Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Utloa Lentsoe la Jehova Hohle Moo U Leng Teng

Utloa Lentsoe la Jehova Hohle Moo U Leng Teng

“Litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: ‘Tsela ke eona ena.’”—ESA. 30:21.

1, 2. Jehova o tataisa bahlanka ba hae joang?

JEHOVA o ’nile a tataisa batho ka litsela tse sa tšoaneng ho theosa le lilemo mehleng ea Bibele. Molimo o ile a bua le ba bang a sebelisa mangeloi, lipono kapa litoro, ’me a ba senolela lintho tse neng li tla etsahala. Jehova o ile a boela a ba fa likabelo tse tobileng. (Num. 7:89; Ezek. 1:1; Dan. 2:19) Jehova o ile a fa ba bang tataiso a sebelisa baemeli ba hae ba sebeletsang karolong e lefatšeng ea mokhatlo oa hae. Ho sa tsotellehe hore na batho ba Jehova ba fuoa tataiso joang, ba e latelang baa hlohonolofatsoa.

2 Kajeno, Jehova o sebelisa Bibele, moea oa hae o halalelang le phutheho ho tataisa batho ba hae. (Lik. 9:31; 15:28; 2 Tim. 3:16, 17) O re fa tataiso e hlakileng hoo e kang ‘litsebe tsa rōna li utloa lentsoe ka mor’a rōna le reng: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.”’ (Esa. 30:21) Ha e le hantle, Jesu le eena o re fa tataiso ea Jehova ka ho tsamaisa phutheho ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Re lokela ho nka tataiso ena ka ho teba, kaha bophelo ba rōna bo sa feleng bo itšetlehile ka ho e mamela.—Baheb. 5:9.

3. Ke’ng e ka re sitisang ho latela tataiso eo Jehova a re fang eona? (Sheba setšoantšo se qalong.)

3 Satane Diabolose o ikemiselitse ho sotha tataiso e ka re pholosang ea Jehova. Ho feta moo, “pelo e bolotsana” e ka re sitisa ho latela litaelo tseo Jehova a re fang tsona. (Jer. 17:9) Ka hona, a re tšohleng seo re ka se etsang ho loantša lintho tse ka re sitisang ho mamela lentsoe la Molimo. Re tla boela re tšohle kamoo thapelo e tlang ho sireletsa kamano ea rōna le Jehova kateng ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna ke afe.

HLŌLA MAQITI A SATANE

4. Satane o leka ho susumetsa tsela eo batho ba nahanang ka eona joang?

4 Satane o leka ho susumetsa tsela eo batho ba nahanang ka eona ka hore a fane ka boitsebiso bo fosahetseng le ka ho jala mashano. (Bala 1 Johanne 5:19.) Ha a a jale ka likoranta le limakasine feela, empa o a jala le ka liea-le-moea, thelevishene le Inthanete tse fumanehang likarolong tsohle tsa lefatše—esita le libakeng tse ka thōko. Le hoja ho ka ’na ha e-ba le lintho tse thahasellisang ho tsona, li atisa ho buella boitšoaro le lintho tse khahlanong le melao ea Jehova. (Jer. 2:13) Ka mohlala, mecha ea phatlalatso le indasteri ea boithabiso e bua ka bosodoma joalokaha eka ke ntho e amohelehang, ’me batho ba bangata ba nka hore seo Bibele e se buang se siiloe ke nako.—1 Bakor. 6:9, 10.

5. Re ka etsa’ng ho qoba ho hoholoa ke mashano a Satane?

5 Batho ba ratang ho loka ha Molimo ba ka etsa’ng ho qoba ho hoholoa ke mashano ao Satane a a hasang kajeno? Ba ka khetholla se setle ho se sebe joang? “Ka ho itebela ho ea ka lentsoe la [Molimo].” (Pes. 119:9) Lentsoe la Molimo le ngotsoeng le fana ka tataiso ea bohlokoa e re nolofalletsang ho khetholla ’nete ho leshano. (Liprov. 23:23) Jesu o ile a qotsa Mangolo, ’me a re “motho . . . o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Mat. 4:4) Re lokela ho ithuta ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba rōna. Ka mohlala, nako e telele pele Moshe a ngola molao oa Jehova o khahlanong le bofebe, mohlankana Josefa o ile a lemoha hore Molimo o hloile boitšoaro bo joalo. Ha aa ka a nahana ho tlōla molao oa Jehova esita le ha mosali oa Potifaro a ne a leka ho mo hohela hore a etse se fosahetseng. (Bala Genese 39:7-9.) Le hoja a ne a mo qophella, Josefa ha aa ka lumella seo hore se mo sitise ho utloa lentsoe la Molimo. Ntho ea bohlokoa e ka re thusang ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng ke ho mamela lentsoe la Jehova le ho iphapanyetsa mashano a sa eeng moriting a Satane.

