MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) September 2014

Makasineng ena ho na le lihlooho tse tl’o ithutoa ho tloha ka la 27 October ho ea ho la 30 November, 2014.

Na U “Hahamalla” Litokelo Tsa Tšebeletso?

U ka etsa seo joang ka tsela e loketseng?

Na U Kholisehile Hore U Fumane ’Nete? Hobane’ng?

Sehloohong sena ho tla tšohloa mabaka a mang a etsang hore batho ba lumele hore Lipaki Tsa Jehova li fumane ’nete. Re tla boela re hlahlobe mabaka a kholisang Lipaki hore li fumane ’nete.

Sebeletsa Molimo ka Botšepehi ho sa Tsotellehe “Matšoenyeho a Mangata”

Motho e mong le e mong o tobana le matšoenyeho kaha re phela lefatšeng la Satane. Satane o hlasela ka litsela life tse ling? Re ka itokiselletsa tsona joang?

Batsoali—Lisang Bana ba Lōna

Batsoali ba na le boikarabelo ba ho hōlisa bana “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Sehloohong sena ho tšohloa litsela tse tharo tseo batsoali ba ka lisang bana ba bona ka tsona ’me ba ba thusa hore ba rate Jehova.

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na mantsoe a Bibele a ho Pesaleme ea 37:25 le a ho Matheu 6:33 a bolela hore le ka mohla Jehova a ke ke a tlohella Mokreste hore a hloke lijo?

Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela

Lefu le lintho tsohle tse lebisang lefung li bakela batho mahlomola a tebileng. Ke hobane’ng ha batho ba shoa? Ke joang ‘sera sa ho qetela, e leng lefu le tla etsoa lefeela’? (1 Bakorinthe 15:26) Bala kamoo likarabo tsa lipotso tsena li totobatsang toka le bohlale ba Jehova kateng, haholo-holo lerato la hae.

Hopolang ba Tšebeletsong ea Nako e Tletseng

Barapeli ba Jehova ba bangata ba sebetsa ka thata tšebeletsong ea nako e tletseng. Re ka etsa’ng ho hopola ‘mosebetsi oa bona o tšepahalang le mosebetsi oa bona o lerato’?—1 Bathesalonika 1:3.