Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebelisa Lentsoe la Molimo—Lea Phela!

Sebelisa Lentsoe la Molimo—Lea Phela!

“Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.”—BAHEB. 4:12.

1, 2. Jehova o ile a laela Moshe hore a etse’ng, hona o ile a mo tiisetsa eng?

U NE u ka ikutloa joang haeba u lokela ho ema ka pel’a ’musi ea matla ka ho fetisisa lefatšeng ’me u lokela ho buella batho ba Jehova? U ne u ka ’na ua ikutloa u tšohile, u sa tšoanelehe ebile u ferekane. U ne u tla re’ng ha u fihla ho eena? U ne u ka etsa’ng hore ho utloahale hore seo u se buang se tsoa ho Molimo ea matla ’ohle?

2 Moshe o ne a le boemong boo. Jehova o ne a boleletse motho enoa ea “bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše,” hore o mo roma ho Faro ho ea lopolla batho ba Molimo khatellong le bokhobeng Egepeta. (Num. 12:3) Tsela eo lintho li ileng tsa etsahala ka eona, e ile ea bontša hore Faro ke motho ea se nang tlhompho le moikhohomosi. (Ex. 5:1, 2) Leha ho le joalo, Jehova o ne a batla hore Moshe a bolelle Faro hore a lokolle makhoba a hae a limilione! Ka ho utloahalang, Moshe o ile a botsa Jehova, a re: “’Na ke mang hore ke ee ho Faro le hore ke ntše bara ba Iseraele Egepeta?” E tlameha ebe Moshe o ile a ikutloa a sa tšoanelehe a bile a se na matla. Empa Molimo o ile a mo tiisetsa hore o tla mo tšehetsa. Jehova o ile a re: “Ke tla ba le uena.”—Ex. 3:9-12.

3, 4. (a) Moshe o ne a tšaba eng? (b) Ke maemong afe moo u ka ’nang ua ikutloa joaloka Moshe?

3 Moshe o ne a tšaba eng? Kamoo ho bonahalang kateng, o ne a tšaba hore Faro ha a na ho amohela kapa ho mamela moemeli oa Jehova Molimo. Moshe o ne a boetse a tšaba hore batho ba habo ba ke ke ba lumela hore ke Jehova ea mo khethileng hore a ba etelle pele ho ba ntša Egepeta. Kahoo, Moshe o ile a re ho Jehova: “A re re ha ba ntumele ’me ha ba mamele lentsoe la ka, kahobane ba tla re, ‘Jehova ha aa ka a hlaha ho uena.’”—Ex. 3:15-18; 4:1.

4 Karabo ea Jehova ho Moshe le lintho tse ileng tsa etsahala ka mor’a moo li ka ruta e mong le e mong oa rōna thuto ea bohlokoa. Ke ’nete hore ho ka ’na ha se ke ha hlokahala hore u hlahe ka pel’a motho ea itseng ea boholong pusong. Empa na u kile ua thatafalloa ho buisana esita le batho feela bao u kopanang le bona ka litaba tsa Molimo le ’Muso oa hae? Haeba ho joalo, nahana ka seo u ka ithutang sona mohlaleng oa Moshe.

“KE ENG SEO SE LETSOHONG LA HAO?”

5. Jehova o ile a fa Moshe eng, hona seo se ile sa kokobetsa tšabo ea hae joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

