Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hopolang ba Tšebeletsong ea Nako e Tletseng

Hopolang ba Tšebeletsong ea Nako e Tletseng

“Re hopola re sa phetse mosebetsi oa lōna o tšepahalang le mosebetsi oa lōna o lerato.”—1 BATHES. 1:3.

1. Pauluse o ne a ikutloa joang ka batho ba sebeletsang Jehova ka cheseho?

MOAPOSTOLA Pauluse o ile a hopola ba sebetsang ka thata ka lebaka la litaba tse molemo. Pauluse o ile a ngola a re: “Re hopola re sa phetse mosebetsi oa lōna o tšepahalang le mosebetsi oa lōna o lerato le mamello ea lōna ka lebaka la tšepo ea lōna ho Morena oa rōna Jesu Kreste ka pel’a Molimo le Ntate oa rōna.” (1 Bathes. 1:3) Ha e le hantle, Jehova le eena o hopola mosebetsi o etsoang ka lerato ke bohle ba mo sebeletsang ka botšepehi, ebang maemo a bona a ba lumella ho etsa ho hongata kapa ho fokolang.—Baheb. 6:10.

2. Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?

2 Bahlanka-’moho le rōna ba bangata ba nakong e fetileng le ba kajeno, ba ’nile ba etsa boitelo bo boholo e le hore ba sebeletse Jehova ka nako e tletseng. A re boneng hore na ba bang ba ile ba sebeletsa joang lekholong la pele la lilemo. Re tla boela re hlahlobe mefuta e meng ea tšebeletso ea nako e tletseng e etsoang kajeno, ’me re bone kamoo re ka hopolang bara bana babo rōna ba ratehang ba ithaopetseng ho sebeletsa ka litsela tse khethehileng.

BAKRESTE BA LEKHOLONG LA PELE LA LILEMO

3, 4. (a) Ba bang ba ile ba sebeletsa joang lekholong la pele la lilemo? (b) Ba ile ba thusoa joang ka lintho tseo ba li hlokang?

3 Nakoana ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a qalisa mosebetsi  o neng o tla etsoa lefatšeng ka bophara. (Luka 3:21-23; 4:14, 15, 43) Ka mor’a lefu la hae, baapostola ba hae ba ile ba etella pele mosebetsi ona oa boboleli ’me oa nama. (Lik. 5:42; 6:7) Bakreste ba bang, ba kang Filipi, ba ile ba sebeletsa e le baevangeli le baromuoa Palestina. (Lik. 8:5, 40; 21:8) Pauluse le ba bang ba ile ba ea libakeng tse hōle. (Lik. 13:2-4; 14:26; 2 Bakor. 1:19) Ba bang ba kang Silvanase (Silase), Mareka le Luka—ba ile ba sebeletsa e le bakopitsi kapa bangoli. (1 Pet. 5:12) Baralib’abo rōna ba ne ba sebetsa le bara bana babo rōna ba tšepahalang. (Lik. 18:26; Bar. 16:1, 2) Liphihlelo tsa bona tse thabisang li etsa hore e be ho khathollang ho bala Mangolo a Segerike a Bakreste, ’me li bontša hore Jehova o hopola bahlanka ba hae.

4 Basebeletsi ba nako e tletseng ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba thusoa joang ka lintho tseo ba li hlokang? Ka linako tse ling, Bakreste-’moho le bona ba ne ba ba amohela ka mofuthu ba bile ba ba thusa ka litsela tse ling, empa basebeletsi bao ba ne ba sa ba qobelle hore ba ba thuse. (1 Bakor. 9:11-15) Batho ba bang ba ne ba ithaopela ho ba thusa le liphutheho li ba thusa. (Bala Liketso 16:14, 15; Bafilipi 4:15-18.) Pauluse le basebetsi-’moho le eena ba ne ba etsa mosebetsi oa nakoana e le hore ba koahele litšenyehelo tsa bona.

