Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Tla ‘Lula U Lebetse’?

Na U Tla ‘Lula U Lebetse’?

“Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa eona hora.”—MATHEU 25:13.

1, 2. (a) Jesu o ile a re ho tla etsahala’ng matsatsing a ho qetela? (b) Re tlil’o tšohla lipotso life?

AK’U nahane Jesu a lutse Thabeng ea Mehloaare, a shebile tempele e Jerusalema. A e-na le barutuoa ba hae ba bane, e leng Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne. Ba mametse Jesu ka hloko ha a ba bolella boprofeta ba lintho tse hlollang tse tla etsahala nakong e tlang. Boprofeteng boo, Jesu o ile a senola se tla etsahala matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena e khopo ha a se a busa ’Musong oa Molimo. Jesu o ile a ba bolella hore ka nako eo, “lekhoba [la hae] le tšepahalang le le masene” le tla mo emela lefatšeng ’me le fe balateli ba hae lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng.—Matheu 24:45-47.

2 Hona boprofeteng boo, Jesu o ile a boela a etsa papiso ea baroetsana ba leshome. (Bala Matheu 25:1-13.) Sehloohong sena, re tl’o tšohla lipotso tse latelang: (1) Molaetsa oa bohlokoa oa papiso ee ke ofe? (2) Batlotsuoa ba tšepahalang ba sebelisitse keletso e papisong ee joang, hona ka phello efe? (3) E mong le e mong oa rōna a ka rua molemo joang papisong ea Jesu kajeno?

MOLAETSA OA PAPISO EE KE OFE?

3. Nakong e fetileng, lingoliloeng tsa rōna li ne li re’ng ka papiso ea baroetsana ba leshome, hona e ka ’na eaba see se ile sa e-ba le phello efe?

3 Sehloohong se fetileng, re ithutile hore lilemong tsa morao tjena lekhoba le tšepahalang le fetotse tsela eo le hlalosang litlaleho tse ling tsa Bibele ka eona. Hona joale lekhoba le tšepahalang le totobatsa seo re ka ithutang sona litlalehong tsa Bibele, ho e-na le hore na li emela’ng. Ka mohlala, nahana ka papiso ea Jesu ea baroetsana ba leshome. Nakong e fetileng, lingoliloeng tsa rōna li ne li re mabone, oli le lipitsana tsa oli li emela ntho kapa motho ea itseng. Na ho ka etsahala hore ebe ka lebaka la ho ameha ka lintlha tse kang tsee, re ile ra hlokomoloha molaetsa oa bohlokoa papisong ee? Karabo ea potso eo ke ea bohlokoa.

Baroetsana ba lokela hore ba be ba itokisitse ’me ba khantšitse mabone a bona ha monyali a fihla

4. Papisong ee, re tseba joang hore na (a) monyali ke mang? (b) baroetsana ke bo-mang?

4 A re ke re hlahlobeng molaetsa oa bohlokoa papisong ena ea Jesu. Ntlha ea pele, nahana ka batho ba papisong ea baroetsana ba leshome. Monyali ke mang? Ke Jesu. Re tseba sena hobane pejana, Jesu o ile a ipitsa monyali. (Luka 5:34, 35) Baroetsana bona ke bo-mang? Ke “mohlatsoana” oa Bakreste ba tlotsitsoeng. Re tseba see joang? Baroetsana ba papisong eo, ba lokela ba be ba itokisitse ’me ba khantšitse mabone a bona ha monyali a fihla. Joale hlokomela seo Jesu a ileng a se bua ho balateli ba hae ba tlotsitsoeng: “Matheka a lōna a ke a tlangoe ’me mabone a lōna a ke a tuke, ’me le be joaloka batho ba letetseng mong’a bona ha a khutla lenyalong.” (Luka 12:32, 35, 36) Ho phaella moo, moapostola Pauluse le moapostola Johanne ba ile ba bapisa balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng le baroetsana ba hloekileng. (2 Bakorinthe 11:2; Tšenolo 14:4) Kahoo, re khona ho bona hore keletso le temoso e ho Matheu 25:1-13 e lebisitsoe ho balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng.

5. Jesu o ile a re’ng ho senola nako eo papiso ea hae e tla sebetsa ka eona?

5 Keletso ee ea Jesu e sebetsa neng? Mantsoe a qetellang a Jesu papisong eo a re fa karabo. O re: “Monyali a fihla.” (Matheu 25:10) Molula-Qhooeng oa July 15, 2013, re ile ra ithuta hore boprofeta ba Jesu bo ho Matheu khaolo ea 24 le ea 25 bo bua ka ho “fihla” kapa ho “tla” ha Jesu ka makhetlo a robeli. Ha Jesu a bua ka ho “tla” ha hae, o ne a bua ka nako eo a tla ahlola le ho felisa lefatše lena le khopo ka eona, nakong ea matšoenyeho a maholo. Kahoo, re ka etsa qeto ea hore papiso ea Jesu e sebetsa matsatsing a ho qetela, empa o tla “tla” nakong ea matšoenyeho a maholo.

