Etsisang Sebete le Temoho ea Jesu
“Le hoja ho se mohla le kileng la mo bona, lea mo rata. Le hoja le sa mo talima hona joale, empa leha ho le joalo le bontša tumelo ho eena.” —1 PETROSE 1:8.
1, 2. (a) Re ka fumana bophelo bo sa feleng joang? (b) Ke’ng e ka re thusang hore re lule re tsepamisitse kelello leetong la rōna?
HA RE ba Bakreste, re qala leeto. Haeba re lula re tšepahala ho Molimo, re tla atleha leetong la rōna re be re fumane bophelo bo sa feleng. Jesu o ile a re: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Matheu 24:13) E le hore re qete leeto la rōna, re lokela ho lula re tšepahala ho Molimo ho isa “bofelong,” ebang ke ba bophelo ba rōna kapa ba lefatše lena le khopo. Empa re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra khelosoa ke lefatše lena. (1 Johanne 2:15-17) Re ka etsa’ng hore re lule re tsepamisitse kelello leetong lee?
2 Jesu o re behetse mohlala o motle. Re ithuta seo Jesu a neng a le sona, ha re bala ka tsela eo Bibele e reng o ne a phela ka eona. Ebile re tla mo rata ’me re be le tumelo ho eena. (Bala 1 Petrose 1:8, 9.) Moapostola Petrose o ile a re Jesu o re sietse mohlala hore re latele mehato ea hae haufi-ufi. (1 Petrose 2:21) Haeba re etsisa mohlala oa Jesu, re tla khona ho mamella ho isa bofelong. * (Sheba naletsana.) Sehloohong se fetileng, re ithutile kamoo re ka etsisang mohlala oa Jesu oa ho bontša boikokobetso le qenehelo kateng. Sehloohong sena, re tla ithuta kamoo re ka etsisang mohlala oa hae oa sebete le temoho.
JESU O SEBETE
3. Sebete ke eng, hona re ka ba le sona joang?
3 Sebete ke tšobotsi e re matlafatsang le e re thusang ho mamella mathata. Sebete se boetse se re thusa hore re emele se nepahetseng. Se ka re thusa hore re lule re khobile matšoafo re bile re tšepahala ho Molimo ha re tobana le liteko. Sebete se amana le tšabo, tšepo le lerato. Ka tsela efe? Ha re tšaba ho siteloa Molimo, ha re na ho tšosoa ke batho. (1 Samuele 11:7; Liproverbia 29:25) Ho tšepa Jehova ho re thusa hore re tsepamise kelello bokamosong, eseng litekong tseo re tobanang le tsona. (Pesaleme ea 27:14) Lerato le se nang boithati le re susumelletsa ho bontša sebete le ha re hlorisoa. (Johanne 15:13) Re ba le sebete ha re tšepa Molimo ’me re etsisa Mora oa hae.—Pesaleme ea 28:7.
4. Jesu o ile a bontša ho ba le sebete joang ha a le ka tempeleng? (Sheba setšoantšo se qalong.)
4 Ha Jesu a le lilemo li 12, o ile a bontša ho ba le sebete ha a le “ka tempeleng, a lutse har’a mesuoe.” (Bala Luka 2:41-47.) Baeta-pele bao ba bolumeli ba ne ba tseba Molao oa Moshe hantle, ba bile ba tseba le lineano tsa Bajuda. Lineano tseo li ne li thatafaletsa batho ho mamela Molao. Empa Jesu ha aa ka a tšosoa ke tsebo eo ba nang le eona. O ile a bua le bona ka sebete. O ile a ba “botsa” lipotso. Ho hlakile hore Jesu ha aa ka a ba botsa lipotso tsa bongoana. Ho e-na le hoo, o ile a ba botsa lipotso tse tebileng, tse etsang hore ba mamele le ho nahana. Haeba ba ile ba botsa Jesu lipotso tse ka etsang hore ba ngangisane, ba ile ba hlōleha. Bohle ba neng ba mametse, ho akarelletsa le baeta-pele ba bolumeli, ba ile ba makatsoa ke “kutloisiso ea hae le likarabo tsa hae.” Ka sebele Jesu o ile a emela ’nete e ka Lentsoeng la Molimo ka sebete!
5. Jesu o ile a bontša sebete ka litsela life nakong ea tšebeletso ea hae?
5 Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a bontša sebete ka litsela tse fapaneng. Ka mohlala, o ile a bolella batho hore baeta-pele ba bolumeli ba ba khelosa ka ho ba ruta mashano. (Matheu 23:13-36) Hape, Jesu ha aa ka a lumella lefatše hore le mo silafatse. (Johanne 16:33) O ile a tsoela pele ho bolela ho sa tsotellehe khanyetso. (Johanne 5:15-18; 7:14) Ho feta moo, ka makhetlo a mabeli o ile a hloekisa tempele ka hore ka sebete a leleke ba neng ba silafatsa borapeli bo hloekileng.—Matheu 21:12, 13; Johanne 2:14-17.
