Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bonahatsa Mekhoa e Metle ha u le Tšimong

Bonahatsa Mekhoa e Metle ha u le Tšimong

“Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—MAT. 7:12.

1. Na batho ba ka angoa ke tsela eo re ba tšoarang ka eona ha re le tšebeletsong ea tšimo? Fana ka mohlala. (Sheba setšoantšo se qalong.)

LILEMONG tse seng kae tse fetileng, banyalani ba bang ba Bakreste, Fiji, ba ne ba le letšolong la ho memela batho Sehopotsong sa lefu la Kreste. Pula e ile ea qala ho fafatsa ha ba ntse ba buisana le mosali e mong pel’a ntlo ea hae. Mor’abo rōna o ile a alima mosali eo sekhele ’me eena a itšireletsa le mosali oa hae. Banyalani bao ba ile ba thaba ha ba bona mosali eo Sehopotsong. O ile a re ha a hopole hakaalo seo Lipaki tseo li se buileng ha li ne li mo etetse. Empa o ne a khahliloe ke tsela eo li ileng tsa mo tšoara ka eona hoo a ileng a ea Sehopotsong. Ke’ng e entseng hore a ikutloe ka tsela ee? Banyalani bao ba ne ba latetse seo hangata se bitsoang Molao oa Khauta.

2. Molao oa Khauta ke eng, hona re ka o latela joang?

2 Molao oa Khauta ke eng? Ke molao oo Jesu a ileng a fana ka oona, ha a re: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Mat. 7:12) Re ka latela molao oo joang? Ka ho etsa lintho tse peli. Ea pele, re lokela ho ipotsa, ‘Haeba ke ne ke le boemong ba motho eo, ke ne nka rata hore ke tšoaroe joang?’ Ka mor’a moo, re lokela ho etsa sona seo, re leke ho nahanela motho e mong kahohle kamoo re ka khonang.—1 Bakor. 10:24.

3, 4. (a) Hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molao oa Khauta o sa sebetse feela ha re sebelisana le balumeli-’moho le rōna. (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?

 3 Re atisa ho latela Molao oa Khauta ha re sebelisana le balumeli-’moho le rōna. Empa Jesu ha aa ka a re re lokela ho o latela feela ha re sebelisana le bao re amanang le bona tumelong. Ha e le hantle, o buile ka Molao oa Khauta ha a ne a bolela kamoo re lokelang ho tšoara batho bohle kateng, esita le lira tsa rōna. (Bala Luka 6:27, 28, 31, 35.) Haeba re lokela ho latela Molao oa Khauta ha re sebelisana le lira tsa rōna, seo se bolela hore re lokela ho o latela le ha re pakela batho—bao ba bangata ba bona ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’!—Lik. 13:48.

4 Joale re tlil’o tšohla lipotso tse ’nè tseo re lokelang ho ipotsa tsona ha re le tšebeletsong: Motho eo re buang le eena ke mang? Re buisana re le hokae? Nako e molemo ea ho buisana le eena ke efe? Ke lokela ho buisana le eena joang? Joalokaha re tla bona, lipotso tsena li ka re thusa hore re nahanele maikutlo a batho bao re ba pakelang le ho buisana le bona ka tsela e loketseng.—1 Bakor. 9:19-23.

RE BUISANA LE MANG?

5. Re lokela ho ipotsa lipotso life?

5 Ha re le tšimong, re atisa ho buisana le batho ka bomong. Motho e mong le e mong o na le semelo le mathata a hae a sa tšoaneng le a batho ba bang. (2 Likron. 6:29) Ha u bolella motho litaba tse molemo, ipotse: ‘Haeba ke ne ke le eena, ke ne nka rata ho tšoaroa joang? Na ke ne nka rata hore a nke hore ke motho feela tjee oa motseng? Kapa na ke ne nka rata hore a ntsebe?’ Ho ipotsa lipotso tse joalo ho ka re thusa hore re tšoare motho e mong le e mong ka tlhompho.

6, 7. Re lokela ho etsa’ng ha re kopana le motho ea batlang ho re loantša ha re le tšimong?