5 Ha Moshe a ne a tšaba hore batho bao a ronngoeng ho bona ba ke ke ba nkela seo a se buang hloohong, Molimo o ile a mo lokiselletsa se neng se larile ka pele. Tlaleho e ho Exoda e re: “Jehova a re ho [Moshe]: ‘Ke eng seo se letsohong la hao?’ eaba o re: ‘Ke molamu.’ Ka mor’a moo a re: ‘O lahlele fatše.’ Kahoo a o lahlela fatše, ’me oa fetoha noha; eaba Moshe o qala ho e baleha. Joale Jehova a re ho Moshe: ‘Otlolla letsoho la hao ’me u e tšoare ka mohatla.’ Kahoo a otlolla letsoho la hae a e tšoara, eaba e fetoha molamu seatleng sa hae. [Molimo a ntan’o re:] ‘E le hore . . . ba ka lumela hore Jehova . . . o hlahile ho uena.’” (Ex. 4:2-5) Ha e le hantle, Molimo o ile a fa Moshe se neng se tla paka hore molaetsa oa hae o tsoa ho Jehova. Ntho eo ba bang ba neng ba bona eka ke molamu feela, matla a Molimo a ile a etsa hore e phele! Ka sebele, mohlolo oo le oona o ile oa paka hore seo Moshe a se buang ke ’nete, oa bontša ka ho hlaka hore Jehova o oa mo tšehetsa! Kahoo, Jehova a re ho eena: “U tla nka molamu ona letsohong la hao hore u etse lipontšo ka oona.” (Ex. 4:17) Ha Moshe a se a tšoere bopaki ba hore Molimo o oa mo tšehetsa, o ne a ka khona ho emela Molimo oa ’nete ka sebete ka pel’a batho ba habo le ka pel’a Faro.—Ex. 4:29-31; 7:8-13.

6. (a) Re lokela ho tšoara eng ha re ea boboleling, hona hobane’ng? (b) Hlalosa hore na ke joang ‘lentsoe la Molimo le phelang’ le hore na “le fana ka matla” joang.

6 Le rōna re ka ’na ra botsoa potso e tšoanang ha re il’o bolela molaetsa oa Bibele: “Ke eng seo se letsohong la hao?” Maemong a mangata, re tla be re tšoere Bibele, re loketse ho e sebelisa. Le hoja batho ba bang ba ka ’na ba nka hore Bibele ke buka feela tjee, Jehova o bua le rōna ka eona kaha ke Lentsoe la hae le bululetsoeng. (2 Pet. 1:21) E fupere litšepiso tsa Molimo tsa lintho tse tla etsahala pusong ea ’Muso oa hae. Ke kahoo moapostola Pauluse a ileng a ngola a re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Bala Baheberu 4:12.) Lintho tsohle tseo Jehova a li tšepisitseng ha lia ema nģ’a e le ’ngoe kaha o tsoela pele ho phethahatsa seo a se tšepisitseng. (Esa. 46:10; 55:11) Hang ha motho a hlokomela sena ka Lentsoe la Jehova, seo a se balang ka Bibeleng se ka ba le tšusumetso e matla bophelong ba hae.

7. Re ka ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo’ joang?

7 Ka sebele, Jehova o re file Lentsoe la hae le ngotsoeng, le phelang leo ka lona re ka pakang hore molaetsa oa rōna ke oa ’nete le hore o tsoa ho eena. Ha ho makatse hore ebe ha Pauluse a qeta ho ngola lengolo le eang ho Baheberu, o ile a phehella Timothea eo a neng a mo koetlisa moeeng hore ‘a etse sohle se matleng a hae ho tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Tim. 2:15) Re ka sebelisa keletso ee ea Pauluse joang? Ka ho balla bamameli ba rōna litemana tseo re li khethileng ka hloko tse ka ba amang lipelo. Lipampitšana tse lokolotsoeng ka 2013 li reretsoe ho re thusa ho etsa seo.

BALA LENGOLO LE KHETHILOENG KA HLOKO!

8. Molebeli e mong oa tšebeletso o ile a re’ng ka lipampitšana?

8 Lipampitšana tsohle tse ncha li ngotsoe ka tsela e tšoanang. Kahoo haeba u ithutile ho sebelisa e ’ngoe ea tsona, u ka khona ho li sebelisa kaofela. Na ho bonolo ho li sebelisa? Molebeli e mong oa tšebeletso oa Hawaii, U.S.A., o ile a ngola a re: “Re ne re sa hlokomele kamoo lipampitšana tsena tse ncha li tlang ho re thusa kateng mosebetsing oa ntlo le ntlo le ha re etsa bopaki ba phatlalatsa.” O hlokometse hore tsela eo lipampitšana tsena li ngotsoeng ka eona e nolofalletsa batho ho araba, ’me ka mor’a moo ba atisa ho qoqa ka bolokolohi. O re lebaka ke hore lipampitšana tsena li qala ka potso le likarabo tseo motho a ka khethang e ’ngoe ea tsona. Mong’a ntlo ha aa lokela ho tšoenyeha ka hore a ka ’na a fosa karabo.

