Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo Baholo ba Koetlisang ba Bang Kateng Hore ba Tšoanelehe

Kamoo Baholo ba Koetlisang ba Bang Kateng Hore ba Tšoanelehe

“Lintho tseo u ileng ua li utloa ho ’na . . . , u li behe ho banna ba tšepahalang.”—2 TIMOTHEA 2:2.

1. (a) Ke’ng seo esale batho ba Molimo ba se tseba ka ho koetlisa ba bang, hona see se sebetsa joang kajeno? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?

HAESALE batho ba Molimo ba tseba hore e le hore ba atlehe, ho hlokahala hore ba koetlise ba bang. Ka mohlala, Abrame o ile a hlophisa “banna ba hae ba koetlisitsoeng,” ba ileng ba loana ’me ba atleha ho pholosa Lota. (Genese 14:14-16) Libini tsa mehleng ea Morena Davida ‘li ne li koetliselitsoe’ ho binela Jehova lipina tsa thoriso. (1 Likronike 25:7) Kajeno, re lokela ho loantša Satane le lefatše la hae. (Baefese 6:11-13) Re boetse re sebetsa ka thata ho rorisa Jehova ka hore re bolelle ba bang lebitso la hae. (Baheberu 13:15, 16) Ho tšoana le bahlanka ba Molimo ba boholo-holo, ho hlokahala hore re koetlisoe, e le hore re atlehe. Jehova o file baholo boikarabelo ba ho koetlisa ba bang ka phuthehong. (2 Timothea 2:2) Baholo ba bang ba entse’ng ho koetlisa barab’abo rōna hore ba hlokomele batho ba Jehova?

THUSA MOR’ABO RŌNA HORE A RATE JEHOVA HAHOLOANYANE

2. Moholo o lokela ho etsa’ng pele a ruta mor’abo rōna lintho tse ncha, hona hobane’ng?

2 Moholo a ka ’na a tšoantšoa le molemi. Pele molemi a jala peō, a ka ’na a tšela manyolo mobung e le hore limela li tle li hōle hantle. Ka tsela e tšoanang, pele moholo a ruta mor’abo rōna lintho tse ncha, a ka ’na a lokela ho mo bontša melao-motheo ea Bibele e tla mo thusa hore a sebelise seo a ithutang sona.—1 Timothea 4:6.

3. (a) Moholo a ka sebelisa mantsoe a Jesu a ho Mareka 12:29, 30 joang ha a buisana le mor’abo rōna eo a mo koetlisang? (b) Thapelo eo moholo a e etsang e ka ’na ea ama mor’abo rōna joang?

3 Ke habohlokoa ho utloisisa hore na ’nete e ama tsela eo mor’abo rōna a nahanang le ho ikutloa ka eona joang. E le hore u tsebe seo, u ka ’na ua mo botsa hore na ho inehela ha hae ho Jehova ho amme liqeto tseo a li etsang bophelong joang. Potso eo e ka ’na ea le lebisa tabeng ea hore na re ka sebeletsa Jehova joang ka lipelo tsohle tsa rōna. (Bala Mareka 12:29, 30.) Mohlomong u ka ba ua rapela le mor’abo rōna, ua kōpa Jehova hore a mo fe moea o halalelang oo a o hlokang e le hore a amohele koetliso. Ha mor’abo rōna a utloa u mo rapella, seo se ka ’na sa mo khothalletsa hore a etse ho eketsehileng!

4. (a) Fana ka mehlala ea litlaleho tsa Bibele e ka thusang mor’abo rōna hore a hatele pele. (b) Sepheo sa baholo e lokela ho ba sefe ha ba koetlisa barab’abo rōna?

4 Ha u qala ho koetlisa mor’abo rōna, ho ka ba molemo hore le buisane ka litlaleho tsa Bibele tse ka mo thusang hore a bone bohlokoa ba ho thusa ba bang, ba ho ba motho ea ka tšeptjoang le ea ikokobelitseng. (1 Marena 19:19-21; Nehemia 7:2; 13:13; Liketso 18:24-26) Ho hlokahala hore mor’abo rōna a be le litšobotsi tsena, feela joalokaha mobu o hloka manyolo. Li tla mo thusa hore a hatele pele ka potlako. Moholo e mong oa Fora ea bitsoang Jean-Claude, o re sepheo sa hae ha a koetlisa mor’abo rōna ke ho mo thusa hore a etse liqeto tse bohlale tse thehiloeng melao-motheong ea Bibele. O re: “Ke leka ho fumana monyetla oa hore re bale temana e itseng le eena ho mo ‘tutubolla mahlo’ e le hore a bone ‘lintho tse hlollang’ tse ka Lentsoeng la Molimo.” (Pesaleme ea 119:18) Baholo ba ka sebelisa litsela life tse ling ho matlafatsa barab’abo rōna?