6 Ha ho na motho ea ratang hore ho thoe “o khopo.” Ka mohlala: Kaha re Bakreste, re leka ka matla ho latela keletso ea Bibele ea hore ‘seo re se buang kamehla e ke e be se nang le mosa.’ (Bakol. 4:6) Empa kaha ha rea phethahala, ka linako tse ling re bua lintho tseo hamorao re ikoahlaelang tsona. (Jak. 3:2) Haeba re buisa motho ea itseng hampe—mohlomong hobane lintho li sa re tsamaela hantle letsatsing leo—re ke ke ra rata hore ho thoe “ha re na mekhoa” kapa “ha re nahanele.” Re ka rata hore motho e mong a utloisise boemo ba rōna. Na le rōna ha rea lokela ho etsa se tšoanang ka ba bang?

7 Haeba re bua le motho tšimong, ’me a batla ho re loantša, na re ka se nke hore mohlomong ho na le se mo tšoereng hampe? Mohlomong ho na le lintho tse mo hateletseng mosebetsing kapa sekolong. Kapa mohlomong o oa kula. Maemong a mangata, beng ba matlo ba neng ba halefile qalong, ba ile ba mamela hobane batho ba Jehova ba ba tšoere ka mosa le ka tlhompho.—Liprov. 15:1; 1 Pet. 3:15.

8. Ke hobane’ng ha re lokela ho bolella “batho ba mefuta eohle” molaetsa oa ’Muso?

8 Ha re le tšimong re kopana le batho ba maemo a sa tšoaneng. Ka mohlala, lilengoaneng tsa morao tjena, ho hatisitsoe liphihlelo tse fetang 60 sehloohong sa Molula-Qhooa se reng “Bibele e Fetola Batho.” Ba bang ba batho bao ho buuoang ka bona moo e ne e le masholu, matahoa, litlokotsebe, ba bang ba bile ba lemaletse lithethefatsi. Ba bang e ne e le bo-ralipolotiki, ba bang e le baeta-pele ba bolumeli, ha ba bang bona ba ne ba hahamaletse thuto kapa mosebetsi o itseng. Ba bang ba ne ba phela ka boitšoaro bo bobe. Empa kaofela ha bona ba ile ba mamela litaba tse molemo, ba amohela thuto ea Bibele, ba etsa liphetoho bophelong ’me ba kena ka phuthehong. Ka hona, ha rea lokela ho  nahana hore batho ba itseng ba ke ke ba amohela molaetsa oa ’Muso. (Bala 1 Bakorinthe 6:9-11.) Ho e-na le hoo, rea hlokomela hore “batho ba mefuta eohle” ba ka amohela litaba tse molemo.—1 Bakor. 9:22.

RE BUISANA LE MOTHO A LE HOKAE?

9. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša hore re hlompha mahae a batho ba bang?

9 Batho bao re buisanang le bona ha re le tšimong re ba fumana hokae? Re atisa ho ba fumana malapeng a bona. (Mat. 10:11-13) Re rata ha batho ba bang ba bontša hore ba hlompha mahae a rōna le thepa ea rōna. Etsoe re nka hore ke a bohlokoa. Re batla hore e be sebaka se khutsitseng le se sireletsehileng. Le rōna re lokela ho bontša hore re hlompha mahae a baahelani ba rōna. Ka hona, ha re ea ka ntlo le ntlo re lokela ho nahana hore na re itšoara joang ha re le mahaeng a batho.Lik. 5:42.

10. Ke’ng eo re sa lokelang ho e etsa ha re le tšimong e ka tšoenyang batho?

10 Mehleng ena eo lefatše le tletseng tlōlo ea molao, beng ba matlo ba atisa ho se tšepe batho bao ba sa ba tsebeng. (2 Tim. 3:1-5) Re lokela ho qoba ho etsa lintho tse ka ba belaetsang. Ka mohlala, a re re ha re fihla monyako rea kokota. Haeba ho se na motho ea arabang, re ka ’na ra leka ho nyarela ka fensetere kapa ra potoloha ntlo, re batla mong’a ntlo. Na mohlomong seo se ka tšoenya beng ba matlo tšimong ea lōna? Baahelani bona ba ka ’na ba nahana’ng? Ke ’nete hore re lokela ho etsa mosebetsi oa rōna ka ho phethahetseng. (Lik. 10:42) Re batla ho phatlalatsa litaba tse molemo ’me re etsa seo ka sepheo se setle. (Bar. 1:14, 15) Leha ho le joalo, re lokela ho qoba ho etsa ntho leha e le efe e ka tšoenyang batho ho sa hlokahale ha re le tšimong. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Ka tsela leha e le efe ha re fane ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa, e le hore bosebeletsi ba rōna bo se ke ba fumanoa bo e-na le molato.” (2 Bakor. 6:3) Boitšoaro ba rōna bo ka ’na ba hohela batho ba bang hore ba amohele ’nete, haeba re bontša hore re hlompha mahae a bona le thepa ea bona.—Bala 1 Petrose 2:12.