9, 10. (a) Lipampitšana tsa rōna li re thusa joang ho sebelisa Bibele? (b) Ke lipampitšana life tseo u atlehileng ho li sebelisa, hona hobane’ng?

9 Pampitšana ka ’ngoe e re thusa hore re bale lengolo le khethiloeng ka hloko. Ka mohlala, sheba pampitšana e reng, Na Mahlomola a Tla ke a Fele? Ho sa tsotellehe hore na mong’a ntlo o araba potso eo ka “e,” “che,” kapa “ka mohlomong,” e bule ebe u re, “Utloa seo Bibele e se buang.” U ntan’o bala Tšenolo 21:3, 4.

10 Hoa tšoana le ha u sebelisa pampitšana e reng, Maikutlo a Hao ke Afe ka Bibele? kaha ha ho tsotellehe hore na mong’a ntlo o khetha karabo efe ho tse tharo tse fanoeng. E bule ebe u re, “Bibele e re ‘Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.’” U ka ’na ua phaella ka ho re, “Ha e le hantle, temana eo e bua ho eketsehileng.” Ebe u phetla Bibele, ’me u bale 2 Timothea 3:16, 17.

11, 12. (a) Ke’ng e u thabisang ha u le boboleling? (b) Lipampitšana li ka u thusa joang hore u lokisetse leeto la ho boela?

11 Tsela eo mong’a ntlo a arabang ka eona, ke eona e tla u bontša hore na le ka ’na la tsoela pele ho e bala le ho e tšohla kapa che. Ntle le hore u sietse batho lipampitšana, u tla thabela hore ebe u ba baletse Lentsoe la Molimo—esita le haeba u balile temana e le ’ngoe kapa tse peli feela. U ka ntšetsa puisano pele lekhetlong le latelang.

12 Qetellong ea pampitšana ka ’ngoe ho na le potso tlas’a sehloohoana se reng, “U ka ’na ua Ipotsa” le mangolo ao le ka buisanang ka ’ona leetong la ho boela. Potso e hlahang pampitšaneng e reng, U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang? eo le ka e tšohlang leetong le latelang e re, “Molimo o tla ntlafatsa lefatše joang?” Ho bontšitsoe Matheu 6:9, 10 le Daniele 2:44. Pampitšaneng e reng Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela? ho na le potso e reng, “Ke hobane’ng ha re tsofala ebile re e-shoa?” Ho bontšitsoe Genese 3:17-19 le Baroma 5:12.

13. Hlalosa hore na u ka sebelisa lipampitšana joang ho qalisa lithuto tsa Bibele.

13 Sebelisa lipampitšana ho qalisa lithuto tsa Bibele. Ha motho a skena QR code e qetellong ea pampitšana, e tla mo lebisa Websaeteng ea rōna, e tla mo khothalletsa hore a ithute Bibele. Lipampitšana tseo li boetse li buella bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! le sehlooho se itseng se tobileng. Ka mohlala, pampitšana e reng Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše? e lebisa motho thutong ea 5 bukaneng eo. Pampitšana e reng Ke Eng e Tlisang Thabo ka Lapeng? e lebisa motho thutong ea 9. Ha u sebelisa lipampitšana ka tsela ena eo li reretsoeng hore li sebelisoe ka eona, u tla be u latela mokhoa o nepahetseng oa ho sebelisa Bibele leetong la pele le ha u etsa maeto a ho boela. Ka tsela eo, u ka ’na ua qala lithuto tse eketsehileng. U ka boela ua etsa’ng hore u sebelise Lentsoe la Molimo ka katleho ha u le tšimong?

