Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Lokela ho Fetola Maikutlo?

Na U Lokela ho Fetola Maikutlo?

BACHA ba Bakreste ba etsa qeto ea ho ea shebella filimi e itseng. Ba utloile hore bana ba bang sekolong baa e rata. Ha ba fihla moo, ’me ba sheba li-poster tsa eona, ba fumana li hlahisitse libetsa tse tšabehang le basali ba apereng ka tsela e makatsang. Ba tla etsa’ng? Na ba tla ’ne ba kene ba shebelle filimi eo?

Boemo bona bo bontša hore ho na le maemo a mangata ao re ka ’nang ra lokela ho etsa liqeto ho ’ona, a ka amang bomoea le kamano ea rōna le Jehova. Ka linako tse ling, u ka ’na ua rera ho etsa ntho e itseng, empa ebe u boetse u nahana ka taba eo, ’me u fetola maikutlo. Na hoo ke ho hlōleha ho etsa qeto, kapa na ho loketse?

Ha ho Fetola Maikutlo ho sa Lokela

Lerato la rōna ho Jehova le re susumelletsa hore re inehele ho eena ’me re kolobetsoe. Re lakatsa ho lula re tšepahala ho Molimo. Empa sera sa rōna, e leng Satane Diabolose, se ikemiselitse ho senya botšepehi ba rōna. (Tšen. 12:17) Re entse qeto ea ho sebeletsa Jehova le ho mamela litaelo tsa hae. Ruri e ka ba ho utloisang bohloko ha re ka fetola maikutlo a rōna, ha ho tluoa tabeng ea ho inehela ho Jehova! Re ka lahleheloa ke bophelo.

Lilemong tse fetang 2 600 tse fetileng, Morena Nebukadnezare oa Babylona o ile a emisa setšoantšo se seholohali sa khauta, ’me a laela hore bohle ba se khumamele. Mang kapa mang ea sa se khumameleng o ne a lokela ho lahleloa ka sebōping. Barapeli ba bararo ba Jehova—e leng Shadrake, Meshake le Abednego—ba ile ba hana ho se khumamela. Kahoo, ba ile ba lahleloa ka sebōping sa mollo. Jehova o ile a ba pholosa ka mohlolo, empa ba ne ba ikemiselitse ho tela bophelo ba bona, ho e-na le hore ba koenehele qeto ea bona ea ho sebeletsa Molimo.—Dan. 3:1-27.

Moprofeta Daniele le eena o ile a tsoela pele ho rapela le hoja a ne a tšosoa ka hore o tla lahleloa ka lemeneng la litau. Empa o ile a khomarela tloaelo ea hae ea ho rapela Jehova ka makhetlo a mararo ka letsatsi. Daniele ha aa ka a fetola boikemisetso ba hae ba ho rapela Molimo oa ’nete. Ka lebaka leo, moprofeta eo o ile a pholosoa “marōng a litau.”—Dan. 6:1-27.

Bahlanka ba Molimo kajeno le bona ba phelela boinehelo ba bona. Sekolong se seng Afrika, bana ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba hana ho kopanela tšebeletsong ea ho rapela letšoao la naha. Ba ile ba tšepisoa hore ba tla lelekoa sekolong haeba ba sa kopanele tšebeletsong eo le bana ba bang ba sekolo. Nakoana ka mor’a moo, letona la thuto le ile la etela motseng oa habo bona ’me la buisana le bana ba bang ba Lipaki. Bacha bana ba Lipaki ba ile ba le hlalosetsa boemo ba bona ka sebete empa ba ikokobelitse. Ka mor’a moo, taba ena ha e ea ka ea hlola e ba bakela bothata. Bara le barali bana babo rōna ba bacha ba se ba khona ho ea sekolong ba sa hatelloe hore ba senye kamano ea bona le Jehova.

