Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NALANE EA RŌNA

“Eureka Drama” e Thusitse Batho ba Bangata ho Fumana ’Nete ea Bibele

“Eureka Drama” e Thusitse Batho ba Bangata ho Fumana ’Nete ea Bibele

“EUREKA!” Lentsoe leo le bolela hore “ke e fumane!” Lekholong la bo19 la lilemo, ha batho ba ne ba lelekisa khauta California, U.S.A., motho o ne a etsa mohoo oo ha a e fumane. Charles Taze Russell le Liithuti Tsa Bibele ba ne ba fumane ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta, e leng ’nete ea Bibele. ’Me ba ne ba labalabela hore ba e bolelle ba bang.

Lehlabuleng la 1914, batho ba limilione ba metseng e meholo ba ile ba bokana ho tla shebella “Photo-Drama of Creation,” e leng baesekopo e nkang lihora tse robeli e neng e hlahisitsoe ke Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba. Baesekopo ena e neng e thehiloe Bibeleng e ne e e-na le li-slide tse khahlang, litlhaloso tse hlollang le ’mino o monate, ’me e bontša bashebelli se etsahetseng ho tloha tšimolohong ho fihlela qetellong ea Puso ea Jesu Kreste ea Lilemo Tse Sekete.—Tšen. 20:4. *

Empa na batho ba lulang metseng e menyenyane le mahaeng le bona ba ile ba khona ho e shebella? E le hore bohle ba lapetseng ’nete ba fumane monyetla, ka August 1914 Liithuti Tsa Bibele li ile tsa lokolla “Eureka Drama”—eo e neng e le “Photo-Drama” e ntšitsoeng video. Ho ne ho e-na le mefuta e meraro: “Eureka X” e neng e e-na le litlhaloso tse rekotiloeng le ’mino. “Eureka Y” e neng e e-na le mantsoe le ’mino o rekotiloeng le li-slide tse fifalitsoeng. “Eureka Family Drama” e neng e reretsoe hore e bapaloe malapeng, e ne e e-na le litlhaloso le lifela. Liithuti Tsa Bibele li ne li sebelisa likeramafono tse sa tureng le mechine e bapalang li-slide.

Mochine o neng o sebelisoa ho bapala li-slide tsa ’mala

Liithuti Tsa Bibele li ne li sa hloke mochine o bapalang baesekopo kapa sekrini se seholo hore li bapalle batho ba mahaeng “Eureka Drama”, ’me seo se ile sa etsa hore molaetsa oa ’Muso o fihle masimong a macha. “Eureka X” e neng e e-na le mantsoe feela, e ne e ka bapaloa bosiu le motšehare. Mochine o bapalang li-slide tsa “Eureka Y” o ne o sa hloke motlakase empa o sebelisa lebone la khase. Molula-Qhooa oa Sefinnishe o ile oa re: “Re khona ho bontša batho litšoantšo tsena hoo e batlang e le sebakeng leha e le sefe.” Ruri ho ile ha fela ha e ba joalo!

Ho e-na le ho hira liholo tse khōlō, Liithuti Tsa Bibele tse masene li ne li atisa ho batla libaka tse sa lefelloeng, tse kang litlelase, makhotla, liteishene tsa terene le malapa a nang le likamore tse bulehileng tsa baeti. Libakeng tse ngata, batho ba ne ba shebella “Eureka Family Drama” ba le ka ntle, ho etsoa “sekrini” ka lakane e khōlō e tšoeu e fanyehoang lehlakoreng la ntlo. Anthony Hambuch o re: “Bo-rapolasi ba ne ba bula sebaka lirapeng tsa bona tsa lipalesa ebe ba beha litulo, tse entsoeng ka lehong e le hore batho ba lule ho tsona ’me ba thabele lenaneo.” Liithuti tsena tsa Bibele tse neng li bapalla batho “Eureka” li ne li sebelisa “Drama wagon,” ho tsamaisa thepa ea tsona hammoho le lintho tseo li robalang le ho pheha ka tsona.

Ka nako e ’ngoe “Eureka” e ne e shebelloa ke batho ba seng bakae, ha ka nako e ’ngoe e ba ba makholo. Motseng o mong oa baahi ba 150, United States, ho ile ha tla batho ba 400 ho tla e shebella. Sebakeng se seng, batho ba bang ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse ka bang robeli ho ea shebella “Eureka Drama.” Athe Sweden teng, baahelani ba Charlotte Ahlberg ba neng ba phuthehetse ha hae ba ile ba “ameha maikutlo ka ho teba” ha ba utloa molaetsa oa eona. Batho ba ka bang 1 500 ba ile ba tla ho tla e shebella motseng o mong oa mahaeng o haufi le morafo, Australia. Molula-Qhooa o re likolong tse phahameng le lik’holejeng, “liprofesa le liithuti li ile tsa khahloa ke litšoantšo tseo le ke lirekoto tsa rōna tsa keramafono.” “Eureka Drama” e ne e ratoa esita le libakeng tseo ho nang le moo ho shebelloang lifilimi ho tsona.

HO HLAOLELA PEŌ EA ’NETE

“Eureka Drama” e ile ea e ba thulusi ea bohlokoa koetlisong ea Liithuti Tsa Bibele, eo ho eona ho neng ho koetlisoa libui tse tla romeloa ho ea qala litlelase tse ncha. Ho thata ho tseba hore na “Eureka Drama” e bonoe ke batho ba bakae. Lirekoto tse ngata tsa “Drama” eo li sebelisitsoe khafetsa. Empa ka 1915 ke lithimi tse 14 feela ho tse 86 tse neng li bapalla batho “Drama” eo, tse neng li fana ka tlaleho kamehla. Tlaleho e ileng ea etsoa qetellong ea selemo e ile ea bontša hore batho ba fetang milione ba shebeletse “Drama” eo, le hoja eo e se palo e feletseng. Batho ba ka bang 30 000 ba ile ba kōpa lingoliloeng tsa Bibele.

Mohlomong “Eureka Drama” ha e hopolehe hakaalo, empa batho ba limilione ba Australia, Argentina, Afrika Boroa, British Isles, India le ba lihlekehlekeng tsa Caribbean ba ile ba e-ba le monyetla oa ho e shebella. Ba bangata ba bona ba ile ba fumana ’nete ea Bibele, eo e leng ea bohlokoa ho feta khauta, ’me ba ne ba ka hooa ba re, “Eureka!”

^ ser. 4 Sheba “Nalane ea Rōna—Lilemo Tse 100 Tsa Filimi e Hahang Tumelo” Molula-Qhooeng oa February 15, 2014, leqepheng la 30-32.