Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Khutla ’me U Matlafatse Barab’eno’

‘Khutla ’me U Matlafatse Barab’eno’

PETROSE o ile a lla habohloko ka mor’a hore a latole Jesu. Empa Jesu o ne a batla ho mo sebelisa hore a thuse ba bang, le hoja Petrose a ile a lokela ho sebetsa ka thata hore a boele a be matla moeeng. Kahoo, Jesu o ile a re ho eena: “Hang feela ha u khutlile, u matlafatse barab’eno.” (Luka 22:32, 54-62) Petrose o ile a fetoha e ’ngoe ea litšiea tsa phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo. (Bagal. 2:9) Ka ho tšoanang, haeba motho e ne e kile ea e-ba moholo, a ka ’na a khona ho jara boikarabelo boo hape ’me a thabela ho matlafatsa balumeli-’moho le eena moeeng.

Barab’abo rōna ba bang bao e neng e le baholo ba ile ba tlosoa, ’me ho ka etsahala hore seo se entse hore ba ikutloe ba se na thuso. Julio * oa Amerika Boroa, ea qetileng lilemo tse fetang 20 e le moholo, o re: “Ke ne ke qeta boholo ba nako ke lokisetsa lipuo, ke etela barab’abo rōna ke bile ke etsa maeto a bolisa! Empa ka ho panya ha leihlo, ka sala ke se ke se na letho leo ke le etsang. Bonneteng, eo e ne e le nako e thata.” Kajeno, Julio o boetse o sebeletsa e le moholo.

“HO NKENG E LE THABO FEELA”

Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Ho nkeng e le thabo feela, barab’eso, ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng.” (Jak. 1:2) Jakobo o ne a bua ka liteko tse tlisoang ke mahloriso le ho se phethahale ha rōna. O ile a bua ka litakatso tsa boithati, leeme le lintho tse ling tse kang tseo. (Jak. 1:14; 2:1; 4:1, 2, 11) Re ka ’na ra utloa bohloko ha Jehova a re khalemela. (Baheb. 12:11) Empa liteko tse joalo ha lia lokela ho re amoha thabo.

Esita le haeba re tlositsoe boemong ba boikarabelo ka phuthehong, re ntse re e-na le monyetla oa ho hlahloba boleng ba tumelo ea rōna le oa ho bonahatsa lerato la rōna ho Jehova. Re ka boetse ra nahana ka hore na ke hobane’ng ha re ne re sebeletsa boemong boo. Na e ne e le molemong oa rōna, kapa ke hobane re ne re susumetsoa ke ho rata Molimo ’me re lumela hore phutheho ena ke ea hae le hore e lokela ho tšoaroa ka mosa? (Lik. 20:28-30) Barab’abo rōna bao e neng e le baholo, ba ntseng ba tsoela pele ho etsa tšebeletso e halalelang ba thabile, ba bontša bohle, ho akarelletsa le Satane, hore ba rata Jehova e le kannete.

Ha Morena Davida a khalemelloa libe tse tebileng tseo a li entseng, o ile a amohela khalemelo ’me a tšoareloa. Davida o ile a bina, a re: “Ho thaba eo bofetoheli ba hae bo tšoaretsoeng, eo sebe sa hae se koahetsoeng. Ho thaba motho eo Jehova a sa kenyeng phoso tlalehong ea hae, le eo moeeng oa hae ho se nang thetso.” (Pes. 32:1, 2) Davida o ile a rua molemo khalemelong eo ’me ha ho pelaelo hore e ile ea mo etsa molisa ea molemo oa batho ba Molimo.

Hangata, barab’abo rōna ba khutlisetsoang boholong, e ba balisa ba molemo ho feta nakong e fetileng. Moholo e mong ea joalo o re: “Hona joale kea utloisisa hore na ke lokela ho tšoara batho ba etsang liphoso joang.” E mong eena o re: “Hona joale ke ananela le ho feta tokelo eo ke nang le eona ea ho sebeletsa barab’abo rōna.”

NA U KA KHUTLA?