Ka sebete Jesu o ile a bolella lekhotla le phahameng la Bajuda hore ke Kreste, Mora oa Molimo
6. Jesu o ile a bontša sebete joang letsatsing la ho qetela a le lefatšeng?
6 A re ke re hlahlobeng kamoo Jesu a ileng a bontša sebete kateng letsatsing la ho qetela a le lefatšeng. Jesu o ne a tseba se neng se tl’o etsahala ka mor’a hore Judase a mo eke. Empa nakong ea lijo tsa Paseka, Jesu o ile a re Johanne 13:21-27) Hamorao ha Jesu a le serapeng sa Gethesemane, ka sebete o ile a itsebahatsa ho masole a neng a tlil’o mo tšoara. Le hoja bophelo ba hae bo ne bo le kotsing, o ile a sireletsa barutuoa ba hae ’me a re ho masole ao: ‘Tlohelang bana ba tsamaee.’ (Johanne 18:1-8) Hamorao ha ba mo hloma lipotso lekhotleng le phahameng la Bajuda, ka sebete Jesu o ile a ba bolella hore ke eena Kreste, Mora oa Molimo. O ne a sa tšoha, le hoja moprista ea phahameng a ne a batla mabaka a hore a bolaoe. (Mareka 14:60-65) Jesu o ile a lula a tšepahala ho Molimo, ’me a shoela thupeng ea tlhokofatso. Ha a shoa, o ile a re: “Ho phethehile!”—Johanne 19:28-30.
ho Judase: “Seo u se etsang se etse kapele.” (ETSISANG SEBETE SA JESU
7. Bacha, le ikutloa joang ka ho ba Lipaki Tsa Jehova, hona le ka bontša sebete joang?
7 Re ka etsisa tsela eo Jesu a neng a bontša sebete ka eona joang? Sekolong. Bacha, le bontša sebete ha le bolella ba bang sekolong hore le Lipaki Tsa Jehova. Ha le etsa joalo, le bontša hore le motlotlo ho bitsoa ka lebitso la Jehova, le haeba ba bang ba ka le tšeha. (Bala Pesaleme ea 86:12.) Ba bang ba ka ’na ba batla hore le lumele thuto ea ho iphetola ha lintho. Empa le lokela ho lumela hore seo Bibele e se buang ka pōpo ke ’nete. Le ka sebelisa bukana e reng, The Origin of Life—Five Questions Worth Asking ho araba ba batlang ho tseba “lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna.” (1 Petrose 3:15) Seo se tla etsa hore le khotsofale hobane le tseba hore le emetse ’nete ea Bibele ka sebete!
8. Re na le mabaka afe a ho paka ka sebete?
8 Tšebeletsong. Kaha re Bakreste ba ’nete, re lokela ho tsoela pele re “bua ka sebete ka matla a tsoang ho Jehova.” (Liketso 14:3) Ke hobane’ng ha re lokela ho paka ka sebete? Lebaka la pele, rea tseba hore seo re se buang se tsoa Bibeleng. Ke ’nete. (Johanne 17:17) La bobeli, “re basebetsi-’moho le Molimo,” ’me o re fa moea oa hae o halalelang ho re thusa. (1 Bakorinthe 3:9; Liketso 4:31) La boraro, re rata Jehova le batho, kahoo re susumelletseha ho etsa sohle seo re ka se khonang ho bolella ba bang litaba tse molemo. (Matheu 22:37-39) Kaha re sebete, re ke ke ra khaotsa ho paka. Re ikemiselitse ho ruta ’nete ho batho ba ‘foufalitsoeng’ kapa ba thetsitsoeng ke baeta-pele ba bolumeli. (2 Bakorinthe 4:4) ’Me re tla tsoela pele ho bolela litaba tse molemo le haeba ba bang ba sa mamele molaetsa la rōna kapa ba re hlorisa.—1 Bathesalonika 2:1, 2.
9. Re ka bontša sebete joang ha re tobana le liteko?
9 Ha re tobana le liteko. Molimo o tla re fa tumelo le sebete e le hore re mamelle mathata haeba re mo tšepa. Ha re shoeloa ke motho eo re mo ratang, re utloa bohloko empa ha re felloe ke tšepo. Re kholisehile hore “Molimo oa matšeliso ’ohle” o tla re matlafatsa. (2 Bakorinthe 1:3, 4; 1 Bathesalonika 4:13) Le haeba re opeloa hobane re kula kapa re lemetse, re hana phekolo leha e le efe e sa khahliseng Molimo. (Liketso 15:28, 29) Ha re tepelletse maikutlo, lipelo tsa rōna li ka ’na tsa re qosa, empa ha re lahle tšepo. Re tšepa Jehova, ea “haufi le ba lipelo li robehileng.” * (Sheba naletsana.)—1 Johanne 3:19, 20; Pesaleme ea 34:18.