MO KHOTHALLETSE HO IPEHELA LIPAKANE U BE U FANE KA MABAKA

5. (a) Ke hobane’ng ha ho le molemo hore moholo a buisane le mor’abo rōna ka lipakane tseo a ipehetseng tsona tšebeletsong ea Jehova? (b) Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho koetlisa barab’abo rōna ba bacha? (Sheba naletsana.)

5 Botsa mor’abo rōna hore na o ipehetse lipakane life tšebeletsong ea Jehova. Haeba a se na lipakane, mo thuse hore a ipehele pakane eo a ka e finyellang. Mo bolelle ka cheseho hore na u ile ua ipehela pakane efe le hore na u ile ua ikutloa joang ha u e finyella. Ha ho thata ho etsa sena, ’me mokhoa ona o oa atleha. Moholo e mong oa Afrika ea bitsoang Victor, eo e bileng e leng pula-maliboho, o re: “Ha ke sa le mocha, moholo e mong o ile a buisana le ’na ka lipakane tseo ke ipehetseng tsona. Puisano eo e ile ea etsa hore ke qale ho nahana ka ho teba ka tšebeletso ea ka.” Baholo ba nang le phihlelo ba re ho molemo ho koetlisa barab’abo rōna ba sa le bacha, mohlomong ha ba le qalong ea lilemo tsa bocha. U ka ba abela ho etsa mesebetsi e itseng ka phuthehong ho latela lilemo tsa bona. Haeba barab’abo rōna ba koetlisoa ba sa le bacha, seo se ka ba thusa hore ha ba ntse ba hōla, ba lule ba tsepamisitse kelello lipakaneng tseo ba ipehetseng tsona, esita le haeba ho e-na le lintho tse ngata tse ka ba sitisang.—Bala Pesaleme ea 71:5, 17. * (Sheba naletsana.)

Hlalosetsa mor’abo rōna hore na ke hobane’ng ha a lokela ho etsa mosebetsi oo u mo abelang oona, ’me u mo babatse ha a o entse (Sheba serapa sa 5-8)

6. Jesu o ile a sebelisa tsela efe ha a koetlisa baapostola ba hae?

6 E le ho susumelletsa mor’abo rōna hore a sebeletse, ha u ua lokela ho mo bolella feela hore na a etse’ng. U lokela ho mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa seo. Jesu, Mosuoe e Moholo, o ile a bolella baapostola ba hae hore ba lokela ho bolela. Empa o ile a qala ka ho ba bolella hore na ke hobane’ng ha ba lokela ho mamela taelo eo. O ile a re: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng. Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:18, 19) U ka etsisa tsela eo Jesu a ileng a koetlisa baapostola ba hae ka eona joang?

7, 8. (a) Kajeno, baholo ba ka etsisa mohlala oa Jesu joang ha ba koetlisa barab’abo rōna? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho babatsa mor’abo rōna? (c) Ke litlhahiso life tse ka thusang baholo ho koetlisa barab’abo rōna? (Sheba lebokose le reng “ Tsela ea ho Koetlisa ba Bang.”)

7 Ha u kōpa mor’abo rōna hore a etse ntho e itseng, mo hlalosetse ho tsoa Bibeleng hore na ke hobane’ng ha mosebetsi oo e le oa bohlokoa. Ha u etsa joalo, u tla be u mo ruta hore a etse lintho ho latela melao-motheo e ka Bibeleng, eseng feela hobane ho behiloe molao. Ka mohlala, haeba u kōpa mor’abo rōna hore a tiise hore sebaka se pel’a monyako oa Holo ea ’Muso se lula se hloekile ebile se sireletsehile, u ka ’na ua mo bontša lengolo la Tite 2:10. Mo hlalosetse kamoo mosebetsi ona o tlang ho khabisa molaetsa oa ’Muso kateng. Hape, thusa mor’abo rōna hore a nahane ka ba hōlileng le kamoo ho etsa seo ho tla ba thusa kateng. Ho buisana le eena ka lintlha tse kang tsena, ho tla mo thusa hore a nahane ka batho ho e-na le ho nahana ka molao. Ha a bona kamoo bara le barali babo rōna ba ruang molemo kateng mosebetsing oa hae, o tla thabela ho sebeletsa ba bang.

8 Hape, babatsa mor’abo rōna ha a latela litlhahiso tsa hao. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Feela joalokaha metsi a thusa semela ho hōla, ha u babatsa mor’abo rōna, u mo thusa hore a hatele pele tšebeletsong ea Jehova.—Bapisa le Matheu 3:17.

BOTHATA BO BONG

9. (a) Ke hobane’ng ha baholo ba linaheng tse ruileng ba ka ’na ba thatafalloa ho koetlisa barab’abo rōna? (b) Ke hobane’ng ha barab’abo rōna ba bang ba bacha ba sa nke hore ho sebeletsa Molimo ke taba ea bohlokoa bophelong ba bona?

