Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U Chesehela Tšebeletso

Lula U Chesehela Tšebeletso

HO BOLELA litaba tse molemo ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa o etsoang lefatšeng kajeno. Ke tokelo e khōlō ho emela Jehova mosebetsing ona oa boboleli. Empa ka linako tse ling ho ka ba thata hore bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba lule ba cheseha tšebeletsong. Hobane’ng?

Ke’ng e ka u thusang ho lula u chesehela tšebeletso?

Bahoeletsi ba bang ba atisa ho qeta boholo ba nako ba sa khone ho buisana le batho ha ba ea ka ntlo le ntlo hobane beng ba matlo ba le sieo. Bao ba ba fumanang, ba ka ’na ba se ke ba thahasella molaetsa oa ’Muso kapa ba ba halefela. Bahoeletsi ba bang bona ba na le tšimo e khōlō e bileng e behang litholoana ’me ba tšoha hore ha ba na ho khona ho pakela motho e mong le e mong tšimong ea bona. Ha ba bang bona ba qetile lilemo ba ntse ba bolela litaba tse molemo ’me ba nyahamisoa ke hore bofelo ha bo e-s’o fihle.

Ha re ntse re etsa tšebeletso re tla kopana le mathata a ka fokolisang cheseho ea rōna. Re phela lefatšeng le laoloang ke “ea khopo” e leng Satane Diabolose, kahoo re ka lebella hore ho be thata ho bolela litaba tse molemo.—1 Johanne 5:19.

Ho sa tsotellehe hore na u kopana le mathata afe tšebeletsong ea hao, u ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa hore u a hlōle. Empa u ka etsa’ng hore u chesehele tšebeletso haholoanyane? A re tšohleng litlhahiso tse seng kae.

THUSA BAHOELETSI BA BACHA

Selemo le selemo, ho kolobetsoa batho ba likete hore e be Lipaki Tsa Jehova. Haeba u sa tsoa kolobetsoa, u ka ithuta ho hongata ho batho bao e leng khale ba bolela litaba tse molemo. ’Me haeba ke khale u le ’moleli oa litaba tse molemo, na u ka thusa ho koetlisa ba bacha? Ho etsa sena ho ka u thabisa e le kannete.

Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba hae ba hloka ho tataisoa e le hore e be mesuoe e atlehang, ’me o ile a ba bontša kamoo ba ka bolelang kateng. (Luka 8:1) Le kajeno, ba bacha ba hloka ho koetlisoa e le hore e be baboleli ba hloahloa.

Ha rea lokela ho nahana hore ha mohoeletsi ea mocha a ea tšimong o se a ntse a ithuta ho ruta. O hloka tataiso ea mokoetlisi ea bonolo le ea lerato. Mohoeletsi ea nang le phihlelo o lokela ho mo ruta (1) ho lokisetsa le ho itlhakisetsa seo a tla se bua tšimong, (2) ho buisana le batho, (3) ho fana ka lingoliloeng, (4) ho khutlela ho ba bontšitseng thahasello le (5) ho qalisa thuto ea Bibele. Mohoeletsi ea mocha e ka ba ’moleli ea hloahloa haeba a sheba a bile a etsisa mohoeletsi ea nang le phihlelo ha a ruta. (Luka 6:40) Mohoeletsi ea mocha o tla ikutloa a phutholohile haholoanyane ha a tseba hore ho na le motho ea tla mo thusa ha ho hlokahala. Ho babatsa le ho eletsa mohoeletsi ea mocha ho ka mo thusa.—Moeklesia 4:9, 10.

BUISANA LE MOTHO EO U TSAMAEANG LE EENA

Le hoja ka linako tse ling u ke ke ua ba le puisano e monate le beng ba matlo ho sa tsotellehe boiteko boo u bo etsang, u ka thabela ho buisana le motho eo u tsamaeang le eena. Hopola hore Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba tsamaee “ka bobeli” ha ba il’o bolela. (Luka 10:1) Ha ba ntse ba sebetsa hammoho, ba ne ba tla khothatsana le ho susumetsana. Ha re sebetsa le bara le barali babo rōna tšimong, re ba le menyetla e mengata ea “ho khothatsana.”—Baroma 1:12.

Le ka bua ka’ng? Na e mong oa lōna o sa tsoa ba le phihlelo e khothatsang? Na ho na le ntlha e thahasellisang eo u ithutileng eona thutong ea botho kapa borapeling ba lelapa? Na ho na le ntlha e u khothalitseng libokeng? Ka linako tse ling u ka ’na ua sebetsa le mohoeletsi eo u sa mo tsebeng hantle. Mohlomong u ka mo botsa hore na o fumane ’nete joang. Ke’ng e mo kholisitseng hore oo ke mokhatlo oa Jehova? O bile le menyetla efe ea tšebeletso kapa liphihlelo? Mohlomong le uena u ka mo bolella liphihlelo tseo u bileng le tsona. Ho sa tsotellehe tsela eo batho ba arabelang ka eona, le ba le monyetla o motle oa ‘hore le hahane’ le motho eo u tsamaeang le eena.—1 Bathesalonika 5:11.

NTLAFATSA THUTO EA HAO EA BOTHO

E le hore re lule re cheseha tšebeletsong ho hlokahala hore re ntlafatse thuto ea rōna ea botho. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le fana ka lihlooho tse ngata tseo re ka ithutang tsona. (Matheu 24:45) A re buisaneng ka se seng sa lihlooho tseo re ka li tšohlang thutong ea botho: Ke hobane’ng ha mosebetsi oa boboleli e le oa bohlokoa? Lebokose le reng, “ Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Lula U Chesehela Tšebeletso?” le re fa mabaka a mang.