6. Papiso ee e na le molaetsa ofe oa bohlokoa?

6 Re ithuta molaetsa ofe oa bohlokoa papisong ee? Hopola taba eo Jesu a neng a bua ka eona tlalehong eo ea Bibele. Ho Matheu khaolo ea 24, Jesu o buile ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Lekhoba leo, e ne e tla ba sehlopha se senyenyane sa banna ba tlotsitsoeng, ba tla etella balateli ba Kreste pele matsatsing a ho qetela. Jesu o ile a lemosa banna bao hore ba lokela ho lula ba tšepahala. Khaolong e latelang, Jesu o ile a sebelisa papiso ea baroetsana ba leshome ho eletsa balateli bohle ba hae ba tlotsitsoeng mehleng ena ea bofelo. Molaetsa e ne e le hore ‘ba lule ba lebetse,’ e le hore ba se ke ba lahleheloa ke moputso oa bona oa ho phela leholimong. (Matheu 25:13) Joale a re ke re hlahlobeng papiso ena, re bone hore na batlotsuoa ba sebelisitse keletso ena ea Jesu joang.

BATLOTSUOA BA SEBELISITSE KELETSO E PAPISONG EE JOANG?

7, 8. (a) Ke hobane’ng ha baroetsana ba masene ba ne ba itokisitse? (b) Batlotsuoa ba itokisitse ka tsela efe?

7 Papisong eo, Jesu o ile a re ha monyali a fihla, o fumane baroetsana ba masene ba itokisitse, ho fapana le baroetsana ba maoatla. Ba ne ba etse’ng? Ba ne ba itlhophisitse ’me ba lebetse. Baroetsana bohle ba leshome ba ne ba lokela ho lula ba lebetse le ho khantša mabone a bona bosiu. Baroetsana ba masene ho fapana le ba maoatla, ba ne ba nketse mabone a bona oli e eketsehileng. Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ba itokiselitse ho fihla ha Jesu ka tsela efe?

8 Batlotsuoa ba ikemiselitse ho phetha mosebetsi oa bona ho fihlela qetellong. Baa hlokomela hore e le hore ba sebeletse Molimo ba lokela ho tela mabothobotho a lefatše lena la Satane, ’me ba ikemiselitse ho etsa joalo. Ba entse qeto ea ho sebeletsa Jehova ka botšepehi, eseng hobane bofelo bo le haufi, empa hobane ba mo rata ba bile ba rata le Mora oa hae. Ba lula ba tšepahala ’me ha ba itumelle ho hahlameloa ke moea oa lefatše lena oa ho rata lintho tse bonahalang, oa boitšoaro bo bobe le oa boithati. Ho tšoana le baroetsana ba masene ba neng ba tšoere mabone a bona ’me ba itokisitse, batlotsuoa ba tsoela pele ho khanya, ha ka mamello ba ntse ba emetse Monyali hore a fihle, le hoja ho bonahala eka o oa lieha.—Bafilipi 2:15.

Jesu o ile a lemosa batlotsuoa hore ba lule ba tšepahala

9. (a) Jesu o ne a bontša eng ha a bua ka ho thibasela? (b) Batlotsuoa ba ile ba etsa’ng ha ba utloa mohoo o reng: “Monyali ke enoa”? (Sheba naletsana.)

9 Baroetsana ba masene ba ne ba boetse ba itokiselitse ho fihla ha monyali hobane ba ne ba lebetse. Empa baroetsana ba leshome ba papisong eo, ba ile “ba thibasela kaofela ’me ba robala” ha ba ntse ba emetse monyali, kaha ho ne ho bonahala eka o oa lieha. Joale na ho ka etsahala hore Bakreste ba tlotsitsoeng kajeno ‘ba robale,’ ka mantsoe a mang ho be le lintho tse ba sitisang ha ba ntse ba emetse ho fihla ha Kreste? E, ho ka etsahala. Jesu o ne a tseba hore esita le motho ea ikemiselitseng le ea labalabelang ho tla ha hae a ka tepella ’me ha e-ba le lintho tse mo sitisang. Kahoo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba sebetsa ka thata le ho feta hore ba lule ba lebetse. Ka tsela efe? Baroetsana bohle ba leshome papisong eo ba ile ba utloa mohoo o reng: “Monyali ke enoa!” Empa ke baroetsana ba masene feela ba neng ba lebetse. (Matheu 25:5, 6; 26:41) Le matsatsing ana a ho qetela, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba utloile mohoo o reng: “Monyali ke enoa!” Ba amohetse bopaki bo matla ba hore Jesu o haufi le ho tla, ’me ba letetse ho fihla ha hae. * (Sheba naletsana.) A re ke re hlahlobeng mantsoe a qetellang papisong eo ea Jesu, moo a bolelang nako e itseng e tobileng.

