Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Feta Bofelo ba Lefatše Lena la Khale re Momahane

Ho Feta Bofelo ba Lefatše Lena la Khale re Momahane

“Re litho ba bang tsa ba bang.”—BAEF. 4:25.

1, 2. Molimo o batla hore barapeli ba hae ba bacha le ba hōlileng ba etse’ng?

NA U mocha? Haeba ho joalo, kholiseha hore re ananela haholo hore ebe u karolo ea phutheho ea Jehova. Linaheng tse ngata, boholo ba batho ba kolobetsoang ke bacha. Ruri hoa khothatsa ho bona bacha ba bangata ba khetha ho sebeletsa Jehova!

2 Kaha u sa le mocha, na u thabela ho qeta nako le bacha ba bang? Mohlomong ho joalo. Lintho tse ling li ba monate ha u li etsa le lithaka tsa hao. Empa ho sa tsotellehe semelo sa rōna le hore na re bacha kapa re se re hōlile, Molimo o batla hore re mo sebeletse re momahane. Moapostola Pauluse o ile a re thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:3, 4) Tšenolo 7:9 e re barapeli ba Molimo ba tsoa “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.”

3, 4. (a) Bacha ba bangata kajeno ba na le boikutlo bofe? (b) Re ka bontša joang hore re lumellana le mantsoe a ho Baefese 4:25?

3 Ruri bacha ba sebeletsang Jehova ba fapane hōle le bacha ba lefatše lena! Ba bangata ba sa sebeletseng Jehova ba phela ka tsela ea boithati, ba amehile feela ka lintho tseo ba li batlang. Bafuputsi ba bang ba re ke moloko oa baithati. Tsela eo ba buang le ho apara ka eona e bontša hore ba nyatsa batho ba hōlileng, ebile ba nka hore “ba siiloe ke nako.”

4 Boikutlo bona bo hohle. Kahoo, bacha ba sebeletsang Jehova ba lokela ho sebetsa ka thata ho bo qoba le ho leka ka matla ho amohela pono ea Molimo. Le lekholong la pele la lilemo, Pauluse o ile a bona ho hlokahala hore a phehelle balumeli-’moho le eena hore ba qobe boikutlo bo neng bo sebetsa ho bara ba ho se mamele, boo ka nako e ’ngoe ba neng ba tsamaea ka bona. (Bala Baefese 2:1-3.) Re babatsa bacha ba lekang ho qoba boikutlo boo, ’me ba sebetsa ba momahane le barab’abo rōna. Sena se lumellana le mantsoe a Pauluse a hore “re litho ba bang tsa ba bang.” (Baef. 4:25) Ha re ntse re atamela bofelong ba lefatše lena la khale, ke habohlokoa le ho feta hore re sebetse re momahane. A re hlahlobeng mehlala e meng e ka Bibeleng e tla re thusa ho lemoha bohlokoa ba ho lula re momahane re bile re le bonngoeng.

BA ILE BA KHOMARELANA

5, 6. Re ithuta’ng tlalehong ea Lota le barali ba hae mabapi le ho khomarelana?

5 Nakong e fetileng, Jehova o ile a sireletsa batho ba hae ha ba thusana nakong ea mahlomola. Bahlanka ba Molimo ba kajeno, ba bacha le ba hōlileng ba ka ithuta ho hong mehlaleng e ka Bibeleng. Mohlala o mong ke oa Lota.

6 Lota le ba lelapa la hae ba ne ba le kotsing, kaha timetso e ne e tlela motse oa Sodoma oo ba neng ba lula ho oona. Mangeloi a Molimo a ile a phehella Lota hore a tlohe motseng oo ’me a balehele lithabeng, a re: “Balehisang meea ea lōna!” (Gen. 19:12-22) Lota o ile a mamela, ’me barali ba hae ba babeli ba tsamaea le eena ho tsoa motseng oo. Ka masoabi, ba bang ha baa ka ba mamela. Bahlankana ba neng ba lebelelitse barali ba Lota ba ile ba bona eka monna-moholo eo ‘o oa soasoa.’ Kahoo ba ile ba timetsoa. (Gen. 19:14) Ke Lota le barali ba hae feela ba ileng ba pholoha, kaha ba ile ba mo khomarela.

