PALE EA BOPHELO
Ke Ile ka Lahleheloa ke Ntate —Empa ka Fumana e Mong
NTATE o hlahetse Graz, Austria, ka 1899, kahoo e ne e le mocha nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. O ile a ea kenngoa sesoleng sa Jeremane nakoana ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e qhome ka 1939. O ile a bolaeloa ntoeng Russia, ka 1943. Ka masoabi, ke kamoo ke ileng ka lahleheloa ke Ntate ha ke le lilemo li peli feela. Ha kea ka ka ba le monyetla oa ho mo tseba, ’me ke ne ke khalla ho ba le ntate, haholo ha ke hlokomela hore bashanyana bao ke kenang sekolo le bona ba na le bo-ntate. Hamorao ha ke se ke le lilemong tsa bocha, ke ile ka fumana matšeliso ka ho ithuta ka Ntate oa rōna ea leholimong ea matla ’ohle le ea ke keng a shoa.—Hab. 1:12.
HA KE NTSE KE LE LESUPA-TSELA
Ha ke le lilemo li supileng ke ile ka kena Mokhatlong oa Masupa-tsela a Bashanyana. Mokhatlo ona oa machaba o thehiloe Great Britain ka 1908 ke Robert Stephenson Smyth Baden-Powell eo e neng e le molefothenente sesoleng sa Brithani. Ka 1916 o ile a theha Mokhatlo oa Wolf Cubs (kapa Cub Scouts), e leng mokhatlo oa masupa-tsela a bashanyana ba lilemong tsa ka.
Ke ne ke rata mafelo a beke ha re ea libakeng tse ka thōko—re robala litenteng, re apara junifomo le ha re machela meropa. Ka ho khetheha ke ne ke rata ho qeta nako ke e-na le Masupa-tsela a mang, re bapala ka morung ’me mantsiboea re bina re pota-potile mollo. Re ile ra boela ra ithuta lintho tse ngata ka pōpo, e leng se ileng sa etsa hore ke ananele mosebetsi oa ’Mōpi.
Masupa-tsela a khothalletsoa ho etsa ketso e itseng e molemo letsatsi ka leng. Ke lepetjo la ’ona. Ha re lumelisana re ne re re, “Re Malala-a-laotsoe.” Sena se ne se nkhahla. Lebothong la rōna la bashanyana ba ka holimo ho lekholo, hoo e ka bang halofo e ne e le Mak’hatholike ’me halofo e ’ngoe e le Maprostanta ho boetse ho e-na le moshanyana e mong oa Mobuddha.
Ho tloha ka 1920, ho ’nile ha tšoaroa liboka tsa machaba tsa Masupa-tsela ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse ’maloa. Ka August 1951 ke ile ka ea sebokeng sa bosupa sa machaba se neng se tšoaretsoe Bad Ischl, Austria, ’me ka August 1957 ka ea ho sa borobong se neng se tšoaretsoe Sutton Park, haufi le Birmingham, Engelane. Sebokeng sa borobong ho ne ho tlile Masupa-tsela a 33 000 ho tsoa linaheng tse 85. Re ile ra boela ra eteloa ke batho ba ka bang 750 000, ho akarelletsa Mofumahali Elizabeth oa Engelane. Ke ne ke bona eka eo ke kopano ea machaba ea bara ba motho. Empa sephiri se ne se ipatetse ’na hore ho e-s’o ee kae ke tla be ke le karolo ea mokhatlo o hlollang oa bara ba motho.
KE KOPANA LE PAKI EA JEHOVA KA LEKHETLO LA PELE
Nakong ea selemo ka 1958, ke ne ke le mothating oa ho phethela koetliso ea ka ea ho isetsa batho lijo Hoteleng ea Grand Wiesler e Graz, Austria. Ha ke le moo Rudolf Tschiggerl, ea neng a sebetsa le ’na moo ebile e le seapehi, o ile a mpakela ka tsela e sa reroang. Ke ne ke qala ho utloa ’nete. O ile a bua le ’na ka thuto ea Boraro-bo-bong ’me a re hase thuto ea Bibele. Ke ne ke buella thuto ea Boraro-bo-bong ’me ke batla ho mo bontša hore o fositse. Kaha ke ne ke mo rata, ke ne ke batla ho mo khothalletsa hore a khutlele Kerekeng e K’hatholike.
