Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Batalatsa Tsela ea Hao’ e le Hore U Hatele Pele

‘Batalatsa Tsela ea Hao’ e le Hore U Hatele Pele

HA BATHO ba Molimo ba tsoa Babylona ka 537 B.C.E., Jehova o ne a amehile ka tsela eo ba tla tsamaea ho eona ha ba khutlela Jerusalema. O ile a re: “Hlekang tsela ea batho. Etsang tutulu, etsang tutulu tseleng e khōlō. Tlosang majoe ho eona.” (Esa. 62:10) Nahana hore ke’ng seo Bajuda ba bang ba ileng ba se etsa e le hore ba finyelle seo. E ka ’na eaba ba tsamaellang pele ba ile ba tlameha ho etsa tsela, mohlomong ba e batalatsa le ho kata mangope. Ho etsa joalo ho ne ho tla thusa barab’abo bona ba ba setseng morao ho khutlela naheng ea habo bona.

Re ka ’na ra sebelisa mohlala ona tabeng ea ho beha lipakane tsa moea. Jehova o batla hore bahlanka bohle ba hae ba tsamaee tseleng eo ho se letho le ba sitisang. Lentsoe la hae le re phehella ka ho re: “Batalatsa tsela ea leoto la hao, ’me e se eka litsela tsohle tsa hao li ka tiisoa ka thata.” (Liprov. 4:26) Ebang u mocha kapa che, u ka bona bohlale keletsong ena eo Molimo a re fang eona.

LOKISA TSELA KA HO ETSA LIQETO TSE BOHLALE

E ka ’na eaba u kile ua utloa batho ba re ka mocha ea itseng: ‘O na le bokhoni e le kannete’ kapa ba re, ‘O tla fihla hōle.’ Ka tloaelo, bacha ba phetse hantle, ba nahana kapele ebile ba labalabela ho atleha. Ke ka nepo Bibele e reng: “Botle ba bahlankana ke matla a bona.” (Liprov. 20:29) Mocha ea sebelisang lineo le matla a hae ho sebeletsa Jehova a ka finyella lipakane tsa moea ’me a fumana thabo ea sebele.

Joalokaha u tseba, lefatše le nkela bokhoni ba bacha ba rōna holimo. Ha mocha oa Paki a sebetsa hantle sekolong, moeletsi, tichere kapa moithuti-’moho le eena a ka ’na a mo hatella hore a phehelle thuto e phahameng e le hore a atlehe tsamaisong ena ea lintho. Haeba mora kapa morali oabo rōna a e-na le bokhoni ba lipapali, ba bang ba ka ’na ba mo phehella hore a hahamalle lipapali. Na u kile ua  ba boemong bo kang boo kapa u tseba motho e mong ea tobaneng le bothata bo joalo? Ke’ng se ka thusang Mokreste ho etsa khetho e bohlale?

Ho ithuta Bibele ho ka thusa motho hore a itokiselletse ho tsamaea tseleng e molemo ka ho fetisisa ea bophelo. Moeklesia 12:1 e re: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao.” Ke joang mocha a ka ‘hopolang ’Mōpi oa hae e Moholo’?

Nahana ka se ileng sa etsahalla Eric * oa Afrika Bophirimela. O ne a rata ho bapala bolo. Ha Eric a le lilemo li 15, o ile a khethoa hore a bapalle sehlopha sa naha. Seo se ne se bolela hore ho e-s’o ee kae, o ne a ka lebella ho fumana koetliso ea maemo Europe, mohlomong le ho ba sebapali sa machaba. Empa boemong boo o ne a tla etsa’ng ho sebelisa keletso e reng “u hopole ’Mōpi oa hao e Moholo”? Hona re ka ithuta’ng tabeng ee?

Ha Eric a ntse a le sekolong, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Kahoo a ithuta hore ’Mōpi ke eena ea tla rarolla mathata a batho ka ho feletseng. Eric o ile a bona bohlokoa ba hore a sebelise nako le matla a hae ho etsa thato ea Molimo. Ka lebaka leo, Eric o ile a khetha hore ha a sa tla hahamalla lipapali. Ho e-na le hoo, o ile a kolobetsoa ’me a ikakhela ka setotsoana linthong tsa moea. Ha nako e ntse e ea, e ile ea e-ba mohlanka ea sebeletsang ’me a memeloa Sekolong sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha.

Haeba Eric a ne a ile a phehella lipapali a ka be a ile a tuma a ba a rua. Empa o ile a hlokomela hore Bibele e bua ’nete ha e re: “Lintho tsa bohlokoa tsa ea ruileng ke motse oa hae o matla, ’me li joaloka lerako le sireletsang monahanong oa hae.” (Liprov. 18:11) Ruri tšireletseho eo ho ka ’nang ha bonahala eka chelete e fana ka eona, e tšoana le moholi feela. Ho feta moo, ba hahamallang ho rua ‘ba itlhaba hohle ka bohloko bo boholo.’—1 Tim. 6:9, 10.