JESU O NA LE TEMOHO
10. Motho ea nang le temoho ke ea joang, hona Mokreste ea nang le temoho o etsa’ng?
10 Motho ea nang le temoho o khona ho hlokomela phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng ’me o khetha ho etsa se nepahetseng. (Baheberu 5:14) Mokreste ea nang le temoho o etsa liqeto tse tla tiisa kamano ea hae le Molimo. O ba hlokolosi hore a se ke a khopisa ba bang ka lintho tseo a li buang. Empa o khahlisa Jehova hobane o khetha ho bua lintho tse khothatsang ba bang. (Liproverbia 11:12, 13) O ‘lieha ho halefa.’ (Liproverbia 14:29) O etsa liqeto tse nepahetseng bophelong. (Liproverbia 15:21) Re ka etsa’ng hore re be le temoho? Re lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho sebelisa seo re ithutang sona. (Liproverbia 2:1-5, 10, 11) Hape, re lokela ho ithuta le ho etsisa mohlala oa Jesu o phethahetseng oa temoho.
11. Jesu o ne a bontša temoho joang ha a bua?
11 Jesu o ile a bontša temoho linthong tsohle tseo a li buang le ho li etsa. Ha a ne a bua. Ha Jesu a bolela litaba tse molemo, o ne a sebelisa mantsoe a mosa a neng a hlolla bamameli ba hae. (Matheu 7:28; Luka 4:22) O ne a atisa ho bala kapa ho qotsa Lentsoe la Molimo. O ne a tseba hantle mangolo ao a lokelang ho a sebelisa maemong a sa tšoaneng. (Matheu 4:4, 7, 10; 12:1-5; Luka 4:16-21) Ho feta moo, batho ba neng ba utloa ha Jesu a hlalosa Mangolo, ba ne ba angoa ke seo ka ho teba. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a bua le barutuoa ba hae ba babeli ha ba e-ea Emmause. O ile a ba hlalosetsa seo Mangolo a se buang ka eena. Barutuoa ba ile ba re hamorao: “Na lipelo tsa rōna li ne li sa chese ha a ntse a bua le rōna tseleng, ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo?”—Luka 24:27, 32.
12, 13. Ke mohlala ofe o bontšang hore Jesu o ne a lieha ho halefa a bile a e-na le kahlolo e molemo?
12 Boikutlo ba hae le tsela eo a neng a etsa lintho ka eona. Temoho e ne e thusa Jesu hore ‘a liehe ho halefa.’ (Liproverbia 16:32) O ne a khona ho ithiba ’me a le “maikutlo a bonolo.” (Matheu 11:29) Jesu o ne a mamella barutuoa ba hae ho sa tsotellehe liphoso tsa bona. (Mareka 14:34-38; Luka 22:24-27) ’Me o ne a lula a khobile matšoafo le ha a tšoaroa hampe.—1 Petrose 2:23.
13 Temoho e ne e boetse e thusa Jesu hore a be le kahlolo e molemo. O ne a utloisisa sepheo sa Molao oa Moshe, ’me seo se ama tsela eo a tšoarang batho ka eona. Ka mohlala, nahana ka Mareka 5:25-34.) Mosali eo o ile a kena har’a letšoele, a ama seaparo sa Jesu eaba o oa fola. Ho ea ka Molao o ne a sa hloeka, ’me a sa lokela ho ama motho leha e le ofe. (Levitike 15:25-27) Empa Jesu ha aa ka a mo omanya. Hobane’ng? Hobane o ne a utloisisa hore litšobotsi tse kang ho bontša “mohau le botšepehi” ke tsa bohlokoa ho feta ho khomarela Molao. (Matheu 23:23) Ka mosa Jesu o ile a re: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso, ’me u fole boloetseng ba hao bo bohloko.” Ruri ona ke mohlala o motle oa kamoo ho ba le temoho ho ileng ha susumetsa Jesu kateng hore a bontše mosa!
mosali e mong ea neng a e-na le “phallo ea mali.” (Bala14. Jesu o ile a khetha ho etsa’ng, hona o ile a tsepamisa kelello joang mosebetsing oo?