BUA KA TABA EO BATHO BA NAHANANG KA EONA HAHOLO

14, 15. U ka etsisa tsela eo Pauluse a neng a ikutloa ka eona joang ka boboleli?

14 Pauluse o ne a labalabela ka tieo ho rua “batho ba eketsehileng” ha a le tšebeletsong. (Bala 1 Bakorinthe 9:19-23.) Hlokomela hore Pauluse o ne a batla ‘ho rua Bajuda, ho rua ba tlas’a molao, ho rua ba hlokang molao le ho rua ba fokolang.’ Ha e le hantle, o ne a batla ho finyella “batho ba mefuta eohle, e le hore ka sebele [a ka] pholosa ba bang.” (Lik. 20:21) Re ka etsisa Pauluse joang ha re ntse re itokisetsa ho bolella “batho ba mefuta eohle” ba tšimong ea rōna ’nete?—1 Tim. 2:3, 4.

15 Khoeli le khoeli, Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ho fanoa ka litlhahiso tsa kamoo re ka buisanang le batho kateng. Leka ho li sebelisa. Empa haeba ho e-na le taba eo batho ba tšimong ea lōna ba nahanang ka eona haholo, fetola puisano ea hao hore e lumellane le taba eo. Nahana ka sebaka seo u lulang ho sona, batho ba lulang ho sona le hore na ba tšoenyehile ka eng. Ebe u nahana ka lengolo le buang ka taba eo ba tšoenyehileng ka eona. Molebeli e mong oa potoloho o ile a bua se latelang ka tsela eo eena le mosali oa hae ba kenyelletsang Bibele ka eona: “Beng ba matlo ba bangata ba re lumella ho bala temana e le ’ngoe haeba re toba taba. Re lumelisa re se re ntse re phetlile Bibele, ebe re bala lengolo.” Nahana ka lintlha tse seng kae, lipotso le litemana tseo u ka ’nang ua leka ho li sebelisa tseo ba bang ba ’nileng ba li sebelisa.

Na u sebelisa Bibele le lipampitšana ka katleho ha u le boboleling? (Sheba serapa sa 8-13)

16. Hlalosa hore na Esaia 14:7 e ka sebelisoa joang tšimong.

16 Haeba le lula sebakeng se atisang ho ba le merusu, u ka ’na ua botsa mong’a ntlo ua re: “Na u nahana hore ho na le mohla re tla ke re utloe ho thoe: ‘Lefatše lohle le khotsong, ha ho sa na merusu. Batho, nyakallang’? Ke sona seo Bibele e se buang ho Esaia 14:7. Ha e le hantle, Bibele e bua ka lintho tse ngata tseo Molimo a tšepisang ho re etsetsa tsona nakong e tlang ha ho se ho rena khotso lefatšeng.” Ebe u mo balla e ’ngoe ea litšepiso tseo ka Bibeleng.

17. U ka kenyelletsa Matheu 5:3 joang puisanong?

17 Na banna ba bangata baa sokola sebakeng sa heno? Haeba ho joalo, u ka ’na ua qalisa puisano ka ho botsa mong’a ntlo: “U nahana hore motho o lokela ho ba le chelete e kae e le hore lelapa la hae e be le thabileng?” Ha motho eo u buisanang le eena a qeta ho araba, u ka re: “Banna ba bangata ba fumana chelete e fetang eo, empa malapa a bona a ntse a sa thaba. Ebe joale ke’ng se hlileng se hlokahalang?” Ka mor’a moo, bala Matheu 5:3 ebe u buella thuto ea Bibele.

18. U ka sebelisa Jeremia 29:11 joang ho tšelisa ba bang?

18 Na batho ba sebakeng sa heno ba sa tsoa hlaheloa ke koluoa e itseng? U ka qala puisano ka ho re: “Ke tlile mona lapeng ho tla le tšelisa. (Bala Jeremia 29:11.) Na u hlokometse hore na ke lintho life tse tharo tseo Molimo a batlang hore re be le tsona? O batla hore re be le ‘khotso,’ ‘bokamoso’ le ‘tšepo.’ Na ha ho thabise ho tseba hore o re batlela bophelo bo monate? Empa na see se ka khoneha?” Ka mor’a moo mo bontše sehlooho se loketseng bukaneng ea Litaba Tse Molemo.