Ho thabisang ke hore bacha ba bangata ba ikutloa ba thabile ba bile ba sireletsehile ha ba kenetse tšebeletso ea nako e tletseng. Eric o re: “Ke e mong oa bahlanka ba Jehova ba bangata ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Ha ho letho le ka bapisoang le ho ba tšebeletsong eo, ’me ke leboha Jehova ka ho mpontša tsela eo e leng eona feela e lebisang thabong le katlehong ea ’nete bophelong.”

Ho thoe’ng ka uena? Ho e-na le ho phehella lipakane tsa lefatše, ke hobane’ng ha u sa tiise ‘litsela tsa hao’ ka pel’a Jehova ka ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho?—Sheba lebokose le reng “ Ho Fumana Melemo eo U ke Keng ua e Fumana Univesithi.”

TLOSA LITŠITISO TSELENG EA HAO

Ha banyalani ba bang ba etetse ofisi ea lekala ea United States, ba ile ba lemoha thabo eo litho tsa lelapa la Bethele tse sebeletsang Jehova moo li nang le eona. Hamorao morali’abo rōna o ile a re: “Re ne re rahile qhebelele.” Banyalani bao ba ile ba etsa qeto ea hore ba tla sebelisa matla le nako ea bona ho hahamalla litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso.

Ka nako e ’ngoe, ho ne ho bonahala eka liphetoho tseo banyalani bana ba batlang ho li etsa li boima. Empa ka le leng, ba ile ba hlahloba temana ea letsatsi e neng e tšohloa letsatsing leo. E ne e thehiloe ho Johanne 8:31, moo Jesu a reng: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka.” Ka mor’a ho bala temana eo, ba ile ba re: “Boiteko leha e le bofe boo re bo etsang ho fokotsa lintho tse sa hlokahaleng bo tla re atlehisa.” Ba ile ba rekisa ntlo ea bona e khōlō, ba ithōla meroalo e meng, ’me ba ea phuthehong e hlokang thuso. Hona joale ba bula maliboho, hape ba thusa kahong ea Liholo Tsa ’Muso le ho ithaopela ho thusa likopanong tsa setereke. Ba ikutloa joang? “Re tsota thabo eo re nang le eona ka lebaka la ho phela ka tsela e itekanetseng, e leng sona seo mokhatlo oa Jehova o re khothalletsang hore re se etse.”

TSOELA PELE HO HŌLA MOEENG

Solomone o ile a re: “Ha e le mahlo a hao, a lokela ho talima pele ka ho toba, e, mahlo a hao a khanyang a lokela ho talimisisa ka ho toba ka pel’a hao.” (Liprov. 4:25) Feela joaloka mokhanni ea lulang a talimile tseleng, le rōna re lokela ho qoba lintho tse ka re sitisang ho ipehela lipakane tsa moea le ho li finyella.

Ke lipakane life tsa moea tseo u ka ipehelang tsona le ho li finyella? E ’ngoe ea tsona e ka ba ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ha e ’ngoe e ka  ba ho thusa phutheho e haufi le moo u lulang e hlokang bahoeletsi ba nang le phihlelo e le hore e koahele tšimo ea eona e khōlō. Kapa mohlomong phutheho e ’ngoe e na le bahoeletsi ba bangata, empa ha e-na baholo le bahlanka ba sebeletsang ba lekaneng. Na u ka thusa ka e ’ngoe ea litsela tsee? Mohlomong u ka buisana le molebeli oa potoloho ho bona hore na u ka khona ho thusa. Haeba u thahasella ho ea masimong a hōle, u ka kōpa boitsebiso ka liphutheho tse hōle tse hlokang thuso. *

A re khutleleng ketsahalong e hlalositsoeng ho Esaia 62:10. Mohlomong Bajuda ba bang ba ne ba sebelitse ka thata ho batalatsa tsela le ho tlosa litšitiso tseleng e khutlelang naheng ea habo bona e le hore batho ba Molimo ba ka fihla moo ba eang. Haeba u leka ka matla ho finyella lipakane tšebeletsong e halalelang, u se ke ua tela. Le uena Molimo a ka u thusa hore u finyelle lipakane tseo. Tsoela pele ho kōpa Jehova hore a u fe bohlale ha u ntse u leka ho tlosa litšitiso tseleng ea hao. Ka nako e loketseng, u tla bona kamoo a ka u thusang kateng ho “batalatsa tsela ea leoto la hao.”—Liprov. 4:26.

^ ser. 8 Lebitso le fetotsoe.

^ ser. 18 Sheba buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, leqepheng la 111-112.