14 Tsela eo a neng a phela ka eona. Jesu o ile a bontša temoho ka tsela eo a neng a phela ka eona. O ile a khetha ho etsa mosebetsi oa boboleli. (Luka 4:43) Ho feta moo, Jesu o ile a etsa liqeto tse neng li tla mo thusa hore a tsepamise kelello mosebetsing oo le ho qeta kabelo ea hae. Ka mohlala, ha aa ka a ipokella lintho tse ngata e le hore a ka sebelisa matla le nako ea hae tšebeletsong. (Luka 9:58) O ne a tseba hore o lokela ho koetlisa ba bang, e le hore ba tle ba ntšetse mosebetsi oa boboleli pele ka mor’a lefu la hae. (Luka 10:1-12; Johanne 14:12) Kahoo, o ile a tšepisa barutuoa ba hae hore o tla ba le bona “ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Matheu 28:19, 20.
ETSISANG TEMOHO EA JESU
15. Re ka bontša temoho joang ha re bua le ba bang?
15 Re ka etsisa tsela eo Jesu a ileng a bontša temoho ka eona joang? Ha re bua. Ha re bua le bara le barali babo rōna, re bua lintho tse ba khothatsang ho e-na le ho ba nyahamisa. (Baefese 4:29) Ha re bua le ba bang ka ’Muso oa Molimo, lipolelo tsa rōna li lokela ho ‘nōkoa ka letsoai,’ ka mantsoe a mang, re bue le bona ka bohlale. (Bakolose 4:6) Re leka ho utloisisa seo batho ba se hlokang le seo ba se thahasellang, ebe re khetha mantsoe ka hloko. Haeba re bua ka mosa, batho ba ka ’na ba batla ho re mamela, ’me molaetsa oa rōna oa ba ama lipelo. Hape, ha re hlalosetsa ba bang seo re se lumelang, re lokela ho ba balla sona ka Bibeleng ha ho khoneha, kaha Lentsoe la Molimo le matla. Rea tseba hore molaetsa o ka Bibeleng o matla ho feta ntho leha e le efe eo re ka e buang.—Baheberu 4:12.
16, 17. (a) Re ka etsa’ng ho bontša hore re lieha ho halefa le hore re na le kahlolo e molemo? (b) Re ka tsepamisa kelello joang tšebeletsong?
16 Boikutlo ba rōna le tsela eo re etsang lintho ka eona. Temoho e re thusa hore re ithibe ha re le tlas’a khatello ’me re “liehe ho halefa.” (Jakobo 1:19) Ha batho ba re khopisa, re leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba bua kapa ba itšoara ka tsela eo. Seo se re nolofalletsa ho ba tšoarela ’me se etsa hore re se ke ra ba koatela. (Liproverbia 19:11) Temoho e boetse e re thusa hore re be le kahlolo e molemo. Ha rea lebella phetheho ho bara le barali babo rōna. Ho e-na le hoo, rea hopola hore e ka ’na eaba ba na le mathata ao re sa a tsebeng. Re ikemiselitse ho mamela maikutlo a bona. ’Me ha ho khoneha, rea tenyetseha, e leng se bolelang hore ha re tsitlelle maikutlong a rōna.—Bafilipi 4:5.
17 Tsela eo re phelang ka eona. Rea tseba hore ho bolela litaba tse molemo ke tlotla e khōlō ka ho fetisisa eo re nang le eona. Kahoo re batla ho etsa liqeto tse tla re thusa hore re tsepamise kelello tšebeletsong. Re khetha ho etelletsa tšebeletso ea Jehova pele bophelong. Ha re ikimetse ka lintho tse ngata e le hore re ka sebelisa nako le matla a rōna ho bolela litaba tse molemo pele bofelo bo tla.—Matheu 6:33; 24:14.
18. Re ka tsoela pele joang leetong le eang bophelong bo sa feleng, hona u ikemiselitse ho etsa’ng?
18 Ka sebele e bile ho thabisang ho ithuta ka tse ling tsa litšobotsi tse ntle tsa Jesu! Nahana hore na ho ka re tsoela molemo hakaakang ho ithuta ka litšobotsi tse ling tsa hae le ho leka ho mo etsisa. Kahoo, a re ikemisetseng ho etsisa Jesu. Ha re etsa joalo, re tla tsoela pele leetong la rōna le eang bophelong bo sa feleng ’me re tla atamela ho Jehova.
^ ser. 2 Petrose oa Pele 1:8, 9 e ne e ngoletsoe Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela leholimong. Leha ho le joalo, mantsoe ao a Petrose aa sebetsa le ho Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng.
^ ser. 9 U ka bala mehlala ea batho ba bontšitseng sebete ha ba tobana le liteko Molula-Qhooeng oa December 1, 2000, leqepheng la 24-28; Tsoheng! ea May 8, 2003, leqepheng la 26-29; le Tsoheng! (ea Senyesemane) ea January 22, 1995, leqepheng la 11-15.