Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Talima ba Fokolang ka Tsela eo Jehova a ba Talimang ka Eona?

Na U Talima ba Fokolang ka Tsela eo Jehova a ba Talimang ka Eona?

“Litho tsa ’mele tse bonahalang li fokola haholo lia hlokahala.”—1 BAKOR. 12:22.

1, 2. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a utloela ba fokolang bohloko?

KAOFELA ha rōna re ee re ikutloe re fokola ka linako tse ling. Ha re tšoeroe ke sefuba re ka ’na ra fokola hoo re ka hlōlehang ho etsa mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi. Joale nka hore ha se fole, ’me u qeta likhoeli u ntse u ikutloa u fokola. Boemong boo, na u ne u ke ke ua rata hore batho ba bang ba u bontše kutloelo-bohloko?

2 Moapostola Pauluse o ne a tseba hore na ho joang ho hatelloa le ho fokolisoa ke litho tsa phutheho le batho ba ka ntle. Ka makhetlo a ’maloa o ile a ikutloa eka ha a sa tla khona ho mamella. (2 Bakor. 1:8; 7:5) Ha Pauluse a bua ka bophelo ba hae le mathata a mangata ao a ileng a tobana le ’ona joaloka Mokreste ea tšepahalang, o ile a re: “Ke mang ea fokolang, ’me ’na ke sa fokole?” (2 Bakor. 11:29) Pauluse o ile a boela a re litho tse sa tšoaneng tsa phutheho ea Bokreste li tšoana le litho tsa ’mele, ’me “tse bonahalang li fokola haholo lia hlokahala.” (1 Bakor. 12:22) O ne a bolela’ng ka see? Ke hobane’ng ha re lokela ho talima bao  ho bonahalang eka baa fokola ka tsela eo Jehova a ba talimang ka eona? Hona ho etsa joalo ho tla re ruisa molemo ofe?

KAMOO JEHOVA A TALIMANG MEFOKOLO EA BATHO KATENG

3. Ke’ng e ka ’nang ea susumetsa tsela eo re ikutloang ka eona ka batho ba hlokang thuso ka phuthehong?

3 Re phela lefatšeng leo ho lona batho ba ratang ho hlōlisana, ’me hangata ba matla le ba bacha ba nkeloa holimo. Batho ba bangata ba etsa ntho leha e le efe hore ba finyelle seo ba se batlang ’me hangata ba hatakela maikutlo a ba fokolang. Le hoja re sa lumellane le liketso tse joalo, re ka ’na ra se ke ra elelloa hore re na le maikutlo a fosahetseng ka batho ba lulang ba hloka thuso, esita le ka phuthehong. Empa re ka ba le pono e loketseng ka bona, e kang ea Molimo.

4, 5. (a) Papiso e ho 1 Bakorinthe 12:21-23 e hlalosa tsela eo Jehova a talimang mefokolo ea batho ka eona joang? (b) Re ka rua molemo joang ha re thusa ba fokolang?

4 Re ka hlokomela tsela eo Jehova a talimang mefokolo ea batho ka eona papisong eo Pauluse a e entseng e tlalehiloeng lengolong la pele leo a le ngoletseng Bakorinthe. Khaolong ea 12, Pauluse o re hopotsa hore esita le setho sa ’mele se sa boheheng hakaalo kapa se fokolang ka ho fetisisa se na le molemo o itseng. (Bala 1 Bakorinthe 12:12, 18, 21-23.) Batho ba bang ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba ’nile ba hanyetsa taba eo. Leha ho le joalo, liphuputso tsa kamoo ’mele o sebetsang kateng li bontša hore litho tsa ’mele tseo ho neng ho nkoa hore ha li na thuso ha e le hantle li etsa mosebetsi oa bohlokoa. * Ka mohlala, batho ba bang ba ne ba nahana hore monoana o monyenyane oa leoto hase oa bohlokoa; empa hona joale ba bang ba hlokometse hore o thusa ho tsitsisa ’mele.

5 Papiso ea Pauluse e totobatsa hore litho tsohle tsa phutheho ea Bokreste ke tsa bohlokoa. Ho fapana le Satane, ea amohang batho seriti, Jehova o nka bahlanka bohle ba hae e le ba bohlokoa, ho akarelletsa le bao ho bonahalang eka baa fokola. (Jobo 4:18, 19) Taba ena e lokela ho re thusa hore re thabele karolo eo re e phethang liphuthehong tsa habo rōna le ho ba har’a batho ba Molimo lefatšeng ka bophara. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala ha u ne u tsamaea le motho ea itseng ea hōlileng kapa ea fokolang, u mo tšoere ka letsoho. Mohlomong u ile ua lokela ho tsamaea butle. Empa ho etsa joalo ho ile ha mo tsoela molemo, ha ba ha etsa hore u ikutloe u thabile. Ka sebele, ha re thusa batho ba bang re fumana thabo e tlisoang ke ho ba hlokomela, ebile mamello le lerato la rōna lia hōla. (Baef. 4:15, 16) Ntate oa rōna ea lerato o oa tseba hore litho tsa phutheho tse nkang bohle e le ba bohlokoa, ho sa tsotellehe mefokolo ea bona, li bontša lerato le ho ba le teka-tekano.

