Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Thusa ba Hlalaneng le Balekane ba Bona—Joang?

U ka Thusa ba Hlalaneng le Balekane ba Bona—Joang?

Mohlomong ho na le motho eo u mo tsebang kapa u tseba ba ’maloa ba hlalaneng le balekane ba bona. Lebaka la seo ke hobane tlhalo e atile. Ka mohlala, phuputso e entsoeng Poland e bontša hore ho na le monyetla o moholo oa hore batho ba lilemo li 30 ba nang le lilemo tse tharo ho isa ho tse tšeletseng ba nyalane, ba hlalane.

Ha e le hantle, mokhatlo o mong o sebetsanang le litaba tsa malapa, Spain, o tlaleha hore “lipalo-palo li bontša hore halofo ea batho ba nyalanang [Europe] baa hlalana.” Boemo bo joalo le linaheng tse ling tse tsoetseng pele.

MOTHO O BA LE MAIKUTLO A LOANTŠANANG

Ke’ng se etsang hore boemo boo bo ate hakaale? Moeletsi e mong litabeng tsa lenyalo oa Europe Bochabela o re: “Tlhalo e totobatsa se seng se ntse se etsahetse—ho senyeha ha kamano ea bona le karohano e bakoang ke seo, e leng ho utloisang bohloko haholo maikutlong.” O phaella ka ho re, ka mor’a moo hangata motho “o tleloa ke maikutlo a bohloko a kang khalefo, ho ikoahlaea, ho soetseha, ho nyahama le ho hlajoa ke lihlong.” Ka linako tse ling, sena se etsa hore motho a batle ho ipolaea. “Ka mor’a hore lekhotla le fane ka lengolo la tlhalo, maikutlo aa fetoha. Motho ea hlalaneng le molekane oa hae a ka ’na a ikutloa a feletsoe ke matla a bile a tlalletsoe ’me a ka ’na a ipotsa: ‘Ha e le moo ke se ke se na molekane, ha e le hantle ke mang? Ke sa ntse ke phelela’ng?’”

Ha Ewa a hlalosa tsela eo a neng a ikutloa ka eona lilemong tse fetileng, o re: “Ha re qeta ho hlalana le molekane oa ka, ke ne ke hlajoa ke lihlong ha baahelani le batho bao ke sebetsang le bona ba re ke ‘hlaliloe.’ Ke ne ke tlallana ke bohale. Kaha ke ne ke setse le bana ba babeli, ke ile ka tlameha ho ba ’mè le ntate ho bona.” * Adam ea sebelelitseng e le moholo ka lilemo tse 12, ’me batho ba mo hlompha, o re: “Ke ikutloa ke le mosesaane hoo ka linako tse ling ke tlallanang ke bohale, ’me ke batle ho itšehla thajana.”

HO LOANELA HORE LINTHO LI KHUTLELE SETLOAELING

Batho ba bang ba tšoenyeha ka hore na bokamoso bo ba tšoaretse eng, hoo ba thatafalloang ho fumana botsitso esita le ka mor’a lilemo ba hlalane. Ba ka ’na ba etsa qeto ea hore batho ba bang ha ba na taba le bona. Ho feta moo, motlalehi e mong oa litaba o re joale ba lokela “ho fetola lintho tseo ba tloaetseng ho li etsa ’me ba ithute ho itharollela mathata.”

Stanisław o re: “Ha re qeta ho hlalana, mosali oa ka o ile a nthibela ho bona barali ba ka ba babeli. Seo se ile sa etsa hore ke nke hore ha ho na motho ea ntsotellang le hore e tlameha ebe Jehova le eena o mphuraletse. Ke ne ke se ke sa batle ho phela. Empa ha nako e ntse e ea, ke ile ka hlokomela hore ke bona lintho ka tsela e fosahetseng.” Mosali e mong  ea hlaliloeng ea bitsoang Wanda o re: “Ke ne ke nahana hore ka mor’a nakoana, batho ba bang—ho akarelletsa balumeli-’moho le ’na—ha ba sa tla re tsotella, ’na le bana ba ka. Empa hona joale kea hlokomela kamoo barab’abo rōna ba ’nileng ba re tšehetsa kateng le ho nthusa ho hōlisa bana ba ka hore ebe barapeli ba Jehova.”

Sena se bontša hore ka mor’a tlhalo, batho ba apareloa ke maikutlo a sithabetsang. Ba ka ’na ba qala ho ikhalala, ba nka hore hase ba bohlokoa le hore ha ho na motho ea ba tsotellang. Ho feta moo, ba ka ’na ba nyatsa-nyatsa batho ba bang ba haufi le bona. Ka hona, ba ka ’na ba nahana hore litho tsa phutheho ha li na taba le bona ebile ha li ba utloele bohloko. Empa joalokaha phihlelo ea Stanisław le Wanda e bontša, qetellong batho ba hlaliloeng ba ka ’na ba hlokomela hore bara le barali babo bona baa ba tsotella. Ha e le hantle, Bakreste-’moho le bona ba ’nile ba ba tšehetsa haholo, esita le hoja qalong ba ne ba sa hlokomele seo.

HA BA JEOA KE BOLUTU LE HA BA IKUTLOA EKA BAA KHESOA

Hopola hore ho sa tsotellehe hore na re leka ka thata hakae, ka linako tse ling balumeli-’moho le rōna ba hlalaneng le balekane ba bona ba ka ’na ba jeoa ke bolutu. Ka ho khetheha, baralib’abo rōna ke bona ba ka ’nang ba nahana hore ke batho ba seng bakae feela ba ba tsotellang. Alicja o re: “Ho se ho fetile lilemo tse robeli ke hlalane le molekane oa ka. Empa ke ntse ke na le ho ikutloa ke le mosesaane. Ha ke ikutloa ka tsela eo, ke atisa ho itšehla thajana le ho bokolla ebe kea iqenehela.”

Le hoja batho ba hlalang ba atisa ho ikutloa ka tsela ena, Bibele e lemosa batho hore ba se ke ba itšehla thajana. Ha motho a sa latele keletso ena, o tla be a hana “bohlale bohle bo sebetsang.” (Liprov. 18:1) Empa motho ea jeoang ke bolutu o lokela ho lemoha hore hase bohlale ho batla keletso le khothatso ho motho oa bong bo fapaneng. Ka tsela eo, ho ke ke ha e-ba le se ka etsang hore ba be le maikutlo a sa lokelang a lerato.

Balumeli-’moho le rōna ba hlalaneng le balekane ba bona ba ka ’na ba tleloa ke maikutlo a sithabetsang, a kang ho tšoenyeha ka bokamoso, ho jeoa ke bolutu kapa ho ikutloa eka baa khesoa. Kaha rea elelloa hore ho tloaelehile hore ba ikutloe ka tsela eo le hore ho thata ho loantša maikutlo a joalo, re lokela ho etsisa Jehova ka hore re tšehetse bara le barali babo rōna ka botšepehi. (Pes. 55:22; 1 Pet. 5:6, 7) Re ka kholiseha hore ba tla ananela ntho leha e le efe eo re e etsang ho ba thusa. Ruri ka phuthehong ba tla fumana metsoalle ea sebele e tla ba thusa!—Liprov. 17:17; 18:24.

^ ser. 6 Mabitso a mang a fetotsoe.