6, 7. Re lokela ho etsa’ng e le hore re qobe keletso e khopo ea Satane?

6 Lefatšeng ho na le lithuto tse ngata tsa bolumeli tse loantšanang, hoo batho ba bangata ba nkang hore ho batla bolumeli ba ’nete ke tšenyo ea nako. Leha ho le joalo, Jehova o fana ka tataiso e hlakileng ho ba ikemiselitseng ho e latela. Re lokela ho etsa qeto ea hore na re tla mamela mang. Kaha re ke ke ra khona ho mamela batho ba babeli ka nako e le ’ngoe, re lokela ho “tseba lentsoe” la Jesu ’me re le mamele. Ke eena eo Jehova a mo khethileng hore a hlokomele linku tsa Hae.—Bala Johanne 10:3-5.

7 Jesu o ile a re: “Elang hloko seo le se utloang.” (Mar. 4:24) Jehova o fana ka tataiso e hlakileng le e loketseng, empa re lokela ho lokisa lipelo tsa rōna e le hore re e ele hloko le ho e mamela. Haeba re se hlokolosi, re ka ’na ra latela tataiso e khopo ea Satane ho e-na le ho latela e lerato ea Molimo. Le ka mohla, u se ke ua lumella ’mino oa lefatše, livideo, mananeo a thelevishene, libuka, batho bao u ba tloaetseng, matichere, kapa batho bao ho thoeng ke litsebi hore ba laole bophelo ba hao.—Bakol. 2:8.

8. (a) Ke joang lipelo tsa rōna li ka nolofalletsang Satane hore a re tšoase ka maraba a hae? (b) Ho ka ’na ha etsahala’ng haeba re hlokomoloha matšoao a re lemosang?

8 Satane o oa tseba hore re sekametse ho etseng bobe, ’me o leka ho re susumelletsa ho etsa se fosahetseng. Ha Satane a re leka ka tsela ena, ho ba thata hore re lule re tšepahala. (Joh. 8:44-47) Re ka hlōla teko ee joang? Ak’u nahane ka motho ea nkehang ke monate oa nakoana hoo a qetellang a entse phoso eo a neng a sa nahane hore a ka e etsa. (Bar. 7:15) Ke’ng se mo lebisitseng boemong boo bo utloisang bohloko? Mohlomong motho eo, o ’nile a hlokomoloha lentsoe la Jehova butle-butle. Mohlomong o sitiloe ho bona matšoao a mo lemosang ka se etsahalang pelong ea hae kapa o khethile ho a hlokomoloha. Ka mohlala, e ka ’na eaba o khaolitse ho rapela, ha a sa kopanela hantle tšebeletsong, kapa o se a fosa liboka. Qetellong, o hlōloa ke takatso ’me o etsa seo a tsebang hore se fosahetse. Re ka qoba boemo bo utloisang bohloko joalo ka hore re lule re falimehetse matšoao a re lemosang ’me re nke khato hang-hang ho lokisa boemo. Ho feta moo, haeba re mamela lentsoe la Jehova, ha re na ho mamela likhopolo tsa bakoenehi.—Liprov. 11:9.

9. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hlokomele litšekamelo tsa boetsalibe nako esale teng?

9 Haeba lingaka li hlokomela nako esale teng hore motho o na le boloetse bo itseng, li ka ’na tsa khona ho mo thusa. Le rōna re ka qoba tlokotsi haeba re hlokomela kapele litšekamelo tse ka ’nang tsa re lebisa tekong. Hang ha re li hlokomela, re lokela ho nka khato hang-hang—pele Satane a re tšoasa re phela hore re etse thato ea hae. (2 Tim. 2:26) Re lokela ho etsa’ng haeba re lemoha hore re lumeletse monahano oa rōna le litakatso tsa rōna hore li suthele hōle le seo Jehova a batlang hore re se etse? Ka boikokobetso, re lokela ho khutlela ho eena ntle ho tšenyo ea nako, ’me re mamele keletso ea hae le sohle seo a re laelang sona. (Esa. 44:22) Re lokela ho hopola hore ha re etsa qeto e fosahetseng, re ka ’na ra itematsa ’me ra khola litholoana tse babang tsamaisong ena ea lintho. Ruri ho ka ba molemo hore re qobe ho hlahlathela, ’me kahoo re pheme ho etsa phoso e tebileng!

Ho ba le kemiso e ntle ea lintho tsa moea ho ka re sireletsa joang marabeng a Satane? (Sheba serapa sa 4-9)

LOANTŠA BOIKHOHOMOSO LE MEHARO

10, 11. (a) Motho ea ikhohomosang o bonahala joang? (b) Re ithuta’ng mohlaleng o mobe oa Kora, Dathane le Abirame?