Rudolf eo re neng re mo reneketsa ka hore ke Rudi, o ile a mpatlela Bibele. Ke ile ka re a mphe ea K’hatholike. Eaba kea e bala ’me ka hlokomela hore Rudi o kentse pampitšana e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watchtower ka har’a eona. Ke ne ke sa e rate hobane ke ne ke nahana hore libuka tsa bona li ngotsoe ka tsela e utloahalang e nepahetse empa mohlomong ho se joalo. Leha ho le joalo, ke ne ke se na bothata ba hore re buisane ka Bibele. Rudi o ile a ba bohlale ’me ha aa ka a hlola a mpha lingoliloeng. Ka likhoeli tse ka bang tharo re ne re ee re buisane ka Bibele ’me ka linako tse ling re qoqa ho fihlela ka shoalane.
Ka mor’a hore ke qete lithuto tsa ka motseng oa heso oa Graz, ’Mè o ile a ntefella hore ke ntšetse lithuto tsa ka pele sekolong sa botsamaisi ba hotele. Kahoo ke ile ka ea Bad Hofgastein, e leng toropo e phuleng ea Alps, moo sekolo seo se neng se le teng. Se ne se sebelisana le Hotele ea Grand e Bad Hofgastein, ’me ka linako tse ling ke ne ke sebetsa moo hore ke fumane koetliso e eketsehileng.
KE ETELOA KE BARALIB’ABO RŌNA BA BABELI BA BAROMUOA
Rudi o ile a romela aterese ea ka e ncha ofising ea lekala e Vienna, ’me ofisi ea lekala ea e fa baralib’abo rōna ba babeli ba baromuoa, e leng Ilse Unterdörfer le Elfriede Löhr. * Ka letsatsi le leng motho ea amohelang baeti o ile a mpitsa ’me a re ho na le bo-’mè ba babeli ka koloing ka ntle ba batlang ho bua le ’na. Ke ne ke maketse hobane ke ne ke sa ba lebella. Empa ke ile ka tsoa hore ke bone hore na ke bo-mang. Hamorao ke ile ka utloa hore ba ne ba tsamaisa libuka tsa Lipaki, pusong ea Manazi Jeremane, nakong eo mosebetsi o neng o thibetsoe pele ho Ntoa ea II ea Lefatše. Le pele ntoa e qhoma, ba ile ba tšoaroa ke mapolesa a mautloela a Jeremane (Gestapo) ’me a ba isa kampong ea mahloriso e Lichtenburg. Nakong ea ntoa ba ile ba isoa kampong e Ravensbrück, haufi le Berlin.
Barali bao babo rōna ba ne ba ka lekana le ’mè oa ka, kahoo ke ba hlompha. Ke kahoo ke neng ke sa batle ho ba senyetsa nako ka hore ke buisane le bona ebe mohlomong ka mor’a libeke kapa likhoeli tse seng kae ke ba bolella hore ha ke sa batla ho tsoela pele. Ka hona, ke ile ka ba kōpa hore ba ’ngolle mangolo a buang ka thuto e rutoang K’hatholike ea tlhahlamano ea baapostola. Ke ile ka ba bolella hore ke tla a bontša moruti ’me re a tšohle. Ke ne ke nahana hore ka mor’a moo ’nete e tla ntlhakela.
