Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo Jehova a re Atametsang ho Eena Kateng

Kamoo Jehova a re Atametsang ho Eena Kateng

“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—JAK. 4:8.

1. Batho ba na le takatso efe, hona ke eng e ka e khotsofatsang?

BATHO ba na le takatso e matla ea ho ba haufi le batho ba bang. Batho “ba nang le kamano e haufi ke ba ratanang haholo le ba tsebanang hantle.” Rea thaba ha re na le kamano e ntle le ba lelapa le metsoalle e re ratang, e re ananelang le e re utloisisang. Empa Motho eo re lokelang ho ba le kamano e haufi le eena ka ho fetisisa ke ’Mōpi oa rōna e Moholo.—Moek. 12:1.

2. Jehova o re tšepisa eng, empa ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa lumele tšepiso ee?

2 Ka Lentsoeng la hae, Jehova o re phehella hore re ‘atamele’ ho eena, ’me o re tšepisa hore haeba re etsa joalo “o tla atamela” ho rōna. (Jak. 4:8) Ka sebele, eo ke taba e khothatsang! Empa batho ba bangata ba nahana hore ke ntho e sa utloahaleng ho lumela hore Molimo o batla ho ba haufi le bona; mohlomong hobane ba nka hore ha ba tšoanelehe kapa hore o hōle haholo. Na ehlile ho ka khoneha hore re atamele haufi le Jehova?

3. Re lokela ho tseba eng ka Jehova?

3 ’Nete ke hore Jehova ‘ha a hōle le e mong le e mong oa rōna’ ea mo batlang; re ka khona ho mo tseba. (Bala Liketso 17:26, 27; Pesaleme ea 145:18.) Molimo o ne a rerile hore esita le rōna batho ba sa phethahalang re atamele haufi le eena, ’me o ikemiselitse ho re amohela re le metsoalle ea hae e haufi. (Esa. 41:8; 55:6) Ka lebaka la lintho tse mo etsahaletseng, mopesaleme o ne a ka ngola a re ka Jehova: ‘Uena Ea Utloang thapelo, batho ba nama eohle ba tla tla ho uena. Ho thaba eo u mo khethang le ho etsa hore a atamele ho uena.’ (Pes. 65:2, 4) Tlaleho ea Bibele e buang ka Morena Asa oa Juda e re fa mohlala o motle oa motho ea ileng a atamela haufi le Molimo, ’me e bontša kamoo Jehova a ileng a mo thusa kateng. *

ITHUTE MOHLALENG OA BOHOLO-HOLO

4. Morena Asa o ile a behela batho ba Juda mohlala ofe?

4 Morena Asa o ile a bonahatsa moea o motle oa ho chesehela borapeli ba ’nete, a tlosa matekatse a tempele a ba a felisa borapeli ba litšoantšo bo neng bo iphile matla naheng eo. (1 Mar. 15:9-13) Kaha o ne a e-na le bolokolohi ba puo, o ile a phehella batho hore “ba batle Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ’me ba phethe molao le taelo.” Jehova o ile a hlohonolofatsa lilemo tse leshome tse qalang tsa puso ea Asa ka hore ho rene khotso. Asa o ile a re ke’ng e neng e etsa hore ho rene khotso? O ile a re ho sechaba: “Re sa ntse re e-na le naha, hobane re batlile Jehova Molimo oa rōna. Re batlile, ’me o re fa phomolo ka hohle.” (2 Likron. 14:1-7) Hlokomela hore na ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo.

5. Ke boemo bofe bo ileng ba leka tumelo ea Asa ho Molimo, hona phello ea e-ba efe?

5 Ak’u ipehe boemong ba Asa. Moethiopia ea bitsoang Zera o ne a futuhela Juda ka banna ba 1 000 000 le likoloi tsa ntoa tse 300. (2 Likron. 14:8-10) U ne u ka ikutloa joang ha u bona lebothohali leo le futuhela naha ea heno? U na le bahlabani ba 580 000 feela! Kaha lebotho la lireng le feta la hao ka makhetlo a mabeli, na u ne u tla ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella tlhaselo eo? Na boemong boo ba tšohanyetso, u ne u tla leka ho rarolla taba ee ka bohlale ba hao? Tsela eo Asa a ileng a etsa lintho ka eona e ile ea bontša hore o na le kamano e haufi le Jehova le hore o oa mo tšepa. O ile a rapela ka tieo a re: “Re thuse, Jehova Molimo oa rōna, etsoe re itšetlehile ka uena, ’me re futuhetse bongata bona ka lebitso la hao. Jehova, u Molimo oa rōna. U se ke ua lumella motho ea shoang hore a be matla khahlanong le uena.” Molimo o ile a arabela thapelo ea Asa joang? ‘Jehova o ile a hlōla Baethiopia.’ Ha ho le ea mong oa lireng ea ileng a pholoha!—2 Likron. 14:11-13.