BASEBELETSI BA NAKO E TLETSENG BA KAJENO

5. Banyalani ba bang ba ile ba re’ng ka tšebeletso ea nako e tletseng?

5 Le kajeno ho na le ba bangata ba sebetsang ka thata likarolong tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ea nako e tletseng. (Bona lebokose le reng “ Mefuta ea Tšebeletso ea Nako e Tletseng.”) Ba ikutloa joang ka tšebeletso eo ba e khethileng? U ka ba botsa potso eo, ’me mohlomong seo se tla u ruisa molemo. Ka mohlala, nahana ka sena: Mor’abo rōna e mong eo e kileng ea e-ba pula-maliboho oa kamehla, pula-maliboho ea khethehileng, moromuoa ’me a sebeletsa Bethele naheng e ’ngoe, o re: “Ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng ke khetho e molemo ka ho fetisisa eo nkileng ka e etsa. Ha ke le lilemo li 18, ke ne ke sa tsebe hore na ke khethe eng pakeng tsa ho ea univesithi, ho sebetsa kapa ho nka bopula-maliboho. Ke ithutile hore Jehova ha a lebale boitelo boo re bo etsang e le hore re mo sebeletse ka nako e tletseng. Ke khona ho sebelisa talenta le tsebo eo Jehova a mphileng eona ka litsela tseo ho neng ho se mohla nka khonang ho li sebelisa haeba ke ne ke sebetsa lefatšeng.” Mosali oa hae o re: “Kabelo e ’ngoe le e ’ngoe e nthusitse hore ke hōle. Re bone kamoo Jehova a ’nileng a re sireletsa le ho re tataisa kateng e leng seo re neng re ke ke ra se lemoha haeba re ne re sa kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ke leboha Jehova letsatsi le letsatsi ka hore ebe re tšebeletsong ea nako e tletseng.” Na u ka rata ho ikutloa ka tsela ee?

6. Kaofela ha rōna re ka kholiseha ka eng mabapi le tsela eo Jehova a ikutloang ka eona?

6 Ke ’nete hore ba bang maemo ha a ba lumelle hore ba kenele tšebeletso ea nako e tletseng hajoale. Empa re ka kholiseha hore Jehova o ananela boiteko bohle boo ba bo etsang. Nahana ka bao Pauluse a buileng ka bona ho Filemone 1-3, ho akarelletsa le bohle bao e neng e le karolo ea phutheho ea Kolose. (E bale.) Pauluse o ne a ba ananela, le Jehova ka ho tšoanang. Le rōna Ntate oa rōna ea leholimong o ananela tšebeletso eo re e etsang. Joale u ka tšehetsa ba tšebeletsong ea nako e tletseng joang?

THUSANG BO-PULA-MALIBOHO

7, 8. Bopula-maliboho bo akarelletsa eng, hona ba bang ka phuthehong ba ka thusa bo-pula-maliboho joang?

7 Ho tšoana le baevangeli ba lekholong la pele la lilemo, bo-pula-maliboho ba chesehang ke mohloli oa khothatso liphuthehong. Ba bangata ba bona ba ikitlaelletsa ho qeta lihora tse 70 ka khoeli ba le tšimong. U ka ba thusa joang?

8 Morali’abo rōna oa pula-maliboho eo  lebitso la hae e leng Shari o re: “Bo-pula-maliboho ba bonahala eka ba matla, kaha ba ea tšimong letsatsi le letsatsi. Empa ba ntse ba hloka ho khothatsoa.” (Bar. 1:11, 12) Morali’abo rōna e mong ea ileng a qeta lilemo tse ’maloa e le pula-maliboho o re ka bo-pula-maliboho ba phuthehong ea habo: “Ba sebetsa ka thata le hona ho ea ho ile. Ba ananela haholo ha ba bang ba ithaopela ho ba palamisa likoloi tsa bona ha ba ea tšimong, ba ba memela lijong, ba ba thusa ka chelete ea lipalangoang le lintho tse ling. Seo se ba bontša hore ba hlile baa tsotelloa.”

9, 10. Ba bang ba ’nile ba etsa’ng ho thusa bo-pula-maliboho liphuthehong tsa habo bona?

9 Na u ka rata ho thusa bo-pula-maliboho tšimong? Pula-maliboho e mong ea bitsoang Bobbi o re: “Re hloka tšehetso e eketsehileng har’a beke.” Pula-maliboho e mong phuthehong ea habo eena o re: “Re sokola batho bao re tsamaeang le bona mantsiboea.” Morali’abo rōna e mong eo hona joale a sebeletsang Bethele e Brooklyn o hopola ha e sa le pula-maliboho, o re: “Morali’abo rōna e mong ea neng a e-na le koloi o ile a re, ‘Neng le neng ha u se na motho eo u tsamaeang le eena, u mpolelle ke tla tsamaea le uena.’ O ile a nthusa hore ke lule ke le pula-maliboho.” Shari eena o re: “Bo-pula-maliboho ba masoha ba atisa ho lula ba le bang ha ba tsoa tšimong. Le ka ’na la mema bara kapa barali babo rōna ba masoha borapeling ba lelapa. Ho ba mema le ha le etsa lintho tse ling ho tla ba thusa hore ba lule ba le matla.”

10 Ha morali’abo rōna e mong ea bileng tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse ka bang 50 a bua ka ha e sa le pula-maliboho le baralib’abo rōna ba bang ba masoha, o re: “Baholo ba ne ba lula ba etela bo-pula-maliboho. Ba ne ba re botsa ka bophelo, mosebetsi le ho bona hore na ke lintho life tse re tšoenyang. Ba ne ba hlile ba re tsotella. Ba re etela moo re lulang ho ea bona hore na re hloka thuso hokae.” Sena se ka ’na sa u hopotsa tsela eo Pauluse a ileng a ananela ka eona seo monna e mong oa Efese a ileng a mo etsetsa sona.—2 Tim. 1:18.

11. Ho ba pula-maliboho ea khethehileng ho akarelletsa eng?

11 Liphuthehong tse ling ho na le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ba bangata ba bara le barali bana babo rōna ba ikitlaelletsa ho qeta lihora tse 130 ka khoeli  tšebeletsong ea tšimo. Kaha ba qeta nako e ngata ba le tšimong ba bile ba thusa ka litsela tse ling, ha ba na nako ea ho etsa mosebetsi oa boipheliso. Ofisi ea lekala e ba fa chelete e seng kae khoeli le khoeli e le hore ba tsepamise kelello tšebeletsong.

12. Baholo le ba bang ka phuthehong ba ka thusa bo-pula-maliboho ba khethehileng joang?

12 Re ka thusa bo-pula-maliboho ba khethehileng joang? Moholo e mong ea ofising ea lekala ea sebetsanang le bona, o re: “Baholo ba lokela ho buisana le bona, ba tsebe maemo a bona ’me ba bone moo ho hlokahalang hore ba ba thuse teng. Lipaki tse ling li nahana hore bo-pula-maliboho ba khethehileng ha ba hloke thuso kaha ba fuoa chelete e itseng, empa barab’abo rōna liphuthehong ba ka ba thusa ka litsela tse ngata.” Joaloka bo-pula-maliboho ba kamehla, bo-pula-maliboho ba khethehileng baa thaba ha ho e-na le batho ba sebetsang le bona tšimong. Na u ka ba thusa ntlheng ee?

THUSANG BALEBELI BA TSAMAEANG

13, 14. (a) Re lokela ho hopola eng ka balebeli ba potoloho? (b) U nahana hore u ka etsa eng ho thusa balebeli ba tsamaeang?

13 Barab’abo rōna ba atisa ho nka hore balebeli ba potoloho le basali ba bona ba matla moeeng ebile ba khona ho jara mathata. Ke ’nete ho joalo, empa ba hloka batho ba ba khothatsang, ba sebetsang le bona tšimong le ho kenyelletsoa boikhathollong bo loketseng. Le ka etsa’ng haeba ba kula ’me ba kena sepetlele, mohlomong ho hlokahala hore ba buuoe? Ba ikutloa ba khatholohile ha bara le barali babo rōna ba ba thusa ka seo ba se hlokang ba bile ba bontša hore baa ba thahasella. Re ka inahanela hore na “ngaka e ratoang” Luka ea ngotseng buka ea Liketso, e tlameha ebe o ile a bontša ho tšoenyeha hakaakang ka Pauluse le basebetsi-’moho le eena.—Bakol. 4:14; Lik. 20:5–21:18.

14 Balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba hloka metsoalle e haufi ebile baa e ananela. Molebeli e mong oa potoloho o ile a ngola a re: “Metsoalle ea ka e ea tseba ha ke hloka khothatso. E mpotsa lipotso ka tsela e bohlale, ’me sena se ’nolofalletsa hore ke bue ka lintho tse ntšoenyang. Ke ikutloa ke imolohile haholo ha e ’mamela ka hloko.” Balebeli ba potoloho le basali ba bona ba ananela ka ho teba tsela eo bara le barali babo rōna ba ba thahasellang ka eona.

TŠEHETSANG LITHO TSA LELAPA LA BETHELE

15, 16. Ba sebeletsang Bethele le Liholong Tsa Kopano ba etsa’ng, hona re ka ba tšehetsa joang?

15 Lefatšeng ka bophara, ba sebeletsang Bethele le Liholong Tsa Kopano ba fana ka tšehetso ea bohlokoa mosebetsing oa ’Muso linaheng tse oelang tlas’a ofisi ea bona ea lekala. Haeba le na le litho tsa lelapa la Bethele phuthehong ea habo lōna kapa potolohong, le ka bontša joang hore lea li hopola?

16 Ha ba bang ba fihla Bethele, ba ka ’na ba hloloheloa hae, kaha ba siile ba malapa le metsoalle ea bona. Ruri baa ananela ha litho tse ling tsa Bethele le ba bang liphuthehong tseo ba abetsoeng ho tsona ba ba bontša botsoalle! (Mar. 10:29, 30) Mosebetsi oa bona o ba lumella hore ba kopanele libokeng tsa phutheho le tšebeletsong ea tšimo beke e ’ngoe le e ’ngoe. Empa nako le nako ba fuoa mesebetsi e eketsehileng. Bohle ba rua molemo ha liphutheho li utloisisa sena ’me li bontša hore li ananela litho tsa lelapa la Bethele le mosebetsi oo li o etsang.—Bala 1 Bathesalonika 2:9.

THUSANG BA SEBELETSANG LINAHENG TSE LING

17, 18. Ba sebeletsang linaheng tse ling ba etsa mesebetsi efe?

17 Ba amohelang likabelo tsa ho ea sebeletsa naheng e ’ngoe ba ka ’na ba tlameha ho ja lijo tseo ba sa li tloaelang, ba thatafalloa ke puo, litloaelo le maemo a mang a sa tšoaneng le a moo ba tsoang teng. Ke hobane’ng  ha ba lumetse ho ea phela maemong a joalo?

18 Ba bang ke baromuoa, ba sebeletsang libakeng tseo ba bangata ba ka ruang molemo koetlisong ea bona e khethehileng. Ofisi ea lekala e lokisetsa hore baromuoa ba be le libaka tseo ba lulang ho tsona le ho koahela litlhoko tsa bona tsa motheo. Ba bang ba sebeletsang linaheng tse ling ba abeloa ho ea sebeletsa ofising ea lekala kapa ho ea thusa ka kaho ea makala, liofisi tsa phetolelo, Liholo Tsa Kopano, kapa Liholo Tsa ’Muso. Ba fuoa lijo, bolulo le ho etsetsoa litšebeletso tse ling. Feela joaloka litho tsa lelapa la Bethele, ba kopanela libokeng tsa phutheho le tšebeletsong ea tšimo kamehla, kahoo e ba tlhohonolofatso ka litsela tse ngata.

19. Ke’ng eo re lokelang ho e hopola ka ba sebeletsang linaheng tse ling?

19 U ka etsa’ng ho bontša hore u ua ba hopola? Hopola hore e ka ’na eaba ha baa tloaela lijo tse jeoang sebakeng sa habo lōna, haholo ha ba sa tsoa fihla. U lokela ho hopola sena ha u ba memela lijong; u ka ba botsa hore na ba ka thabela ho ja eng kapa hore na ke sejo sefe seo ba ka ratang ho se leka. U se ke ua ba fella pelo ha ba ntse ba ithuta puo le litloaelo tsa lōna. Ho ka ’na ha nka nako pele ba utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e buang, empa u ka ba thusa ka mosa hore na mantsoe a bitsoa joang. Ba batla ho ithuta!

20. Re ka bontša joang hore re hopola ba tšebeletsong ea nako e tletseng le batsoali ba bona?

20 Batho ba tšebeletsong ea nako e tletseng baa tsofala, ’me le batsoali ba bona baa tsofala. Haeba batsoali ba bona ke Lipaki, ho ka etsahala hore ebe ba lakatsa hore bana ba bona ba tsoele pele ba le likabelong tsa bona. (3 Joh. 4) Ke ’nete hore haeba batsoali ba bona ba hloka ho hlokomeloa ba tla etsa sohle se matleng a bona ho ba hlokomela le ho ba thusa hangata kamoo ba ka khonang. Empa ba setseng hae ba ka ’na ba thusa ba tšebeletsong ea nako e tletseng ka hore ba ithaopele ho hlokomela batsoali ba hōlileng ha ba hloka thuso. Hopolang hore ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba phetha karolo e khōlō mosebetsing oa bohlokoa ka ho fetisisa o etsoang lefatšeng. (Mat. 28:19, 20) Na uena kapa ba bang ka phuthehong le ka thusa haeba batsoali ba basebeletsi ba nako e tletseng ba hloka thuso?

21. Ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba ikutloa joang ka thuso le khothatso eo ba bang ba ba fang eona?

21 Ba kenelang tšebeletso ea nako e tletseng ba e kenela hobane ba rata Jehova le batho ba bang eseng hobane ba batla chelete. Ba ananela e le kannete thuso leha e le efe eo u ba etsetsang eona. Morali’abo rōna e mong ea sebeletsang naheng e ’ngoe o boletse maikutlo a ba bangata ha a re: “Ho ngolloa mantsoe a seng makae a kananelo, ho bontša hore ba bang ba nahana ka uena le hore ba thabela seo u se etsang.”

22. U ikutloa joang ka tšebeletso ea nako e tletseng?

22 Ka sebele, ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng ke tsela e putsang ka ho fetisisa. Ke ’nete hore ho na le mathata, empa hoa koetlisa ebile ho tlisa khotsofalo. Ho koetlisetsa motho hore a tle a thabele ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng tlas’a ’Muso oa Molimo, oo bahlanka bohle ba hae ba tšepahalang ba o letetseng. E se eka kaofela ha rōna ‘re ka hopola re sa phetse mosebetsi o tšepahalang le o etsoang ka lerato’ ke ba tšebeletsong ea nako e tletseng.—1 Bathes. 1:3.