Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tšehetsa Barab’abo Kreste ka Botšepehi

Ho Tšehetsa Barab’abo Kreste ka Botšepehi

“Ho isa tekanyong eo ho eona le ileng la ho etsa ho e mong oa ba banyenyane oa bana barab’eso, le ile la ho etsa ho ’na.”—MATHEU 25:40.

1, 2. (a) Jesu o ile a bolella metsoalle ea hae e haufi lipapiso life? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Re lokela ho tseba eng ka papiso ea linku le lipōli?

JESU o ne a bua le metsoalle ea hae e haufi, e leng Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne ka taba e ’ngoe ea bohlokoa. O ile a e bolella papiso ea lekhoba le tšepahalang le le masene, ea baroetsana ba leshome le ea litalenta, ’me ka mor’a moo a e bolella papiso e ’ngoe hape. Papisong eo, o ile a bua ka nako eo “Mor’a motho” a tla tla ka eona ho tla ahlola “lichaba tsohle.” O ile a re “Mor’a motho” o tla arola batho ka lihlopha tse peli, e leng linku le lipōli. O ile a boela a bua ka sehlopha se seng sa bohlokoa sa boraro, e leng ‘barab’abo’ Morena.—Bala Matheu 25:31-46.

2 Joaloka baapostola, bahlanka ba Jehova ba kajeno le bona ba thahasella papiso ena, kaha ho ameha bophelo ba batho. Jesu o ile a re ba bang ba tla fumana bophelo bo sa feleng ’me ba bang ba tla timetsoa. Ke kahoo e leng habohlokoa hore re tsebe seo papiso ena e se bolelang le hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. Ka hona, sehloohong sena re tlil’o tšohla lipotso tse latelang: Jehova o ’nile a re thusa joang ho utloisisa papiso ee? Re tseba joang hore papiso ee e totobatsa bohlokoa ba mosebetsi oa boboleli? Ke bo-mang ba lokelang ho bolela? Hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore hona joale batho ba tšehetse “Morena” le ‘barab’abo’ ka botšepehi?

JEHOVA O ’NILE A RE THUSA HO UTLOISISA PAPISO EE JOANG?

3, 4. (a) Re lokela ho tseba lintlha life e le hore re utloisise papiso ee? (b) Ka 1881, Molula-Qhooa o ile oa hlalosa papiso ee joang?

3 E le hore re utloisise papiso ea linku le lipōli, re lokela ho tseba hore na (1) “Mor’a motho,” kapa “Morena” ke mang, hore na linku le lipōli ke bo-mang le hore na ‘barab’abo’ Morena ke bo-mang? (2) “Mor’a motho” o arola kapa hona ho ahlola linku le lipōli neng? hona (3) ke hobane’ng ha batho ba bang ba bitsoa linku ’me ba bang ba bitsoa lipōli?

4 Molula-Qhooa oa 1881, o ile oa re “Mor’a motho,” kapa “Morena,” ke Jesu. O ile oa hlalosa hore ‘barab’abo’ Morena hase ba tla busa le Jesu leholimong feela, empa ba akarelletsa le batho bohle ba phethahetseng ba tla phela lefatšeng. Molula-Qhooa oo o ile oa re batho ba tla aroloa nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete le hore ba etsisang Molimo ka ho bontša lerato linthong tsohle ba tla bitsoa linku.

5. Ka 1923, batho ba Molimo ba ne ba utloisisa papiso ee joang?

5 Ha nako e ntse e ea, Jehova o ile a thusa batho ba hae hore ba utloisise papiso ena haholoanyane. Ka 1923, Molula-Qhooa oa October 15 o ile oa re “Mor’a motho” ke Jesu. O ile oa qotsa litemana tsa Bibele ho bontša hore ‘barab’abo’ Jesu bao ho buuoang ka bona papisong eo ke ba tla busa le eena le hore kaofela ha bona ba tla be ba le leholimong nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. O ile oa boela oa hlalosa hore linku ke batho ba tla phela lefatšeng tlas’a puso ea Jesu le barab’abo. ’Me kaha papisong ho thoe ba thusa barab’abo Morena, seo se bolela hore batho ba tla aroloa, kapa ba ahloloe ha barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng ba ntse ba le lefatšeng, pele Puso ea Lilemo Tse Sekete e qala. Sehlooho seo se ile sa boela sa re linku ke batho ba lumelang ho Jesu le ba lumelang hore ’Muso o tla ntlafatsa bophelo ba batho.

