Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisang Boikokobetso le Qenehelo ea Jesu

Etsisang Boikokobetso le Qenehelo ea Jesu

“Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.”—1 PETROSE 2:21.

1. Ke hobane’ng ha ho etsisa Jesu ho re atametsa haufi le Jehova?

KA TLOAELO re leka ho etsisa batho bao re ba ratang. Har’a batho bohle ba kileng ba phela, Jesu Kreste ke eena motho ea molemo ka ho fetisisa eo re ka mo etsisang. Hobane’ng? Jesu o kile a re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:9) Lebaka la sena ke hobane o etsisa Ntate oa hae ka ho phethahetseng. Kahoo ha re ithuta ka Jesu ho joalokaha eka re ithuta ka Jehova. Hape, ha re etsisa Jesu, re atamela haufi le Jehova, Motho e moholo ka ho fetisisa bokahohleng. Ka sebele ena ke tokelo e khōlō!

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a re file lintlha tse hlakileng ka bophelo ba Jesu, hona o lebeletse eng ho rōna? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong see le se latelang?

2 Jehova o re file lintlha tse hlakileng ka bophelo ba Jesu ka Bibeleng. Hobane’ng? Hobane Molimo o batla hore re tsebe Mora oa hae ’me re etsise mohlala oa hae. (Bala 1 Petrose 2:21.) Ka Bibeleng, mohlala oo Jesu a re sietseng oona o bapisoa le mehato ea hae. See se bolela’ng? Jehova o batla hore re latele mehato ea Mora oa hae, ke hore re etsise Jesu linthong tsohle. Ke ’nete hore Jesu o ne a phethahetse, kahoo Jehova ha aa lebella hore re etsise Mora oa hae ka ho phethahetseng. Ho e-na le hoo, o batla hore re etsise Jesu kahohle kamoo re ka khonang.

3 A re tšohleng litšobotsi tse ling tse khahlehang tseo Jesu a neng a e-na le tsona. Sehloohong sena re tlil’o bua ka boikokobetso le qenehelo ea hae. Athe sehloohong se latelang teng, re tla tšohla sebete le temoho ea hae. Mabapi le tšobotsi ka ’ngoe re tla araba lipotso tsena tse tharo: Tšobotsi ee e bolela’ng? Jesu o ile a e bonahatsa joang? Re ka mo etsisa joang?

JESU O IKOKOBELITSE

4. Ho ikokobetsa ho bolela’ng?

4 Ho ikokobetsa ho bolela’ng? Batho ba bangata ba iphahamisang ba nahana hore boikokobetso ke letšoao la bofokoli kapa la ho se itšepe. Empa na see ke ’nete? Ha e le hantle, e le hore re ikokobetse ho hlokahala hore re be matla ’me re be sebete. Boikokobetso bo fapane le boikhohomoso kapa boiphahamiso. Ka Bibeleng lentsoe “boikokobetso” le ka fetoleloa e le “ho ikokobetsa kelellong.” (Bafilipi 2:3) E le hore re ikokobetse re lokela ho italima ka tsela e nepahetseng. Ka mohlala, dikishinari e ’ngoe ea Bibele e re: “Boikokobetso ke ho utloisisa hore na re tlaase hakae ha re bapisoa le Molimo.” Hape haeba re ikokobelitse, re ke ke ra inka re phahametse batho ba bang. (Baroma 12:3) Ha ho bonolo ho batho ba sa phethahalang ho bonahatsa tšobotsi ena. Re ka ithuta boikokobetso haeba re thuisa ka boholo ba Jehova re bile re etsisa mohlala oa Jesu.

Haeba re ikokobelitse, re ke ke ra inka re phahametse batho ba bang

5, 6. (a) Mikaele lengeloi le ka sehloohong ke mang? (b) Mikaele o ile a bontša joang hore o ikokobelitse?

5 Jesu o ile a bonahatsa boikokobetso joang? Haesale Mora oa Molimo a ikokobelitse, ho tloha ha a ne a le leholimong e le lengeloi le matla le ha a ne a le lefatšeng e le motho ea phethahetseng. A re ke re tšohleng mehlala e seng mekae.

