Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Basali ba Phetha Karolo Efe Morerong oa Jehova?

Basali ba Phetha Karolo Efe Morerong oa Jehova?

“Basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.”—PES. 68:11.

1, 2. (a) Molimo o ile a fa Adama limpho life? (b) Ke hobane’ng ha Molimo a ile a etsetsa Adama mosali? (Sheba setšoantšo se qalong.)

JEHOVA o bōpile lefatše ka morero. O ‘le etselitse hore le be le baahi.’ (Esa. 45:18) Molimo o bōpile motho oa pele, Adama, a phethahetse ’me a mo fa lehae le letle, e leng serapa sa Edene. E tlameha ebe Adama o ne a thabela ho bona lifate tse ntle le tsa litonanahali, melapo e phoroselang le liphoofolo tse ntseng li bapala! Empa ho na le ntho e ’ngoe ea bohlokoahali eo a neng a e hloka. Jehova o ile a bontša hore na o ne a hloka’ng ha a re: “Ha ho hotle hore motho a ’ne a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae.” Eaba Molimo o etsa hore Adama a robale boroko bo tebileng a ntan’o nka khopo ea hae ’me a ‘etsa mosali ka eona.’ Ha Adama a tsoha o ne a thabile hoo a ileng a re: “Qetellong enoa ke lesapo la masapo a ka le nama ea nama ea ka. Enoa o tla bitsoa Mosali, hobane o nkiloe ho monna.”—Gen. 2:18-23.

2 Molimo o fane ka mosali e le mpho e ikhethang kaha e ne e lokela ho ba mothusi ea phethahetseng oa monna. O ne a tla boela a be le tokelo e ikhethang ea ho ba le bana. Ke kahoo ‘Adama a ileng a reha mosali oa hae lebitso la Eva, hobane o ne a tla fetoha ’mè oa e mong le e mong ea phelang.’ (Gen. 3:20) Ruri Molimo o ne a file banyalani bana mpho e babatsehang! Ba ne ba e-na le monyetla oa ho tlatsa lefatše ka bana ba phethahetseng. Kahoo lefatše le ne le tla qetella e le paradeise e nang le batho ba phethahetseng ’me ba laole liphoofolo.—Gen. 1:27, 28.

3. (a) Adama le Eva ba ne ba lokela ho etsa’ng hore ba hlohonolofatsoe ke Molimo, empa ba ile ba etsa’ng? (b) Re tla tšohla lipotso life?

3 E le hore Adama le Eva ba fumane tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova ba ne ba lokela ho mo mamela le ho ikokobelletsa bobusi ba hae. (Gen. 2:15-17) Ba ne ba ka phetha morero oa Molimo hafeela ba ne ba mo mamela le ho ikokobelletsa eena. Empa ka bomalimabe, Satane e leng “noha ea pele,” o ile a ba susumetsa ’me ba siteloa Molimo. (Tšen. 12:9; Gen. 3:1-6) Borabele boo bo amme basali joang? Basali ba tšabang Molimo ba ’nile ba etsa’ng nakong e fetileng? Ke hobane’ng ha ho ka thoe basali ba Bakreste ba mehleng ee ke “lebotho le leholo”?—Pes. 68:11.

LIPHELLO TSA BORABELE

4. Ke mang ea ileng a nkoa a ikarabella ka sebe se entsoeng ke banyalani ba pele?

4 Ha Molimo a mo botsa ka seo a se entseng, Adama o ile a fana ka lebaka lena le sa utloahaleng a re: “Mosali eo u faneng ka eena hore a be le ’na, o mphile tholoana ea sefate kahoo ke e jele.” (Gen. 3:12) Adama ha aa ka a hlōleha ho amohela phoso ea hae feela, empa o ile a leka ho fetisetsa molato ho mosali eo Molimo a mo fileng eena le ho Mofani ea lerato oa mpho eo! Ka bobeli Adama le Eva ba ile ba etsa sebe empa ke Adama ea ileng a nkoa a ikarabella ka phoso eo. Ke kahoo moapostola Pauluse a ileng a re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe.”—Bar. 5:12.