6. Ka 1995, tsela eo re utloisisang papiso ee ka eona e ile ea fetoha joang?

6 Ka lilemo tse ngata re ne re lumela hore batho ba ahloloa ha ho ntse ho etsoa mosebetsi oa boboleli nakong ena ea bofelo. Ha ba amohela molaetsa oa rōna, re ne re re ke linku ’me ha ba o hana re re ke lipōli. Empa ka 1995 ho ile ha fetoloa tsela eo re utloisisang papiso eo ka eona. Molula-Qhooa o ile oa bapisa Matheu 24:29-31 (e bale) le Matheu 25:31, 32 (e bale), ’me oa hlalosa hore Jesu o tla ahlola batho nakong ea matšoenyeho a maholo ha Mor’a motho “a fihla ka khanya ea hae.” *—Sheba naletsana.

Rea thaba hore ebe Jehova o ’nile a re thusa ho utloisisa lipapiso tsa Jesu

7. Papiso ee e emela’ng?

7 Kajeno, re utloisisa papiso ea linku le lipōli ka ho hlaka. Rea tseba hore “Mor’a motho,” kapa “Morena” ke Jesu. ‘Barab’abo’ Morena ke batho ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang ’me ba tla busa le Jesu leholimong. (Baroma 8:16, 17) “Linku” le “lipōli” ke batho ba lichaba tsohle. Ba tla ahloloa ho elella qetellong ea matšoenyeho a maholo a haufi le ho qala. Hape rea tseba hore Jesu o tla ahlola batho ho latela tsela eo ba ’nileng ba tšoara batlotsuoa ka eona ha ba ntse ba le lefatšeng. Rea thaba hore ebe ho theosa le lilemo, Jehova o ’nile a re thusa ho utloisisa papiso ena le tse ling tse ho Matheu khaolo ea 24 le ea 25!

PAPISO ENA E RE RUTA HORE MOSEBETSI OA BOBOLELI KE OA BOHLOKOAHALI

8, 9. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re linku ‘li lokile’?

8 Jesu ha aa ka a bua ka “ho bolela” kapa ka “mosebetsi oa boboleli” papisong ea hae ea linku le lipōli. Joale re tseba joang hore papiso ee e re ruta hore mosebetsi oa boboleli ke oa bohlokoahali?

9 E le hore re fumane karabo, re lokela ho hopola hore Jesu o ne a ruta ka papiso eo. O ne a sa bue ka linku le lipōli tsa sebele. Kahoo, o ne a sa bolele hore motho e mong le e mong ea tla ahloloa e le nku, o lokela ho fa batlotsuoa lijo le liaparo, ho ba hlokomela ha ba kula, kapa ho ba etela chankaneng. Jesu o ile a re linku ‘li lokile,’ kaha li nka batlotsuoa e le barab’abo ’me li ba tšehetsa ka botšepehi matsatsing ana a ho qetela a thata.—Matheu 10:40-42; 25:40, 46; 2 Timothea 3:1-5.