6 Boikutlo ba hae. Buka ea Bibele ea Juda e re bolella ka bophelo ba Jesu pele a tla lefatšeng. (Bala Juda 9.) Jesu e le Mikaele lengeloi le ka sehloohong, o ile a ba “le phapang le Diabolose” ’me a phehisana khang le eena “ka setopo sa Moshe.” Ka mor’a hore Moshe a shoe, Jehova o ile a pata setopo sa hae moo ho seng motho ea ka se fumanang. (Deuteronoma 34:5, 6) Mohlomong Diabolose o ne a batla ho susumelletsa Baiseraele hore ba rapele setopo sa Moshe. Ho sa tsotellehe hore na Diabolose o ne a batla ho etsa’ng, Mikaele o ile a mo hanyetsa ka sebete. Dikishinari e ’ngoe e re poleloana ‘ho ba le phapang’ le ‘ho pheha khang’ li sebelisoa le “litabeng tsa molao,” ’me li ka ’na tsa fana ka maikutlo a hore “Mikaele ‘o ile a bolella Diabolose hore ha a na tokelo’ ea ho nka setopo sa Moshe.” Leha ho le joalo, lengeloi lena le ka sehloohong le ne le tseba hore matla a lona a na le moeli. Kahoo le ile la fetisetsa taba ena ho Jehova, e leng eena feela Moahloli ea Phahameng ea nang le tokelo ea ho ahlola Satane. Ruri Jesu o ile a bontša hore o ikokobelitse!

Jesu o ile a etsa sohle seo Jehova a mo laelang sona ho “isa lefung”

7. Tsela eo Jesu a neng a bua le ho etsa lintho ka eona e bontšitse joang hore o ikokobelitse?

7 Ha Jesu a ne a le lefatšeng o ile a bontša boikokobetso ka tsela eo a neng a bua le ho etsa lintho ka eona. Tsela eo a neng a bua ka eona. Ha ho mohla Jesu a kileng a ipatlela thoriso ho sa hlokahale. Ho e-na le hoo, o ne a batla hore khanya eohle e ee ho Ntate oa hae. (Mareka 10:17, 18; Johanne 7:16) Ha ho mohla Jesu a neng a bua le barutuoa ba hae ka tsela e etsang hore ba ikutloe e le lithoto kapa ba se na thuso. Ho e-na le hoo, o ne a ba hlompha a bile a bontša hore o oa ba tšepa ka ho ba babatsa ka litšobotsi tse ntle tseo ba nang le tsona. (Luka 22:31, 32; Johanne 1:47) Tsela eo a neng a etsa lintho ka eona. Jesu o ile a khetha ho phela ka tsela e sa rarahanang, a se na lintho tse ngata tse bonahalang. (Matheu 8:20) O ne a ithaopela ho etsa mesebetsi eo batho ba bang ba neng ba e khella fatše ebile ba sa ikemisetsa ho e etsa. (Johanne 13:3-15) O boetse o re behetse mohlala o phethahetseng oa boikokobetso ka ho mamela. (Bala Bafilipi 2:5-8.) Ho fapana le batho ba ikhohomosang ba sa rateng ho mamela ba bang, Jesu o ile a etsa sohle seo Jehova a mo laelang sona ho “isa lefung.” Ho hlakile hore Jesu, Mora oa motho o ne a “ikokobelitse pelong.”—Matheu 11:29.

ETSISANG BOIKOKOBETSO BA JESU

8, 9. Re ka bontša boikokobetso joang?

8 Re ka etsisa boikokobetso ba Jesu joang? Ka boikutlo ba rōna. Haeba re ikokobelitse, re tla lemoha hore matla a rōna a na le moeli. Kahoo, re tla elelloa hore ha re na tokelo ea ho ahlola batho ba bang. Re ke ke ra ba tšoaea-tšoaea liphoso kapa ra belaella sepheo seo ba etsang lintho ka sona. (Luka 6:37; Jakobo 4:12) Boikokobetso bo re thusa hore re se ke ra inka re le ba “lokileng ho feta tekanyo.” Sena se bolela hore re ke ke ra inka re phahametse batho ba se nang bokhoni kapa litokelo tseo re nang le tsona. (Moeklesia 7:16) Baholo ba ikokobelitseng ha ba inke ba phahametse bara le barali babo bona. Ho e-na le hoo, balisa bana ba lerato ba ‘nka hore ba bang ba ba phahametse,’ kapa hore ke ba bohlokoa ho ba feta.—Bafilipi 2:3; Luka 9:48.

9 Nahana ka W. J. Thorn, eo e bileng molebeli ea tsamaeang ho tloha ka 1894. Ka mor’a ho qeta lilemo tse ngata e le molebeli ea tsamaeang o ile a abeloa mosebetsi oa ho hlokomela likhoho polasing ea mokhatlo e New York. Mor’abo rōna Thorn o re nako le nako ha a ne a nahana hore ho na le mosebetsi o mong o molemo oo a ka beng a o etsa, o ne a ee a re: “Lerōlenyana tooe. U na le eng eo u ka ikhohomosang ka eona?” (Bala Esaia 40:12-15.) Ka sebele oo e ne e le mohlala o motle oa boikokobetso!