6. Re lokela ho etsisa Asa tabeng efe?

6 Ke’ng e ileng ea nolofalletsa Asa hore a tšepe hore Molimo o tla mo tataisa le ho mo sireletsa ka ho feletseng? Bibele e re ‘Asa o ile a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova’ ’me ‘pelo ea hae e ne e feletse ho Jehova.’ (1 Mar. 15:11, 14) Le rōna re lokela ho sebeletsa Molimo ka pelo e feletseng. Ke habohlokoa hore re etse seo haeba re batla ho ba le kamano e haufi le eena hona joale le nakong e tlang. Ruri re leboha Jehova hore ebe o ithaopetse ho re hulela ho eena ’me o re thusa hore re be le kamano e haufi le eena re be re e boloke! Nahana ka litsela tse peli tseo Molimo a entseng seo ka tsona.

JEHOVA O RE HULETSE HO EENA KA THEKOLLO

7. (a) Jehova o re file eng e etsang hore re mo rate? (b) Tsela e ka sehloohong eo Molimo a re hulelang ho eena ka eona ke efe?

7 Jehova o bontšitse hore o rata batho ka hore a re etsetse lefatše e le lehae le letle. O tsoela pele ho re bontša hore o oa re rata ka hore a re fe lintho tse babatsehang tse re bolokang re phela. (Lik. 17:28; Tšen. 4:11) Habohlokoa le ho feta, Jehova o re hlokomela ka seo re se hlokang moeeng. (Luka 12:42) O boetse o re tiisetsa hore o mamela lithapelo tsa rōna. (1 Joh. 5:14) Empa tsela e ka sehloohong eo Molimo a re hulelang ho eena ka eona le e etsang hore re mo rate ke lerato leo a re bontšitseng lona ka thekollo. (Bala 1 Johanne 4:9, 10, 19.) Jehova o ile a romela “Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši” lefatšeng e le hore a re lopolle sebeng le lefung.—Joh. 3:16.

8, 9. Jesu o phetha karolo efe morerong oa Jehova?

8 Jehova o entse hore esita le batho ba phetseng pele Kreste a tla lefatšeng ba rue molemo thekollong. Ho tloha ha Jehova a ne a bolela esale pele hore Mopholosi oa batho o oa tla, ho ile ha tšoana le ha thekollo e se e lefuoe, kaha o ne a tseba hore morero oa hae o tla phethahala. (Gen. 3:15) Lilemo tse makholo hamorao, moapostola Pauluse o ile a leboha Molimo ka “tokollo e tlisitsoeng ke thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu.” Pauluse o ile a phaella ka ho re: ‘Molimo o ile a tšoarela libe tse etsahetseng nakong e fetileng ha a ne a bontša mamello.’ (Bar. 3:21-26) Ruri Jesu o phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea hore re be le kamano e haufi le Molimo!

9 Ke Jesu feela ea ka etsang hore batho ba ikokobelitseng ba tsebe Jehova ’me ba be le kamano e haufi le eena. Mangolo a totobatsa ’nete ee joang? Pauluse o ile a ngola, a re: “Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Bar. 5:6-8) Molimo ha aa fana ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo hobane re tšoaneleha, empa o fane ka sona hobane a re rata. Jesu o ile a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” Lekhetlong le leng o ile a re: “Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Joh. 6:44; 14:6) Jehova o sebelisa moea o halalelang ho hulela batho ho eena ka Jesu ’me o ba thusa hore ba lule leratong la Hae ba e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. (Bala Juda 20, 21.) Nahana ka tsela e ’ngoe hape eo Jehova a re hulelang ho eena ka eona.

JEHOVA O RE HULELA HO EENA KA LENTSOE LA HAE LE NGOTSOENG

10. Re ithuta’ng Bibeleng e re thusang ho atamela haufi le Molimo?

10 Ho tla fihlela joale, re se re qotsitse mangolo libukeng tse 14 tsa Bibele. Re ne re tla tseba joang hore re ka atamela haufi le ’Mōpi oa rōna haeba re ne re se na Bibele? Kantle ho eona, re ne re tla tseba joang ka thekollo le hore Jesu o re hulela ho Jehova? Jehova o ile a sebelisa moea oa hae ho bululela hore ho ngoloe Bibele, e re senolelang botho ba hae bo khahlang hammoho le merero ea hae e babatsehang. Ka mohlala, ho Exoda 34:6, 7, Jehova o ile a itlhalosa ho Moshe e le “Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete, ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlōlo le sebe.” Ke mang ea ke keng a rata motho ea joalo? Jehova o oa tseba hore ha re ntse re tsoela pele ho ithuta ka eena ka Bibeleng, seo se tla etsa hore e be oa sebele haholoanyane ho rōna ’me se tla re atametsa ho eena.