Ak’u boele u nahane ka Joseph, eo mosali oa hae a ileng a bolaoa ke kankere ka mor’a ho kula nako e khutšoanyane. Ba lelapa labo Joseph ba ne ba utloisisa ba bile ba hlompha tsela eo a ikutloang ka eona ka meetlo e etsoang mapatong. Empa ba habo mosali hase Lipaki, kahoo ba ne ba batla ho etsa meetlo, esita le e sa thabiseng Molimo. Joseph o re: “Ha ke hana ho etsa meetlo eo, ba ile ba leka ho susumetsa bana ba ka, empa le bona ba ema ba tiile. Ba ne ba batla ho tšoara tebelo, kahoo ka ba bolella hore haeba ba batla ho e tšoara ba se ke ba e tšoarela mona ha ka. Ba ne ba tseba hore ho tšoara tebelo ho khahlanong le seo ’na le mosali oa ka re se lumelang, kahoo ka mor’a ho buisana le bona halelele ba ile ba e tšoarela sebakeng se seng.

“Nakong ena e thata, ke ile ka kōpa Jehova ka tieo hore a nthuse e le hore lelapa la ka le se ke la tlōla melao ea hae. O ile a utloa lithapelo tsa ka ’me a re thusa hore re lule re tiile le ha re hatelloa.” Joseph le bana ba hae ba ne ba nka hore ha ho letho le ka fetolang maikutlo a bona litabeng tse amang borapeli.

Ha ho Fetola Maikutlo ho ka ’na ha Hlokahala

Nakoana ka mor’a Paseka ea 32 C.E., mosali e mong oa Mosyria oa Finisia o ile a tla ho Jesu Kreste, Sidone. O ile a mo kōpa ka ho phehella hore a leleke modemona ho morali oa hae. Qalong, Jesu o ile a ithōlela. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Ha kea romeloa ho bafe kapa bafe haese ho linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.” Ha mosali eo a ntse a mo phehella, Jesu o ile a re: “Ha hoa nepahala ho nka bohobe ba bana le ho bo akhella lintjanyana.” Mosali eo o ile a bontša hore o na le tumelo e matla, ’me a re: “E, Morena; empa ha e le hantle lintjanyana li ja makumane a oang litafoleng tsa beng ba tsona.” Qetellong Jesu o ile a amohela kōpo ea hae eaba o folisa morali oa mosali eo.—Mat. 15:21-28.

Ka ho etsa seo, Jesu o ne a etsisa Jehova ka ho ithaopela ho fetola maikutlo ha maemo a hloka joalo. Ka mohlala, Molimo o ile a etsa qeto ea ho felisa Baiseraele ka mor’a hore ba etse namane ea khauta, empa o ile a fetola qeto ea hae ha Moshe a mo kōpa hore a ba hauhele.—Ex. 32:7-14.

Moapostola Pauluse o ile a etsisa Jehova le Jesu. Pauluse o ile a qeta nako e itseng a sa batle ho tsamaea le Johanne Mareka maetong a hae a boromuoa, hobane a nka hore o ile a ba lahla kherehloa leetong la hae la pele la boromuoa le Barnabase. Empa ho bonahala eka hamorao Pauluse o ile a hlokomela boikitlaetso ba Mareka, ’me a elelloa hore ke oa bohlokoa haholo ho eena. Kahoo Pauluse o ile a re ho Timothea: “Nka Mareka ’me u tle le eena, kaha o na le thuso ho ’na bakeng sa ho sebeletsa.”—2 Tim. 4:11.

Ho thoe’ng ka rōna? Ha re ntse re etsisa Ntate oa rōna ea lerato, ea mohau le ea nang le mamello, re ka ’na ra fumana ho loketse hore maemong a mang re fetole maikutlo. Ka mohlala, re ka ’na ra fetola tsela eo re ikutloang ka eona ka ba bang. Ho fapana le Jehova le Jesu, rōna ha rea phethahala. Haeba ba ile ba ithaopela ho fetola maikutlo, na rōna ha rea lokela ho nahanela mabaka a etsang hore ba bang ba etse lintho ka tsela e itseng, ’me mohlomong re fetole maikutlo?

