Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Ananela Lefa Leo U le Fuoeng?

Na U Ananela Lefa Leo U le Fuoeng?

“Re amohetse moea o tsoang ho Molimo, e le hore re ka tseba lintho tseo re li filoeng ka mosa ke Molimo.”—1 BAKOR. 2:12.

1. Ke mantsoe afe ao batho ba atisang ho a bua?

BATHO ba bangata ba kile ba utloa mantsoe a reng: ‘Ha u ananele seo u nang le sona ho fihlela se u lahlehetse.’ Na ka linako tse ling u ee u ikutloe ka tsela eo? Haeba motho a hōtse a e-na le lintho, hangata ha a li ananele. Ka mohlala, ngoana ea hōlelang lelapeng le ruileng, a ka ’na a se ke a ananela lintho tse ngata tseo a nang le tsona. Ho ka etsahala se tšoanang ka bacha bao ka ho hloka phihlelo, ba ka ’nang ba hlokomoloha lintho tsa bohlokoa.

2, 3. (a) Bacha ba Bakreste ba lokela ho qoba eng? (b) Ke’ng e ka re thusang ho ananela lefa la rōna la moea?

2 Haeba u mocha, ke eng eo u e nkang e le ea bohlokoa? Batho ba bangata ba amehile haholo ka lintho tse bonahalang—ba batla ho fumana mosebetsi o lefang hantle, ho ba le ntlo e ntle, kapa lisebelisoa tsa morao-rao tsa theknoloji. Empa haeba re amehile ka lintho tsena feela, re tla fosoa ke ntho ea bohlokoa, e leng maruo a moea. Ka masoabi, batho ba bangata ha ba e-s’o iphe nako ea ho a batla. Lōna bacha ba hōlisitsoeng ke batsoali ba Bakreste, le lokela ho ba hlokolosi hore le se ke la nka habobebe lefa la moea leo le le fuoeng. (Mat. 5:3) Ho hlōleha ho le ananela ho ka le tlisetsa liphello tse bohloko tse ka fetolang bophelo ba lōna.

3 Empa ho na le seo le ka se etsang ho qoba boemo boo. Ke’ng e ka le thusang ho ananela lefa la lōna la moea? A re ke re hlahlobeng e meng ea mehlala e hlahang ka Bibeleng e ka re thusang ho lemoha bohlokoa ba lefa la rōna la moea. Mehlala ena e tla thusa bacha le Bakreste ba bang bohle hore ba ananele lefa la bona la moea.

BA NE BA HLOKA KANANELO

4. Samuele oa Pele 8:1-5 e senola eng ka bara ba Samuele?

4 Ka Bibeleng ho na le mehlala ea batho ba ileng ba fumana lefa la bohlokoa la moea empa ba hlōleha ho le ananela. Sena se ile sa etsahala lelapeng la moprofeta Samuele, ea ileng a qala ho sebeletsa Jehova a sa le monyenyane ’me a iketsetsa lebitso le letle ho Molimo. (1 Sam. 12:1-5) Samuele o ile a behela bara ba hae e leng Joele le Abija mohlala o motle oo ba neng ba lokela ho o etsisa. Empa ha baa ka ba o etsisa, ho e-na le hoo ba etsa se sebe. Bibele e re ho fapana le ntate oa bona ba ne “ba khopamisa kahlolo.”—Bala 1 Samuele 8:1-5.

5, 6. Bara ba Josiase le setloholo sa hae ba ile ba etsa’ng?

5 Ho ile ha etsahala se tšoanang ka bara ba Morena Josiase. Josiase o ile a ba behela mohlala o motle ha ho tluoa borapeling ba Jehova. Ha ho fumanoa buka ea Molao oa Molimo ’me Josiase a e balloa, o ile a leka ka matla ho latela litaelo tsa Jehova. O ile a ikitlaelletsa ho felisa borapeli ba litšoantšo le tšebelisano le meea, ’me a khothalletsa batho hore ba mamele Jehova. (2 Mar. 22:8; 23:2, 3, 12-15, 24, 25) Ruri o ile a siela bara ba hae lefa le babatsehang la moea! Ha nako e ntse e ea, bara ba hae ba bararo le setloholo sa hae se seng e ile ea e-ba marena, empa kaofela ha bona ha baa ka ba ananela lefa leo ba le fuoeng.