Ho hlahloba lintlha tse ling tse thathamisitsoeng lebokoseng leo ho ka u susumelletsa hore u tsoele pele u bolela ka cheseho. Thutong ea hao ea botho, leka ho thathamisa mabaka a mang a Mangolo a hore re bolele ka cheseho. Ebe u thuisa ka ’ona. Ha u etsa seo, u tla chesehela tšebeletso.

IKEMISETSE HO LEKA MEKHOA E MECHA

Mokhatlo oa Jehova o lula o re fa litlhahiso tse ka re thusang ho ntlafatsa tšebeletsong. Ka mohlala, ho phaella mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo, mohlomong re ka leka ho ngola mangolo, ho paka ka thelefono, ho paka seterateng kapa libakeng tse ling tsa sechaba le ho paka ka tsela e sa reroang kapa mohlomong ho pakela batho ba mosebetsing. Re ka ba ra rera ho paka libakeng tseo ho nang le Lipaki tse ’maloa kapa moo li leng sieo ho hang.

Na u ka rata ho leka mokhoa o mocha? Ba bangata ba lekileng ho sebelisa litlhahiso tsena ba atlehile. Nahana ka mehlala e latelang e meraro.

Morali e mong oabo rōna ea bitsoang April o ile a etsa qeto ea ho sebelisa tlhahiso e ’ngoe e neng e fanoe Tšebeletsong ea ’Muso ea kamoo re ka qalisang lithuto tsa Bibele kateng. O ile a ithaopela ho ithuta le batho ba bararo bao a sebetsang le bona. O ile a makala ’me a thaba ha ba lumela ho ithuta ebile ba qala ho ea libokeng tsa phutheho.

Re ile ra boela ra khothalletsoa ho batla batho ba ka thahasellang lihlooho tse itseng limakasineng tsa rōna. Molebeli e mong oa potoloho oa United States o ile a etsa qeto ea ho tsamaisetsa baokameli ba mabenkele ’ohle a lithaere Tsoha! e neng e-na le sehlooho se buang ka lithaere tsa likoloi. Eena le mosali oa hae ba ile ba boela ba siela lingaka tse fetang lekholo limakasine tse neng li bua ka mosebetsi oa tsona. O re sena se entse hore batho ba tloaelane le mosebetsi oa rōna oa boboleli hammoho le lingoliloeng tsa rōna. Ka mor’a hore ba tsebe batho ba tšimong ea bona haholoanyane, molebeli enoa oa potoloho le mosali oa hae ba ile ba khona ho etsa maeto a ho boela a eketsehileng.

Morali e mong oabo rōna ea bitsoang Judy o ile a ngolla ntlo-khōlō ho leboha khothatso ea hore re pake ka thelefono. O ile a re ’mè oa hae ea lilemo li 86 ea fokolloang ke bophelo o atisa ho pakela batho ka thelefono. Sena se ile sa etsa hore a qalise thuto ea Bibele le nkhono e mong ea lilemo li 92!

Litlhahiso tse fanoang lingoliloeng tsa rōna lia sebetsa. Li leke! Li ka etsa hore u lule u thabile ebile u chesehela tšebeletso.

IPEHELE LIPAKANE TSEO U KA LI FINYELLANG

Ke’ng e etsang hore re atlehe mosebetsing oa boboleli? Hase palo ea lingoliloeng tseo re li tsamaisang, lithuto tsa Bibele tseo re li khannang kapa batho bao re ba thusitseng hore e be Lipaki Tsa Jehova. Nahana ka Noe. Ntle ho litho tsa lelapa la hae o thusitse batho ba bakae hore e be barapeli ba Jehova? Leha ho le joalo, e bile ’moleli oa litaba tse molemo ea atlehileng. Ntho ea bohlokoa ke hore re sebeletse Jehova ka botšepehi.—1 Bakorinthe 4:2.

Bahoeletsi ba bangata baa hlokomela hore ba lokela ho ipehela lipakane tseo ba ka li finyellang e le hore ba thabe mosebetsing oa boboleli. Tse ling tsa lipakane tsee ke life? Ho thathamisitsoe tse ling lebokoseng le reng, “ Ipehele Lipakane Tseo U ka li Finyellang.”

Kōpa Jehova hore a u thuse hore tšebeletso ea hao ebe e nang le morero le e behang litholoana. Ha u finyella lipakane tseo u ipehetseng tsona, u tla khotsofatsoa ke ho tseba hore u etsa sohle seo u ka se khonang ho bolela litaba tse molemo.

Ke ’nete hore ho bolela litaba tse molemo e ka ba phephetso. Empa ho na le litho tseo u ka li etsang hore u chesehele tšebeletso. E-ba le puisano e khothatsang le motho eo u tsamaeang le eena, etsa hore thuto ea hao ea botho e be le morero ’me u e tšoare kamehla, leka litlhahiso tsa lekhoba le tšepahalang le le masene ’me u ipehele lipakane tseo u ka li finyellang. U hopole hore Jehova Molimo o u file tlotla ea ho bolela litaba tse molemo u le e mong oa Lipaki tsa hae. (Esaia 43:10) Ka sebele u tla thaba haholo ha u ntse u chesehela tšebeletso!