KE ITHUTA KA NTATE OA SEBELE EA HALALELANG EA LEHOLIMONG
Roma e K’hatholike e ruta hore bapapa ke bahlahlami ba baapostola ba qalileng ka moapostola Petrose. (Kereke e hlalosa hampe mantsoe a Jesu a ho Matheu 16:18, 19.) Kereke e K’hatholike e boetse e ruta hore mopapa ha a fose litabeng tsa thuto ea kereke ha a bua boemong ba hae e le mopapa kapa ba ex cathedra. Ke ne ke lumela ke bile ke nahana hore haeba mopapa, eo Mak’hatholike a reng ke Ntate ea Halalelang, ha a fose litabeng tsa thuto ea kereke ’me o re Molimo ke Boraro-bo-bong, e tlameha ebe seo ke ’nete. Empa haeba o oa fosa, seo se ka ’na sa bolela hore thuto ea kereke e fosahetse. Ke kahoo Mak’hatholike a mangata a nkang hore thuto ea tlhahlamano ea baapostola ke ea bohlokoa haholo, kaha lithuto tse ling tsa Kereke e K’hatholike li itšetlehile ka eona!
Ha ke fihla ho moruti, o ile a sitoa ho araba lipotso tsa ka, ho e-na le hoo a ntša buka ea lithuto tsa K’hatholike e buang ka tlhahlamano ea baapostola. O ile a re ke ee le eona hae, ’me ka e bala empa ka khutla ke e-na le lipotso tse eketsehileng. Qetellong kaha moruti o ne a hlōloa ho araba lipotso tsa ka, o ile a re: “Ha ke khone ho u kholisa, ’me le uena ha u nkholise. . . . Ke u lakaletsa katleho!” Ka mor’a moo, o ne a se a sa batle ho buisana le ’na.
Mothating oo ke ne ke se ke batla ho ithuta Bibele le Ilse le Elfriede. Ba ile ba nthuta lintho tse ngata ka Ntate oa sebele ea Halalelang ea leholimong, Jehova Molimo. (Joh. 17:11) Ka nako eo ho ne ho se na phutheho sebakeng seo, ka hona barali bao babo rōna ba ne ba tšoarela liboka ntlong ea lelapa le leng le thahasellang. Ho ne ho tla methoaela feela. Baralib’abo rōna ba ne ba qeta boholo ba nako ba tšohla boitsebiso ba le bang, kaha ho ne ho se na mor’abo rōna ea kolobelitsoeng ea ka etellang pele. Ka linako tse ling, mor’abo rōna ea tsoang sebakeng se seng o ne a tla a tl’o re fa puo ea phatlalatsa sebakeng se hiriloeng.
KE QALA HO KOPANELA TŠEBELETSONG
Ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Ilse le Elfriede ka October 1958, ’me ka kolobetsoa likhoeli tse tharo hamorao ka January 1959. Pele ke kolobetsoa ke ile ka ba kōpa hore na nka ea le bona ka ntlo le ntlo e le hore ke bone hore na mosebetsi oa boboleli o etsoa joang. (Lik. 20:20) Ka mor’a ho tsamaea le bona ka lekhetlo la pele, ke ile ka ba kōpa hore na ba ka mpha tšimo. Ba ile ba mpha motse o mong, ’me ke paka ho oona ke le mong ka ntlo le ntlo ke bile ke etsa maeto a ho boela ho batho ba thahasellang. Mor’abo rōna oa pele eo ke ileng ka ea le eena ka ntlo le ntlo ke molebeli oa potoloho ea ileng a re etela hamorao.
Ka mor’a hore ke qete sekolo ka 1960, ke ile ka khutlela haeso hore ke il’o leka ho thusa ba lelapa leso ho ithuta Bibele. Ho tla fihlela joale, ha ho lea mong ea amohetseng ’nete, empa ba bang baa thahasella.
