Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Fumana ‘Lijo ka Nako e Tšoanetseng’?

Na U Fumana ‘Lijo ka Nako e Tšoanetseng’?

RE PHELA nakong e thata ka ho fetisisa historing ea batho. (2 Tim. 3:1-5) Letsatsi le letsatsi re tobana le liteko tse lekang lerato la rōna ho Jehova le boikemisetso ba rōna ba ho phela ka melao ea hae e lokileng. Jesu o ile a bolela esale pele ka nako ena e likhathatso, ’me a tiisetsa balateli ba hae hore ba tla fumana khothatso eo ba e hlokang e le hore ba mamelle ho fihlela qetellong. (Mat. 24:3, 13; 28:20) O ile a khetha lekhoba le tšepahalang hore le ba matlafatse le ho ba fa ‘lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng.’—Mat. 24:45, 46.

Ho tloha ka 1919 ha ho khethoa lekhoba le tšepahalang, ka mokhatlong oa Molimo ho ’nile ha bokelloa ‘bahlanka ba ntlo’ ba limilione ba buang lipuo tse sa tšoaneng ’me ba feptjoa moeeng. (Mat. 24:14; Tšen. 22:17) Leha ho le joalo, boitsebiso bo fumanehang ka lipuo tse ling, ha bo lekane le bo fumanehang ka tse ling, ’me batho ba bang ha ba khone ho bala lingoliloeng tsa rōna tse Inthaneteng. Ka mohlala, lipuo tse ling tse ngata ha li na livideo le lihlooho tse hlahang feela ho jw.org. Na see se bolela hore ba bang ha ba fumane lijo tse hlokahalang e le hore ba lule ba le matla moeeng? E le hore re arabe potso eo, a re ke shebe likarabo tsa lipotso tsena tse ’nè tsa bohlokoa.

1. Ntho ea bohlokoa ke efe lijong tseo Jehova a re fang tsona?

Ha Satane a ne a leka Jesu hore a fetole majoe bohobe, Jesu o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Mat. 4:3, 4) Mantsoe a Jehova a tlalehiloe ka Bibeleng. (2 Pet. 1:20, 21) Ka hona, Bibele ke eona ntho ea bohlokoa lijong tsa rōna tsa moea.—2 Tim. 3:16, 17.

Mokhatlo oa Jehova o entse hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e fumanehe e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang 120, ’me ho ntse ho eketsoa lipuo tse ling selemo le selemo. Ntle ho eona, ho hatisitsoe Libibele tse libilione tsa liphetolelo tse ling, tse fumanehang li feletse kapa li sa fella ka lipuo tse likete. Seo se tumellanong le thato ea Jehova ea hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:3, 4) Kaha “ha ho pōpo e sa bonahaleng mahlong a [Jehova],” re ka kholiseha hore o tla hulela mokhatlong oa hae “ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea” ’me a ba fe lijo tsa moea.—Baheb. 4:13; Mat. 5:3, 6; Joh. 6:44; 10:14.

2. Lingoliloeng tsa rōna li phetha karolo efe ho fanoeng ha lijo tsa moea?

E le hore motho a be le tumelo e matla, ha aa lokela ho bala Bibele feela. O tlameha ho utloisisa seo a se balang ’me a sebelise seo a ithutileng sona. (Jak. 1:22-25) Leqhalaha la Moethiopia la lekholong la pele la lilemo le ne le lumela seo. Le ne le ntse le bala Lentsoe la Molimo ha moevangeli Filipi a le botsa: “Na u tseba seo u se balang?” Le ile la araba ka ho re: “Ka sebele, nka tseba joang ntle leha e mong a ka ntataisa?” (Lik. 8:26-31) Filipi o ile a thusa leqhalaha leo hore le be le kutloisiso e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo. Leqhalaha leo le ile la susumetsoa ke seo le ithutang sona hoo le ileng la kolobetsoa. (Lik. 8:32-38) Ka ho tšoanang, lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng li re thusa hore re fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete. Li re amme maikutlo le ho re susumelletsa hore re sebelise seo re ithutang sona.—Bakol. 1:9, 10.

Bahlanka ba Jehova ba fumana nala ea lijo tsa moea likhatisong tseo re li hatisetsoang. (Esa. 65:13) Ka mohlala, Molula-Qhooa, o hatisoang ka lipuo tse fetang 210, o hlalosa boprofeta ba Bibele, o re thusa ho utloisisa linnete tse tebileng ebile o re susumelletsa ho phela ka melao-motheo ea Bibele. Makasine ea Tsoha!, e hatisoang ka lipuo tse ka bang 100, e re thusa ho utloisisa haholoanyane pōpo ea Jehova ’me e re bontša kamoo re ka sebelisang keletso ea Bibele kateng. (Liprov. 3:21-23; Bar. 1:20) Lekhoba le tšepahalang le hatisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse fetang 680! Na letsatsi ka leng u ipha nako ea ho bala Bibele? Na u bala makasine e ’ngoe le e ’ngoe e ncha le likhatiso tsohle tse ncha tse lokolloang ka puo ea heno selemo le selemo?