6. Ka linako tse ling Pauluse o ne a sebelisa lentsoe “fokolang” le “ba matla” joang?

6 Ntho e thahasellisang ke hore ha Pauluse a ngolla Bakorinthe a hlalosa kamoo batho ba sa lumelang ba neng ba talima Bakreste ba lekholong la pele la lilemo kateng le tsela eo a ikutloang ka eona, o ile a sebelisa lentsoe “fokolang” le “bofokoli.” (1 Bakor. 1:26, 27; 2:3) Pauluse o ile a bua ka Bakreste “ba matla,” empa e se ka morero oa hore ba ikutloe ba phahametse ba bang. (Bar. 15:1) Ho e-na le hoo, o ne a re Bakreste ba nang le tsebo ba mamelle ba bacha linneteng.

NA RE LOKELA HO FETOLA TSELA EO RE TALIMANG BA BANG KA EONA?

7. Ke’ng e ka ’nang ea re thibela ho thusa batho ba mathateng?

7 Ha re thusa ‘batho ba tlaase,’ re etsisa  Jehova ebile o tla re amohela. (Pes. 41:1; Baef. 5:1) Ho ba le maikutlo a fosahetseng ka batho ba mathateng, ho ka ’na ha re thibela ho ba thusa. Kapa ka lebaka la ho se tsebe hore na re tla re’ng, re ka ’na ra koekoetla batho ba hlokang thuso. Morali’abo rōna e mong ea bitsoang Cynthia, * ea ileng a siuoa ke molekane o re: “Ho bohloko ha Bakreste-’moho le uena ba u koekoetla kapa ba etsa lintho tseo u sa lebellang hore li ka etsoa ke metsoalle e haufi. Ha u le mathateng, u hloka tšehetso.” Davida oa boholo-holo o ne a tseba bohloko ba ho koekoetloa.—Pes. 31:12.

8. Ke’ng e tla re thusa hore re utloele ba bang bohloko?

8 Re tla utloela bara le barali babo rōna ba ratehang bohloko haeba re hopola hore ba fokolisitsoe ke mathata a kang a ho kula, ho phela lelapeng le arohaneng bolumeling kapa ho ba le khatello ea maikutlo. Le rōna ka le leng re ka ’na ra iphumana re le boemong bo tšoanang. Pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, ba ile ba hopotsoa hore ba se ke ba “thatafatsa lipelo” ho barab’abo bona ba sotlehileng, kaha le bona ba ne ba futsanehile ba bile ba fokola ha ba le Egepeta. Jehova o ne a lebeletse hore ba thuse mafutsana.—Deut. 15:7, 11; Lev. 25:35-38.

9. Ke’ng eo re lokelang ho potlakela ho e etsa ha re thusa motho ea nang le mathata? Fana ka mohlala.

9 Ho e-na le ho ahlola kapa ho belaella batho ba mathateng, re lokela ho ba tšelisa ka Mangolo. (Jobo 33:6, 7; Mat. 7:1) Ka mohlala: Ha mokhanni oa sethuthuthu a fihla sepetlele a lemetse, na lingaka li tla leka ho fumana pele hore na sesosa sa kotsi e bile sefe? Che, li mo thusa ka potlako. Ka ho tšoanang, haeba molumeli-’moho le rōna a sithabelitsoe ke mathata, re lokela ho potlakela ho mo thusa moeeng.—Bala 1 Bathesalonika 5:14.

10. Ke ka tsela efe batho ba bang ba bonahalang eka baa fokola, le hoja ‘ba ruile tumelong’?

10 Haeba re ipha nako ea ho nahana ka mathata ao barab’abo rōna ba tobanang le ’ona, re ka ’na ra talima mefokolo ea bona ka tsela e ’ngoe. Nahana ka baralib’abo rōna ba qetileng lilemo ba hanyetsoa ke ba lelapa. Ba bang ba ka ’na ba shebahala eka ke batho feela ba fokolang, leha ho le joalo ba bonahatsa hore ba na le tumelo ba bile ba matla. Ha u bona ’mè ea lulang a tla libokeng le ngoana kapa le bana ba hae, na ha u khahloe ke tumelo le boikemisetso ba hae? Hona u ikutloa joang ka bacha ba tšepahalang ho sa tsotellehe tšusumetso e mpe eo ba tobanang le eona sekolong? Ruri rea hlokomela hore batho bana bao ho bonahalang eka baa fokola, e ka ’na eaba le bona ‘ba ruile tumelong’ joaloka ba bang bohle bao lintho li ba tsamaelang hantle.—Jak. 2:5.