Mopesaleme o ile a ngola a re: “[Jehova] a ke ke a lula a fumana molato ka ho sa feleng.” (Pes. 103:9) Kahoo, ha rea lokela ho nahana hore Molimo a ke ke a hlola a tšepa motho ea kileng a etsa phoso e tebileng. Ricardo ea ileng a tlosoa boholong ka mor’a ho sebeletsa ka lilemo tse ngata, o re: “Ke ile ka utloa bohloko haholo ka lebaka la liphoso tsa ka. Ke ile ka qeta nako e telele ke ikutloa ke sa tšoanelehe ’me seo se ne se ntšitisa hore ke boele ke sebeletse ke le moholo. Ke ne ke sa nahane hore batho ba ka boela ba ntšepa. Empa kaha ke thabela ho thusa ba bang, ke ile ka khanna lithuto tsa Bibele, ka khothatsa barab’abo rōna Holong ea ’Muso le ho sebetsa le bona tšebeletsong ea tšimo. Seo se ile sa nthusa hore ke boele ke itšepe, ’me hona joale ke boetse ke sebeletsa ke le moholo.”

Jehova o thusitse barab’abo rōna ba bang hore ba boele ba thabe ’me ba be le takatso ea ho sebeletsa

Ho koetla lehloeo ho ka sitisa mor’abo rōna hore a sebeletse e le moholo. Ruri ho ka ba molemo hore re etsise Davida, mohlanka oa Jehova, ea ileng a tlameha ho baleha Morena Saule ea mōna! Davida o ile a hana ho iphetetsa ho Saule, esita le ha monyetla o hlaha. (1 Sam. 24:4-7; 26:8-12) Ha Saule a bolaoa ntoeng, Davida o ile a mo llela, a re eena le mora oa hae Jonathane ke batho “ba ratehang le ba khahlehang.” (2 Sam. 1:21-23) Davida ha aa ka a koetla lehloeo.

Haeba u nka hore ba bang ha ba u utloisise kapa ba u tšoara ka leeme, u se ke ua lumella lehloeo pelong ea hao. Ka mohlala, William o ile a koatela baholo ba bang ha a tlosoa boholong ka mor’a hore a qete lilemo tse ka bang 30 e le moholo, Brithani. Ke’ng e ileng ea thusa William? O re: “Ke ile ka khothatsoa ke ho bala buka ea Jobo. Haeba Jehova o ile a thusa Jobo hore a bōpe khotso le bo-mphato ba hae ba bararo, ruri o tla nthusa hore ke bōpe khotso le baholo ba Bakreste!”—Jobo 42:7-9.

MOLIMO O HLOHONOLOFATSA BA SEBELETSANG E LE BALISA HAPE

Haeba ke uena ea ikhethetseng ho khaotsa ho ba molisa oa mohlape oa Molimo, u lokela ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha u entse seo. Na ke hobane u ne u imetsoe ke mathata a bophelo? Kapa u ne u nka lintho tse ling e le tsa bohlokoa haholo bophelong? Na u ne u nyahamisitsoe ke ho se phethahale ha ba bang? Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, hopola hore u ne u khona ho thusa ba bang ka litsela tse ngata ha u sebeletsa u le moholo. Lipuo tsa hao li ne li ba matlafatsa, mohlala oa hao o ba khothatsa, ’me maeto a hao a bolisa a ba thusa ho mamella liteko. Seo u se entseng ha u ntse u le moholo ea tšepahalang se ne se thabisa Jehova, ’me le uena se u thabisa.—Liprov. 27:11.

Bontša hore u rata Jehova ka hore u kopanele ka thabo tšebeletsong e halalelang

Jehova o thusitse barab’abo rōna ba bang hore ba boele ba thabe ’me ba be le takatso ea ho etella pele ka phuthehong. Ebang u tlositsoe boholong kapa u ikhethetse ho bo tlohella, u ka boela ua ‘hahamalla ho ba molebeli.’ (1 Tim. 3:1) Pauluse ha aa ka ‘a khaotsa ho rapella’ Bakreste ba Kolose hore ba tlale tsebo e nepahetseng ea thato ea Molimo ‘e le hore ba tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova ’me ba mo khahlise ka botlalo.’ (Bakol. 1:9, 10) Haeba u se u sebeletsa u le moholo hape, kōpa Jehova hore a u fe matla, mamello le thabo. Matsatsing ana a ho qetela, batho ba Molimo ba hloka tataiso ea moea ea balisa ba lerato. Na u ka khona ho matlafatsa barab’eno, hona na u ikemiselitse ho etsa seo?

^ ser. 3 Mabitso a mang a fetotsoe.