10. Linku li ka thusa barab’abo Kreste joang?

10 Jesu o entse papiso ea linku le lipōli ha a ntse a bua ka se tla etsahala nakong ea bofelo. (Matheu 24:3) Ka mohlala, o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14) ’Me ka mor’a moo a etsa papiso ea litalenta, a ntan’o etsa ea linku le lipōli. Jesu o ile a etsa papiso ena ea litalenta ho ruta batlotsuoa hore ba lokela ho sebetsa ka thata mosebetsing oa boboleli. Empa ho setse ba fokolang feela ka palo, ’me ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa! Batlotsuoa ba laetsoe hore ba bolele ‘lichabeng tsohle’ pele bofelo bo fihla. Joalokaha re ithuta papisong ea linku le lipōli, “linku” li thusa barab’abo Jesu. Tsela e ’ngoe e molemo eo li ka thusang barab’abo Jesu ka eona ke ka ho kopanela mosebetsing oa boboleli. Empa na ho lekane hore motho a tšehetse mosebetsi oa boboleli ka monehelo feela kapa a khothalletse batlotsuoa ho o etsa?

KE BO-MANG BA LOKELANG HO BOLELA?

11. Ba bang ba ka ’na ba botsa potso efe, hona hobane’ng?

11 Kajeno, ho na le barutuoa ba Jesu ba limilione tse robeli, ’me boholo ba bona hase batlotsuoa. Jesu ha aa ka a ba fa litalenta. O li file barab’abo ba batlotsuoa. (Matheu 25:14-18) Kahoo, ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Haeba Jesu ha aa ka a ba fa litalenta, na ho hlile hoa hlokahala hore ba bolele?’ E, hoa hlokahala. A re boneng lebaka.

12. Re ithuta’ng mantsoeng a Jesu a ho Matheu 28:19, 20?

12 Jesu o laetse barutuoa bohle ba hae hore ba bolele. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a laela balateli ba hae hore ‘ba etse batho barutuoa,’ ’me ba ba rute “lintho tsohle” tseo a li laetseng. Kahoo, barutuoa bana le bona ba ne ba lokela ho mamela taelo ea Jesu ea hore ba bolele. (Bala Matheu 28:19, 20.) Ho hlakile hore kaofela ha rōna re lokela ho bolela, ebang re na le tšepo ea ho phela lefatšeng kapa leholimong.—Liketso 10:42.

Kaofela ha rōna re lokela ho bolela, ebang re na le tšepo ea ho phela lefatšeng kapa leholimong

13. Re ithuta’ng ponong eo Johanne a ileng a e bona?

13 Bukeng ea Tšenolo, re ithuta hore mosebetsi oa boboleli o lokela ho etsoa ke batlotsuoa le ba bang. Jesu o ile a bontša moapostola Johanne pono ea “monyaluoa” ea memang batho hore ba tle ba tl’o noa metsi a fanang ka bophelo. Monyaluoa ke batlotsuoa ba 144 000 ba tla busa le Jesu leholimong. (Tšenolo 14:1, 3; 22:17) Metsi oona ke sehlabelo sa Jesu sa thekollo se tla thusa batho hore ba phele ba se na sebe ba bile ba sa shoe. (Matheu 20:28; Johanne 3:16; 1 Johanne 4:9, 10) Batlotsuoa ba chesehela ho ruta batho ka thekollo le kamoo e ka ba ruisang molemo kateng. (1 Bakorinthe 1:23) Empa ponong eo, ho buuoa ka sehlopha se seng hape sa batho bao e seng batlotsuoa, ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. Le bona ba laetsoe hore ba bitse batho, ba re: “Tloo!” Ba mamela taelo eo ka hore ba bolelle ba bang litaba tse molemo. Kahoo, pono ena e bontša hore bohle ba amohelang molaetsa oa litaba tse molemo ba lokela ho o bolella ba bang.

14. Re mamela “molao oa Kreste” ka ho etsa’ng?

14 Bohle ba mamelang “molao oa Kreste” ba lokela ho bolela. (Bagalata 6:2) Jehova o lebeletse hore bohle ba mo rapelang ba mamele molao o le mong. Nakong e fetileng, o ne a lebeletse hore Baiseraele le bajaki ba har’a bona ba mamele melao ea hae. (Exoda 12:49; Levitike 24:22) Ke ’nete hore kajeno ha ho hlokahale hore re mamele melao eohle e neng e fuoe Baiseraele. Empa re tlameha ho mamela “molao oa Kreste,” ebang re batlotsuoa kapa ha re bona. Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo Jesu a re rutileng eona ke lerato. (Johanne 13:35; Jakobo 2:8) Re lokela ho rata Jehova, Jesu le batho ba bang. ’Me tsela e molemo eo re ka ba bontšang lerato ka eona ke ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.—Johanne 15:10; Liketso 1:8.

