Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Tataisa Mosebetsi oa ho Ruta Lefatšeng ka Bophara

Jehova o Tataisa Mosebetsi oa ho Ruta Lefatšeng ka Bophara

“’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.”—ESAIA 48:17.

1. Ke’ng e ileng ea etsa hore ho be thata ho etsa mosebetsi oa boboleli?

HA BAHLANKA ba Jehova ba qala ho bolela litaba tse molemo lilemong tse ka bang 130 tse fetileng, ba ile ba kopana le mathata a mangata. * (Sheba naletsana.) Ho tšoana le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ba ne ba fokola ka palo ’me ba ruta molaetsa oo batho ba bangata ba sa o rateng. Batho ba bang ba ne ba nahana hore ha baa ruteha. Hamorao, ha Satane a lahleloa lefatšeng, ba ile ba hlorisoa. (Tšenolo 12:12) Ho tloha ka nako eo, ba ’nile ba bolela “matsatsing a ho qetela” ao ‘ho leng thata ho sebetsana le ’ona.’—2 Timothea 3:1.

2. Jehova o ’nile a etsa’ng ho re thusa hore re bolele?

2 Empa Jehova o ’nile a thusa bahlanka ba hae. O batla hore ba bolele litaba tse molemo lefatšeng lohle, ’me a ke ke a lumella letho hore le emise mosebetsi oa bona. O ile a thusa bahlanka ba hae hore ba mo rapele ka tsela eo a e amohelang ka ho ba arola bolumeling ba bohata. O ile a etsa se tšoanang le nakong e fetileng, ha a ne a lokolla Baiseraele Babylona. (Tšenolo 18:1-4) Seo Jehova a re rutang sona se re ruisa molemo. O re thusa hore re phelisane ka khotso, ’me o re koetlisetsa ho ruta ba bang ka eena. (Bala Esaia 48:16-18.) Le hoja Jehova a tataisa mosebetsi oa rōna, seo hase bolele hore o lula a fetola maemo a lefatše hore re khone ho bolela. Ke ’nete hore lintho tse ling tse ileng tsa etsahala lefatšeng li ile tsa re nolofalletsa ho etsa mosebetsi oa boboleli. Empa re ntse re hlorisoa le ho tobana le mathata a mang a bakoang ke lefatše la Satane. Ke ka thuso ea Jehova feela re ntseng re khona ho bolela.—Esaia 41:13; 1 Johanne 5:19.

3. Boprofeta ba Daniele bo phethahala ka tsela efe?

3 Daniele o ile a profeta hore nakong ea bofelo, batho ba bangata ba tla utloisisa ’nete ea Bibele. (Bala Daniele 12:4.) Ha ‘nako ea bofelo’ e ntse e atamela, Jehova o ile a thusa bahlanka ba hae hore ba utloisise lithuto tsa bohlokoa tsa Bibele le hore ba lahle lithuto tsa bohata tsa Bokreste-’mōtoana. Kajeno, bahlanka ba hae ba ruta ’nete ea Bibele lefatšeng lohle. Ho hlakile hore boprofeta ba Daniele boa phethahala. Batho ba ka bang limilione tse robeli ba ithutile ’nete, ’me ba e ruta ba bang. Joale ke lintho life tse ling tse thusang bahlanka ba Jehova ho bolela lefatšeng lohle?

HO FETOLELOA HA BIBELE

4. Bibele e ne e fetoletsoe ka lipuo tse kae ka selemo sa 1900?

4 Kajeno batho ba bangata ba na le Bibele, ’me sena se re nolofalletsa ho ba bolella litaba tse molemo. Empa ho ne ho se joalo qalong. Ka makholo a lilemo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba sa batle hore batho ba bale Bibele. Ba ne ba hlorisa ba e balang le ho bolaea ba e fetolelang. Empa lilemong tsa bo-1800, mekhatlo e meng e ile ea fetolela Bibele le ho e hatisa e feletse kapa e sa fella, ka lipuo tse ka bang 400. Ka selemo sa 1900, batho ba bangata ba ne ba se ba e-na le Bibele. Leha ho le joalo, ba ne ba sa utloisise seo e se rutang.

