Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Jesu o ile a bolella Basaduse hore ba tsositsoeng bafung “ha ba nyale leha e le ho nyalisoa.” (Luka 20:34-36) Na o ne a bua ka tsoho ea lefatšeng?

Potso ena ke ea bohlokoa, haholo-holo ho ba shoetsoeng ke balekane ba bona ba ratehang. Batho ba boemong boo ba ka ’na ba labalabela ho boela ba nyalana le balekane ba bona lefatšeng le lecha. Monna e mong ea shoetseng ke mosali o ile a re: “’Na le mosali oa ka ha rea ikhethela ho qhala lenyalo la rōna. Ho e-na le hoo, takatso ea rōna e matla e ne le hore re lule re momahane borapeling ka ho sa feleng re le banyalani. Maikutlo a ka ka seo ha a e-s’o fetohe.” Na ho na le lebaka le utloahalang la ho tšepa hore ba tsositsoeng bafung ba tla nyalana? Ka mantsoe a bonolo feela, ha re tsebe.

Ka lilemo tse ngata, lingoliloeng tsa rōna li ’nile tsa bontša hore mohlomong mantsoe a Jesu mabapi le tsoho le ho kena lenyalong, a bua ka tsoho ea lefatšeng le hore ba tsosetsoang ho ea phela lefatšeng le lecha ho bonahala eka ba ke ke ba kena lenyalong. * (Mat. 22:29, 30; Mar. 12:24, 25; Luka 20:34-36) Le hoja re sa lomahanye meno tabeng ena, na ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a bua ka tsoho ea leholimo? A re ke re hlahlobe seo Jesu a ileng a se bua.

Nahana ka boemo bona. (Bala Luka 20:27-33.) Basaduse, ba neng ba sa lumele tsoho ea bafu, ba ile ba leka ho tšoasa Jesu ka lipolelo ka hore ba mo botse potso e mabapi le tsoho ea bafu le lenyalo la ho kenela. * Jesu o ile a araba ka ho re: “Bana ba tsamaiso ena ea lintho baa nyala ’me baa nyalisoa, empa ba nkiloeng ba tšoaneloa ke ho rua tsamaiso eo ea lintho le ho tsoha bafung ha ba nyale leha e le ho nyalisoa. [Ba ke ke ba hlola ba e-shoa hobane ba tšoana le mangeloi, Bibele Phetolelo e Ncha] ’me ke bana ba Molimo ka ho ba bana ba tsoho.”—Luka 20:34-36.

Ke hobane’ng ha lingoliloeng tsa rōna li ne li re e ka ’na eaba Jesu o ne a bua ka tsoho ea lefatšeng? Qeto eo e ile ea fihleloa haholo-holo ka mabaka ana a mabeli. La pele, ho ka etsahala hore ebe Basaduse ba ne ba nahanne ka tsoho ea lefatšeng le hore Jesu o ne a tla ba araba a nahanne ka sona seo. La bobeli, Jesu o ile a phethela karabo ea hae ka hore a bue ka Abrahama, Isaka le Jakobo—e leng bapatriareka ba tšepahalang, ba letetseng ho tsosetsoa lefatšeng.—Luka 20:37, 38.

Leha ho le joalo, ho bonahala eka Jesu o ne a nahanne ka tsoho ea leholimo. E ka ’na eaba re fihletse qeto eo ka mabaka afe? A re ke re hlahlobe lipolelo tsena tse peli tsa bohlokoa.

“Ba nkiloeng ba tšoaneloa ke . . . ho tsoha bafung.” Batlotsuoa ba tšepahalang ba nkoa e le “ba tšoaneloang ke ’muso oa Molimo.” (2 Bathes. 1:5, 11) Ba boletsoe hore ba lokile bakeng sa bophelo ka lebaka la thekollo, kahoo ha ba shoe e le baetsalibe ba ahlotsoeng. (Bar. 5:1; 8:1) Ba bitsoa ‘ba halalelang le ba thabileng’ ’me ba nkoa ba tšoaneloa ke tsoho ea leholimo. (Tšen. 20:5, 6) Ho fapana le hoo, ba tsosetsoang lefatšeng ba tla akarelletsa le “ba sa lokang.” Na ho ka boleloa hore “ba tšoaneloa” ke tsoho?—Lik. 24:15.

“Ba ke ke ba hlola ba e-shoa [BPN].” Jesu ha aa ka a re: “Ha ba sa tla hlola ba e-shoa.” Ho e-na le hoo, o ile a re: “Ba ke ke ba hlola ba e-shoa.” Liphetolelo tse ling li beha polelo eo ka hore “ba se ba ke ke ba shoa” le hore “lefu ha le sa na matla holim’a bona.” Batlotsuoa ba qetang bosebeletsi ba bona ka botšepehi lefatšeng, ba tsosetsoa leholimong ’me ba fuoa ho se shoe—e leng bophelo bo ke keng ba felisoa. (1 Bakor. 15:53, 54) Lefu ha le sa na matla holim’a ba tsosetsoang ho ea phela leholimong. *

Ho latela se boletsoeng ka holimo, re ka fihlela qeto efe? Ho ka etsahala hore ebe seo Jesu a se buileng mabapi le lenyalo le tsoho, se amana le tsoho ea leholimo. Haeba ho joalo, mantsoe a hae a re bolella lintho tse ’maloa ka ba tsosetsoang ho ea phela leholimong: Ha ba kene lenyalong, ba ke ke ba shoa, ’me ka litsela tse itseng ba tšoana le mangeloi—e leng libōpuoa tsa moea tse phelang sebakeng sa moea. Leha ho le joalo, ho fihlela qeto ena ho hlahisa lipotso tse ’maloa.