6 Mora oa Josiase ea bitsoang Joakaze o ile a mo hlahlama boreneng, empa a “etsa se sebe mahlong a Jehova.” O ile a busa ka likhoeli tse tharo feela pele Faro oa Egepeta a mo tšoara, ’me kahoo a shoella botlamuoeng. (2 Mar. 23:31-34) O ile a hlahlangoa ke moena oa hae ea bitsoang Jojakime, ea ileng a busa ka lilemo tse 11. Le eena ha aa ka a ananela lefa leo ntate oa hae a mo fileng lona. Ka lebaka la liketso tsa Jojakime tse mpe, Jeremia o ile a profeta sena ka eena: “O tla patoa ka lepato la esele.” (Jer. 22:17-19) Mora oa Josiase ea bitsoang Tsedekia le setloholo sa hae Jojakine, ba ileng ba mo hlahlama boreneng le bona ba ile ba etsa se tšoanang; ha baa ka ba khetha ho etsa se nepahetseng.—2 Mar. 24:8, 9, 18, 19.

7, 8. (a) Solomone o bapetse ka lefa la hae la moea joang? (b) Re ka ithuta’ng mehlaleng e ka Bibeleng ea batho ba ileng ba bapala ka lefa la bona la moea?

7 Solomone e ne e le morena eo ntate oa hae Davida a neng a mo sietse lefa le lengata. Le hoja Solomone a ne a fuoe koetliso e matla moeeng a bile a qalile hantle, ha nako e ntse e ea o ile a khetha ho etsa se fosahetseng. “Nakong ea ho tsofala ha Solomone basali ba hae ba ne ba khelositse pelo ea hae hore e latele melimo e meng; ’me pelo ea hae e ne e sa fella ho Jehova Molimo oa hae joaloka pelo ea ntat’ae Davida.” (1 Mar. 11:4) Ka lebaka leo, Solomone ha aa ka a hlola a amoheleha ho Jehova.

8 Ruri ho utloisa bohloko ho bona hore le hoja banna bana ba ne ba e-na le monyetla o babatsehang oa ho etsa se nepahetseng, ba ile ba bapala ka oona! Empa bacha ba bang ba mehleng ea Bibele ba ile ba etsa se fapaneng, ’me ho joalo le ka ba bang kajeno. A re ke re hlahlobeng mehlala e meng e metle eo bacha ba Bakreste ba ka e etsisang kajeno.

BA ILE BA ANANELA LEFA LEO BA LE FUOENG

9. Bara ba Noe ba re behetse mohlala ofe o motle? (Sheba setšoantšo se qalong.)

9 Bara ba Noe ba re behetse mohlala o babatsehang. Ntate oa bona o ile a fuoa taelo ea hore a hahe areka ’me a kenye ba lelapa la hae ka ho eona. Ho hlakile hore bara ba Noe ba ne ba utloisisa hore ba lokela ho etsa thato ea Jehova. E tlameha ebe ba ne ba tšehetsa ntate oa bona. Ha nako e ntse e ea, ba ile ba thusa ntate oa bona ho haha areka ’me ba kena ka ho eona. (Gen. 7:1, 7) Ka sepheo sefe? Genese 7:3 e re ba ile ba kenya liphoofolo ka arekeng e le hore ‘ba boloke malinyane a tsona a phela.’ Batho le bona ba ile ba pholosoa. Kaha bara ba Noe ba ne ba ananela lefa leo ba le fumaneng ka ntate oa bona, ba ile ba ba le tokelo ea ho tlatsa lefatše ka batho le ea ho tsosolosa borapeli ba ’nete lefatšeng le hloekisitsoeng.—Gen. 8:20; 9:18, 19.

10. Bahlankana ba bane ba Baheberu ba ile ba bontša joang hore ba ananela linnete tseo ba li rutiloeng?

10 Lilemo tse makholo hamorao, bahlankana ba bane ba Baheberu ba ile ba bontša hore ba ithutile seo ehlileng e leng sa bohlokoa. Hanania, Mishaele, Azaria le Daniele ba ile ba isoa Babylona ka 617 B.C.E. E ne e le bahlankana ba batle ba bile ba le bohlale, ’me ho ka be ho bile bonolo hore ba phele ka tsela eo Bababylona ba phelang ka eona. Empa ha baa ka ba etsa joalo. Liketso tsa bona li ile tsa totobatsa hore ba ananela lefa leo ba le fuoeng, ke hore seo ba se rutiloeng. Bahlankana bao ba bane ba ile ba hlohonolofatsoa ka ho enneng ka lebaka la ho khomarela linnete tseo ba neng ba li rutiloe bongoaneng.—Bala Daniele 1:8, 11-15, 20.

11. Ba bang ba ruile molemo joang linneteng tseo Jesu a ithutileng tsona?

11 Mohlala o mong oo re sa lokelang ho o siea morao ke oa Jesu, Mora oa Molimo. O ne a ithutile ho hongata ho Ntate oa hae, ’me a ananela seo. O ile a bontša hore o ananela seo a mo rutileng sona, ha a re: “Feela joalokaha Ntate a nthutile ke bua lintho tsena.” (Joh. 8:28) O ne a bile a batla hore ba bang ba rue molemo ho seo a ithutileng sona. O ile a re ho bongata: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:18, 43) O ile a lemosa bamameli ba hae hore ha e ea lokela ho ba “karolo ea lefatše” lena le sa ananeleng lintho tsa moea.—Joh. 15:19.