FETOLA PONO EA HAO HORE E TŠOANE LE EA JEHOVA

11, 12. (a) Ke’ng e tla re thusa hore re fetole tsela eo re talimang mefokolo ea ba bang ka eona? (b) Re ithuta’ng tseleng eo Jehova a ileng a sebelisana le Arone ka eona?

11 Ntho e ka re thusang hore re fetole tsela eo re talimang mefokolo ea ba bang ka eona ke ho hlahloba tsela eo Jehova a ileng a sebelisana le bahlanka ba hae ka eona. (Bala Pesaleme ea 130:3.) Ka mohlala, u ne u ka ikutloa joang haeba u ne u e-na le Moshe, u mametse ha Arone a beha mabaka a sa utloahaleng a hore na ke hobane’ng ha a entse namane ea khauta? (Ex. 32:21-24) Kapa u ne u ka re’ng ka seo Arone a ileng a se etsa, ha ka lebaka la khaitseli ea hae, Miriame, a nyatsa Moshe ka hore ebe o nyetse mosali oa molichaba? (Num. 12:1, 2) U ka be u ile ua etsa’ng ha Arone le Moshe ba hlōleha ho tlotlisa Jehova, nakong ea ha a ntša metsi ka mohlolo Meriba?—Num. 20:10-13.

 12 Maemong ana ’ohle, Jehova a ka be a ile a fa Arone kotlo hang-hang. Empa o ile a hlokomela hore Arone hase motho ea mobe le hore o entse phoso e se ka morero. Ho bonahala eka Arone o ile a lumella ba bang hore ba mo khelose tseleng e nepahetseng. Empa ha a bontšoa liphoso tsa hae, o ile a li lumela a ba a amohela likahlolo tsa Jehova. (Ex. 32:26; Num. 12:11; 20:23-27) Jehova o ile a khetha ho tsepamisa mohopolo tabeng ea hore Arone o ne a e-na le tumelo a bile a bakile. Le ka mor’a lilemo tse makholo, Arone le litloholo tsa hae ba ne ba ntse ba balelloa har’a batho ba tšabang Jehova.—Pes. 115:10-12; 135:19, 20.

13. Re ka etsa’ng e le hore re tsebe hore na re talima mefokolo ea ba bang joang?

13 E le hore re fetole monahano oa rōna hore o tšoane le oa Jehova, re lokela ho hlahloba tsela eo re talimang bao ho bonahalang eka baa fokola ka eona. (1 Sam. 16:7) Ka mohlala, re ikutloa joang ha mocha a sa bontše temoho ha a khetha boithabiso kapa a bontša moea oa ho se tsotelle? Ho e-na le ho mo nyatsa ka matla, re lokela ho mo thusa hore a hōle moeeng. Ha re nka khato ea ho mo thusa, re tla ba le kutloisiso le lerato haholoanyane.

14, 15. (a) Jehova o ile a ikutloa joang ha a bona Elia a nyahame ka nakoana? (b) Re ka ithuta eng ho se ileng sa etsahalla Elia?

14 Ntho e ’ngoe e ka re thusang ho fetola tsela eo re talimang ba bang ka eona ke ho e bapisa le seo Jehova a se etsang ha bahlanka ba hae ba nyahame. E mong oa bona ke Elia. Le hoja ka sebete Elia a ile a hanyetsa baprofeta ba Baale ba 450, o ile a baleha ha a utloa hore Mofumahali Jezebele o batla ho mo bolaea. O ile a tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 150 ho ea Beerseba, ’me ha a fihla moo a ea  lefeelleng. Kaha moprofeta eo o ne a khathalitsoe ke leeto le letsatsi le chesang, o ile a lula tlas’a sefate ’me ‘a kōpa hore a shoe.’—1 Mar. 18:19; 19:1-4.