Ntle le lingoliloeng, mokhatlo oa Jehova o hatisa lipuo tse fanoang libokeng, likopanong tse khōlō le tse nyenyane. Na u ananela lipuo tse fanoang lipokanong tseo, esita le litšoantšiso, lipontšo le lipuisano tse bang teng moo? Ka sebele, Jehova o re fa matletsetletse a lijo tsa moea!—Esa. 25:6.

3. Haeba ho se na lingoliloeng tsohle tse hatisoang ka puo ea heno, na seo se bolela hore u tla lapa moeeng?

Karabo ke che. Ha rea lokela ho makatsoa ke hore ka linako tse ling, bahlanka ba bang ba Jehova ba ka ’na ba e-ba le lijo tse ngata tsa moea ho feta ba bang. Hobane’ng? Nahana ka baapostola. Ba ile ba fuoa litaelo tse ngata ho feta barutuoa ba bang ba lekholong la pele la lilemo. (Mar. 4:10; 9:35-37) Leha ho le joalo, barutuoa ba bang ba ne ba sa lapa moeeng; ba ne ba fumana lijo tseo ba li hlokang.—Baef. 4:20-24; 1 Pet. 1:8.

Hape ke habohlokoa ho hlokomela hore boholo ba lintho tseo Jesu a li buileng le ho li etsa ha a ne a le lefatšeng ha lia tlalehoa ka Likosepeleng. Moapostola Johanne o ile a re: “Ha e le hantle, ho na le lintho tse ling tse ngata tseo Jesu a ileng a li etsa, tseo ke nahanang hore, haeba li ne li ka ngoloa ka ho qaqa ho feletseng, lefatše le ne le ke ke la ba le sebaka sa meqolo e ngotsoeng.” (Joh. 21:25) Le hoja balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le boitsebiso bo bongata ho re feta ka Jesu ea phethahetseng, hoo ha ho bolele hore ha re mo tsebe. Jehova o entse bonnete ba hore re tseba Jesu ka ho lekaneng hore re be balateli ba hae.—1 Pet. 2:21.

Nahana hape ka mangolo ao baapostola ba ileng ba a ngolla liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo. Ho na le lengolo le le leng le ngotsoeng ke Pauluse le sa tlalehoang ka Bibeleng. (Bakol. 4:16) Na ho ka thoe re lapile moeeng hobane re se na lengolo leo? Che. Jehova o oa tseba hore na re hloka eng ’me o re file lijo tse lekaneng ho re boloka re le matla moeeng.—Mat. 6:8.

Jehova o oa tseba hore na re hloka eng ’me o re file lijo tse lekaneng ho re boloka re le matla moeeng

Kajeno, bahlanka ba bang ba Jehova ba na le lijo tse ngata tsa moea ho feta ba bang. Na u bua puo eo ho fetoletsoeng lingoliloeng tse seng kae feela ka eona? Haeba ho joalo, tseba hore Jehova o oa u tsotella. Bala lingoliloeng tseo u nang le tsona, ’me haeba ho khoneha u ee libokeng tse tšoaroang ka puo eo u e utloisisang. Kholiseha hore Jehova o tla u boloka u le matla moeeng.—Pes. 1:2; Baheb. 10:24, 25.

4. Na u tla lapa moeeng haeba u sa khone ho bala boitsebiso bo kentsoeng ho jw.org?

Websaeteng ea rōna ho na le limakasine le lingoliloeng tse ling tse thusang batho ho ithuta Bibele. Hona Websaeteng ena ho na le boitsebiso bo thusang banyalani, bacha le batsoali ba nang le bana ba banyenyane. Malapa a rua molemo boitsebisong bona ha a bo hlahloba nakong ea Borapeli ba Lelapa. Ho feta moo, Websaete ea rōna e tlaleha liketsahalo tse ikhethang, joaloka kabo ea mangolo a Gileade le seboka sa selemo le selemo, e re tlalehela ka likoluoa tse hlahelang barab’abo rōna lefatšeng ka bophara le ka linyeoe tse amang batho ba Jehova. (1 Pet. 5:8, 9) Websaete ena e boetse e thusa haholo tabeng ea boboleli, e etsa hore litaba tse molemo li fihle esita le libakeng tseo mosebetsi oa rōna o thibetsoeng ho tsona.

Leha ho le joalo, u ka lula u le matla moeeng ebang u khona ho kena Websaeteng ea rōna kapa che. Lekhoba le sebetsa ka thata ho hatisa lingoliloeng tse lekaneng e le hore mohlanka e mong le e mong oa ntlo a lule a le matla moeeng. Kahoo, ha ho hlokahale hore u ikutloe u tlamehile ho reka sesebelisoa sa elektronike e le hore feela u kene ho jw.org. Ba bang ba ka ’na ba khetha ho printa boitsebiso bo bong bo hlahang Websaeteng ea rōna ’me ba bo fe ba bang ba se nang Inthanete, empa hase tlamo hore liphutheho li etse seo.

Re leboha Jesu ka hore ebe o bolokile tšepiso ea hae ea ho re hlokomela ka seo re se hlokang moeeng. Ha matsatsi ana a thata a ho qetela a ntse a ea bofelong ba ’ona, re lokela ho kholiseha hore Jehova o tla tsoela pele ho re fa ‘lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng.’