5. Taba ea hore Molimo o lumeletse batho hore ba ipuse ka nakoana e paka eng?

5 Satane o ile a etsa hore banyalani bao ba pele ba nahane hore ha ba hloke ho busoa ke Jehova. Sena se ile sa hlahisa potso ena ea bohlokoa tabeng ea bobusi: Ke mang ea nang le tokelo ea ho busa? E le hore a hlakise taba eo, Molimo o ile a lumella batho hore ba ipuse ka nakoana. O ne a tseba hore lintho tse tla etsahala li tla paka hore puso ea batho e ke ke ea atleha. Ho theosa le lilemo tse makholo puso ea batho e bakile mahlomola a mangata. Lilemong tse lekholo tse fetileng feela, ho shoele batho ba ka bang 100 000 000 lintoeng, ba akarelletsang banna, basali le bana ba limilione ba se nang molato. Bona ke bopaki bo totobetseng ba hore “ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jer. 10:23) Kaha re hlokomela sena, re amohela Jehova e le ’Musi oa rōna.—Bala Liproverbia 3:5, 6.

6. Libakeng tse ling, basali ba tšoaroa joang?

6 Banna le basali ba ’nile ba tšoaroa hampe lefatšeng lena le laoloang ke Satane. (Moek. 8:9; 1 Joh. 5:19) Tse ling tsa liketso tse sehlōhō ka ho fetisisa li akarelletsa ho hlekefetsoa ha basali. Ho tlalehoa hore basali ba ka bang 30 ho ba bang le ba bang ba lekholo ba hlekefetsoa ke balekane ba bona. Litsong tse ling, ho ratoa bana ba bashanyana hobane ho nahanoa hore ba tla ntšetsa leloko pele ba be ba hlokomele batsoali ba bona ha ba se ba hōlile. Libakeng tse ling, bana ba banana ha ba ratoe, ebile baimana ba atisa ho ntša limpa ha ba imme masea a banana ho feta ha ba imme a bashanyana.

7. Molimo o ne a batla hore banna le basali ba phele joang?

7 Ka sebele Molimo ha a rate ha basali ba hlekefetsoa. O tšoara basali ka toka le ka tlhompho. Ntho e bontšang hore Jehova o hlompha basali ke hore o bōpile Eva a phethahetse a bile a na le litšobotsi tse etsang hore e se ke ea e ba lekhoba, empa e be motlatsi ea babatsehang oa Adama. Lena ke le leng la mabaka a entseng hore qetellong ea letsatsi la botšelela la pōpo, Molimo ‘a bone hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng e molemo haholo.’ (Gen. 1:31) Ka sebele, “ntho e ’ngoe le e ’ngoe” eo Jehova a e entseng e ne “e le molemo haholo.” O ne a batla hore banna le basali ba atlehe bophelong!

BASALI BAO JEHOVA A ’NILENG A BA TŠEHETSA

8. (a) Hlalosa hore na batho ba ’nile ba itšoara joang. (b) Ho theosa le lilemo, Molimo o ’nile a bontša hore o amohela bo-mang?

8 Ka mor’a hore batho ba fetohele Molimo Edene, boitšoaro ba banna le basali bo ’nile ba nyehla, ’me ba mpefala le ho feta lilemong tse lekholo tse fetileng. Bibele e ile ea bolela esale pele hore bobe bo tla ata “matsatsing a ho qetela.” Bokhopo bo atile hoo ho ka thoeng tsena ke “linako tse mahlonoko.” (2 Tim. 3:1-5) Empa ho theosa le lilemo, “’Musi Morena Jehova” o ’nile a bontša hore o amohela banna le basali ba mo tšepang, ba mamelang melao ea hae le ba ikokobelletsang eena joaloka ’Musi.—Bala Pesaleme ea 71:5.

