pholoha Moroallo (Sheba serapa sa 6 le 7)

8. Ke’ng e bontšang hore Baiseraele ba ne ba hlophisehile ha Molimo a ba bolella hore ba kene Naheng e Tšepisitsoeng?

8 Lilemo tse fetang 800 ka mor’a Moroallo, Molimo o ile a hlophisa Baiseraele  hore e be sechaba. Ho ne ho hlokahala hore ba hlophisehe likarolong tsohle tsa bophelo ba bona haholo-holo borapeling. Ntle ho baprista le Balevi ba bangata ba Iseraele, ho ne ho boetse ho e-na le “makhabunyane a neng a etsa tšebeletso e hlophisitsoeng monyako oa tente ea pokano.” (Ex. 38:8) Leha ho le joalo, ha Jehova Molimo a laela Baiseraele hore ba kene Kanana, moloko oo o ne o sa tšepahale ’me kahoo a re ho bona: “Le ke ke la kena naheng eo ke phahamisitseng letsoho la ka ka kano hore ke tla lula le lōna ho eona, haese Kalebe mora oa Jefune le Joshua mora oa Nune” hobane ba tlisitse tlaleho e ntle ka mor’a ho hloela Naha e Tšepisitsoeng. (Num. 14:30, 37, 38) Hamorao Moshe o ile a khetha Joshua hore e be mohlahlami oa hae ho latela taelo ea Molimo. (Num. 27:18-23) Ha Joshua a le mothating oa ho kenya Baiseraele Kanana, o ile a bolelloa sena: “E-ba sebete ’me u be matla. U se ke ua haroha letsoalo kapa ua tšoha, etsoe Jehova Molimo oa hao o na le uena kae kapa kae moo u eang teng.”—Josh. 1:9.

9. Rahaba o ne a ikutloa joang ka Jehova le batho ba hae?

9 Jehova Molimo o ile a ba le Joshua hohle moo a eang teng. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala ha Baiseraele ba ne ba hlomme liahelo haufi le motse oa Jeriko o lulang Bakanana. Ka 1473 B.C.E., Joshua o ile a romela banna ba babeli ho ea hloela Jeriko, ’me ha ba le moo ba ile ba teana le mosali oa letekatse ea bitsoang Rahaba. O ile a ba pata marulelong a ntlo ea hae, e le hore ba se ke ba tšoaroa ke batho ba neng ba rometsoe ke morena oa Jeriko. Rahaba o ile a re ho lihloela tsa Baiseraele: “Ke fela ke tseba hore ka sebele Jehova o tla le fa naha ena . . . , etsoe re utloile kamoo Jehova a ileng a pshesa metsi a Leoatle le Lefubelu ka pel’a lōna . . . le seo le ileng la se etsa ho marena a mabeli a Baamore.” O ile a phaella ka ho re: “Jehova Molimo oa lōna ke Molimo holimo maholimong le tlaase lefatšeng.” (Josh. 2:9-11) Kaha Rahaba o ile a tsamaisana le mokhatlo oa Jehova ka nako eo, Molimo o ile a etsa hore eena le ba ntlo ea hae ba bolokehe ha Baiseraele  ba hapa Jeriko. (Josh. 6:25) Rahaba o ne a e-na le tumelo, a hlompha Jehova le batho ba hae.

MOKHATLO OA LEKHOLONG LA PELE LA LILEMO

10. Jesu o ile a re’ng ho baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba mehleng ea hae, hona ke hobane’ng ha a ile a bua joalo?

10 Ha Joshua a ntse a etelletse Baiseraele pele, ba ile ba hlōla metse e mengata ’me ba kena Kanana. Empa ho ile ha etsahala’ng hamorao? Baiseraele ba ile ba tlōla melao ea Molimo ka makhetlo ho theosa le makholo a lilemo. Ha Jehova a romela Mora oa hae lefatšeng, ho ne ho se ho totobetse hore ha ba mamele Molimo le manģosa a hae hoo Jesu a ileng a bitsa Jerusalema “’molai oa baprofeta.” (Bala Matheu 23:37, 38.) Molimo o ile a nyahlatsa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda kaha ba ne ba sa tšepahale. Ka hona Jesu o ile a re ho bona: “Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lōna ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.”—Mat. 21:43.

