MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) August 2014

Makasineng ena ho na le lihlooho tse tl’o ithutoa ho tloha ka la 29 September ho ea ho la 26 October, 2014.

Na U Fumana ‘Lijo ka Nako e Tšoanetseng’?

Na motho o lokela ho bala boitsebiso bohle boo lekhoba le tšepahalang le bo hatisang e le hore a lule a le matla moeeng?

Basali ba Phetha Karolo Efe Morerong oa Jehova?

Bala hore na liphello tsa ho fetohela Molimo e bile life ho banna le basali. Nahana ka liphihlelo tsa basali ba bang ba tšepahalang ba nakong e fetileng. Hape, ithute hore na basali ba Bakreste ba tlatsetsa joang mosebetsing oa Molimo kajeno.

Sebelisa Lentsoe la Molimo—Lea Phela!

Lipaki Tsa Jehova kaofela li batla ho atleha ha li le boboleling. Hlokomela litlhahiso tsa bohlokoa tse ka re thusang hore re sebelise Lentsoe la Molimo le matla, hammoho le lipampitšana ha re buisana le batho.

Kamoo Jehova a re Atametsang ho Eena Kateng

Re na le takatso ea ho ba le kamano e haufi le Jehova. Bala kamoo thekollo le Bibele li bontšang kateng hore Jehova o re hulela ho eena.

Utloa Lentsoe la Jehova Hohle Moo U Leng Teng

Ithute hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho mamela lentsoe la Jehova le ho buisana le eena. Sehlooho sena se tla re thusa ho bona hore na ke joang re ka qobang ho lumella Satane le litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe hore li re sitise ho mamela Jehova.

‘Khutla ’me U Matlafatse Barab’eno’

Haeba mor’abo rōna o kile a sebeletsa e le moholo empa e se e se eena, na a ka boela ‘a hahamalla ho ba molebeli’?

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha Jesu a ne a re ba tsositsoeng bafung “ha ba nyaloe leha e le ho nyalisoa,” na o ne a bua ka tsoho ea lefatšeng?

NALANE EA RONA

“Eureka Drama” e Thusitse Batho ba Bangata ho Fumana ’Nete ea Bibele

Khatiso ena e khutsufalitsoeng ea “Photo-Drama of Creation” e ne e ka shebelloa le libakeng tse ka thōko, esita le moo ho se nang motlakase.