9. Ke batho ba bakae ba ileng ba pholoha Moroallo, hona hobane’ng?

9 Ho ile ha pholoha batho ba seng bakae feela ha Molimo a timetsa batho ba mabifi ka Moroallo mehleng ea Noe. Haeba banab’abo Noe ba ne ba ntse ba phela ka nako eo, le bona ba ile ba timetsoa. (Gen. 5:30) Leha ho le joalo, ho na le banna le basali ba ileng ba pholoha Moroallo. Bona ke Noe le mosali oa hae, bara ba hae ba bararo le basali ba bona. Ba ile ba sireletsoa hobane ba ne ba tšaba Molimo ’me ba etsa thato ea hae. Batho ba libilione ba phelang hona joale ba tsoa bathong bao ba robeli, bao Jehova a ileng a ba pholosa.—Gen. 7:7; 1 Pet. 3:20.

10. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a tšehetsa basali ba mo rapelang, ba bapatriareka ba tšepahalang?

10 Hamorao, Molimo o ile a boela a tšehetsa basali ba mo rapelang, ba bapatriareka ba tšepahalang. Empa o ne a ke ke a ba tšehetsa haeba ba ne ba lula ba korotla. (Juda 16) Ha ho bonahale eka Sara, mosali ea nang le tlhompho oa Abrahama o ile a korotla ha ba siea bophelo bo mabothobotho ba Ure ho ea phela e le bajaki ba lulang litenteng. Ho e-na le hoo, ‘Sara o ne a mamela Abrahama, a mo bitsa morena.’ (1 Pet. 3:6) Nahana le ka Rebeka, eo e neng e le tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova ebile e le mosali ea khabane. Ha ho makatse hore ebe monna oa hae Isaka o ile “a mo rata, ’me . . . a fumana matšeliso ka mor’a ho shoeloa ke ’m’ae.” (Gen. 24:67) Ruri rea thaba hore ebe har’a rōna ho na le basali ba joaloka Sara le Rebeka, ba tšabang Molimo!

11. Babelehisi ba babeli ba Baheberu ba ile ba bontša sebete joang?

11 Baiseraele ba ile ba ata haholo ha ba le bokhobeng Egepeta, kahoo Faro a laela hore masea ’ohle a bashanyana a Baheberu a bolaoe ha a hlaha. Empa nahana ka babelehisi ba Baheberu e leng Shifra le Pua, bao e ka ’nang eaba e ne e le bona babelehisi ba ka sehloohong. Kaha ba ne ba hlompha Jehova, ba ile ba iteta sebete ’me ba hana ho bolaea masea ao. Kahoo, Jehova a ba sitsa ka malapa.—Ex. 1:15-21.

12. Ke’ng e ikhethang ka Debora le Jaele?

12 Mosali e mong eo Molimo a ileng a mo tšehetsa mehleng ea baahloli ba Iseraele, ke moprofeta oa mosali Debora. O ile a khothatsa Moahloli Barake ’me a thusa Baiseraele hore ba itokolle khatellong, empa a bolela esale pele hore tlotla ea ho hlōla Bakanana ha e na ho lebisoa ho Barake. Ho e-na le hoo, Molimo o ne a tla nehelana ka molaoli oa lebotho la Bakanana e leng Sisera “letsohong la mosali.” Sena ke sona se ileng sa etsahala ha mosali ea bitsoang Jaele, eo e neng e se Moiseraele a bolaea molaoli eo.—Baahl. 4:4-9, 17-22.

13. Bibele e re’ng ka Abigaile?

13 Abigaile ke mosali e mong ea ikhethang ea phetseng lekholong la bo11 la lilemo B.C.E. O ne a e-na le temoho, ha monna oa hae Nabale eena a ne a le bohale, a se na thuso ebile a se na kelello. (1 Sam. 25:2, 3, 25) Davida le banna ba hae ba ile ba qeta nako ba sirelelitse thepa ea Nabale, empa ha ba mo kōpa lijo o ile a ba omanya ’me a se ke a ba fa letho. Sena se ile sa halefisa Davida hoo a ileng a rera ho bolaea Nabale le banna ba hae. Ha Abigaile a utloa sena, o ile a nka lijo le se nooang a isetsa Davida le banna ba hae e le hore a thibele tšollo ea mali. (1 Sam. 25:8-18) Hamorao, Davida o ile a re ho eena: “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele, ea u rometseng letsatsing lena ho tla kopana le ’na!” (1 Sam. 25:32) Ha Nabale a se a shoele, Davida o ile a nyala Abigaile.—1 Sam. 25:37-42.