MOPUTSO HO BA MASENE LE KOTLO HO MAOATLA

10. Re ka ’na ra ipotsa potso efe ka puisano eo baroetsana ba masene le ba maoatla ba bang le eona?

10 Ha papiso e qetella, baroetsana ba maoatla ba kōpa ba masene hore ba ba tšelle oli ka maboneng a bona. Baroetsana ba masene ba hana ho ba thusa. (Bala Matheu 25:8, 9.) Empa na ho na le mohla Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba kileng ba hana ho thusa motho ea hlokang thuso? Hopola nako eo ho buuoang ka eona papisong ena. Monyali Jesu o tla ho tla ahlola ho elella qetellong ea matšoenyeho a maholo. Joale e ka ’na eaba ho buuoa ka se tla etsahala nakoana pele matšoenyeho a maholo a fela. Ke hobane’ng ha re bua joalo? Hobane ka nako eo, batlotsuoa ba tla be ba se ba fuoe tiiso ea ho qetela.

11. (a) Ho tla etsahala’ng nakoana pele matšoenyeho a maholo a qala? (b) Baroetsana ba masene ba bolela’ng ha ba re ba maoatla ba il’o ithekela oli?

11 Kahoo, pele matšoenyeho a maholo a qala, batlotsuoa bohle ba tšepahalang ba lefatšeng ba tla fuoa tiiso ea ho qetela. (Tšenolo 7:1-4) Ka mor’a moo, ha ho pelaelo hore ba tla ea leholimong. Empa ak’u nahane ka se etsahalang pele matšoenyeho a maholo a qala. Ho tla etsahala’ng ka batlotsuoa ba sa kang ba tšepahala le ho lula ba lebetse? Ha ba na ho fuoa tiiso ea ho qetela. Ka nako eo, Bakreste ba bang ba tšepahalang ba tla tlotsoa. Ha matšoenyeho a maholo a qala, batlotsuoa ba sa kang ba tšepahala ba ka ’na ba tšoha ha ba bona Babylona e Moholo e timetsoa. Ka nako eo, ba tla hlokomela hore ha baa itokisetsa ho fihla ha Jesu. Joale ho tla etsahala’ng ha ba kōpa thuso? Re fumana karabo papisong eo. Baroetsana ba masene ba hana ho ba fa oli, ho e-na le hoo, ba re ba tsamaee ba il’o ithekela. Kaha ke “har’a bosiu,” ha ho na motho ea ka ba rekisetsang oli. Ha ho letho leo ba ka le etsang!

12. (a) Nakong ea matšoenyeho a maholo, ho tla etsahala’ng ka batlotsuoa ba sa kang ba tšepahala pele ba fuoa tiiso ea ho qetela? (b) Ho tla etsahala’ng ka ba tšoanang le baroetsana ba maoatla?

12 Nakong ea matšoenyeho a maholo, batlotsuoa ba tšepahalang ba ke ke ba thusa ba sa tšepahaleng. Ho tla be ho se letho leo ba ka le etsang. Joale ho tla etsahala’ng ka ba sa tšepahaleng? Hlokomela se ileng sa etsahalla baroetsana ba maoatla ba ileng ba tsamaea ho ea reka oli: “Monyali a fihla, ’me baroetsana ba neng ba itokisitse ba kena le eena moketeng oa lenyalo; ’me monyako oa koaloa.” Ha Jesu a tla ka khanya ea hae ho elella qetellong ea matšoenyeho a maholo, o tla bokellela batlotsuoa ba tšepahalang leholimong. (Matheu 24:31; 25:10; Johanne 14:1-3; 1 Bathesalonika 4:17) Jesu o tla lahla ba sa tšepahaleng. Feela joaloka baroetsana ba maoatla, ba ka ’na ba re: “Mohlomphehi, mohlomphehi, re bulele!” Empa Jesu o tla re’ng? Ka bomalimabe, o tla ba araba ka tsela eo a tla araba ba bangata ba kang lipōli ka eona, a re: “Ke le bolella ’nete, ha ke le tsebe.”—Matheu 7:21-23; 25:11, 12.

