Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Lijo Tsa ka ke ho Etsa Thato ea Molimo’

‘Lijo Tsa ka ke ho Etsa Thato ea Molimo’

U thabisoa ke eng haholo? Na ke ho ba le kamano e haufi le batho ba bang joaloka molekane oa lenyalo, ho hōlisa bana kapa ho ba le metsoalle? Mohlomong u natefeloa ke ho ja hammoho le batho bao u ba ratang. Empa kaha u mohlanka oa Jehova, na ha u thabisoe haholo ke ho etsa thato ea Molimo, ho ithuta Lentsoe la hae le ho bolela litaba tse molemo?

Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a rorisa ’Mōpi, ’me a bina a re: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, Molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.” (Pes. 40:8) Ho sa tsotellehe mathata le maemo a hatellang ao a ileng a tobana le ’ona bophelong, Davida o ne a thabela ho etsa thato ea Molimo. Ke ’nete hore Davida hase eena feela morapeli oa Jehova ea ileng a thabela ho sebeletsa Molimo oa ’nete.

Moapostola Pauluse o ile a sebelisa mantsoe a Pesaleme ea 40:8 ho Mesia kapa Kreste, ’me a ngola a re: “Ha [Jesu] a kena lefatšeng o re: ‘“Ha ua ka ua batla sehlabelo le nyehelo, empa u ile ua ntokisetsa ’mele. Ha ua ka ua amohela linyehelo tse feletseng tsa secheso le nyehelo ea sebe.” Joale ka re, “Bona! Ke tlile (moqolong oa buka ho ngoliloe ka ’na) ho etsa thato ea hao, Molimo.”’”—Baheb. 10:5-7.

Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ne a thabela ho boha pōpo, ho qeta nako le metsoalle le ho ja lijo le batho ba bang. (Mat. 6:26-29; Joh. 2:1, 2; 12:1, 2) Empa ntho eo a neng a e thahasella haholo ebile e mo thabisa, e ne e le ho etsa thato ea Ntate oa hae ea leholimong. Ha e le hantle, Jesu o ile a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.” (Joh. 4:34; 6:38) Barutuoa ba Jesu ba ile ba ithuta lekunutu la thabo ea sebele ho Monghali oa bona. Ba ne ba ikemiselitse ba bile ba labalabela ho bolella ba bang molaetsa oa ’Muso, ’me ba etsa seo ka thabo e khōlō.—Luka 10:1, 8, 9, 17.

‘E-EANG ’ME LE ETSE BATHO BARUTUOA’

Jesu o ile a laela barutuoa ba hae a re: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:19, 20) Ho phetha thōmo ena ho akarelletsa ho bolella batho litaba tse molemo hohle moo ba fumanehang teng, ho khutlela ho ba bontšitseng  thahasello le ho ba khannela lithuto tsa Bibele. Ho etsa mosebetsi ona ho ka re tlisetsa thabo e khōlō.

Lerato le re susumelletsa ho tsoela pele re bolela le hoja batho ba bang ba sa thahaselle

Boikutlo ba rōna ka mosebetsi ona ke bona bo tla etsa hore re thabele tšebeletso, ho sa tsotellehe hore na batho ba thahasella molaetsa oa rōna kapa che. Ke hobane’ng ha re tsoela pele ho bolela litaba tse molemo le hoja mohlomong batho ba bang ba sa thahaselle kapa ba iphapanya? Hobane rea hlokomela hore ha re bolella batho ka ’Muso ’me re ba etsa barutuoa, seo se bontša hore re rata Molimo le baahelani. Ka sebele bophelo bo kotsing—ba rōna haesita le ba baahelani. (Ezek. 3:17-21; 1 Tim. 4:16) A re ke re hlahlobeng lintlha tse ling tse thusitseng basebetsi-’moho le rōna ba bangata hore ba lule ba cheseha kapa hore ba tsosolose cheseho le ha ba sebetsa tšimo e thata.