14. Barali ba Shalume ba ile ba thusa ho etsa’ng, hona basali ba Bakreste ba etsa mosebetsi ofe o tšoanang le oo kajeno?

14 Ha mabotho a Babylona a ripitla Jerusalema le tempele ea eona ka 607 B.C.E., ho ile ha shoa banna, basali le bana ba bangata. Marako a motse a ile a tsosolosoa ka 455 B.C.E. ’me ke Nehemia ea neng a tsamaisa mosebetsi oo. Har’a batho ba neng ba mo thusa ho tsosolosa marako ke barali ba Shalume, khosana ea halofo ea setereke sa Jerusalema. (Neh. 3:12) Ba ile ba ithaopela ho etsa mosebetsi o neng o khelloa fatše. Ruri re ananela basali ba bangata ba Bakreste bao kajeno ba thabelang ho thusa kahong ea libaka tsa borapeli!

BASALI BA TŠABANG MOLIMO BA LEKHOLONG LA PELE LA LILEMO

15. Molimo o ile a fa Maria tlotla efe?

15 Lekholong la pele la lilemo C.E. le pele ho moo, Jehova o ’nile a hlohonolofatsa basali ba ’maloa ka ho ba fa litokelo tse babatsehang. E mong oa bona e ne e le moroetsana Maria. Moea o halalelang o ile oa mo imisa ka mohlolo, pele Josefa a mo nyala. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a khetha eena hore e be ’mè oa Jesu? Ha ho pelaelo hore o ne a e-na le litšoaneleho tsa moea tse neng li tla mo thusa hore a hōlise mora oa hae ea phethahetseng. Ka sebele ha ho tlotla e kang eo, ea ho hōlisa motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela lefatšeng!—Mat. 1:18-25.

16. Fana ka mohlala o bontšang kamoo Jesu a neng a tšoara basali kateng.

16 Jesu o ne a tšoara basali ka mosa. Ka mohlala, nahana ka mosali ea qetileng lilemo tse 12 a e-na le phallo ea mali. O ile a hlaha Jesu ka morao a le har’a letšoele ’me a ama seaparo sa hae. Empa ho e-na le hore Jesu a mo khalemele, o ile a re: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso, ’me u fole boloetseng ba hao bo bohloko.”—Mar. 5:25-34.

17. Ke mohlolo ofe o etsahetseng ka Pentekonta ea 33 C.E.?

17 Basali ba bang bao e neng e le barutuoa ba Jesu ba ne ba mo sebeletsa hammoho le baapostola ba hae. (Luka 8:1-3) Ka Pentekonta ea 33 C.E., banna le basali ba ka bang 120 ba ile ba fuoa moea oa Molimo ka tsela ea mohlolo. (Bala Liketso 2:1-4.) Jehova o ile a bolela esale pele hore o tla fana ka moea oa hae o halalelang, ha a re: “Ke tla tšollela moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong, ’me ka sebele bara ba lōna le barali ba lōna ba tla profeta . . . Ke tla tšollela moea oa ka esita le holim’a bahlanka le holim’a makhabunyane.” (Joele 2:28, 29) Mohlolo oo o etsahetseng ka Pentekonta, o ile oa bontša hore Molimo ha a sa amohela Iseraele ea bokoenehi, ho e-na le hoo o se a amohela “Iseraele ea Molimo,” e entsoeng ka banna le basali. (Bagal. 3:28; 6:15, 16) Ba bang ba basali ba Bakreste ba ileng ba kopanela tšebeletsong lekholong la pele la lilemo ke barali ba bane ba moevangeli Filipi.—Lik. 21:8, 9.