Kamehla a re bontšeng hore re hlompha mahae a batho bao re ba etelang (Sheba serapa sa 10)

RE BUISANA LE MOTHO NENG?

11. Ke hobane’ng ha re ananela ha ba bang ba hlompha nako ea rōna?

11 Joaloka Bakreste, boholo ba rōna re phathahane. E le hore re phethe boikarabelo ba rōna, re lokela ho hlophisa le ho rera lintho ka hloko. (Baef. 5:16; Bafil. 1:10) Re ka ’na ra ferekana ha ka linako tse ling ho e-ba le ntho e kena-kenanang le merero ea rōna. Kahoo, re ananela haholo ha batho ba bang ba hlompha nako ea rōna, ba re nahanela ba bile ba sa nke nako e telele haholo ha ba tlile ho rōna. Re nahanne ka Molao oa Khauta, re ka bontša joang hore re hlompha bao re ba pakelang?

12. Re ka tseba joang hore na nako e molemo ea ho buisana le beng ba matlo tšimong ea rōna ke efe?

12 Re lokela ho leka ho fumana nako e molemo eo re ka buisanang le beng ba matlo ka eona. Hangata tšimong ea rōna, batho ba fumaneha neng malapeng? Ke neng moo ba ka ’nang ba re mamela? Re lokela ho batla litsela tsa ho fetola kemiso ea rōna hore e lumellane le nako ea bona. Libakeng tse ling, ho paka ka ntlo le ntlo ho atleha haholo thapama kapa mantsiboea. Haeba ho joalo le tšimong ea lōna, na le ka lokisetsa hore bonyane le ee ka ntlo le ntlo lihoreng tseo? (Bala 1 Bakorinthe 10:24.) Re ka kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko leha e le bofe boo re bo etsang ba ho pakela batho ka nako eo ba fumanehang ka eona.

13. Re ka etsa’ng ho bontša hore re hlompha mong’a ntlo?

13 Re ka etsa’ng hape ho bontša motho  hore rea mo hlompha? Ha re fumana motho ea thahasellang, re lokela ho mo pakela empa re se ke ra lula ho fihlela a teneha. Mohlomong mong’a ntlo o rerile ho etsa ntho e itseng eo a nkang hore ke ea bohlokoa. Haeba a re o phathahane, re ka mo bolella hore ha re na ho nka nako—’me re lokela ho etsa sona seo. (Mat. 5:37) Ha re phethela puisano ea rōna, re lokela ho mo botsa hore na a ka rata hore re khutle neng. Bahoeletsi ba bang ba fumana ho le molemo hore ba re: “Nka rata ho boela ke u etela. Na u ka rata hore ke u founele kapa ke u romele molaetsa pele ke u etela hape?” Ha re fetola kemiso ea rōna hore e lumellane le nako ea batho ba tšimong ea rōna, re tla be re etsisa Pauluse ‘ea ileng a khahlisa batho bohle linthong tsohle, a sa batle se molemo ho eena empa ho ba bangata, e le hore ba ka pholoha.’—1 Bakor. 10:33.

RE LOKELA HO BUISANA LE MOTHO JOANG?

14-16. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho hlakisetsa mong’a ntlo lebaka leo re mo etetseng ka lona? Fana ka mohlala. (b) Molebeli e mong ea tsamaeang o fumane tsela e atlehang e le efe ea ho buisana le beng ba matlo?

14 Nka hore ka letsatsi le leng motho o oa u letsetsa, empa ha u utloe hore na ke mang. Ha u mo tsebe, empa o se a u botsa hore na u rata lijo tsa mofuta ofe. U ua ipotsa hore na motho eo ke mang le hore na o batla’ng. Ka botho u ka ’na ua bua le eena ho se hokae, empa ua leka ho khaotsa moqoqo. Ka lehlakoreng le leng, nka hore motho eo o oa u bolella hore na ke eena mang, ’me o oa itlhalosa hore o sebetsa  lefapheng la phepo le hore o na le boitsebiso ba bohlokoa. Mohlomong u ne u ka batla ho mo mamela. Rea thaba ha motho a toba taba empa hape a bua le rōna ka tsela e bontšang ho nahanela. Rōna re ka bontša joang hore re nahanela batho bao re buang le bona tšimong?