Jehova o ne a tseba hore Elia o oa fokola, kahoo a romela lengeloi hore le mo khothatse (Sheba serapa sa 14 le 15)

15 Jehova o ile a ikutloa joang ha a sheba a le leholimong ’me a bona moprofeta oa hae ea tšepahalang a nyahame? Na o ile a mo tlohela kaha ka nakoana o ne a nyahame a bile a tšohile? Che! Jehova o ne a tseba hore Elia o oa fokola, ’me kahoo a romela lengeloi. Ka makhetlo a mabeli, le ile la phehella Elia hore a je. Ka tsela eo leeto le latelang le ne le sa tl’o ba ‘boima bakeng sa hae.’ (Bala 1 Marena 19:5-8.) Ha e le hantle, Jehova o ile a mamela moprofeta oa hae pele a mo fa litaelo tse ling, ’me a nka mehato e loketseng ho mo thusa.

16, 17. Re ka etsisa tsela eo Jehova a ileng a hlokomela Elia ka eona joang?

16 Re ka etsisa Molimo oa rōna ea lerato joang? Ha rea lokela ho potlakela ho fana ka keletso. (Liprov. 18:13) Re lokela ho qala ka ho tšelisa batho ba nahanang hore ba “hlompheha hanyenyane” ka lebaka la maemo a bona. (1 Bakor. 12:23) Joale re tla khona ho ba thusa ho ea ka seo ba se hlokang.

17 Ka mohlala, nahana ka Cynthia, eo ho buuoeng ka eena pejana, eo monna oa hae a ileng a mo siea le barali ba hae ba babeli. Ba ile ba sala ba le bang. Bara le barali babo rōna ba ile ba etsa’ng? Cynthia o re: “Re ile ra ba founela, ra ba tsebisa hore na ho etsahetse’ng, ’me ba fihla le pele ho feta metsotso e 45. Ba ne ba utloile bohloko. Ba ile ba qeta matsatsi a mabeli ho isa ho a mararo ba e-na le rōna. Kaha lijo li ne li hana ho kena re bile re utloile bohloko, ba ile ba re nka ka nakoana.” Sena se re hopotsa seo Jakobo a ileng a se bua, ha a re: “Haeba mor’abo rōna kapa morali’abo rōna a le boemong ba tlhobolo ’me a haelloa ke lijo tse lekaneng letsatsi, empa leha ho le joalo e mong ho lōna a re ho bona: ‘Tsamaeang ka khotso, le futhumale ’me le khore,’ empa le sa ba fe tse hlokoang ke ’mele ea bona, ho na le molemo ofe? Kahoo, tumelo, le eona, ha e se na mesebetsi, e shoele.” (Jak. 2:15-17) Bara le barali babo rōna ba ile ba thusa Cynthia le barali ba hae, kahoo ba fumana matla a ho nka bopula-maliboho bo thusang likhoeli tse tšeletseng feela ka mor’a ketsahalo eo e utloisang bohloko.—2 Bakor. 12:10.

HO NA LE MELEMO E MENGATA

18, 19. (a) Re ka thusa bao ka nakoana ba fokolang joang? (b) Ho thusa ba fokolang ho na le melemo efe?

18 Mohlomong u kile ua kula, kahoo u ua tseba hore ho nka nako ho hlaphoheloa. Ka ho tšoanang, Mokreste ea fokolisitsoeng ke mathata kapa liteko a ka ’na a nka nako hore a hlaphoheloe moeeng. Ke ’nete hore o tla lokela ho imatlafatsa tumelong ka hore a be le thuto ea botho, a rapele le ho kopanela mesebetsing e meng ea Bokreste. Empa na re tla bontša mamello ha a ntse a hlaphoheloa moeeng? Hona na re tla mo bontša lerato? Na re tla ikitlaelletsa ho thusa bao ka nakoana ba ikutloang ba fokola hore ba ikutloe ba ratoa ba bile ba ananeloa ke Bakreste-’moho le bona?—2 Bakor. 8:8.

19 Re se ke ra lebala hore ha re thusa barab’abo rōna, re tla fumana thabo e tlisoang ke ho fana. Re boetse re hlaolela ho bontša kutloelo-bohloko le mamello. Ho na le melemo e meng hape. Phutheho e ba mofuthu ebile e bontšana lerato le ho feta. Ka holim’a tsohle, re etsisa Jehova, ea nkang batho bohle e le ba bohlokoa. Ha e le hantle, re na le mabaka a utloahalang a ho etsa seo re se khothalletsoang tabeng ea ‘ho thusa ba fokolang.’—Lik. 20:35.

^ ser. 4 Bukeng ea hae ea The Descent of Man, Charles Darwin o hlalositse hore litho tse ’maloa tsa ’mele “ha li na thuso.” Motšehetsi e mong oa hae o ile a re ’mele oa motho o na le ‘litho tse ngata tse nyenyane,’ tse akarelletsang lelana.

^ ser. 7 Lebitso le fetotsoe.