7. Jehova o ile a thusa Baiseraele ba ileng ba bonahatsa bonngoe joang ha ba tloha Egepeta?

7 Nahana ka mohlala o mong hape. Ha Baiseraele ba tloha Egepeta, ba ne ba sa tsamaee ka lihlopha, sehlopha ka seng se inkela tsela ea sona. Le ha Moshe ‘a otlolla letsoho holim’a leoatle,’ ’me Jehova a le arola, Moshe ha aa ka a feta a le mong kapa le Baiseraele ba seng bakae feela. Ho e-na le hoo, Jehova o ile a sireletsa phutheho eohle. (Ex. 14:21, 22, 29, 30) Ba ile ba bonahatsa bonngoe, ’me ba tsamaea le “sehlopha se seholo se tsoakaneng,” sa bao e seng Baiseraele. (Ex. 12:38) Ho hlakile hore ha ho na bacha ba ileng ba inkela tsela ea bona. Etsoe ketso e joalo e ne e tla be e le booatla, ’me Jehova o ne a ke ke a ba sireletsa.—1 Bakor. 10:1.

8. Mehleng ea Josafate, batho ba Molimo ba ile ba bonahatsa bonngoe joang?

8 Mehleng ea Morena Josafate, batho ba Molimo ba ile ba futuheloa ke lebothohali le tšosang le tsoang metseng e haufi. (2 Likron. 20:1, 2) Ho babatsehang ke hore bahlanka ba Molimo ha baa ka ba leka ho loantša sera seo ka matla a bona. Ho e-na le hoo, ba ile ba tšepa Jehova. (Bala 2 Likronike 20:3, 4.) Ha baa ka ba iketsetsa lintho ka bomong, e mong le e mong a iketsetsa kamoo a ratang. Bibele e re: “Ba Juda kaofela ba ne ba eme ka pel’a Jehova, esita le bana ba bona ba banyenyane, basali ba bona le bara ba bona.” (2 Likron. 20:13) Ba bacha le ba hōlileng ba ile ba momahana, ’me ba itšetleha ka Jehova hore a ba tataise, kahoo Jehova a ba sireletsa sereng sa bona. (2 Likron. 20:20-27) Ruri ona ke mohlala o motle o bontšang kamoo batho ba Molimo ba ka sebetsanang le mathata kateng!

9. Re ka ithuta’ng tseleng eo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba sebetsa ka bonngoe ka eona?

9 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ne ba tsebahala ka ho sebetsa hammoho. Ka mohlala, ka mor’a hore Bajuda le basokolohi ba bangata e be Bakreste, ba ile ba inehela “thutong ea baapostola le ho arolelaneng, ho jeng lijo le lithapelong.” (Lik. 2:42) Bonngoe bona bo ile ba totobala ka ho hlaka ha ba hlorisoa, e leng eona nako eo ba neng ba hlokana e le kannete. (Lik. 4:23, 24) Na hase ’nete hore linakong tse mahlonoko ke hona ha ho hlokahala hore re sebetse re momahane?

MOMAHANANG HA LETSATSI LA JEHOVA LE NTSE LE ATAMELA

10. Ke neng ka ho khetheha moo ho tla hlokahala hore re momahane?

10 Nako e thata ka ho fetisisa historing ea batho e ntse e atamela. Moprofeta Joele o re ke “letsatsi la lefifi le botšo.” (Joele 2:1, 2; Sof. 1:14) Eo e tla ba nako ea hore batho ba Molimo ba momahane. Hopolang mantsoe a Jesu ha a re: “’Muso o mong le o mong o arohaneng o fetoha lesupi.”—Mat. 12:25.

11. Ke boemo bofe bo hlalositsoeng ho Pesaleme ea 122:3, 4 bo sebetsang ho batho ba Molimo kajeno? (Sheba setšoantšo se qalong.)

11 Re tla lokela ho ba bonngoeng e le kannete, nakong ea tlokotsi e tlelang tsamaiso ena. Tsela eo re tla lokela ho momahana ka eona, e ka bapisoa le eo matlo a Jerusalema ea boholo-holo a neng a atamelane ka eona. Matlo ao a ne a atamelane hoo mopesaleme a ileng a re Jerusalema ke ‘motse o bonngoeng.’ Seo se ne se nolofalletsa baahi ba teng hore ba thusane le ho sireletsana. Ho feta moo, ho atamelana ha bona ka tsela eo ho ne ho boetse ho bontša ho momahana ha bona borapeling, ha sechaba sohle se ne se bokana ho rapela Jehova. (Bala Pesaleme ea 122:3, 4.) Re lokela ho lula re le bonngoeng kajeno esita le matsatsing a mahlonoko a tlang.