KE KENELA TŠEBELETSO EA NAKO E TLETSENG
Ka 1961, ofisi ea lekala e ile ea ngolla liphutheho mangolo e li khothalletsa ho nka bopula-maliboho. Ke ne ke le lesoha ke bile ke phetse hantle, kahoo ke ile ka bona hore ha ho na ntho e ntšitisang ho nka bopula-maliboho. Ke ile ka bua le molebeli oa potoloho Kurt Kuhn, ka hore na o nahana’ng ka taba ea hore ke sebetse likhoeli tse ling tse seng kae e le hore ke reke koloi e tla nthusa ha ke bula maliboho. O ile a re: “Na Jesu le baapostola ba ne ba hloka koloi hore ba etse tšebeletso ea nako e tletseng?” Mantsoe ao a ile a nkotla botsekeng! Ke ile ka rera ho qala ho bula maliboho hang-hang. Ke ne ke lokela ho qala ka ho etsa liphetoho tse itseng kaha ke ne ke sebetsa lihora tse 72 beke le beke hoteleng.
Ke ile ka kōpa mookameli oa ka hore na a ka ntumella ho sebetsa lihora tse 60. O ile a lumela ’me a ntefa chelete e tšoanang. Hamorao ka mo kōpa hore na nka sebetsa lihora tse 48 feela ka beke. O ile a boela a lumela ’me a ntefa chelete e tšoanang. Ka mor’a moo ke ile ka kōpa ho sebetsa lihora tse 36 feela ka beke, kapa lihora tse 6 matsatsi a 6, ’me le hona moo a boela a lumela. Ho makatsang ke hore o ile a ’na a ntefa chelete e tšoanang! Ho bonahala eka mookameli oa ka o ne a sa batle ha ke tsamaea. Ha ke se ke sebetsa lihora tseo, ke ile ka qala ho bula maliboho. Ka nako eo bo-pula-maliboho ba ne ba lokela ho etsa lihora tse 100 ka khoeli.
Likhoeli tse ’nè hamorao, ke ile ka khethoa hore ke be pula-maliboho ea khethehileng le ho ba mohlanka oa phutheho, phuthehong e nyenyane motseng oa Spittal an der Drau o profinseng ea Carinthia. Mehleng eo, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ne ba lokela ho etsa lihora tse 150 ka khoeli. Ke ne ke sa abeloa pula-maliboho eo nka sebetsang le eena, empa ke ne ke thusoa haholo ke morali’abo rōna e mong ea bitsoang Gertrude Lobner, ea neng a bile a sebeletsa e le mothusi oa mohlanka oa phutheho. *
LIKABELO TSE LING TSE TLILENG KA POTLAKO
Ka 1963, ke ile ka kōptjoa hore ke etse mosebetsi oa potoloho. Ka linako tse ling, ke ne ke tsamaea ka terene ha ke etela liphutheho, ke nkile moroalo o boima. Barab’abo rōna ba bangata ba ne ba se na likoloi, kahoo ba sa khone ho nkhahlametsa seteisheneng sa terene. Ke tsamaea ka maoto ha ke ea malapeng ao ke fihletseng ho ’ona, ke sa batle ho palama tekesi, kaha ke ne ke sa batle “ho etsa mponeng.”
Ka 1965, ke ne ke ntse ke e-s’o nyale ’me ke ile ka memeloa ho ba sehlopheng sa bo41 Sekolong sa Gileade. Boholo ba rōna sehlopheng seo, re ne re le masoha. Ke ile ka makala haholo, ha ke qeta sekolong seo ke abeloa ho khutlela haeso Austria ho ea tsoela pele ka mosebetsi oa potoloho. Empa pele ke tloha United States, ke ile ka kōpuoa hore ke tsamaee le molebeli e mong oa potoloho ka libeke tse ’nè. Ke ile ka thaba haholo ho sebetsa le Anthony Conte, mor’abo rōna ea lerato ea bileng a ratang tšimo ’me a atleha haholo ho eona. Re ne re sebetsa motseng oa mahaeng oa Cornwall o New York.