9 Baholo ba sebeletsang linaheng tse ruileng ba ka ’na ba fumana ho le thata ho khothalletsa barab’abo rōna ba kolobelitsoeng ba ka holimo ho lilemo tse 20 kapa 30 hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong. Baholo ba nang le phihlelo ba linaheng tse ka bang 20, ba boletse lebaka leo e ka ’nang eaba le etsa hore barab’abo rōna ba bang ba bacha ba be leqe ho etsa se eketsehileng ka phuthehong. Ba bangata ba bona ba re ha barab’abo rōna ba sa le tlaase lilemong, batsoali ba bona ha baa ka ba ba khothalletsa ho ipehela lipakane tšebeletsong ea Jehova. ’Me ha barab’abo rōna ba bacha ba batla ho atolosa tšebeletso ea bona, batsoali ba ba khothalletsa hore ba hahamalle thuto e phahameng kapa ba batle mosebetsi! Kahoo, ha ho mohla ho sebeletsa Molimo e kileng ea e-ba taba ea bohlokoa bophelong ba bona.—Matheu 10:24.

10, 11. (a) Moholo a ka etsa’ng ho thusa mor’abo rōna ho fetola tsela eo a nahanang ka eona? (b) Moholo a ka sebelisa litemana life ho khothatsa mor’abo rōna, hona hobane’ng? (Sheba naletsana.)

10 Haeba ho bonahala eka mor’abo rōna ha a thahaselle ho etsa se eketsehileng ka phuthehong, moholo o tla lokela ho sebetsa ka thata le ho bontša mamello e le hore a mo thuse ho fetola tsela eo a nahanang ka eona, e leng seo a ka atlehang ho se etsa. Molemi a ka tšehetsa semela e le hore se otlolohe butle-butle. Ka tsela e tšoanang, u ka thusa mor’abo rōna butle-butle hore a bone hore o lokela ho fetola tsela eo a ikutloang ka eona ka ho amohela boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong. Empa u ka etsa see joang?

11 Iphe nako ea ho itloaetsa mor’abo rōna. Mo bolelle hore phutheho e ea mo hloka. Joale, ha nako e ntse e ea, lula fatše le eena ’me le buisane ka litemana tse ka mo thusang ho nahana ka boinehelo ba hae ho Jehova. (Moeklesia 5:4; Esaia 6:8; Matheu 6:24, 33; Luka 9:57-62; 1 Bakorinthe 15:58; 2 Bakorinthe 5:15; 13:5) Leka ho mo finyella pelo ka ho mo botsa lipotso tse kang: ‘U ile ua tšepisa Jehova eng ha u inehela ho eena? U nahana hore Jehova o ile a ikutloa joang ha u kolobetsoa?’ (Liproverbia 27:11) ‘Satane eena o ile a ikutloa joang?’ (1 Petrose 5:8) Litemana tse kang tsena li matla ’me li ka ama mor’abo rōna ka ho teba.—Bala Baheberu 4:12. * (Sheba naletsana.)

BA KOETLISOANG, BONTŠANG HORE LEA TŠEPAHALA

12, 13. (a) Elisha o ile a bontša boikutlo bofe ha a ntse a koetlisoa? (b) Jehova o ile a putsa botšepehi ba Elisha joang?

12 Barab’abo rōna ba bacha, phutheho e hloka thuso ea lōna! Ke’ng e tla le thusa hore le atlehe ho sebeletsa Jehova? Ho araba potso ena, a re tšohleng se ileng sa etsahalla Elisha, ha a ntse a koetlisoa.

13 Lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng, moprofeta Elia o ile a kōpa Elisha ea mocha hore e be mohlanka oa hae. Elisha o ile a lumela hang-hang, ’me ka botšepehi a thusa moprofeta eo, ka ho etsa mosebetsi oa boemo bo tlaase. (2 Marena 3:11) Elia o ile a koetlisa Elisha ka lilemo tse ka bang tse tšeletseng. Joale, ha mosebetsi oo Elia a neng a o etsa Iseraele o se o le mothating oa ho fela, moprofeta eo o ile a bolella mohlanka oa hae hore a khaotse ho mo sebeletsa. Empa Elisha o ile a pheta ka makhetlo a mararo, a re: “Nke ke ka u tlohela.” O ne a ikemiselitse ho khomarela mokoetlisi oa hae kahohle-hohle. ’Me Jehova o ile a putsa botšepehi ba Elisha ka hore a mo lumelle ho bona ha Elia a nkoa ka sefefo.—2 Marena 2:1-12.

14. (a) Barab’abo rōna ba koetlisoang ba ka etsisa Elisha joang? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore mor’abo rōna ea koetlisoang a tšepahale?