10. Re ka bontša boikokobetso joang ka tsela eo re buang le ho etsa lintho ka eona?

10 Tsela eo re buang ka eona. Haeba re ikokobelitse e le kannete, sena se tla ama tsela eo re buang le ba bang ka eona. (Luka 6:45) Ha re bua le bona re ke ke ra lebisa tlhokomelo litokelong tsa rōna kapa linthong tseo re li etsang. (Liproverbia 27:2) Ho e-na le hoo, re tla babatsa bara le barali babo rōna ka lintho tse ntle tseo ba li etsang ’me re lebise tlhokomelo litšobotsing tsa bona tse ntle le bokhoning boo ba nang le bona. (Liproverbia 15:23) Tsela eo re etsang lintho ka eona. Bakreste ba ikokobelitseng ha ba batle botumo kapa ho hlahella lefatšeng lena. Ho e-na le hoo, ba khetha ho phela bophelo bo itekanetseng ebile ba ikemiselitse ho etsa mesebetsi eo batho ba e nkang e se ea bohlokoa e le hore ba sebeletse Jehova kahohle kamoo ba ka khonang. (1 Timothea 6:6, 8) Ka holim’a tsohle re ka bontša hore re ikokobelitse ka ho mamela. E le hore re ‘mamele ba re etellang pele’ ka phuthehong le hore re amohele tataiso ea mokhatlo oa Jehova, re tlameha ho ba batho ba ikokobelitseng.—Baheberu 13:17.

JESU O NA LE QENEHELO

11. Qenehelo ke eng?

11 Motho ea nang le qenehelo ke ea joang? Ke ea mosa le ea tsotellang. Qenehelo ke ponahatso ea lerato, ’me e batla e tšoana le mohau. Bibele e bua ka “qenehelo e bonolo,” “mehauhelo e bonolo” le “lerato le mofuthu.” (Luka 1:78; 2 Bakorinthe 1:3; Bafilipi 1:8) Dikishinari e ’ngoe ea Bibele e re motho ea nang le qenehelo ha a bontše kutloelo-bohloko feela ho motho ea hlokang. Empa “o tsotella hoo a batlang ho mo thusa” ’me o etsa ho hong ho mo phallela. Qenehelo ke tšobotsi e susumetsang motho ho etsa ntho e tla tsoela e mong molemo.

12. Ke’ng e bontšang hore Jesu o ne a qenehela batho ba bang, hona see se ile sa mo susumelletsa ho etsa’ng?

12 Jesu o ile a bontša joang hore o na le qenehelo? Ka liketso le boikutlo bo mofuthu. Jesu o ne a utloela batho ba bang bohloko. O ile a lla ha a bona motsoalle oa hae Maria le batho ba bang ba lla hobane Lazaro a shoele. (Bala Johanne 11:32-35.) Kutloelo-bohloko e ileng ea etsa hore a tsose mora oa mohlolohali e ile ea boela ea mo susumelletsa hore a tsose Lazaro. (Luka 7:11-15; Johanne 11:38-44) Mohlomong ketso ena e mosa e ile ea fa Lazaro monyetla oa hore a il’o phela leholimong. Pejana ho moo, Jesu o ne a ile a “susumetsoa ke khauho” ha a bona bongata bo boholo bo tlileng ho eena. Qenehelo e bonolo e ile ea mo susumelletsa “ho bo ruta lintho tse ngata.” (Mareka 6:34) Sena se ile sa fetola bophelo ba batho ba ileng ba amohela lithuto tsa hae! Jesu ha aa ka a qenehela batho ba hlokang thuso feela. Empa o ile a susumelletseha ho ba thusa.—Matheu 15:32-38; 20:29-34; Mareka 1:40-42.

13. Jesu o ne a bua ka bonolo joang le batho ba bang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

13 O ne a bua le ba bang ka bonolo. Qenehelo ea Jesu e ne e mo susumelletsa ho bua ka bonolo le ba bang, haholo-holo ba hateletsoeng. Moapostola Matheu o ile a qotsa seo Esaia a se buileng ka Jesu. Esaia o ile a re: “Ha ho lehlaka le tletleraneng leo a tla le roba; ha e le khoele ea lebone e lerootho ea folakse, a ke ke a e tima.” (Esaia 42:3; Matheu 12:20) Mantsoe aa a bontša’ng? A bontša hore Jesu o ne a sa khahlapetse batho ba bang kapa hona ho ba tšoara hampe. Ho e-na le hoo, o ne a bua le bona ka tsela e ba khathollang. O ile a bolella “ba robehileng lipelo” molaetsa oa tšepo. (Esaia 61:1) A mema “ba sehlang le ba imetsoeng” hore ba tle ho eena e le hore ba ka ‘fumanela meea ea bona khatholoho.’ (Matheu 11:28-30) O ile a bolella barutuoa ba hae hore Molimo o tsotella barapeli ba Hae ka bomong, ho akarelletsa le “ba banyenyane,” kapa bao lefatše le ba nkang e se ba bohlokoa.—Matheu 18:12-14; Luka 12:6, 7.