Ea pele, ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka bua ka tsoho ea leholimo ha a araba Basaduse, bao ho ka etsahalang hore ebe ba ne ba nahanne ka tsoho ea lefatšeng? Hase kamehla Jesu a neng a araba bahanyetsi ba hae tumellanong le seo ba se nahanneng. Ka mohlala, ha a araba Bajuda ba neng ba batla hore a ba fe pontšo, o ile a re: “Qhaqhang tempele ena, ’me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.” Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a tseba hore ba nahanne ka mohaho oa tempele, “empa o ne a bua ka tempele ea ’mele oa hae.” (Joh. 2:18-21) Mohlomong Jesu o ne a sa bone ho hlokahala hore a arabe Basaduse bao ba baikaketsi, kaha ba ne ba sa lumele tsoho ea bafu le hore mangeloi a teng. (Liprov. 23:9; Mat. 7:6; Lik. 23:8) Ho e-na le hoo, mohlomong o ne a batla ho senola linnete tse mabapi le tsoho ea leholimo molemong oa barutuoa ba hae ba tšepahalang, bao ka le leng ba neng ba tla fumana tsoho ea mofuta oo.

Ea bobeli, ke hobane’ng ha Jesu a ile a phethela puisano ea hae ka hore a bue ka Abrahama, Isaka le Jakobo, ba tlang ho tsosetsoa lefatšeng? (Bala Matheu 22:31, 32.) Hlokomela hore pele Jesu a bua ka bapatriareka bao, o ile a qala ka ho re “ha e le mabapi le tsoho ea bafu.” Polelo eo e etsa hore re talime lintho ka leihlo le leng. Kahoo, ha Jesu a qotsa mantsoe a hlahang libukeng tsa Moshe, e leng tseo Basaduse ba neng ba li lumela, o ile a sebelisa mantsoe ao Jehova a ileng a a bua ho Moshe sehlahleng se tukang, hore a fane ka bopaki bo bong ba hore tsoho ea bafu—ea lefatšeng—ke morero o tiileng oa Molimo.—Ex. 3:1-6.

Ea boraro, haeba mantsoe a Jesu mabapi le tsoho le lenyalo a amana le tsoho ea leholimo, na see se bolela hore batho ba tla tsosetsoa lefatšeng ba tla khona ho kena lenyalong? Lentsoe la Molimo ha le fane ka karabo e tobileng mabapi le potso eo. Ha e le hantle, haeba Jesu o ne a bua ka tsoho ea leholimo, mantsoe a hae ha a re hlakisetse hore na batho ba tla tsosetsoa lefatšeng le lecha ba tla kena lenyalong kapa che.

Leha ho le joalo, rea tseba hore Lentsoe la Molimo le bolela hore lefu le felisa tlamo ea lenyalo. Kahoo, motho ea shoetsoeng ke molekane oa hae ha a lokela ho ikutloa a le molato haeba a etsa qeto ea ho kena lenyalong hape. Eo ke qeto ea botho, ’me batho ba joalo ha ha baa lokela ho tšoauoa phoso haeba ba batla ho ba le kamano e mofuthu le molekane oa lenyalo.—Bar. 7:2, 3; 1 Bakor. 7:39.

Hoa utloahala hore ebe re ka ’na ra ba le lipotso tse ngata mabapi le bophelo lefatšeng le lecha. Ho e-na le hore re lule re nahana ka likarabo tsa lipotso tseo ho sa hlokahale, re se re tla boka ha li oroha. Empa re ka kholiseha ka sena: Batho ba mamelang ba tla thaba, hobane Jehova o tla khotsofatsa litlhoko tsohle le litakatso tsa bona ka tsela e molemo ka ho fetisisa.—Pes. 145:16.

^ ser. 4 Sheba Molula-Qhooa oa June 1, 1987, leqepheng la 30-31.

^ ser. 5 Mehleng ea Bibele, lenyalo la ho kenela e ne e le moetlo oo ho oona monna a neng a nyala mosali oa mor’abo ea hlokahetseng a se na mora, hore a be le bana, e le ho ntšetsa pele leloko la mor’abo.—Gen. 38:8; Deut. 25:5, 6.

^ ser. 9 Ba tsosetsoang ho phela lefatšeng ba tla ba le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng, eseng ho se shoe. Hore u ithute ho eketsehileng mabapi le phapang e teng pakeng tsa ho se shoe le bophelo bo sa feleng, sheba Molula-Qhooa oa February 15, 1989, leqepheng la 29-30 [Oa Senyesemane ke April 1, 1984, leqepheng la 30-31].