Ho ka ’na ha e-ba molemo hore re fetole maikutlo ha re nahana ka lipakane tsa moea. Batho ba bang ba ithutang Bibele le ba qetileng nako ba tla libokeng tsa phutheho ba ka ’na ba chechisa taba ea ho kolobetsoa. Kapa barab’abo rōna ba bang ba ka ’na ba e-ba leqe ho nka bopula-maliboho, le hoja ba ka khona ho atolosa tšebeletso ea bona ka tsela eo. Ba bang bona ba ka ’na ba tsoafa ho hahamalla boikarabelo ka phuthehong. (1 Tim. 3:1) Na le uena u na le bothata bo kang boo? Ka lerato, Jehova o u mema hore u latsoe tokelo eo. Joale ke hobane’ng ha u sa fetole monahano oa hao ’me u thabele ho sebeletsa Molimo le ba bang haholoanyane?

Ho fetola maikutlo ho ka ’na ha u tlisetsa litlhohonolofatso

Ella ea sebeletsang ofising e ’ngoe ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, Afrika, o re: “Ha ke fihla Bethele, ke ne ke sa nahane hore ke tla lula nako e telele. Ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova ka moea oohle, empa ke rata ba lelapa leso. Qalong, ke ne ke ba hloloheloa haholo! Leha ho le joalo, motho eo ke lulang le eena o ile a nkhothatsa, kahoo ka etsa qeto ea ho lula. Ho se ho fetile lilemo tse leshome ke le Bethele, ’me joale ke batla ho sebeletsa bara le barali beso kahohle kamoo nka khonang kateng, ka hore ke tsoele pele ke le Bethele.”

Ha ho Fetola Maikutlo e le Tlamo

Na u sa hopola hore na ho ile ha etsahala’ng ka Kaine ha a honohela moena oa hae ’me a tlala khalefo? Molimo o ile a re o tla mo amohela haeba a ka boela a etsa se molemo. Molimo o ile a laela Kaine hore a laole sebe se neng “se laletse monyako.” Kaine o ne a ka ’na a fetola maikutlo le monahano oa hae, empa o ile a khetha ho hlokomoloha keletso ea Molimo. Ka bomalimabe, Kaine o ile a bolaea moena oa hae ’me ea e-ba ’molai oa pele!—Gen. 4:2-8.

Ho ka be ho ile ha etsahala’ng hoja Kaine a fetola maikutlo a hae?

Hape nahana ka mohlala oa Morena Uzia. Qalong, o ile a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova ’me a lula a batla tataiso ea Molimo. Empa ka masoabi Uzia o ile a senya botumo ba hae bo botle ka hore a ikhohomose. O ile a kena ka tempeleng ’me a chesa libano, le hoja e ne e se moprista. Na o ile a fetola maikutlo ha baprista ba mo lemosa hore a se ke a etsa ketso ee ea boikhohomoso? Che. Uzia o ile “a halefa” ’me a se ke a mamela. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo otla ka lepera.—2 Likron. 26:3-5, 16-20.

Ha e le hantle, ka linako tse ling re tlamehile ho fetola maikutlo a rōna. Mohlala o mong oa mehleng ea kajeno ke ona. Joachim o ile a kolobetsoa ka 1955, empa a khaoloa ka 1978. O ile a bontša pako ka mor’a lilemo tse fetang 20, ’me a khutlisetsoa ka phuthehong e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Morao tjena, moholo e mong o ile a mo botsa hore na ke hobane’ng ha a nkile nako e telele joalo hore a kōpe ho khutlisetsoa ka phuthehong. Joachim o ile a re: “Ke ne ke halefile ke bile ke tletse boikhohomoso. Kea ikoahlaea hore ebe ke nkile nako e telele joalo. Ha ke ntse ke khaotsoe, ke ne ke tseba hore Lipaki Tsa Jehova li ruta ’nete.” Ho ne ho hlokahala hore a fetole boikutlo ba hae ’me a bake.

Le rōna re ka ’na ra iphumana ho hlokahala hore re fetole maikutlo le tsela eo re etsang lintho ka eona. E se eka re ka ikemisetsa ho etsa seo e le hore re khahlise Jehova.—Pes. 34:8.