ETSISANG QENEHELO EA JESU

14. Re ka bontša ba bang boikutlo bo mofuthu joang?

14 Re ka etsisa qenehelo ea Jesu joang? Ka ho ba le boikutlo bo mofuthu. Bibele e re phehella hore re bontše “lerato le mofuthu la qenehelo,” esita le haeba ho sa itlele feela. Boikutlo bona ke karolo ea “botho bo bocha” boo Jehova a lebeletseng hore Mokreste e mong le e mong a be le bona. (Bala Bakolose 3:9, 10, 12.) Re ka bonahatsa boikutlo boo bo mofuthu joang? Bibele e re ‘re atolohe.’ (2 Bakorinthe 6:11-13) Mamela ka hloko ha motho e mong a u bolella kamoo a ikutloang kateng le hore na ke eng seo a tšoenyehileng ka sona. (Jakobo 1:19) Ipotse: ‘Haeba ke ne ke le boemong ba hae ke ne ke tla ikutloa joang? Ke ne ke tla thabela ho thusoa joang?’—1 Petrose 3:8.

15. Re ka etsa’ng ho thusa batho ba saretsoeng kapa ba mahlomoleng?

15 Liketso tsa rōna. Qenehelo e tla re susumelletsa ho thusa ba bang, haholo-holo ba saretsoeng kapa ba mahlomoleng. Re ka ba thusa joang? Baroma 12:15 e re: “Llang le batho ba llang.” Maemong a mangata, batho ba hloka matšeliso eseng tharollo ea mathata a bona. Ba hloka motsoalle ea ba thahasellang le ea ba mamelang. Morali e mong oabo rōna ea ileng a tšelisoa ke bara le barali babo rōna ka mor’a ho shoeloa ke morali o re: “Ke ne ke ananela haholo ha metsoalle e tla ’me e lla le ’na.” Le rōna re ka bontša batho ba bang qenehelo ka ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Mohlomong mohlolohali o hloka ho lokisetsoa ntho e itseng ha hae. Kapa mohlomong ho na le Mokreste ea hōlileng ea hlokang ho isoa libokeng, tšimong kapa ngakeng. Esita le ntho e ka bonahalang eka ha e re letho e ka etsa phapang e khōlō bophelong ba motho. (1 Johanne 3:17, 18) Ka holim’a tsohle re ka bontša batho ba bang qenehelo ka ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ba bolella litaba tse molemo. Ena ke tsela e molemo ka ho fetisisa eo re ka ntlafatsang bophelo ba batho ba lipelo li ntle ka eona!

Na u tsotella bara le barali beno e le kannete? (Sheba serapa sa 15)

16. Re ka re’ng ho khothatsa ba tepelletseng maikutlo?

16 Re bue le ba bang ka bonolo. Boikutlo bo mofuthu bo re susumelletsa ho ‘bua ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo.’ (1 Bathesalonika 5:14) Re ka re’ng ho khothatsa batho ba joalo? Re ka ba bolella kamoo re ba tsotellang kateng. Ra ba babatsa ’me ra ba thusa hore ba lemohe litšobotsi tsa bona tse ntle le bokhoni ba bona. Hape re ka ba hopotsa hore ke Jehova ea ba thusitseng hore ba tsebe ’nete, ’me kahoo ke ba bohlokoa ho eena. (Johanne 6:44) Re ka boetse ra ba tiisetsa hore Jehova o tsotella bahlanka ba hae “ba lipelo li robehileng” le “ba sithabetseng moeeng.” (Pesaleme ea 34:18) Ha re bua ka bonolo re ka khatholla batho ba hlokang matšeliso.—Liproverbia 16:24.

17, 18. (a) Jehova o lebeletse hore baholo ba tšoare linku tsa hae joang? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong se latelang?

17 Baholo, Jehova o lebeletse hore le tšoare linku tsa hae ka qenehelo. (Liketso 20:28, 29) Hopolang hore boikarabelo ba lōna ke ho ruta, ho khothatsa le ho khatholla linku tsa Molimo. (Esaia 32:1, 2; 1 Petrose 5:2-4) Kahoo, moholo ea nang le qenehelo a ke ke a leka ho laola barab’abo ka hore a ba behele melao kapa a ba qobelle ho etsa lintho hobane ba ikutloa ba le molato. Ho e-na le hoo, o batla hore bara le barali babo ba thabe e le kannete, ’me o lumela hore lerato la bona ho Jehova le tla ba susumelletsa ho fa Molimo se molemohali.—Matheu 22:37.

18 Ha re ntse re nahanisisa kamoo Jesu a neng a ikokobelitse a bile a e-na le qenehelo kateng, re tla susumelletseha ho mo etsisa. Sehloohong se latelang re tla tšohla kamoo re ka etsisang sebete le temoho ea Jesu kateng.