11, 12. (a) Ke’ng e bontšang hore Jehova o ile a tlosa tlhohonolofatso ea hae ho Bajuda, a e fetisetsa ho mokhatlo o mong lekholong la pele la lilemo? (b) Ke bo-mang ba neng ba bōpa mokhatlo o mocha oa Molimo?

11 Lekholong la pele la lilemo C.E., Jehova o ile a lahla sechaba seo se sa tšepahalang sa Iseraele. Leha ho le joalo, seo se ne se sa bolele hore a ke ke a ba le mokhatlo oa bahlanka ba tšepahalang mona lefatšeng. Jehova o ile a fetisetsa tlhohonolofatso ea hae mokhatlong o mocha o itšetlehileng ka Jesu Kreste le o latelang lithuto tsa hae. Mokhatlo oo o qalile ka Pentekonta ea 33 C.E. Ka nako eo, barutuoa ba Jesu ba ka bang 120 ba ne ba bokane Jerusalema ha “ka tšohanyetso ho ba le lerata le tsoang leholimong le joaloka la moea o fokang ka sekhahla, ’me la tlala ntlo eohle.” Eaba “maleme a kang a mollo a bonahala ho bona ’me a ajoa, ’me ka leng la ’ona la lula holim’a e mong le e mong oa bona, eaba kaofela ba tlala moea o halalelang ’me ba qala ho bua ka maleme a fapaneng, feela joalokaha moea o ne o etsa hore ba bue.” (Lik. 2:1-4) Ketsahalo eo e hlollang e ile ea fana ka bopaki bo totobetseng ba hore Jehova o tšehetsa mokhatlo oo o mocha o bōpiloeng ka barutuoa ba Kreste.

12 Letsatsing leo le thabisang, balateli ba Jesu ba ile ba ‘eketsoa ka meea e ka bang likete tse tharo.’ Ho phaella moo, ‘Jehova o ile a tsoela pele ho ba eketsa letsatsi le letsatsi ka ba ntseng ba pholosoa.’ (Lik. 2:41, 47) Mosebetsi oa baboleli bao ba lekholong la pele la lilemo o ile oa atleha hoo ‘lentsoe la Molimo le ileng la tsoela pele ho hōla, ’me palo ea barutuoa ea ’na ea ata haholo Jerusalema.’ Esita le baprista ba bangata ba ile ba bontša tumelo. (Lik. 6:7) Kahoo batho ba bangata ba lipelo li ntle ba ile ba amohela ’nete e neng e boleloa ke litho tsa mokhatlo oo o mocha. Hamorao, Jehova o ile a fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore o tšehetsa mokhatlo oa hae ha a qala ho tlisa “batho ba lichaba” ka phuthehong ea Bokreste.—Bala Liketso 10:44, 45.

13. Mokhatlo o mocha oa Molimo o ne o e-na le mosebetsi ofe?

13 Balateli ba Kreste ba ne ba tseba hantle mosebetsi oo Molimo a itseng ba o etse. Jesu o ne a ba behetse mohlala kaha hang ka mor’a hore a kolobetsoe o ile a qala ho ruta ka “muso oa maholimo.” (Mat. 4:17) O ile a ruta barutuoa ba hae ho etsa mosebetsi oo. O ile a re ho bona: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Ha ho pelaelo hore balateli ba Kreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tseba seo ba lokelang ho se etsa. Ha Pauluse le Barnabase ba le Antioke ea Pisidia ka sebete ba ile ba bolella bahanyetsi ba Bajuda ba re: “Ho ne ho hlokahala hore lentsoe la Molimo le bolelloe lōna pele. Kaha le le qhelela thōko le  lōna ’me ha le ikahlole le tšoaneloa ke bophelo bo sa feleng, bonang! re retelehela lichabeng. Ha e le hantle, Jehova o re laetse ka mantsoe ana, ‘Ke u behile hore u be leseli la lichaba, hore u be poloko ho isa pheletsong ea lefatše.’” (Lik. 13:14, 45-47) Ho tloha lekholong la pele la lilemo, karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Molimo e ’nile ea phatlalatsa tokisetso eo a e entseng ea ho pholosa batho.