ANANELA LEFA LEO U LE FUOENG

12. (a) Timothea oa Bobeli 3:14-17 e hlalosa boemo ba bacha ba bangata kajeno joang? (b) Bacha ba Bakreste ba lokela ho ipotsa lipotso life?

12 Ho tšoana le bahlankana bao re sa tsoa bua ka bona, mohlomong le uena u hōlisitsoe ke batsoali ba inehetseng ho Jehova Molimo. Haeba ho joalo, mohlomong seo Mangolo a se buang ka Timothea, se hlalosa boemo ba hao. (Bala 2 Timothea 3:14-17.) Batsoali ba hao ba u rutile Molimo oa ’nete le hore na u ka mo khahlisa joang. E ka ’na eaba ba u rutile ho tloha boseeng. Seo ba u rutileng sona se ‘u hlalefiselitse poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu,’ ’me se entse hore u ‘tšoanelehe ka botlalo’ ho sebeletsa Molimo. Empa potso e ea sala: Na u ananela lefa leo u le fuoeng? Ho tla hlokahala hore u itlhahlobe tabeng ena. Nahana ka lipotso tse kang: ‘Ke ikutloa joang ka ho ba e mong oa lipaki tse ngata tse tšepahalang? Ke ikutloa joang ka ho ba har’a batho ba seng bakae ba tsejoang ke Molimo kajeno lefatšeng? Na ke ananela tlotla e ikhethang le e babatsehang ea ho tseba ’nete?’

U ikutloa joang ka ho ba e mong oa lipaki tse ngata tse tšepahalang? (Sheba serapa sa 9, 10 le 12)

13, 14. Bacha ba bang ba Bakreste ba tobana le teko efe, hona ke hobane’ng ha e le booatla ho inehela ho eona? Fana ka mohlala.

13 Bacha ba bang ba hōlisitsoeng ke batsoali ba Bakreste ba ka ’na ba sitoa ho lemoha phapang e khōlō pakeng tsa paradeise ea rōna ea moea le lefatšeng la Satane le lefifing. Ba bang ba batla ho latsoa hore na bophelo bo joang lefatšeng la Satane. Empa na u ka ikakhela ka tseleng koloi e ntse e tla, hobane feela u batla ho utloa hore na ho chaisoa ke koloi ho bohloko hakae, kapa hore na e ka u bolaea? Che! Ka ho tšoanang, ha ho hlokahale hore u ‘inehelle litakatso tsa nama’ tsa lefatše lena hobane feela u batla ho utloa hore na liphello tsa teng li bohloko hakae.—1 Pet. 4:4.

14 Gener ea lulang Asia, o hōlisitsoe ke batsoali ba Bakreste. O kolobelitsoe a le lilemo li 12. Empa ha nako e ntse e ea, a khahloa ke litsela tsa lefatše. O re: “Ke ne ke batla ‘bolokolohi’ boo lefatše le fanang ka bona.” Kahoo, a qala ho phela ka tsela ea boikaketsi. Ha a le lilemo li 15, o ne a se a qalile ho etsa lintho tse fosahetseng tseo metsoalle ea hae e li etsang. O ne a noa a bile a rohakana joaloka eona. O ne a atisa ho fihla hae bosiu ka mor’a ho bapala snooker le metsoalle ea hae hammoho le lipapali tse mabifi tsa elektronike. Empa ha nako e ntse e ea, o ile a hlokomela hore menate ea lefatše ha e tlise khotsofalo ea sebele. O ne a phela bophelo bo se nang morero. Ha a bua ka ho khutlela ha hae ka phuthehong o re: “Ke sa tobana le liphephetso tse ngata, leha ho le joalo ke thabela litlhohonolofatso tsa Jehova haholo.”