5. Lipaki Tsa Jehova li entse mosebetsi ofe mabapi le phetolelo ea Bibele?

5 Bahlanka ba Jehova ba ne ba tseba hore ba lokela ho bolella ba bang seo Bibele e se rutang, ’me ba ile ba etsa sona seo. Qalong ba ne ba sebelisa liphetolelo tsa Bibele tse neng li fumaneha, ’me ba li fa le batho. Ho tloha ka 1950, ba se ba hatisitse Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang 120. Ka 2013, ba ile ba lokolla Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ntlafalitsoeng ea Senyesemane. Ho bonolo ho utloisisa Bibele ena le ho e fetolela. Ha re sebelisa Bibele eo batho ba e utloisisang, ho ba bonolo ho ba ruta ’nete.

LINAKO TSA KHOTSO

6, 7. (a) Ho bile le lintoa life lilemong tse lekholo tse fetileng? (b) Ho ba teng ha khotso linaheng tse ling ho re thusitse joang ho etsa mosebetsi oa boboleli?

6 Lilemong tse lekholo tse fetileng ho bile le lintoa tse ngata, ho akarelletsa lintoa tse peli tsa lefatše. Li bolaile batho ba limilione. Joale, ke joang ho bileng le khotso, hona e thusitse bahlanka ba Jehova ho bolela joang? Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, Nathan Knorr e ne e le eena ea etellang pele mosebetsi o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova. Kopanong e neng e tšoere ka 1942, o ile a fana ka puo e nang le sehlooho se reng, “Khotso—Na e ka Tšoarella?” Mor’abo rōna Knorr o ile a hlalosa boprofeta ba Tšenolo khaolo ea 17 ho bontša hore ha Armagedone ha e-s’o qale. Ka mor’a ntoa eo, ho ne ho tla ba le nako ea khotso.—Tšenolo 17:3, 11.

7 Ke ’nete hore sena se ne se sa bolele hore ha ntoa eo e fela ho tla rena khotso hohle. Ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, ho bile le lintoa tse ling tse bolaileng batho ba limilione. Empa linaheng tse ngata ho bile le linako tsa khotso, tse nolofalelitseng bahlanka ba Jehova ho bolela. Phello e bile efe? Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse ka tlaasenyana ho 110 000. Empa kajeno li ka ba limilione tse robeli! (Bala Esaia 60:22.) Ha e le hantle, linakong tsa khotso re khona ho bolella batho ba eketsehileng litaba tse molemo.

LINTLAFATSO MEKHOENG EA HO TSAMAEA

8, 9. Mekhoa ea ho tsamaea e ntlafetse ka tsela efe, hona see se re thusa joang mosebetsing oa rōna?

8 Ha bahlanka ba Jehova ba qala ho bolela United States, ho ne ho se bonolo hore ba fihle libakeng tse ling. Ka 1900, lilemo tse ka bang 21 ka mor’a hore ba qale ho hatisa Molula-Qhooa, ho ne ho e-na le likoloi tse ka bang 8 000 feela naheng eo, ’me litsela li fokola. Empa kajeno ho na le likoloi tse limilione tse likete lefatšeng le litsela li ntle libakeng tse ngata. Kahoo, re ka sebelisa likoloi le litsela ha re il’o pakela batho ba lulang libakeng tse hōle le tseo ho seng bonolo ho fihla ho tsona. Empa le haeba re lula libakeng tseo mokhoa oa ho tsamaea o seng bonolo ’me re lokela ho tsamaea nako e telele ka maoto, re etsa sohle seo re ka se khonang ho bolella batho litaba tse molemo.—Matheu 28:19, 20.