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikitlaelletsa ho ithuta ka litšobotsi le litsela tsa Molimo? (Sheba setšoantšo se qalong.)

11 Ha selelekela sa buka ea Atamela ho Jehova se hlalosa kamoo re ka bang le kamano e haufi le Molimo kateng, se re: “Botsoalleng leha e le bofe boo re bo thehang, maqhama a tiisoa ke ho tseba motho, ho khahloa ke litšobotsi tsa hae tse ikhethang le ho li ananela. Kahoo ke habohlokoa ho ithuta litšobotsi tsa Molimo le litsela tsa hae, joalokaha li senotsoe ka Bibeleng.” Ka hona, re lokela ho leboha hore ebe Jehova o entse hore ho ngoloe Lentsoe la hae ka tsela eo rōna batho re ka e utloisisang!

12. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a sebelisa batho ho ngola Bibele?

12 Jehova o ne a ka ’na a sebelisa mangeloi hore a ngole Mangolo. Etsoe aa re thahasella ebile a thahasella lintho tseo re li etsang. (1 Pet. 1:12) Ha ho pelaelo hore mangeloi a ne a ka khona ho ngolla batho molaetsa o tsoang ho Molimo. Empa na a ne a tla talima lintho ka tsela eo batho ba li talimang ka eona? Na a ne a tla tseba litlhoko tsa rōna, a utloisise mefokolo ea rōna le lintho tseo re labalabelang ho li finyella? Jehova o ne a tseba hore a ke ke a khona. Ka hore Jehova a sebelise batho ho ngola Bibele, o re thusitse hore re e utloisise haholoanyane. Re khona ho utloisisa tsela eo bangoli ba Bibele le batho ba bang bao ho buuoang ka bona ka Mangolong ba neng ba nahana ba bile ba ikutloa ka eona. Re khona ho ba utloela bohloko ha ba ne ba soetseha, ba ba le lipelaelo, ba tšoha ba bile ba bontša bofokoli esita le ho thaba le bona ka katleho eo ba e finyeletseng. Ho tšoana le moprofeta Elia, bangoli bohle ba Bibele ba ne ba e-na le “maikutlo a joaloka a rōna.”—Jak. 5:17.

Tsela eo Jehova a sebelisaneng le Jonase le Petrose ka eona e u atametsa ho Eena joang? (Sheba serapa sa 13 le 15)

13. Thapelo ea Jonase e u ama pelo joang?

13 Ka mohlala, na u nahana hore lengeloi le ne le ka khona ho hlalosa ka ho hlaka boikutlo ba moprofeta Jonase, ha a ne a baleha kabelo eo Molimo a mo fileng eona? Ruri e bile hantle hore Jehova a sebelise Jonase ho ngola tlaleho ea hae, ho akarelletsa le thapelo e tsoang botebong ba pelo eo a ileng a e etsa ho Molimo ha a ntse a le botebong ba leoatle! Jonase o ile a re: “Ha moea oa ka o tepeletse ka hare ho ’na, Jehova ke Eena eo ke ileng ka mo hopola.”—Jon. 1:3, 10; 2:1-9.

14. Ke hobane’ng ha u ka utloisisa seo Esaia a se ngotseng ka eena?

14 Nahana hape ka seo Jehova a ileng a laela Esaia hore a se ngole ka eena. Ka mor’a hore moprofeta eo a bontšoe khanya ea Molimo, o ile a susumelletseha hore a re ka boemo ba hae ba boetsalibe: “Ho malimabe ’na! Kaha ho tšoana leha ke khutsisitsoe, kahobane ke motho ea molomo o sa hloekang, ’me ke lula har’a batho ba melomo e sa hloekang; etsoe mahlo a ka a bone Morena, Jehova oa mabotho!” (Esa. 6:5) Ke lengeloi lefe le neng le ka susumelletseha ho bua mantsoe a joalo? Empa Esaia o ne a ka a bua, ’me re utloisisa tsela eo a neng a ikutloa ka eona.