15 Libakeng tse ngata re lokela ho hlakisetsa mong’a ntlo hore na re mo etetse ka lebaka lefe. Ke ’nete hore re tšoere boitsebiso ba bohlokoa boo mong’a ntlo a sa bo tsebeng, empa a re re mohlomong ha rea itsebisa, ebe re se re qala feela ka ho mo botsa potso, re re: “Haeba u ne u e-na le matla a ho rarolla mathata a lefatše, u ne u ka rarolla bofe?” Ke ’nete hore ha re botsa potso eo morero oa rōna ke ho batla ho tseba seo mong’a ntlo a se nahanang, ebe ka mor’a moo re mo lebisa Bibeleng. Leha ho le joalo, mong’a ntlo a ka ’na a ipotsa a re: ‘Motho eo ke mang, hona ke hobane’ng ha a mpotsa potso ee? O batla’ng?’ Kahoo re lokela ho etsa hore mong’a ntlo a phutholohe. (Bafil. 2:3, 4) Re ka etsa see joang?

16 Molebeli e mong ea tsamaeang o fumane tsela e atlehang ea ho buisana le beng ba matlo. Ka mor’a hore a lumelise, o bontša mong’a ntlo pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? ebe o re: “Re ntse re li fa motho e mong le e mong sebakeng sena. E araba lipotso tse tšeletseng tseo batho ba bangata ba ipotsang tsona. Ea hao ke ena.” Mora eo oabo rōna o re batho baa phutholoha hang ha ba tseba lebaka leo u ba etetseng ka lona. Ka mor’a moo, ho ba bonolo ho qoqa le bona. Joale ebe o botsa mong’a ntlo, o re: “Na u kile ua ipotsa e ’ngoe ea lipotso tsee?” Haeba mong’a ntlo a khetha e ’ngoe ea tsona, o mo phetlela pampitšana ebe ba tšohla seo Bibele e se buang ka taba eo. Haeba mong’a ntlo a sa khethe potso, eena o khetha e ’ngoe ebe o tsoela pele ka moqoqo a sa mo hlabise lihlong. ’Nete ke hore ho na le litsela tse ngata tsa ho qalisa moqoqo. Libakeng tse ling beng ba matlo ba ka ’na ba lebella hore re etse lintho tse ling tse itseng pele re bolela seo re tlileng ka sona. Ntlha ea bohlokoa ke hore re lokela ho fetoha le maemo e le hore re bue le batho ba tšimong ea rōna ka tsela eo ba e thabelang.

TSOELA PELE HO BONAHATSA MEKHOA E METLE HA U LE TŠIMONG

17. Joalokaha re bone sehloohong sena, re ka bonahatsa mekhoa e metle joang ha re le tšimong?

17 Re ka bonahatsa mekhoa e metle joang ha re le tšimong? Ka ho bontša beng ba matlo hore rea ba hlompha. Ka ho hlompha mahae a bona le thepa ea bona. Ka hore re leke ho ea tšimong ka linako tseo beng ba matlo ba leng teng ba bileng ba ka mamelang. Le ka ho qalisa moqoqo ka tsela e amohelehang sebakeng sa heno.

18. Ke melemo efe e tlisoang ke ho tšoara batho bao re ba pakelang ka tsela eo re ka ratang ho tšoaroa ka eona?

18 Ho ba le melemo e mengata ha re tšoara batho bao re ba pakelang ka tsela eo re ka ratang ho tšoaroa ka eona. Haeba re ba tšoara ka mosa re bile re ba nahanela, re etsa hore leseli la rōna le khanye, ’me re bontša hore seo Mangolo a se buang ke ’nete hape re tlotlisa Ntate oa rōna oa leholimo. (Mat. 5:16) Tsela eo re buisanang le batho ka eona e ka etsa hore ba eketsehileng ba thahaselle ’nete. (1 Tim. 4:16) Hore na batho bao re ba bolellang molaetsa oa ’Muso baa o amohela kapa che, re khotsofatsoa ke ho tseba hore re etsa sohle seo re ka se khonang hore re phethe tšebeletso ea rōna. (2 Tim. 4:5) E se eka e mong le e mong oa rōna a ka etsisa moapostola Pauluse, ea ileng a ngola a re: “Ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore nka li arolelana le ba bang.” (1 Bakor. 9:23) Kahoo, a re lekeng kahohle ho bonahatsa mekhoa e metle ha re le tšebeletsong ea tšimo.