Mokreste ka mong ea tlotsitsoeng o lokela ho itlhophisa le ho lebela

13. (a) Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore re etse qeto ea hore balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng ba ke ke ba tšepahala? (b) Ke hobane’ng ha re ka re papiso ea Jesu e bontša hore o tšepa Bakreste ba tlotsitsoeng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

13 Na Jesu o ne a bolela hore batlotsuoa ba bangata ha ba na ho tšepahala, ’me kahoo ho tla hlokahala hore ba nkeloe sebaka ke ba bang? Che. Matheu khaolo ea 24 e re Jesu o ile a lemosa lekhoba le tšepahalang le le masene hore le se ke la fetoha lekhoba le khopo. Sena ha se bolele hore o ne a lebeletse hore le be khopo. Kahoo, papiso ea baroetsana ba leshome le eona ke temoso. Feela joalokaha baroetsana ba bahlano e bile maoatla ’me ba bahlano ba ba masene, Mokreste ka mong ea tlotsitsoeng o lokela ho itlhophisa le ho lebela. Ho seng joalo, o tla be a le booatla ’me a sa tšepahale. Pauluse o ile a fa bara le barali babo ba tlotsitsoeng temoso e tšoanang. (Bala Baheberu 6:4-9; bapisa le Deuteronoma 30:19.) Temoso ea hae e ne e tobile, empa o ne a boetse a e-na le tšepo ea hore bara le barali babo ba tla fumana moputso oa bona. Temoso e papisong ea baroetsana ba leshome e bontša hore Jesu o ne a ikutloa ka tsela e tšoanang ka batlotsuoa. O oa tseba hore mohlanka e mong le e mong oa hae ea tlotsitsoeng a ka lula a tšepahala, ’me a fumana moputso o babatsehang!

“LINKU TSE LING” TSA KRESTE LI KA RUA MOLEMO JOANG?

14. Ke hobane’ng ha “linku tse ling” le tsona li rua molemo papisong ea baroetsana ba leshome?

14 Ha Jesu a etsa papiso eo, o ne a bua ka Bakreste ba tlotsitsoeng. Empa na “linku tse ling” li ka rua molemo papisong ee ea Jesu? (Johanne 10:16) E! Ntlha e ka sehloohong eo re ithutang eona papisong ena ke hore: ‘Re lule re lebetse.’ Jesu o kile a re: “Seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle, Le lule le lebetse.” (Mareka 13:37) Jesu o batla hore barutuoa bohle ba hae ba itlhophise ’me ba lebele. Bakreste bohle ba ka etsisa mohlala o motle oa batlotsuoa ba etelletsang tšebeletso pele bophelong ba bona. Hopola hore baroetsana ba maoatla ba ile ba kōpa ba masene hore ba ba fe oli. Empa ba ile ba hana. Sena se re hopotsa hore e mong le e mong oa rōna o na le boikarabelo ba ho lula a tšepahala ho Molimo, a itlhophisitse ’me a lebetse. Ha ho motho ea ka re jarelang boikarabelo boo. E mong le e mong o tla ikarabella ho Moahloli ea lokileng, Jesu Kreste, ea tla fihla haufinyane. Kahoo re lokela ho lula re itokisitse!

E mong le e mong oa rōna o lokela ho tšepahala le ho lula a lebetse

15. Ke hobane’ng ha Bakreste bohle ba thabela lenyalo la Kreste le monyaluoa oa hae?

15 Bakreste bohle ba thabela lenyalo leo Jesu a buang ka lona papisong ena. Nakong e tlang, ka mor’a ntoa ea Armagedone, Bakreste ba tlotsitsoeng e tla ba monyaluoa oa Kreste. (Tšenolo 19:7-9) Motho e mong le e mong ea lefatšeng o tla rua molemo lenyalong leo la leholimong. Hobane’ng? Hobane le tla tiisa hore batho bohle ba ba tlas’a puso e phethahetseng. Ebang re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng kapa leholimong, a re ikemisetseng ho lula re itlhophisitse ’me re lebetse. Haeba re etsa joalo, re ka thabela bokamoso bo babatsehang boo Jehova a re lokiselitseng bona!

^ ser. 9 Papisong ea Jesu, ho feta nako e itseng ka mor’a hore ho etsoe mohoo o reng, “Monyali ke enoa!” (temaneng ea 6) le ho tla ha monyali (temaneng ea 10). Batlotsuoa ba ’nile ba lula ba lebetse matsatsing ana a ho qetela. Ba hlokometse pontšo ea ho ba teng ha Jesu, kahoo baa tseba hore o se a busa e le Morena ’Musong oa Molimo. Empa ba lokela ho lula ba lebetse, ho fihlela a fihla.