Re etsa sohle seo re ka se khonang ho bolella batho litaba tse molemo hohle moo ba fumanehang

9 Re boetse re sebelisa mekhoa e meng ea ho tsamaea. Re tsamaisa Libibele le lingoliloeng tse ling ka literaka, likepe le literene. Sena se bolela hore lingoliloeng li ka fihla ho bara le barali babo rōna ba libakeng tse hōle, ka mor’a libeke tse seng kae feela. Balebeli ba potoloho, litho tsa Komiti ea Lekala, baromuoa le ba bang ba tsamaea ka lifofane ha ba il’o fana ka lipuo likopanong le ho ea thusa liphutheho. Litho tsa Sehlopha se Busang le barab’abo rōna ba bang ba tsoang ntlo-khōlō, ba sebelisa lifofane ha ba e-ea linaheng tse ngata ho ea khothatsa le ho koetlisa bara le barali babo rōna. Sena se thusa ho momahanya bahlanka ba Jehova.—Pesaleme ea 133:1-3.

MOSEBETSI OA PHETOLELO

10. Senyesemane se sebelisoa ke batho ba bakae?

10 Lekholong la pele la lilemo, batho ba bangata ’Musong oa Roma ba ne ba bua Segerike. Kajeno, batho ba bangata ba bua Senyesemane. Ha e le hantle, buka ea English as a Global Language e re hoo e ka bang kotara ea baahi ba lefatše e bua Senyesemane kapa e ea se utloa. Batho ba bangata ba ithuta Senyesemane kaha se sebelisoa litabeng tsa khoebo, lipolotiking, saenseng le theknolojing.

11. Ho sebelisoa ha Senyesemane ho thusitse joang mosebetsing o etsoang ke bahlanka ba Jehova?

11 Ho sebelisoa ha Senyesemane libakeng tse ngata ho thusitse ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli. Nakong e fetileng, lingoliloeng tsa rōna li ne li tsoa ka Senyesemane pele ho lipuo tse ling. Batho ba bangata ba ne ba khona ho li bala, kaha Senyesemane se ne se tsejoa libakeng tse ngata. Senyesemane se sebelisoa le ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova. Ho feta moo, bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba utloisisang Senyesemane ba koetlisoa likolong tsa Patterson, New York.

Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li utloisisa ‘puo e hloekileng’ ea ’nete ea Bibele ’me li momahane

12. Re fetolela lingoliloeng tsa rōna ka lipuo tse kae, hona mananeo a k’homphieutha a re thusa joang?

12 Leha ho le joalo, re na le boikarabelo ba ho bolela litaba tse molemo ho batho ba lichaba tsohle. Ke kahoo re fetolelang lingoliloeng tsa rōna ka lipuo tse fetang 700. Re etsa see joang? Re sebelisa lik’homphieutha le mananeo a k’homphieutha a kang MEPS, a re thusang ho fetolela. Sena se etsa hore Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li utloisise ‘puo e hloekileng’ ea ’nete ea Bibele ’me li momahane.—Bala Sofonia 3:9.

MELAO LE LIQETO TSA MAKHOTLA

13, 14. Melao le liqeto tsa makhotla li re thusitse ka tsela efe?

13 Molao oa Baroma o ile oa nolofalletsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ho bolela. Le kajeno, melao linaheng tse ngata e re nolofalletsa ho bolela. Ka mohlala, molao oa United States o fa batho bolokolohi ba ho ikhethela bolumeli, ba ho bua ka seo ba se lumelang le ba ho bokana hammoho. Sena se bolela hore re na le bolokolohi ba ho tšoara liboka le ho bolela naheng eo. Ntlo-khōlō ea rōna e United States e boetse e na le bolokolohi ba ho hlophisa mosebetsi oa ho bolela o etsoang lefatšeng ka bophara. Ke ’nete hore ka linako tse ling ho ’nile ha hlokahala hore re ee makhotleng ho sireletsa tokelo ea rōna ea ho bolela litaba tse molemo. (Bafilipi 1:7) Haeba baahloli makhotleng ao ba leka ho re thibela ho bolela, re fetela makhotleng a phahameng, ’me hangata re hlōla linyeoe tseo.