10 Re lokela ho elelloa hore lipelo tsa rōna li ka re khelosa. Ruri litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe li matla! Ka mohlala, nahana ka boikhohomoso le meharo. Hlokomela kamoo litšobotsi tsena li ka re sitisang ho mamela lentsoe la Jehova le ho re lebisa tlokotsing kateng. Motho ea ikhohomosang o inkela holimo. A ka ’na a nahana hore o na le tokelo ea ho etsa ntho leha e le efe eo a e batlang ’me ha ho na motho ea ka mo bolellang hore na a etse’ng. Kahoo a ka ’na a nahana hore ha a hloke keletso ea Bakreste-’moho le eena, ea baholo kapa eo mokhatlo oa Molimo o fanang ka eona. Motho ea joalo, o utloela lentsoe la Jehova tlaase.

11 Ha Baiseraele ba ntse ba le lefeelleng, Kora, Dathane le Abirame ba ile ba fetohela bolaoli ba Moshe le ba Arone. Ka lebaka la boikhohomoso, marabele ao a ile a iketsetsa litokisetso tsa ’ona tsa ho rapela Jehova. Jehova o ile a etsa’ng ka bona? O ile a ba bolaea. (Num. 26:8-10) Ka sebele, re ithuta thuto ea bohlokoa tlalehong ena! Ho fetohela Jehova ho lebisa tlokotsing. Hape, a re hopoleng hore “boikakaso bo etella ho oa pele.”—Liprov. 16:18; Esa. 13:11.

12, 13. (a) Fana ka mohlala o bontšang kamoo meharo e ka lebisang tlokotsing kateng. (b) Hlalosa kamoo takatso ea meharo e ka hōlang ka potlako kateng haeba re sa e loantše.

12 Nahana hape ka taba ea meharo. Motho ea meharo o lokoloha ho tlōla ’me ha a hlomphe meeli e loketseng ea boitšoaro. Molaoli oa lebotho la Syria ea bitsoang Naamane o ile a folisoa lepera ’me ka mor’a moo a fa moprofeta Elisha limpho, empa a hana ho li amohela. Leha ho le joalo, mohlanka oa Elisha ea bitsoang Gehazi o ile a khalla limpho tseo. Gehazi o ile a re ka pelong: “Ka Jehova ea phelang, ke tla matha ka mor’a [Naamane] ’me ke nke ho hong ho eena.” O ile a sala Naamane morao a sa bolella Elisha, a fihla a bua leshano ’me a kōpa “talenta ea silevera le liaparo tse ling tse peli.” Ho ile ha etsahala’ng ka Gehazi ka mor’a moo ka lebaka la seo a se entseng le leshano leo a le buileng ho moprofeta oa Jehova? Lepera la Naamane le ile la khomarela Gehazi!—2 Mar. 5:20-27.

13 Meharo e ka qala hanyane ka hanyane, ’me haeba motho a sa laole takatso eo, e ka ’na ea hōla ka potlako ho fihlela a se a sa khone ho ithiba. Tlaleho ea Bibele e buang ka Akane e bontša kamoo meharo e leng matla kateng. Hlokomela kamoo takatso ena ea Akane e ileng ea hōla ka potlako kateng. O ile a re: “Ha ke bona har’a thepa e hapuoeng seaparo se khethehileng se tsoang Shinare, se setle, le lishekele tse makholo a mabeli tsa silevera le setene se le seng sa khauta, boima ba sona e le lishekele tse mashome a mahlano, ke ne ke li batla, eaba kea li nka.” Ho e-na le hore Akane a loantše takatso eo e fosahetseng, ka meharo o ile a utsoa thepa eo ’me a e pata tenteng ea hae. Ha phoso ea Akane e hlahella, Joshua o ile a mo bolella hore Jehova o tla mo tlisetsa tlokotsi. Akane le ba lelapa la hae ba ile ba bolaoa ka ho tlepetsoa ka majoe hona letsatsing leo. (Josh. 7:11, 21, 24, 25) Le rōna re ka ’na ra ba kotsing ea ho hlōloa ke meharo. Ka hona a re itebeleng khahlanong le meharo ka litsela tsohle. (Luka 12:15) Le hoja ka linako tse ling re ka ’na ra nahana ka boitšoaro bo litšila, ke habohlokoa hore re laole likelello tsa rōna ’me re se ke ra lumella litakatso tsa rōna hore li re lebise sebeng.—Bala Jakobo 1:14, 15.

