Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u balile ka hloko limakasine tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

Konyana ea Paseka e ne e lokela ho hlajoa neng ka la 14 Nisane?

Liphetolelo tse ling tsa Bibele li re e ne e lokela ho hlajoa “pakeng tsa lishoalane tse peli,” ke hore ka shoalane kapa ka phirimana—ka mor’a hore letsatsi le likele empa pele ho e-ba lefifi. (Ex. 12:6)—12/15, leqepheng la 18-19.

Ke melao-motheo efe ea Bibele e ka thusang mocha hore a etse liqeto tse bohlale?

Ke ena e meraro, (1) Batla ’Muso oa Molimo pele le ho loka ha hae. (Mat. 6:19-34) (2) Fumana thabo e tlisoang ke ho sebeletsa ba bang. (Lik. 20:35) (3) Thabela ho sebeletsa Molimo bocheng ba hao. (Moek. 12:1)—1/15, leqepheng la 19-20.

Ke bapalami bafe ba bane ba lipere ba ’nileng ba kalla ho tloha ka 1914?

Mopalami oa pere e tšoeu e leng Jesu, o ile a leleka Satane le bademona ba hae leholimong. Mopalami oa pere e ’mala oa mollo o tšoantšetsa lintoa tse ’nileng tsa bakela batho mahlomola. Mopalami oa pere e ntšo o tšoantšetsa tlala. Mopalami oa pere e botala bo bosehla o tlisa lefu la seoa le bolaeang batho ba limilione. (Tšen. 6:2-8)—2/1, leqepheng la 6-7.

“Lenyalo la Konyana” le neng? (Tšen. 19:7)

“Lenyalo la Konyana” le ba teng ka mor’a hore Morena Jesu Kreste a phethe tlhōlo ea hae, e leng ka mor’a hore Babylona e Moholo e timetsoe le ntoa ea Armagedone e loanoe.—2/15, leqepheng la 10.

Ke hobane’ng ha Bajuda ba mehleng ea Jesu ba ne “ba lebeletse” Mesia? (Luka 3:15)

Re ke ke ra tiisa hore Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba utloisisa boprofeta ba Daniele bo buang ka Mesia joaloka rōna. (Dan. 9:24-27) Empa mohlomong ba ne ba utloile phatlalatso eo lengeloi le ileng la e bolella balisa ba bang kapa seo moprofeta oa mosali Anna a ileng a se bua ka mor’a hore a bone lesea Jesu tempeleng. Ho feta moo, linohe tsa linaleli li ile tsa tla ho tla bona “ea tsoetsoeng e le morena oa Bajuda.” (Mat. 2:1, 2) Hamorao, Johanne Mokolobetsi o ile a bolela hore Kreste o ne a tla hlaha haufinyane.—2/15, leqepheng la 26-27.

Re ka etsa’ng hore E ea rōna e se ke ea bolela Che? (2 Bakor. 1:18)

Ke ’nete hore ka linako tse ling ho ka ’na ha hlaha maemo a ke keng a qojoa a ka u sitisang ho phetha seo u se buileng. Empa haeba re tšepisitse hore re tla etsa ntho e itseng, re lokela ho etsa bonnete ba hore rea e phetha.—3/15, leqepheng la 32.

Re ka hanela teko ea ho sheba litšoantšo tsa bootsoa joang?

Mehato e meraro e ka thusang ke (1) Ho faposa mahlo hang ha re bona litšoantšo tse tsosang takatso. (2) Ho lebela likelello tsa rōna ka hore re nahane ka lintho tse hahang le hore re rapele Molimo. (3) Ho se ipehe kotsing ka ho sheba lifilimi kapa ho kena liwebsaeteng tse bontšang boitšoaro bo bobe.—4/1, leqepheng la 10-12.

Ho ka ’na ha hlaha liphello life tse sa lebelloang haeba Mokreste a siea lelapa la hae hore a il’o batla mosebetsi o lefang hantle naheng e ’ngoe?

Ha batsoali ba khetha ho se lule ’moho, seo se ka ’na sa bakela bana mathata maikutlong le boitšoarong. Ba ka ’na ba koatela motsoali e mong kapa ka bobeli ba bona. Hape, balekane ba sa luleng ’moho ba ka ’na ba lekeha hore ba kopanele boitšoarong bo bobe.—4/15, leqepheng la 19-20.

Ke hobane’ng ha litlokotsebe tse neng li bolaeloa thupeng li ne li rojoa meomo?

Baroma ba ne ba bolaela litlokotsebe tse ling thupeng. Bajuda ba ile ba kōpa hore meomo ea litlokotsebe tse neng li fanyehiloe haufi le Jesu e rojoe. Seo se ne se tla li thatafalletsa ho hema, ’me se etse hore li shoe kapele. Ka tsela eo, ho ne ho sa tl’o hlokahala hore li qete bosiu bohle thupeng. (Deut. 21:22, 23)—5/1, leqepheng la 11.

Ke lipotso life tse ’nè tseo re lokelang ho ipotsa tsona ha re bua le batho tšebeletsong ea tšimo?

Motho eo re buang le eena ke mang? Re buisana re le hokae? Nako e molemo ea ho buisana le eena ke efe? Ke lokela ho buisana le eena joang?—5/15, leqepheng la 12-15.

Koae e kotsi hakae?

Lilemong tse lekholo tse fetileng e bolaile batho ba ka bang 100 000 000. Hona joale e bolaea ba ka bang 6 000 000 ka selemo.—6/1, leqepheng la 3.