14 Le linaheng tse ling, re ’nile ra ea makhotleng ho sireletsa tokelo ea rōna ea ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi le ho bolela. Ha re hlōloa, re fetela makhotleng a machaba. Ka mohlala, re ile ka makhetlo Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho. Ka June 2014, re ne re se re hlōtse linyeoe tse 57 Lekhotleng leo, ’me liqeto tsa Lekhotla leo li lokela ho mameloa ke linaha tse ngata tsa Europe. Le hoja re ‘hlouoe ke lichaba tsohle,’ melao ea linaha tse ngata e re lumella ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi.—Matheu 24:9.

LINTHO TSE LING TSE RE THUSITSENG

Lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele li fumaneha ka lipuo tse ngata

15. Ho bile le lintlafatso life mekhoeng ea khatiso, hona see se re thusa joang?

15 Mechine e mecha ea khatiso e re thusitse hore re bolelle batho ba eketsehileng litaba tse molemo. Ka makholo a lilemo, batho ba ’nile ba sebelisa mochine oa khatiso o qapiloeng ke Johannes Gutenberg ka 1450. Empa lilemong tse 200 tse fetileng, mechine ea khatiso e ntlafalitsoe ka litsela tse ngata. Ho ’nile ha qaptjoa mechine e meng ea khatiso e hatisang ka lebelo le ka tsela e ntlafetseng. Hape, litšenyehelo tsa ho etsa pampiri le tsa ho tlama libuka li ’nile tsa theoha. Liphetoho tsee li amme lingoliloeng tsa rōna joang? Ka 1879, Molula-Qhooa oa pele o ile oa hatisoa ka Senyesemane. O ne o se na litšoantšo, ’me ho ile ha hatisoa e 6 000 feela. Empa kajeno Molula-Qhooa o hatisoa ka lipuo tse fetang 200. O na le litšoantšo tse ntle tse mebala-bala, ’me ho hatisoa e fetang 50 000 000 khatiso ka ’ngoe.

16. Ke lintho life tse qapiloeng tse re thusang ho bolela lefatšeng lohle? (Sheba setšoantšo se qalong.)

16 Lintho tse ling tse ngata tse qapiloeng lilemong tse 200 tse fetileng, li thusitse bahlanka ba Jehova ho bolela litaba tse molemo. Re se re buile ka literene, likoloi le lifofane. Empa ho ile ha boela ha qaptjoa libaesekele, mechine ea ho thaepa, ea ho ngola Braille, lithelekramo, lithelefono, lik’hamera, mechine e rekotang, e nkang video, seea-le-moea, thelevishene, lifilimi, lik’homphieutha le Inthanete. Le hoja bahlanka ba Jehova e se bona ba qapileng lintho tsena, ba li sebelisetsa ho hatisa Bibele le lingoliloeng tse ling ka lipuo tse ngata le ho bolela lefatšeng lohle. Ka tsela ena, ba “anya lebese la lichaba,” feela joalokaha boprofeta ba Bibele bo bontšitse.—Bala Esaia 60:16.

Jehova o oa re rata ’me o batla hore re sebetse le eena

17. (a) Ke’ng e totobetseng ka mosebetsi oa boboleli? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re sebetse le eena?

17 Ho totobetse hore Jehova o tataisa mosebetsi oa rōna oa boboleli. Jehova o re file mosebetsi ona hobane a re rata ’me a batla hore re sebetse le eena, eseng hobane a hlōleha ho iketsetsa oona. Ha re bolela, re bontša hore rea mo rata ebile re rata batho ba bang. (Mareka 12:28-31; 1 Bakorinthe 3:9) Re leboha Jehova hore ebe o re thusa ho bolela lefatšeng lohle. Kahoo, e se eka re ka sebelisa monyetla o mong le o mong ho bua ka Jehova le ka ’Muso oa hae!

^ ser. 1 Ho tloha lilemong tsa bo-1870, bahlanka ba Jehova ba ne ba tsejoa e le Liithuti Tsa Bibele. Ka 1931, ba ile ba qala ho sebelisa lebitso Lipaki Tsa Jehova.—Esaia 43:10.