14. Re lokela ho etsa’ng haeba re elelloa hore re na le tšekamelo ea boikhohomoso le meharo?

14 Boikhohomoso le meharo li ka lebisa motho tlokotsing. Ho nahana ka liphello tsa ho etsa se fosahetseng ho tla re thusa hore re se ke ra lumella litšekamelo tse joalo hore li pupetse lentsoe la Jehova. (Deut. 32:29) Ka Bibeleng, Molimo oa ’nete o re bolella hore na tsela e nepahetseng ke efe, ebile o re hlalosetsa melemo ea ho tsamaea ka eona esita le liphello tsa ho nka tsela e fosahetseng. Haeba lipelo tsa rōna li re susumelletsa ho etsa ntho e itseng ka lebaka la boikhohomoso kapa meharo, re lokela ho nahana ka liphello tsa seo! Re lokela ho nahana kamoo ketso eo e fosahetseng e tla re ama kateng, e ame baratuoa ba rōna esita le kamano ea rōna le Jehova.

LULA U BUISANA LE JEHOVA

15. Re ithuta’ng ka puisano mohlaleng oa Jesu?

15 Jehova o batla hore re atlehe bophelong. (Pes. 1:1-3) O re fa tataiso eo re e hlokang. (Bala Baheberu 4:16.) Le hoja Jesu a ne a phethahetse, o ne a lula a buisana le Jehova, ’me a rapela a sa phetse. Jehova o ile a tšehetsa Jesu le ho mo tataisa ka litsela tse ikhethang. O ile a romela mangeloi hore a mo matlafatse, a mo fa moea oa Hae o halalelang a ba a mo tataisa ha a khetha baapostola ba 12. Jehova o ile a bua a le leholimong, a bolela hore o tšehetsa Jesu ’me o oa mo amohela. (Mat. 3:17; 17:5; Mar. 1:12, 13; Luka 6:12, 13; Joh. 12:28) Feela joaloka Jesu, re lokela ho tšollela lipelo tsa rōna ho Molimo ka thapelo. (Pes. 62:7, 8; Baheb. 5:7) Thapelo e re thusa hore re lule re buisana le Jehova ’me kahoo re phele ka tsela e mo tlotlisang.

16. Re ka etsa’ng e le hore Jehova a re thuse ho mamela lentsoe la hae?

16 Le hoja Jehova a fana ka keletso ea hae ka bolokolohi, ha a qobelle batho hore ba e latele. Re lokela ho mo kōpa hore a re fe moea oa hae o halalelang, ’me o tla re fa oona ka seatla se bulehileng. (Bala Luka 11:10-13.) Empa ke habohlokoa hore ‘re ele hloko kamoo re mamelang kateng.’ (Luka 8:18) Ka mohlala, e tla be e le boikaketsi ho kōpa Jehova hore a re thuse ho loantša tšekamelo ea boitšoaro bo bobe ha ka nako e tšoanang re ntse re sheba litšoantšo tsa bootsoa kapa lifilimi tsa boitšoaro bo bobe. Ha e le hantle re lokela ho ba libakeng tseo moea oa Jehova o leng ho tsona. Rea tseba hore moea oa hae o teng libokeng tsa phutheho. Bahlanka ba bangata ba Jehova ba qobile litlokotsi ka hore ba mamele Jehova ha ba le libokeng. Seo se ile sa etsa hore ba hlokomele ha ba qala ho ba le takatso e fosahetseng lipelong tsa bona ’me ba lokisa litsela tsa bona.—Pes. 73:12-17; 143:10.

TSOELA PELE HO MAMELA LENTSOE LA JEHOVA

17. Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho itšetleha ka bohlale ba rōna?

17 Nahana ka Morena Davida oa Iseraeleng ea boholo-holo. Ha a sa le mocha, o ile a hlōla Goliathe, eo e neng e le senatla sa Mofilista. Davida e ile ea e-ba lesole le morena, ’me a sireletsa sechaba sa habo a ba a se etsetsa liqeto. Empa ha Davida a itšetleha ka bohlale ba hae, pelo ea hae e ile ea mo thetsa ’me a etsa sebe se tebileng le Bathe-sheba, a ba a etsa hore monna oa hae Uria a bolaoe. Davida o ile a ikokobetsa ha a khalemeloa, a lumela phoso ea hae ’me a tsosolosa kamano ea hae le Jehova.—Pes. 51:4, 6, 10, 11.

18. Ke’ng e ka re thusang hore re tsoele pele ho mamela lentsoe la Jehova??

18 A re sebeliseng keletso e ho 1 Bakorinthe 10:12 ’me re se ke ra itšepa ho tlōla. Kaha re ke ke ra khona ‘ho tsamaisa mehato ea rōna,’ seo se bolela hore re tla latela lentsoe la Jehova kapa la Sera sa hae. (Jer. 10:23) E se eka re ka rapela re sa khaotse, re latele tataiso ea moea o halalelang, ’me re mamele lentsoe la Jehova kamehla.