“LEBOTHO LE LEHOLO” LA BASALI

18, 19. (a) Ha ho tluoa borapeling ba ’nete, Molimo o file banna le basali tlotla efe? (b) Mopesaleme o re’ng ka basali ba phatlalatsang litaba tse molemo?

18 Ho ella qetellong ea lilemo tsa bo-1800, banna le basali ba seng bakae ba ile ba bontša ho thahasella borapeli ba ’nete. Ke bona bao mehleng ea kajeno ba qalileng ho phethahatsa mantsoe a Jesu a boprofeta a reng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Mat. 24:14.

19 Palo e nyenyane ea Liithuti Tsa Bibele e eketsehile hoo hona joale e leng Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 8 000 000. Batho ba bang ba fetang 11 000 000 le bona ba bontša hore ba thahasella Bibele le mosebetsi oo re o etsang ka hore ba be teng Sehopotsong sa lefu la Jesu selemo le selemo. Libakeng tse ngata, boholo ba ba bang teng ke basali. Basali ba boetse ba etsa karolo e khōlō ea baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng ba fetang 1 000 000 lefatšeng ka bophara. Ha e le hantle, Molimo o file basali ba tšepahalang tlotla ea ho kopanela ho phethahatseng mantsoe a mopesaleme, a reng: “Jehova o fana ka polelo; basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.”—Pes. 68:11.

Ka sebele, basali ba bolelang litaba tse molemo ke “lebotho le leholo” (Sheba serapa sa 18 le 19)

BA LETETSOE KE LITLHOHONOLOFATSO TSE HLOLLANG

20. Ke lihlooho life tseo re ka ’nang ra ithuta ka tsona?

20 Nako ha e re lumelle ho bua ka basali ba bangata ba tšepahalang ba tlalehiloeng ka Bibeleng. Empa kaofela ha rōna re ka bala litlaleho tse buang ka bona ka Lentsoeng la Molimo le lihloohong tse hatisitsoeng likhatisong tsa rōna. Ka mohlala, re ka thuisa ka botšepehi ba Ruthe. (Ruthe 1:16, 17) Re ka ’na ra matlafatsoa tumelo ke ho bala buka ea Bibele e reheletsoeng ka Mofumahali Esthere le lihlooho tse buang ka eena. Ha re lokisetsa ho ithuta litlaleho tse kang tsena mantsiboeeng a Borapeli ba Lelapa, re ka rua molemo. Haeba re lula re le bang, re ka li hlahloba ha re etsa thuto ea botho.

21. Basali batšabang Molimo ba bontšitse joang hore ba rata Jehova linakong tse thata?

21 Ho hlakile hore Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa boboleli o etsoang ke basali ba Bakreste le hore o oa ba tšehetsa ha ba lekoa. Ka mohlala, o ile a thusa basali ba tšabang Molimo hore ba lule ba tšepahala pusong ea Manazi le ea Makomonisi, eo ho eona ba bangata ba bona ba ileng ba hlokofatsoa ’me ba bang ba bolaoa hobane ba mamela Molimo. (Lik. 5:29) Kajeno, joaloka nakong e fetileng, baralib’abo rōna le barapeli-’moho le bona ba bang, kaofela ba tšehetsa bobusi ba Molimo. Ha e le hantle, joaloka mehleng ea Baiseraele ba boholo-holo, Jehova o ba tšoara ka letsoho le letona ’me o re: “U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.”—Esa. 41:10-13.

22. Re ka lebella ho etsa’ng nakong e tlang?

22 Haufinyane, banna le basali ba tšabang Molimo ba tla fetola lefatše lena paradeise ’me ba thuse ba limilione ba tsositsoeng bafung hore ba ithute ka merero ea Jehova. Ho fihlela ka nako eo, ebang re banna kapa re basali, a re ananeleng tlotla ea ho mo sebeletsa ‘mahetla a bapile.’—Sof. 3:9.