Ha ke fihla Austria, ke ile ka isoa potolohong eo ke ileng ka kopana le morali’abo rōna e mong ea motle ea bitsoang Tove Merete. O ne a hōletse linneteng ho tloha ha a le lilemo li hlano. Ha batho ba re botsa hore na re kopane joang, ka bosoasoi re ee re re: “Ofisi ea lekala ke eona e re kopantseng.” Re ile ra nyalana selemo hamorao ka April 1967, ’me ra lumelloa hore re tsoele pele ka mosebetsi oa potoloho.
Selemong se latelang, ke ile ka hlokomela hore Jehova ka mosa oa hae o sa tšoanelang o nkamohetse hore ke be mora oa hae oa moea. Kahoo ke ile ka qala ho ba le kamano e khethehileng le Ntate oa ka ea leholimong hammoho le bohle bao, ho ea ka Baroma 8:15, ba “hoeletsang: ‘Abba, Ntate!’”
’Na le Merete re ile ra etsa mosebetsi oa potoloho le oa setereke ho fihlela ka 1976. Ka linako tse ling, re ne re tlameha ho robala ka moo ho batang, ’me serame sa mariha se kenella masapong. Ka le leng ha re tsoha, re ile ra fumana hore ka lebaka la ho phefumoloha, kobo eo re neng re robetse ka eona e entse leqhoa! Ra qetella re entse qeto ea ho tsamaea ka hitara e nyenyane ea motlakase eo re tla iphuthumatsa ka eona bosiu ha ho bata haholo. Libakeng tse ling, ha re ea ntloaneng bosiu, re ne re tlameha ho tsamaea ka ntle lehloeng, ’me ntloana le eona e kenela moea. Re ne re boetse re se na ntlo eo re lulang ho eona, kahoo ka Mantaha re tsoela pele ho lula moo re fihletseng teng bekeng ea ketelo. Ebe ka Labobeli hoseng re ea phuthehong e latelang.
Kea thaba hore ebe ho theosa le lilemo tseo tsohle, mosali oa ka ea ratehang o ’nile a ntšehetsa haholo. O rata tšimo, ’me ha ho mohla nkileng ka tlameha ho mo khothatsa hore a ee tšimong. O boetse o rata barab’abo rōna ebile o amehile ka batho ba bang. Sena e bile thuso e khōlō.
Ka 1976 re ile ra memeloa ho ea sebeletsa ofising ea lekala ea Austria e Vienna, ’me ka khethoa hore ke be setho sa Komiti ea Lekala. Ka nako eo, lekala la Austria le ne le hlokomela mosebetsi linaheng tse ’maloa tsa Europe Bochabela, ’me le hlophisa tsela e bohlale ea ho isa libuka linaheng tseo. Mor’abo rōna Jürgen Rundel o ne a etella pele mosebetsing ona, ’me a etsa malebaleba. Ke bile le tokelo ea ho sebetsa le eena, ’me hamorao o ile a okamela mosebetsi oa ho fetolela lipuo tse leshome tse buuoang Europe Bochabela. Jürgen le mosali oa hae, Gertrude, ba ntse ba sebeletsa ka botšepehi e le bo-pula-maliboho ba khethehileng Jeremane. Ho tloha ka 1978, lekala la Austria le ile la qala ho hatisa limakasine ka lipuo tse tšeletseng le sebelisa mochine o monyenyane oa khatiso. Re ne re boetse re romela lipeeletso linaheng tse ’maloa tse li kōpileng. Otto Kuglitsch, eo hona joale a sebeletsang ofising ea lekala ea Jeremane hammoho le mosali oa hae, Ingrid, o ne a li hula pele mosebetsing ona.
Barab’abo rōna ba Europe Bochabela ba ne ba boetse ba ikhatisetsa libuka. Leha ho le joalo, ba ne ba hloka thuso ho tsoa linaheng tse ling. Jehova o ile a ba sireletsa mosebetsing ona, ’me rōna ba lekaleng ra rata bara bao babo rōna ba ileng ba tlameha ho qeta lilemo tse ngata ba mo sebeletsa maemong a thata le tlas’a thibelo.