15. Ke hobane’ng ha re ka re Jesu o laetse barutuoa bohle ba hae hore ba bolele?

15 Ka linako tse ling, seo Jesu a se buileng ho barutuoa ba hae ba seng bakae se ka sebetsa ho barutuoa ba bangata. Ka mohlala, Jesu o ile a etsa selekane le barutuoa ba hae ba 11 ’me a ba tšepisa hore ba tla busa le eena ’Musong oa hae. Empa o tl’o busa le ba 144 000. (Luka 22:29, 30; Tšenolo 5:10; 7:4-8) Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, ke barutuoa ba hae ba seng bakae feela ba ileng ba mo utloa ha a ba laela hore ba bolele. (Liketso 10:40-42; 1 Bakorinthe 15:6) Empa barutuoa bohle ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba mamela taelo eo. (Liketso 8:4; 1 Petrose 1:8) Le rōna kajeno rea tseba hore re lokela ho bolela, le hoja re sa ka ra utloa lentsoe la Jesu ha a re re etse mosebetsi oo. Ha e le hantle, re etsa mosebetsi ona oa boboleli re le batho ba limilione tse robeli. Rea tseba hore ha re bolela, re bontša tumelo ho Jesu.—Jakobo 2:18.

ENA KE NAKO EA HORE RE BA TŠEHETSE KA BOTŠEPEHI

16-18. Re ka etsa’ng ho tšehetsa barab’abo Kreste ka botšepehi, hona ke hobane’ng ha re lokela ho etsa seo hona joale?

16 Satane o tsoela pele ho loantša ka matla barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng, ’me o oa tseba hore o saletsoe ke “nako e khutšoanyane” feela. (Tšenolo 12:9, 12, 17) Empa ho sa tsotellehe litlhaselo tsa Satane, batlotsuoa ba ntse ba etella pele mosebetsi oa boboleli, ’me batho ba eketsehileng ba utloa litaba tse molemo ho feta le ha e le neng pele. Ho hlakile hore Jesu o tšehetsa batlotsuoa, ’me o oa ba tataisa.—Matheu 28:20.

Ke tlotla ho thusa barab’abo Kreste

17 Re nka hore ke tlotla ho thusa barab’abo Kreste mosebetsing oa boboleli. Re boetse re ba thusa ka ho ntša monehelo le ka ho sebetsa ka thata ho haha Liholo Tsa ’Muso, Liholo Tsa Kopano le liofisi tsa makala. Re bontša hore re batla ho thusa barab’abo Kreste ha re ikokobelletsa ka botšepehi baholo le barab’abo rōna ba bang ba khethiloeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Matheu 24:45-47; Baheberu 13:17.

18 Haufinyane masala a batlotsuoa a tla fuoa tiiso ea ho qetela. Ka mor’a moo, mangeloi a tla lokolla “meea e mene ea lefatše,” ’me matšoenyeho a maholo a tla qala. (Tšenolo 7:1-3) Jesu o tla nkela batlotsuoa leholimong pele Armagedone e qala. (Matheu 13:41-43) Kahoo, haeba re batla ho ahloloa re le linku ha Jesu a tla, ena ke nako ea hore re tšehetse ka botšepehi barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng.

Re thusa barab’abo Kreste ka litsela tse ngata (Sheba serapa sa 17)

^ ser. 6 E le hore u bale ka ho eketsehileng ka papiso ena, sheba sehlooho se reng “U Tla Ema Joang ka Pel’a Setulo sa Kahlolo?” le se reng “Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Linku le Lipōli?Molula-Qhooeng oa October 15, 1995.