Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u balile ka hloko limakasine tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

Na ho loketse hore Bakreste ba chese setopo?

Taba ea hore na setopo sea chesoa kapa che, ke qeto ea motho ka mong. Le hoja Bibele e sa bue ka ho toba ka taba ena, ke habohlokoa ho hlokomela hore setopo sa Morena Saule le sa mora oa hae Jonathane, li ile tsa chesoa tsa ntan’o patoa. (1 Sam. 31:2, 8-13)—6/15, leqepheng la 7.

Re tseba joang hore Molimo ha a etse hore batho ba hlaheloe ke lintho tse bohloko?

Molimo o lokile litseleng tsohle tsa hae. O na le toka, o oa tšepahala, ’me o khabane. Jehova o boetse o na le lerato le mofuthu ’me o mohau. (Deut. 32:4; Pes. 145:17; Jak. 5:11)—7/1, leqepheng la 4.

Motho a ka ’na a tobana le mathata afe ha a fallela naheng e ’ngoe ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo?

A ka ’na a tobana le bothata ba (1) ho tloaela mokhoa o fapaneng oa bophelo, (2) ho hloloheloa hae le (3) ho tloaela barab’abo rōna ba sebakeng seo. Ba bangata ba hlōtseng mathata ana ba fumane litlhohonolofatso tse enneng.—7/15, leqepheng la 4-5.

Ke hobane’ng ha barab’abo Josefa ba ile ba mo hloea?

Har’a tse ling, Jakobo o ile a bontša hore o rata Josefa ka tsela e khethehileng, a mo fa seaparo se setle. Barab’abo Josefa ba ile ba mo honohela ’me ba mo rekisa bokhobeng.—8/1, leqepheng la 11-13.

Ke hobane’ng ha lipampitšana tse ncha li atleha ebile ho le bonolo ho li sebelisa?

Kaofela ha tsona li ngotsoe ka tsela e tšoanang. Pampitšana ka ’ngoe e re thusa hore re bale lengolo la Bibele le ho botsa mong’a ntlo potso. Ho sa tsotellehe hore na o araba joang, re ka e bula ho mo bontša seo Bibele e se buang. Re ka boetse ra mo bontša potso eo re tla e tšohla nakong e tlang.—8/15, leqepheng la 13-14.

Peshitta ke eng?

Batho ba bangata ba qalile ho sebelisa Sesyria, e leng e ’ngoe ea lipuo tsa Searame, lekholong la bobeli kapa la boraro la lilemo C.E. Ho bonahala eka Sesyria ke puo eo likarolo tse ling tsa Mangolo a Segerike a Bakreste li qalileng ho fetoleloa ka eona. Bibele ea Sesyria e ile ea tsejoa ka hore ke Peshitta.9/1, leqepheng la 13-14.

Batsoali ba Bakreste ba ka etsa’ng e le hore ba lise bana ba bona?

Ke habohlokoa hore ba mamele bana ba bona e le hore ba ba tsebe. Ba lokela ho ba fepa moeeng. Ba ba tataise ka lerato, ka mohlala, haeba ba thatafalloa ho amohela lithuto tse itseng tsa Bibele.—9/15, leqepheng la 18-21.

Ke lintho life tse ke keng tsa hlola li e-ba teng ’Musong oa Molimo?

Ho kula, lefu, ho hloka mosebetsi, ntoa, khaello ea lijo le bofutsana li ke ke tsa hlola li e-ba teng.—10/1, leqepheng la 6-7.

Ke selekane sefe se ka Bibeleng se lumellang ba bang hore ba buse le Kreste?

Ka mor’a hore Jesu a je Paseka ea ho qetela le baapostola ba hae, o ile a etsa selekane le barutuoa ba hae ba tšepahalang se ka bitsoang hore ke selekane sa ’Muso. (Luka 22:28-30) Se ne se ba tiisetsa hore ba tla busa le Jesu leholimong.—10/15, leqepheng la 16-17.

Fana ka mehlala e ’meli e ka Bibeleng e bontšang hore Satane ke motho oa sebele.

Mangolo a re Satane o ile a bua le Jesu e le ha a leka ho mo eka. Le mehleng ea Jobo, Satane o ile a bua le Molimo. Litlaleho tsena li bontša hore Satane ke motho oa sebele.—11/1, leqepheng la 4-5.

Ke bo-mang bao Jakobo a neng a bua ka bona ho Liketso 15:14, ha a re ke “batho bakeng sa lebitso la hae”?

O ne a bua ka balumeli ba Bajuda le ba lichaba tse ling bao Molimo a ileng a ba khetha hore e be morabe o khethiloeng e le hore ‘ba bolele hohle makhabane a hlomphehang’ a Ea ba bitsitseng. (1 Pet. 2:9, 10)—11/15, leqepheng la 24-25.

Timgad e ne e le hokae, hona batho ba bang ba moo ba ne ba e-na le boikutlo bofe?

Timgad e ne e le motse o moholo oa Roma, Afrika Leboea (Algeria ea kajeno). Ho bontša kamoo ba bang ba neng ba ikutloa kateng, ho ile ha epolloa mongolo o reng: “Ho Tsoma, ho Sesa, ho Bapala, ho Tšeha—Boo ke Bophelo!” Boikutlo bona bo tšoana le bo hlalositsoeng ho 1 Bakorinthe 15:32.—12/1, leqepheng la 8-10.