19. Hlalosa hore na re ka sebelisa Tšenolo 14:6, 7 joang ha re buisana le batho ba ratang bolumeli.

19 Na u lula sebakeng seo batho ba bangata ba thahasellang bolumeli? Haeba ho joalo, u ka ’na ua qala puisano ka ho botsa motho, u re: “Haeba lengeloi le ne le ka bua le uena, na u ne u ka le mamela? (Bala Tšenolo 14:6, 7.) Kaha lengeloi lena le re u ‘tšabe Molimo,’ na hase habohlokoa ho tseba hore na le bua ka Molimo ofe? Lengeloi lena le re thusa ho tseba Molimo eo ha le re ke ‘Ea entseng leholimo le lefatše.’ Molimo eo ke mang?” Ebe u bala Pesaleme ea 124:8, e reng: “Thuso ea rōna e lebitsong la Jehova, Moetsi oa leholimo le lefatše.” Ka mor’a moo, mo botse hore na ha a rate ho tseba ka ho eketsehileng ka Jehova Molimo.

20. (a) U ka sebelisa Liproverbia 30:4 joang ho ruta motho lebitso la Molimo? (b) Na ho na le lengolo le itseng leo u atisang ho atleha ha u le sebelisa?

20 U ka ’na ua qalisa puisano le mocha ka ho re: “Nka rata ho u balla temana e botsang potso ea bohlokoa haholo. (Bala Liproverbia 30:4.) Ha ho na motho ea ka etsang lintho tsena tse boletsoeng mona, kahoo e tlameha ebe temana ena e bua ka ’Mōpi. * Re ka tseba lebitso la hae joang? Nka rata ho u bontša lona ka Bibeleng.”

LUMELLA LENTSOE LA MOLIMO HORE LE U MATLAFATSE TŠEBELETSONG

21, 22. (a) Ho balla motho lengolo le khethiloeng ka hloko ho ka fetola bophelo ba hae joang? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng ha u ntse u phetha tšebeletso ea hao?

21 Ha u tsebe se ka ’nang sa etsahala ha u balla motho lengolo le khethiloeng ka hloko. Ka mohlala, barab’abo rōna ba babeli ba Australia ba ile ba fumana moroetsana e mong lapeng. Mor’abo rōna e mong o ile a mo botsa, a re: “Na u tseba lebitso la Molimo?” eaba o mo balla Pesaleme ea 83:18. Moroetsana eo o re: “Ke ile ka makala! Ha ba qeta ho tsamaea, ke ile ka khanna lik’hilomithara tse 56 ho ea lebenkeleng le rekisang libuka e le hore ke hlahlobe hore na Libibele tse ling li re’ng, eaba ke sheba lebitso leo dikishinaring. Ka mor’a hore ke ikholise hore lebitso la Molimo ke Jehova, ke ile ka ipotsa hore na ke lintho life tse ling tseo ke sa li tsebeng.” Nakoana ka mor’a moo, eena le mohlankana eo ba neng ba tšepisane lenyalo le eena ba ile ba qala ho ithuta Bibele, ’me hamorao ba kolobetsoa.

22 Lentsoe la Molimo le fetola bophelo ba batho ba le balang le ba hlaolelang tumelo litšepisong tsa Jehova. (Bala 1 Bathesalonika 2:13.) Molaetsa oa Bibele o matla ho feta eng kapa eng eo re ka ’nang ra e bua ha re leka ho finyella motho pelo. Ke kahoo re lokelang ho sebelisa Lentsoe la Molimo neng le neng ha re fumana monyetla. Etsoe lea phela!

^ ser. 20 Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali,” Molula-Qhooeng oa July 15, 1987, leqepheng la 31.