BA BANGATA BA ILE BA TIMELA, EMPA BAHLANKA BA MOLIMO BA PHOLOHA

14. Ho ile ha etsahala’ng Jerusalema lekholong la pele la lilemo, ’me ke bo-mang ba ileng ba pholoha?

14 Bajuda ba bangata ha baa ka ba amohela litaba tse molemo, ’me ba ne ba tleloa ke tlokotsi, etsoe Jesu o ne a lemositse barutuoa ba hae a itse: “Ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea ba ke ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona ba tlohe, ’me ba libakeng tse ka thōko ba se ke ba kena ka har’a eona.” (Luka 21:20, 21) Seo Jesu a se buileng se ile sa fela sa phethahala. Ka 66 C.E. mabotho a Baroma a neng a eteletsoe pele ke Cestius Gallus a ile a lika-liketsa Jerusalema ka lebaka la bofetoheli ba Bajuda. Empa mabotho ao a ile a khutlela morao ’me seo sa fa balateli ba Jesu monyetla oa hore ba tsoe Jerusalema le Judea. Ho ea ka rahistori Eusebius, ba bangata ba ile ba balehela Pella e Perea ’me ba tšela Nōka ea Jordane. Mabotho a Baroma a ile a khutla ka 70 C.E., a se a eteletsoe pele ke Molaoli Titus ’me a ripitla Jerusalema. Leha ho le joalo, Bakreste ba tšepahalang ba ile ba pholosoa ke ho mamela temoso ea Jesu.

15. Bokreste bo ile ba atleha ho sa tsotellehe maemo afe?

15 Ho sa tsotellehe mathata, mahloriso le liteko tse ling tsa tumelo tseo balateli ba Kreste ba neng ba thulana le tsona, Bokreste bo ile ba atleha lekholong la pele la lilemo. (Lik. 11:19-21; 19:1, 19, 20) Bakreste bao ba ile ba atleha moeeng kaha Molimo o ne a ba hlohonolofatsa.—Liprov. 10:22.

16. Ho ne ho hlokahala hore Mokreste e mong le e mong a etse’ng e le hore a tsoele pele moeeng?

16 Mokreste e mong le e mong o ne a lokela ho ikitlaetsa e le hore a tsoele pele moeeng. Ho ne ho hlokahala hore a bale Mangolo, a be teng kamehla libokeng le hore a kopanele ka cheseho mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Lintho tseo li ne li etsa hore batho ba Jehova ba be matla moeeng le hore ba be le bonngoe feela joalokaha ho le joalo le kajeno. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ne ba ithaopela ho thusa litho tsa phutheho ea lekholong la pele la lilemo, ’me seo se li ruisa molemo. (Bafil. 1:1; 1 Pet. 5:1-4) Ruri e tlameha ebe ebile ho thabisang haholo ha baholo ba etelang liphutheho ba kang Pauluse ba ba etela! (Lik. 15:36, 40, 41) Tsela eo re sebeletsang Molimo ka eona le eo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba mo sebeletsa ka eona li tšoana ka tsela e hlollang. Ka sebele re ananela haholo hore ebe Jehova o ile a hlophisa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng esita le ba kajeno! *

17. Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?

17 Kaha lefatše la Satane le se le le haufi le ho timetsoa matsatsing ana a ho qetela, karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova oa bokahohleng e hatela pele ka lebelo le tšosang. Na u tsamaisana le eona? Na u hatela pele moeeng? Sehlooho se latelang se tla u bontša kamoo u ka etsang seo kateng.

^ ser. 16 Sheba sehlooho se reng “Bakreste ba Rapela ka Moea le ka ’Nete” le se reng “Ba Tsoela Pele ho Tsamaea ’NetengMolula-Qhooeng oa July 15, 2002. Tsela eo karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Molimo o hlophisitsoeng ka eona kajeno e tšohloa ka ho pharaletseng bukeng ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo.