Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Kholisehile Hore U Fumane ’Nete? Hobane’ng?

Na U Kholisehile Hore U Fumane ’Nete? Hobane’ng?

‘Le ipakele e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’—BAR. 12:2.

1. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba etsa’ng nakong ea ntoa?

NA KE thato ea Molimo hore Bakreste ba ’nete ba ee ntoeng ’me ba bolaee batho ba lichaba tse ling? Lilemong tse lekholo tse fetileng, sena ke sona seo batho ba bangata ba ipitsang Bakreste ba ’nileng ba se etsa. Baruti ba sesole ba Mak’hatholike ba ’nile ba hlohonolofatsa masole le libetsa tsa ’ona ha a il’o loana le Mak’hatholike sechabeng se seng. Baruti ba sesole ba Maprostanta le bona ba ’nile ba etsa se tšoanang. Sena se ile sa bonahala hantle Ntoeng ea II ea Lefatše, kaha ntoeng eo ho ile ha bolaoa batho ba bangata.

2, 3. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa etsa’ng nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše le ka mor’a eona, hona hobane’ng?

2 Lipaki Tsa Jehova li ile tsa etsa’ng nakong eo ea ntoa? Histori e bontša hore li ile tsa lula li sa nke lehlakore joaloka Bakreste. Ke’ng e neng e li susumelletsa ho etsa seo? Li ne li susumetsoa ke mohlala oa Jesu le lithuto tsa hae. O ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Joh. 13:35) Li ne li boetse li nka ka ho teba seo moapostola Pauluse a ileng a se bua ha a ngolla Bakreste ba Korinthe.—Bala 2 Bakorinthe 10:3, 4.

3 Bakreste ba ’nete bao matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele ha ba ithute ntoa kapa hona ho kenella lintoeng. Ke  kahoo Lipaki tse likete tse khomarelang thuto ena ea Bokreste, li ’nileng tsa hlorisoa, ho sa tsotellehe hore na li lilemong life kapa hore na ke tsa bong bofe. Tse ngata li ile tsa hlokofatsoa likampong tsa mahloriso le literonkong. Tse ling li ile tsa bolaoa nakong ea puso ea Manazi Jeremane. Ho sa tsotellehe tsela e sehlōhō eo Lipaki li ileng tsa hlorisoa ka eona Europe, ha lia ka tsa lebala thōmo ea tsona ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova. Li ile tsa bolela ka botšepehi ha li le literonkong, likampong tsa mahloriso, esita le ha li le palehong. * Hamorao, Lipaki li ile tsa hana ho kopanela ntoeng ea ho felisa morabe o mong Rwanda ka 1994. Li ile tsa boela tsa lula li sa nke lehlakore ntoeng e tletseng tšollo ea mali e bileng teng haufinyane tjena Linaheng Tsa Balkan, ha naha eo e neng e le Yugoslavia e arohana.

4. Ho se nke lehlakore ha Lipaki Tsa Jehova ho amme ba bang joang?

4 Ho se nke lehlakore ha Lipaki Tsa Jehova ho kholisitse batho ba likete lefatšeng ka bophara hore Lipaki li rata Molimo le moahelani ka lerato la ’nete. Ka mantsoe a mang, ke Bakreste ba ’nete. Empa ho na le likarolo tse ling tsa borapeli ba rōna tse kholisitseng ba bangata hore Lipaki Tsa Jehova, e fela e le Bakreste ba ’nete.

MOSEBETSI O MOHOLOHALI OA HO RUTA

5. Balateli ba pele ba Kreste ba ile ba tlameha ho etsa phetoho efe?

5 Ho tloha ha Jesu a qala tšebeletso ea hae, o ’nile a hatisa bohlokoa ba ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. O ile a khetha barutuoa ba 12 hore ba rale motheo oa ho etsa mosebetsi ona lefatšeng ka bophara; ka mor’a moo, a koetlisa barutuoa ba bang ba 70. (Luka 6:13; 10:1) Ba ne ba ikemiselitse ho bolella ba bang litaba tse molemo, haholo-holo Bajuda. Ha ntan’o etsahala ntho eo ba neng ba sa e lebella! Barutuoa ba Jesu ba ne ba lokela ho li bolella le batho ba sa bollang ba lichaba. Ruri eo e ile ea e-ba phetoho e khōlō ho barutuoa bao ba chesehang ba Bajuda!—Lik. 1:8.

6. Ke eng se ileng sa hlokomelisa Petrose hore Jehova ha a leeme?

6 Moapostola Petrose o ile a laeloa hore a ee ha Korneliase, eo e neng e le Molichaba ea sa bollang. Petrose o ile a hlokomela hore Molimo ha a leeme. Korneliase le ba lelapa la hae ba ile ba kolobetsoa. Bokreste bo ile ba namela libakeng tse ling; batho ba lichaba ba ne ba ka bolelloa ’nete ’me ba e amohela. (Lik. 10:9-48) Joale litaba tse molemo li ne li se li ka boleloa lefatšeng lohle.

7, 8. Mokhatlo oa Jehova o nkile bohato bofe? (Sheba setšoantšo se qalong.)

7 Barab’abo rōna ba etellang Lipaki Tsa Jehova pele kajeno ba li khothalletsa ho bolela litaba tse molemo le ho ruta ka cheseho lefatšeng ka bophara. Hona joale, Lipaki tse chesehang tse ka bang limilione tse robeli li leka ka matla ho hasa molaetsa oa Kreste ka lipuo tse fetang 600, ’me ho ntse ho eketsoa tse ling! Lipaki Tsa Jehova li tsebahala ka mosebetsi oa tsona oa ho ea ka ntlo le ntlo le ka ho paka seterateng, ka linako tse ling li beha lingoliloeng litafoleng le litoroling.

8 Bafetoleli ba fetang 2 900 ba koetliselitsoe ho fetolela Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ha ba fetolele feela ka lipuo tse tsebahalang. Ba fetolela le ka lipuo tse ling tse makholo tse sa tsebahaleng hakaalo, empa li buuoa ke batho ba limilione. Ka mohlala, Spain ho na le batho ba limilione ba  buang Secatalan, e leng puo eo ba e antseng letsoeleng. Morao tjena Secatalan se boetse se sebelisoa libakeng tse kang Andorra, Alicante, Sehlekehlekeng sa Balearic le Valencia. Hona joale Lipaki Tsa Jehova li hlahisa lingoliloeng tsa Bibele ka Secatalan, ’me liboka tsa Bokreste li tšoaroa ka puo e amang Macatalan lipelo.

9, 10. Ke’ng e bontšang hore mokhatlo oa Molimo o thahasella ho thusa batho bohle moeeng?

9 Mosebetsi ona oa phetolelo le oa ho ruta o etsoa lichabeng tse ngata. Naheng ea Mexico ho buuoa Sepanishe, empa ho na le batho ba bang ba bangata ba buang lipuo tse ling tsa moo. Ba bang ba bona ke Bamaya. Ofisi ea lekala e Mexico e rometse bafetoleli ba Bamaya ho ea lula sebakeng seo ho buuoang puo eo ho sona e le hore ba e utloe letsatsi le letsatsi. Mohlala o mong ke oa Senepal, e leng e ’ngoe ea lipuo tse buuoang Nepal, moo ho nang le baahi ba fetang limilione tse 29. Naheng eo ho buuoa lipuo tse ka bang 120, empa batho ba fetang limilione tse leshome ba bua Senepal ’me ba bang ba bangata ba ithutile sona. Lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele li hatisoa ka puo eo.

10 Tsela eo mokhatlo oa Jehova o tšehetsang ka eona lithimi tse ngata tsa bafetoleli lefatšeng ho pota e bontša kamoo o nkang ka ho teba kateng thōmo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle. Ho ’nile ha ajoa lipampitšana, libukana le limakasine tse limilione-milione lefatšeng ka bophara, ’me li fanoa ntle ho tefo. Litšenyehelo li lefelloa ka monehelo oa boithatelo oo Lipaki Tsa Jehova li o ntšang, kaha li latela taelo ea Jesu e reng: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.”—Mat. 10:8.

Bafetoleli ba lokisetsa ho fetolela lingoliloeng ka Selow German (Sheba serapa sa 10)

Lingoliloeng tsa Selow German li sebelisoa le Paraguay (Sheba le setšoantšo se qalong)

11, 12. Mosebetsi oa boboleli o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara o thusitse batho ba bang ho hlokomela eng?

11 Kaha Lipaki Tsa Jehova ke baboleli le mesuoe e inehetseng ea Bakreste, li kholisehile hore li fumane ’nete ’me lia itela e le hore li bolelle batho ba lichaba le ba merabe e meng molaetsa ona oa ’nete. Tse ngata li fokolitse lintho tse sa hlokahaleng bophelong, li ithutile puo e ’ngoe le ho itloaetsa ho phela le batho ba litso tse ling e le hore li kopanele mosebetsing ona oa bohlokoa oo li laetsoeng hore li o etse. Mosebetsi ona oa boboleli le oa ho ruta ke e ’ngoe ea lintho tse kholisang batho ba bangata hore Lipaki  Tsa Jehova ke balateli ba ’nete ba Kreste Jesu.

12 Lipaki li etsa sena sohle hobane li kholisehile hore li fumane ’nete. Empa ke’ng hape e kholisitseng batho ba limilione hore Lipaki Tsa Jehova li fumane ’nete?—Bala Baroma 14:17, 18.

KE HOBANE’NG HA LI LUMELA SEO?

13. Lipaki li entse’ng ho boloka mokhatlo o hloekile?

13 Re ka rua molemo litlhalosong tsa Bakreste ba inehetseng ba mehleng ea rōna, ba kholisehileng hore ba fumane ’nete. E mong oa batho bao e leng khale ba sebeletsa Jehova o ile a re: “Ho etsoa boiteko bo bong le bo bong ho boloka mokhatlo oa Jehova o hloekile boitšoarong ebile o sa silafala, ho sa tsotellehe hore na ke mang ea lokelang ho eletsoa kapa ho khalemeloa.” See se finyelloa joang? Ka ho latela melao-motheo e ka Lentsoeng la Molimo le mohlala oo Jesu le barutuoa ba hae ba re behetseng oona. Kahoo, mehleng ea kajeno ke Bakreste ba seng bakae feela ba Lipaki Tsa Jehova ba ileng ba tlameha ho lelekoa ka phuthehong ea Bokreste hobane ba sa phele tumellanong le melao ea Molimo. Ba bangata ba bona—ho akarelletsa le bao pele ba neng ba phela ka tsela eo Molimo a sa e amoheleng ba fetohile—’me hona joale ba hloekile ebile ba beha mohlala o motle.—Bala 1 Bakorinthe 6:9-11.

14. Batho ba bangata ba khaotsoeng ba entse liphetoho life, hona ka phello efe?

14 Ho thoe’ng ka ba ileng ba tlameha ho lelekoa ka phuthehong, e le hore ho lateloe tataiso ea Mangolo? Ba likete ba ile ba bakela boitšoaro boo e seng ba Bokreste ’me ba khutlisetsoa ka phuthehong. (Bala 2 Bakorinthe 2:6-8.) Ho khomarela melao e phahameng ea Bibele ea boitšoaro ho entse hore phutheho ea Bokreste e lule e hloekile ’me seo se etsa hore batho ba e tšepe. Hore ebe Lipaki Tsa Jehova li khomarela melao ea Molimo—e leng se fapaneng le se etsoang likerekeng tse ngata—ho entse hore batho ba bangata ba lumele hore li phelela ’nete.

15. Ke’ng e ileng ea kholisa mor’abo rōna e mong hore o fumane ’nete?

15 Ke hobane’ng ha Lipaki tse ling tsa khale li lumela hore li fumane ’nete? Mor’abo rōna e mong ea lilemo tse ka holimo ho 50 o re: “Ho tloha ha ke sa le mocha, ke ’nile ka lumela hore tumelo ea ka e thehiloe lithutong tse tharo tsa motheo: (1) hore Molimo o teng; (2) hore o bululetse Bibele; le (3) hore kajeno o sebelisa phutheho ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova ’me o oa e hlohonolofatsa. Ha ke ntse ke ithuta ho theosa le lilemo, ke ’nile ka lula ke hlahloba lintlha tsena ’me ke ipotsa hore na li hlile li na le motheo o tiileng kapa che. Selemo le selemo ke fumana bopaki bo eketsehileng ntlheng ka ’ngoe, ’me bo ’matlafalitse  tumelo le ho nkholisa hore ha e le hantle re fumane ’nete.”

16. Ke’ng e ileng ea etsa hore morali’abo rōna e mong a khahloe ke ’nete?

16 Morali’abo rōna e mong ea nyetsoeng, ea sebeletsang ntlo-khōlō, New York, o ile a re ka mokhatlo oa Jehova: “Ke oona feela o phatlalatsang lebitso la Jehova ka tieo. Sena se loketse, haholo ha re hopola hore lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Bibeleng! Ke rata mantsoe a khothatsang a ho 2 Likronike 16:9, a reng: ‘Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.’” O phaella ka ho re: “’Nete e mpontšitse hore na nka ba le pelo e feletseng joang e le hore Jehova a ka mpontša matla a hae. Ke nka hore kamano ea ka le Jehova ke ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ke ananela tsela eo Jesu a nthusang ka eona hore ke be le tsebo e nepahetseng ka Molimo.”

17. Ke eng e ileng ea kholisa motho e mong ea neng a sa lumele hore Molimo o teng, hona hobane’ng?

17 Motho e mong ea neng a sa lumele hore Molimo o teng o re: “Pōpo e nkholisa hore Molimo o batla hore re thabele bophelo ’me kahoo a ke ke a lumella mahlomola hore a be teng ka ho sa feleng. Hape, ha lefatše le ntse le tetebela le ho feta liketsong tse litšila, batho ba Jehova bona ba tsoela pele ho bonahatsa tumelo, cheseho le lerato. Ke moea oa Jehova feela o ka finyellang sena.”—Bala 1 Petrose 4:1-4.

18. U ikutloa joang ka se builoeng ke bara baa babo rōna ba babeli?

18 Ha Paki e ’ngoe ea khale e hlalosa lebaka le etsang hore e lumele hore seo re se rutang ke ’nete, e itse: “Ha ke ntse ke ithuta ho theosa le lilemo ke ile ka kholiseha hore Lipaki li leka ka matla ho khutlela mohlaleng oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Ke bone kamoo Lipaki Tsa Jehova li momahaneng kateng ha ke ntse ke tsamaea ho pota lefatše. ’Nete e ka Bibeleng e ntliselitse thabo le khotsofalo.” Ha mor’abo rōna e mong ea lilemo tse ka holimo ho 60 a botsoa hore na ke’ng e mo kholisitseng hore o fumane ’nete, o ile a bua ka Jesu Kreste ’me a re: “Re ile ra ithuta ka hloko bophelo le tšebeletso ea Jesu ’me ra ananela mohlala oo a re behetseng oona. Re entse liphetoho bophelong e le hore re atamele haufi le Molimo ka Kreste Jesu. Re hlokometse hore sehlabelo sa Kreste sa thekollo ke sona se re pholosang. ’Me rea tseba hore o ile a tsosoa bafung. Re na le bopaki ba lipaki tse tšepahalang tse boneng seo ka mahlo.”—Bala 1 Bakorinthe 15:3-8.

RE LOKELA HO ETSA’NG KA ’NETE?

19, 20. (a) Ha Pauluse a bua le Bakreste ba phutheho ea Roma, o ile a re re na le boikarabelo bofe? (b) Re na le tlotla efe joaloka Bakreste ba inehetseng?

19 Joaloka Bakreste ba ratang baahelani, ha rea lokela ho ipolokela tsebo ena ea bohlokoa ea ’nete. Pauluse o ile a re ho barab’abo ba phutheho ea Roma: “Haeba u bolela phatlalatsa ‘lentsoe leo le molomong oa hao,’ hore Jesu ke Morena, ’me u bontša tumelo ka pelong ea hao hore Molimo o ile a mo tsosa bafung, u tla pholoha. Kaha ka pelo motho o bontša tumelo bakeng sa ho loka, empa ka molomo motho o bolela phatlalatsa hore a bolokehe.”—Bar. 10:9, 10.

20 Kaha re Lipaki Tsa Jehova tse inehetseng, re kholisehile hore re fumane ’nete ’me re na le tlotla ea ho ruta ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. E se eka ha re ntse re tsoela pele ho bolela, ba bang ba ka khahloa ke litaba tse ka Bibeleng tseo re li rutang le ke kholiseho ea rōna.

^ ser. 3 Sheba buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 191-198, 448-454.