KETELO E KHETHEHILENG ROMANIA
Ka 1989, ke ile ka ba le tokelo ea ho ea Romania le Mor’abo rōna Theodore Jaracz, oa Sehlopha se Busang. Sepheo sa rōna e ne e le ho thusa barab’abo rōna ba bangata ba moo hore ba boele ba sebelisane le mokhatlo. Ho tloha ka 1949, ho ne ho bile le mabaka a mangata a sa tšoaneng a entseng hore ba khaole maqhama le mokhatlo ’me ba ithehele liphutheho. Leha ho le joalo, ba ne ba ntse ba pakela batho ba bile ba ba kolobetsa. Ba bile ba ea teronkong ka lebaka la ho se nke lehlakore hobane e le Bakreste, feela joaloka barab’abo rōna bao e neng e le karolo ea mokhatlo o amoheloang ke ntlo-khōlō. Mosebetsi o ne o ntse o thibetsoe Romania, kahoo re ile ra kopana ka sekhukhu lapeng la Mor’abo rōna Pamfil Albu, hammoho le baholo ba bane ba etellang pele le baemeli ba Komiti ea Naha ea Romania. Re ile ra boela ra tsamaea le Rolf Kellner oa Austria hore a re tolokele.
Bosiung ba bobeli ba lipuisano, Mor’abo rōna Albu o ile a phehella baholo-’moho le eena ba bane hore ba imomahanye le rōna, a re, “Haeba re sa etse seo hona joale, re ka ’na ra se ke ra hlola re fumana monyetla o mong.” Ka mor’a moo, barab’abo rōna ba ka bang 5 000 ba ile ba boela ba ikopanya le mokhatlo. Ruri eo e bile tlhōlo ho Jehova ’me Satane a soetseha!
Ho elella bofelong ba 1989, pele Bokomonisi bo fela Europe Bochabela, Sehlopha se Busang se ile sa nkōpa hore ’na le mosali oa ka re fallele ntlo-khōlō New York. Sena se ile sa re makatsa haholo. Re ile ra qala ho sebeletsa Bethele ea Brooklyn ka July 1990. Ka 1992, ke ile ka khethoa hore ke be mothusi oa Komiti ea Tšebeletso ea Sehlopha se Busang, ’me ho tloha ka July 1994, ke bile le tlotla ea ho ba setho sa Sehlopha se Busang.
HA KE NAHANA KA TSA NAKONG E FETILENG LE KA BOKAMOSO
Ke khale ha ke ne ke sebetsa hoteleng ke isetsa batho lijo. Hona joale ke thabela tokelo ea ho nka karolo mosebetsing oa ho lokisetsa lijo tsa moea le ho li abela barab’abo rōna lefatšeng ka bophara. (Mat. 24:45-47) Ruri ha ke nahana ka lilemo tse fetang 50 tseo ke bileng tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng ka tsona, kea thaba ebile ke ananela haholo tsela eo Jehova a hlohonolofatsang mokhatlo oa barab’abo rōna lefatšeng ka bophara ka eona. Ke rata ho ea likopanong tsa machaba, moo ho totobatsoang bohlokoa ba ho ithuta ka Ntate oa rōna ea leholimong Jehova le ’nete ea Bibele.
Ke rapella hore batho ba bang ba limilione ba ithute Bibele, ba amohele ’nete, ’me ba sebeletse Jehova ba momahane le barab’abo rōna ba Bakreste lefatšeng ka bophara. (1 Pet. 2:17) Ke boetse ke lebeletse ka thabo ho shebella ha bafu ba tsosoa mabitleng ke le leholimong ’me qetellong ke bone ntate ea ntsoalang. Ke tšepa hore Ntate, ’Mè le beng ka ’na ba bang ba ratehang ba tla batla ho rapela Jehova, Paradeiseng.
Ke lebeletse ka thabo ho shebella ha bafu ba tsosoa mabitleng ke le leholimong ’me qetellong ke bone ntate ea ntsoalang