12. Ke’ng e tla re thusa ho pholoha ha batho ba Molimo ba hlaseloa?

12 Ke hobane’ng ha ka nako eo, e tla ba habohlokoa hore re be bonngoeng? Ezekiele khaolo ea 38 e bolela ka tsela ea boprofeta hore “Gogo oa naha ea Magogo” o tla hlasela batho ba Molimo. Ha rea lokela ho lumella letho hore le re arohanye ka nako eo. Ha rea lokela ho batla thuso lefatšeng. Ho e-na le hoo, re tla lokela ho khomarela barab’abo rōna. Ke ’nete hore ha re na ho pholoha feela hobane re le har’a sehlopha. Nakong eo ea tlokotsi, Jehova le Mora oa hae ba tla sireletsa ba ipiletsang lebitsong la Jehova. (Joele 2:32; Mat. 28:20) Empa na re ka lebella hore ba sireletse ba ikarotseng mohlapeng oa Molimo, kapa ba ikhethetseng tsela ea bona?—Mik. 2:12.

13. Bacha ba tšabang Molimo ba ka ithuta’ng lintlheng tseo re li tšohlileng ho tla fihlela joale?

13 Ho totobetse hore ke booatla ho etsisa bacha ba khethang ho iketsetsa borata. Nako e ntse e atamela eo ka eona re tla hlokana e le kannete. Kaofela ha rōna, bacha le ba hōlileng re tla lokela ho tšehetsana! Ha e le hantle, hona joale ke nako ea hore re ithute ho sebetsa re momahane, ’me re hlaolele bonngoe kaha bo tla re thusa nakong e tlang.

“RE LITHO BA BANG TSA BA BANG”

14, 15. (a) Kajeno, Jehova o koetlisetsa bacha le ba hōlileng eng? (b) Jehova o re khothalletsa hore re etse’ng e le hore re be bonngoeng?

14 Jehova o re thusa hore re “mo sebeletse ka mahetla a bapileng.” (Sof. 3:8, 9) O re koetlisetsa hore re tšoanelehele morero oa hae. O akarelletsa’ng? O akarelletsa ‘ho bokella lintho tsohle ho Kreste.’ (Bala Baefese 1:9, 10.) Ha e le hantle, Jehova o batla ho momahanya libōpuoa tsohle tse bohlale tse leholimong le tse lefatšeng, ’me o tla atleha. Mocha, na see se u thusa ho lemoha bohlokoa ba ho ba bonngoeng le mokhatlo oa Jehova?

15 Hona joale, Jehova o re koetlisetsa hore re be bonngoeng, ka sepheo sa hore re momahane ka ho sa feleng. Khafetsa Mangolo a re bolella hore re “hlokomelane,” re “bontšane lerato le mofuthu,” ’me re “tšelisane le ho hahana.” (1 Bakor. 12:25; Bar. 12:10; 1 Bathes. 4:18; 5:11) Jehova o oa tseba hore ha rea phethahala, ’me sena se ka ’na sa re thatafalletsa ho ba bonngoeng, kahoo re lokela ho sebeletsa hore re “tšoarelane ka bolokolohi.”—Baef. 4:32.

16, 17. (a) Morero oa liboka tsa Bokreste ke ofe? (b) Bacha ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu ha e sa le mocha?

16 Jehova o boetse o sebelisa liboka tsa Bokreste ho re thusa hore re khomarelane. Re atisa ho bala mantsoe a khothatsang a ho Baheberu 10:24, 25. Har’a tse ling, liboka tsena li re thusa “hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.” Empa morero o ka sehloohong oa tsona ke hore ‘re khothatsane, haholo kaha rea bona hore letsatsi le ntse le atamela.’

17 Jesu o re behetse mohlala o motle ha e sa le mocha, a bontša hore o ananela tokisetso ena. Ha a le lilemo li 12, o ile a ea le batsoali ba hae kopanong e khōlō. Ha ba le kae-kae, o ile a ba nyamella, empa eseng hobane a tsamaile le lithaka tsa hae. Ho e-na le hoo, Josefa le Maria ba ile ba mo fumana a ntse a buisana le mesuoe tempeleng ka litaba tsa borapeli.—Luka 2:45-47.

18. Lithapelo tsa rōna li tlatsetsa joang bonngoeng?

18 Ntle le ho tiisa bonngoe ba rōna ka ho ratana le ho ea libokeng tsa Bokreste, re lokela ho rapellana. Ha re rapella barab’abo rōna ’me re bolella Jehova ka ho toba seo re ba kōpelang sona, seo se tla re hopotsa hore re lokela ho hlokomelana. Hase Bakreste ba hōlileng feela ba lokelang ho etsa sena. Haeba u sa le mocha, na u sebelisa menyetla ee ho hlaolela bonngoe le litho tsa lelapa leno la moea? Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u se ke ua timetsoa le lefatše lena ha le timetsoa.