SEBELISA MONYETLA O MONG LE O MONG

Ho botsa lipotso tse loketseng ha re le tšebeletsong, hangata ho ka hlahisa litholoana tse ntle. Hoseng ho hong, Amalia o ile a bona monna e mong a lutse phakeng a ntse a bala koranta. O ile a ea ho eena, ’me a mo botsa hore na ho na le litaba tse monate koranteng eo. Ha a re ha li eo, Amalia o ile a re ho eena, “Ke u tliselitse litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.” Taba ena e ile ea khahla monna eo, ’me a amohela thuto ea Bibele. Ha e le hantle, Amalia o ile a qalisa lithuto tse tharo tsa Bibele phakeng eo.

Janice eena o paka mosebetsing. Janice o ile a ithaopela ho lula a tlisetsa balebeli ba bang ba babeli limakasine tsa Molula-Qhooa, ka mor’a hore ba bontše ho thahasella sehlooho se seng. O ile a boela a ithaopela ho li tlisetsa mosebetsi-’moho le eena e mong ea neng a khahliloe ke hore ebe limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li tšohla lihlooho tse fapa-fapaneng. Sena se ile sa etsa hore mosebetsi-’moho e mong hape le eena a batle limakasine. Janice o re: “Ena ke tlhohonolofatso ea Jehova!” O ile a qetella a na le batho ba 11 bao a ba tlisetsang limakasine kamehla mosebetsing.

E-BA LE BOIKUTLO BO BOTLE

Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a khothalletsa bahoeletsi hore ha ba le tšimong, ba se ke ba qetella moqoqo le mong’a ntlo ka hore ba re ho eena ba tla boela ba khutla ka tsatsi le leng. Ho e-na le hoo, o ile a re ba mo botse ba re: “Na u ka rata hore ke tl’o u bontša hore na thuto ea Bibele e tšoaroa joang?” kapa, “U ka rata hore ke khutle ka letsatsi lefe, hona ka nako mang e le hore re tl’o ntšetsa pele moqoqo oa rōna?” Molebeli eo ea tsamaeang o re bara le barali babo rōna phuthehong e ’ngoe eo a neng a e etetse ba ile ba qalisa lithuto tsa Bibele tse 44 ka beke e le ’ngoe ba sebelisa mokhoa ona.

Ho etsa maeto a ho boela kapele—leha e ka ba ka mor’a matsatsi a ’maloa le buisane le motho—ho ka tsoala katleho. Hobane’ng? Hobane ho etsa joalo ho bontša hore re thahasella ho thusa batho hore ba tsebe Bibele. Ha mosali e mong a botsoa hore na ke’ng e ileng ea etsa hore a lumele ho ithuta Bibele  le Lipaki Tsa Jehova, o ile a re, “Ke qalile ho ithuta hobane Lipaki li ile tsa mpontša thahasello le lerato.”

U ka ’na ua botsa mong’a ntlo ua re, “Na u ka rata hore ke tl’o u bontša hore na thuto ea Bibele e tšoaroa joang?”

Nakoana ka mor’a hore Madaí a khutle Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, o ile a ba le lithuto tse 15 tsa Bibele ’me a fa bahoeletsi ba bang tse ling tse hlano. Lithuto tsa hae tse ling li ile tsa qala ho tla libokeng kamehla. Ke’ng e ileng ea thusa Madaí ho qala lithuto tse ngata hakaale? Sekolo se ne se mo thusitse ho bona bohlokoa ba ho khutlela ho batho ho fihlela a fumana ba bontšitseng thahasello. Paki e ’ngoe e thusitseng batho ba bangata ho ithuta ’nete ea Bibele e re: “Ke ithutile hore ho phehella ke habohlokoa ha re etsa maeto a ho boela, e le hore re thuse batho ba batlang ho tseba Jehova.”

Ho etsa maeto a ho boela ka potlako ho bontša hore re thahasella batho ba batlang ho utloisisa Bibele

Ho etsa maeto a ho boela le ho khanna lithuto tsa Bibele ho hloka boikitlaetso bo matla. Empa ho ikitlaetsa ka tsela ena ho tla re tlisetsa moputso o moholo. Ha re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho, re ka thusa ba bang hore “ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete,” e leng se ka etsang hore ba pholohe. (1 Tim. 2:3, 4) Ha e le rōna, re tla fumana thabo le khotsofalo e ke keng ea lekanngoa.