15. Bacha ba sa hōlisoang ke batsoali ba Bakreste ba lokela ho nahana ka eng?

15 Ke ’nete hore bacha ba bang ka phuthehong ha baa hōlisoa ke batsoali ba Bakreste. Haeba u e mong oa bona, nahana ka tlotla e babatsehang eo u nang le eona hona joale ea ho tseba ’Mōpi le ho mo sebeletsa! Ho na le batho ba libilione kajeno lefatšeng. Kahoo, ke tokelo e khōlō ho ba har’a batho bao Jehova a ba huletseng ho eena ka mosa le bao a ba senoletseng ’nete ea Bibele. (Joh. 6:44, 45) Kajeno ke motho a le mong feela ho ba sekete ea nang le tsebo e nepahetseng ea ’nete, ’me u e mong oa bona. Na lee hase lebaka la hore re thabe, ho sa tsotellehe hore na re tsebile ’nete joang? (Bala 1 Bakorinthe 2:12.) Gener o re: “Ke tsitsipana ’mele ha ke nahana ka taba ena. Ke mang hore ke tsejoe ke Jehova, Moetsi oa bokahohle?” (Pes. 8:4) Morali’abo rōna e mong oa hona moo Asia o re: “Liithuti lia thaba ha tichere e li tseba. Joale, ruri ke tlotla ho tsejoa ke Jehova, Morupeli e Moholo!”

U TLA ETSA’NG?

16. Bacha ba Bakreste ba lokela ho etsa khetho efe e bohlale kajeno?

16 Ha u nahana ka tlotla e babatsehang eo u nang le eona, na seo ha se u susumelletse hore u ikemisetse le ho feta ho ba har’a ba seng bakae ba entseng qeto e nepahetseng bophelong? Ha u etsa joalo, u tla ba e mong oa bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba Molimo. ’Me ke bohlale ho etsa joalo ho fapana le ho latela bacha ba bangata ba lefatše lena le eang timelong.—2 Bakor. 4:3, 4.

17-19. Ke’ng e ka u thusang hore u be le pono e leka-lekaneng ka ho ba mokhelo lefatšeng lee?

17 Ke ’nete hore ka linako tse ling ho ka ’na ha e-ba thata ho ba mokhelo lefatšeng lena. Empa bonneteng, ke bohlale ho etsa joalo. Ka mohlala: Nahana ka moatlelete oa Liolimpiki. Ha ho pelaelo hore o lokela ho etsa lintho ka tsela e fapaneng le ea batho ba bang hore a atlehe. A ka ’na a tlameha ho qoba lintho tse ngata tse ka mo jellang nako ea ho ikoetlisa. Ka lehlakoreng le leng, ho ikemisetsa ho etsa lintho ka tsela e fapaneng le ea batho ba bang ho tla mo fa nako e eketsehileng ea ho ikoetlisa e le hore a finyelle pakane ea hae.

18 Lefatše le shebela lintho haufinyane. Haeba u talima lintho ka tsela e fapaneng, ’me u qoba boitšoaro le lintho tse ling tse kotsi moeeng, u tla “tšoara ka tieo bophelo ba sebele.” (1 Tim. 6:19) Morali’abo rōna ea qotsitsoeng pejana o re: “Haeba u emela seo u se lumelang, u tla ikutloa u thabile. Sena se tla bontša hore u khona ho ikemela le hore ha u latele bongata lefatšeng lena la Satane. Habohlokoa le ho feta, u tla thabisa Jehova Molimo! U tla ikutloa u le motlotlo hore ebe u mokhelo!”

19 Motho o tla be a phelela lefeela haeba a amehile feela ka seo a ka se fumanang hona joale. (Moek. 9:2, 10) Haeba u mocha ’me u nahana ka botebo ka hore na u phelela’ng le hore na u ka phela nako e kae, u lokela ho ba le morero bophelong, ’me u qobe ho ‘tsamaea feela joalokaha lichaba li tsamaea.’—Baef. 4:17; Mal. 3:18.

20, 21. Haeba re etsa liqeto tse nepahetseng re letetsoe ke eng, hona Molimo o lebeletse’ng ho rōna?

20 Haeba re etsa liqeto tse nepahetseng re tla thabela bophelo bo khotsofatsang hona joale re be re tšoanelehele ho “rua lefatše,” ’me re phele ka ho sa feleng. Re letetsoe ke litlhohonolofatso tse babatsehang ho feta kamoo re ka nahanang kateng. (Mat. 5:5; 19:29; 25:34) ’Nete ke hore Molimo ha a re fe lintho feela tjee. O lebeletse hore re etse ho hong. (Bala 1 Johanne 5:3, 4.) ’Me hona joale re lokela ho mo sebeletsa ka botšepehi!

21 Ruri ke tokelo e khōlō hore ebe Molimo o re file lintho tse ngata hakana! Re na le tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la hae ebile re tseba ’nete ka eena le merero ea hae. Re thabela ho jara lebitso la hae le ho ba Lipaki tsa hae. O tšepisa hore o tla re tšehetsa. (Pes. 118:7) E se eka kaofela ha rōna, ebang re bacha kapa re baholo, re ka bontša kananelo ka ho phela ka tsela e bontšang hore re ikemiselitse ho fa Jehova “khanya ka ho sa feleng.”—Bar. 11:33-36; Pes. 33:12.