Kaofela ha rōna re ka rapella barab’abo rōna (Sheba serapa sa 18)

HO BONTŠA HORE “RE LITHO BA BANG TSA BA BANG”

19-21. (a) Re bontša ka tsela efe e ikhethang hore “re litho ba bang tsa ba bang”? Fana ka mohlala. (b) Re ithuta’ng ho seo barab’abo rōna ba se entseng ha ho hlaha likoluoa?

19 Batho ba Jehova ba se ba ntse ba phela tumellanong le molao-motheo o ho Baroma 12:5, o reng: “Re litho tsa tse ling.” Re bona bopaki ba sena ha ho e-ba le likoluoa. Ka December 2011, lipula tse matla li ile tsa baka likhohola sehlekehlekeng sa Mindanao se Philippines. Ka bosiu bo le bong feela, matlo a fetang 40 000 a ile a koaheloa ke metsi, ho akarelletsa a ’maloa a barab’abo rōna. Ofisi ea lekala e tlaleha hore “barab’abo rōna ba libakeng tse ling ba ile ba romela liphallelo, le pele likomiti tsa liphallelo li qala mosebetsi.”

20 Le ha ho e-ba le tšisinyeho e matla ea lefatše e ileng ea tlisa tsunami karolong e ka bochabela ea Japane, bara le barali babo rōna ba bangata ba ile ba lahleheloa haholo. Ba bang ba ile ba sala ba se na letho. Yoshiko ea ileng a senyeheloa ke ntlo, o ne a lula lik’hilomithara tse ka bang 40 ho tloha Holong ea ’Muso. O re: “Hamorao, re ile ra makala ha re utloa hore letsatsi feela ka mor’a tšisinyeho ea lefatše, molebeli oa potoloho le mor’abo rōna e mong ba ile ba tla ho tla re sheba.” O bua a ntse a bobotheha, ’me o re: “Re ananela haholo tsela eo phutheho e re hlokomelang hantle ka eona moeeng. Ntle ho lijo tsa moea, re ile ra fuoa likobo, lieta, mekotla le lipijama.” Setho se seng sa komiti ea liphallelo se re: “Barab’abo rōna hohle Japane ba ile ba momahana, ba leka ho thusana. Ho ile ha tla le barab’abo rōna ba tsoang United States ho tla thusa. Ha ba botsoa hore na ke hobane’ng ha ba tlile hōle joalo, ba ile ba re, ‘Re ntho e le ’ngoe le barab’abo rōna ba mona Japane, ’me ba hloka thuso.’” Na ha u thabele ho ba karolo ea mokhatlo o tsotellang litho tsa oona hakaalo? U ka kholiseha hore Jehova o thaba haholo ha a bona bonngoe bo joalo.

21 Ho ba le moea oo hona joale ho tla re thusa hore re momahane nakong e tlang ha re tobana le mathata, esita le haeba re le hōle le barab’abo rōna ba likarolong tse ling tsa lefatše. Ha e le hantle, ho etsa seo ho re koetlisetsa mathata ao re ka ’nang ra thulana le ’ona ha tsamaiso ena ea khale e timetsoa. Fumiko ea ileng a angoa ke leholiotsoana, Japane, o re: “Bofelo bo haufi haholo. Re lokela ho tsoela pele re thusa balumeli-’moho le rōna ha re ntse re lebeletse nako eo likoluoa li ke keng tsa hlola li e-ba teng.”

22. Ho ba bonngoeng le Bakreste-’moho le rōna ho ka re tlisetsa melemo efe ea ka ho sa feleng?

22 Ba bacha le ba hōlileng ba ikitlaelletsang ho ba bonngoeng hona joale, ha e le hantle ba itokiselletsa ho pholoha bofelo ba lefatše lena le khopo, le se nang bonngoe. Joaloka nakong e fetileng, Molimo o tla lopolla batho ba hae. (Esa. 52:9, 10) Lula u hopola hore u ka ba e mong ua ba pholosoang haeba u ikitlaelletsa ho ba har’a batho ba Molimo ba momahaneng. Ntho e ’ngoe e tla re thusa ke hore re lule re ananela seo re seng re ntse re e-na le sona. Re tla tšohla taba ena sehloohong se latelang.