15, 16. (a) Ke hobane’ng ha re khona ho utloisisa tsela eo batho ba bang ba ikutloang ka eona? Fana ka mohlala. (b) Ke’ng e tla re thusa ho atamela haufi le Jehova haholoanyane?

15 Na lengeloi le ne le ka khona ho bua joaloka Jakobo le re ‘ha ke tšoanelehe,’ kapa le ikutloe joaloka Petrose ea ileng a re “ke monna ea nang le sebe”? (Gen. 32:10; Luka 5:8) Na mangeloi a ne a ka “tšoha” joalokaha barutuoa ba Jesu ba ile ba tšoha, kapa na mangeloi a lokileng a ne a ka lokela ho “iteta sebete” joaloka Pauluse le ba bang ha a hanyetsoa boboleling ba litaba tse molemo? (Joh. 6:19; 1 Bathes. 2:2) Che, mangeloi a phethahetse lintlheng tsohle ’me a phahametse batho. Empa re utloisisa habonolo ha batho ba sa phethahalang ba hlalosa tsela eo ba ikutloang ka eona, kaha le rōna re batho. Ha re bala Lentsoe la Molimo, ka sebele re ka ‘thaba le batho ba thabileng; ra lla le batho ba llang.’—Bar. 12:15.

16 Haeba re nahanisisa ka tsela eo Bibele e reng Jehova o ’nile a sebelisana le bahlanka ba hae ba tšepahalang ba nakong e fetileng ka eona, re tla ithuta lintho tse ngata tse babatsehang ka Molimo oa rōna, eo ka mamello le ka lerato a ileng a hulela batho bao ba sa phethahalang ho eena. Kahoo re tla tseba Jehova hamolemo le ho mo rata ka ho tebileng. Ka lebaka leo, re tla atamela haufi le eena haholoanyane.—Bala Pesaleme ea 25:14.

THEHA KAMANO E KE KENG EA SENYEHA LE MOLIMO

17. (a) Azaria o ile a fa Asa keletso efe e molemo? (b) Asa o ile a hlokomoloha keletso ea Azaria joang, hona phello ea e-ba efe?

17 Ka mor’a hore Morena Asa a hlōle lebotho la Ethiopia, moprofeta oa Molimo ea bitsoang Azaria o ile a eletsa morena le sechaba sa hae. Azaria o ile a re: “Jehova o na le lōna hafeela le e-na le eena; haeba le mo batla, o tla etsa hore le mo fumane, empa haeba le mo tlohela o tla le tlohela.” (2 Likron. 15:1, 2) Empa ha nako e ntse e ea, Asa o ile a hlōleha ho latela keletso eo e molemo. Ha Asa a sokeloa ke ’muso oa Iseraele o ka leboea, o ile a kōpa thuso ho Syria. Ho e-na le hore a boele a kōpe thuso ho Jehova, o ile a hlaba selekane le bahetene bao. Ka ho loketseng, Asa o ile a bolelloa mantsoe ana: “U entse ka booatla mabapi le sena, etsoe ho tloha joale ho ea pele ho tla ba le lintoa khahlanong le uena.” Lilemo tse setseng tsa puso ea Asa li ile tsa apareloa ke ntoa. (2 Likron. 16:1-9) Re ithuta’ng ho see?

18, 19. (a) Re lokela ho etsa’ng haeba re itumeletse ho suthela hōle le Molimo? (b) Re ka etsa’ng e le hore re atamele ho Jehova haholoanyane?

18 Le ka mohla, ha rea lokela ho ikhula ho Jehova. Haeba re ile ra itumella ho suthela hōle le eena, re lokela ho etsa se tlalehiloeng ho Hosea 12:6, e reng: “Ha e le uena, u lokela ho khutlela ho Molimo oa hao, u boloke mosa o lerato le toka; ’me u ke u tšepe Molimo oa hao kamehla.” Kahoo, a re atameleng ho Jehova haholoanyane ka ho thuisa ka kananelo ka thekollo le ka ho khothalla ho ithuta Lentsoe la Hae, e leng Bibele.—Bala Deuteronoma 13:4.

19 Mopesaleme o ile a ngola a re: “Ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.” (Pes. 73:28) E se eka kaofela ha rōna re ka tsoela pele ho ithuta lintho tse ncha ka Jehova ’me re ananele le ho feta mabaka a mangata a etsang hore re mo rate. ’Me e se eka Jehova a ka atamela haufi le rōna hona joale le ka ho sa feleng!

^ ser. 3 Sheba sehlooho se buang ka Asa se reng “Moputso o Teng Bakeng sa Mosebetsi oa Lōna,” Molula-Qhooeng oa August 15, 2012.