14 Mor’abo rōna ea koetlisoang, u ka etsisa Elisha joang? Potlakela ho amohela mosebetsi oo u o fuoang, le haeba e le oa boemo bo tlaase. U hopole hore mokoetlisi oa hao ke motsoalle oa hao. Mo bolelle hore u ananela seo a u etsetsang sona, ’me u bontše hore u batla ho tsoela pele u ithuta mohlaleng oa hae. Habohlokoa le ho feta, etsa mosebetsi oa hao ka botšepehi. Hobane’ng? Ha u bontša hore u motho ea tšepahalang le ea ka tšeptjoang, baholo ba tla hlokomela hore Jehova o batla hore u fuoe boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong.—Pesaleme ea 101:6; bala 2 Timothea 2:2.

HLOMPHA BAHOLO BA NANG LE PHIHLELO

15, 16. (a) Elisha o ile a etsa’ng ho bontša hore o hlompha mokoetlisi oa hae? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke’ng e ileng ea etsa hore baprofeta ba bang ba tšepe Elisha?

15 Tlaleho ea Elisha e boetse e bontša hore barab’abo rōna ba lokela ho hlompha baholo ba nang le phihlelo. Ka mor’a hore Elia le Elisha ba etele baprofeta ba Jeriko, banna bao ba babeli ba ile ba tlameha ho tšela Nōka ea Jordane. Kahoo, “Elia a nka seaparo sa hae se khethehileng ’me a se phutha eaba o otla metsi, ’me butle-butle a arohana.” Ba ntan’o tsamaea ba ntse ba bua ha ba tšela Nōka ea Jordane mobung o omileng. Elisha o ile a mamela ka hloko sohle seo mokoetlisi oa hae a se buang, ’me a tsoela pele ho ithuta mohlaleng oa hae. Ha ho mohla Elisha a kileng a nka hore o se a tseba lintho tsohle. Ha Elia a nkoa ka sefefo, Elisha o ile a khutlela Nōkeng ea Jordane. Ha a fihla moo, o ile a otla metsi ka seaparo se khethehileng sa Elia ’me a re: “O kae Jehova Molimo oa Elia?” Metsi a nōka a ile a boela a arohana.—2 Marena 2:8-14.

16 Na u hlokometse hore mohlolo oa pele oa Elisha o ne o tšoana hantle le oa ho qetela oa Elia? See se re ruta’ng? Elisha ha aa ka a nka hore kaha joale seeta ho lla sa hae, o lokela ho fetola tsela eo Elia a neng a etsa lintho ka eona. Ho e-na le hoo, Elisha o ile a etsisa tsela eo Elia a neng a etsa lintho ka eona, ’me a bontša hore o hlompha mokoetlisi oa hae, e leng se ileng sa nolofalletsa baprofeta ba bang hore ba mo tšepe. (2 Marena 2:15) Elisha o ile a sebeletsa e le moprofeta ka lilemo tse 60, ’me Jehova a mo fa matla a hore a etse mehlolo e mengata ho feta ea Elia. Barab’abo rōna ba koetlisoang ba ka ithuta’ng ho see?

17. (a) Barab’abo rōna ba koetlisoang ba ka etsisa Elisha joang? (b) Ha nako e ntse e ea, Jehova a ka ’na a thusa barab’abo rōna ba koetlisoang joang?

17 Ha u fuoa boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong, u se ke ua nka hore u lokela ho fetola tsela eo lintho li neng li etsoa ka eona ka ho feletseng. U hopole hore lintho ka phuthehong li lokela ho fetoloa haeba feela ho e-na le lebaka kapa haeba mokhatlo oa Jehova o fana ka tataiso ea hore ho etsoe joalo. Ha u ua lokela ho fetola lintho hobane feela u batla ho li fetola. Elisha o ile a tsoela pele ho sebelisa mekhoa eo Elia a neng a e sebelisa, ’me seo sa etsa hore baprofeta ba bang ba mo tšepe le hore ba mo hlomphe joaloka mokoetlisi oa bona. Ka ho tšoanang, haeba u tsoela pele ho sebelisa mekhoa e thehiloeng Bibeleng eo bakoetlisi ba hao ba neng ba e sebelisa, u bontša hore u hlompha baholo ba nang le phihlelo, ’me bara le barali babo rōna ba tla u tšepa. (Bala 1 Bakorinthe 4:17.) Ha u ntse u ba le phihlelo, u tla etsa liphetoho tse ka thusang phutheho ho latela tataiso ea mokhatlo oa Jehova, o lulang o hatela pele. ’Me ha nako e ntse e ea, Jehova a ka ’na a u thusa hore u etse mesebetsi e meholo ho feta ea bakoetlisi ba hao, feela joalokaha a ile a thusa Elisha.—Johanne 14:12.

18. Ke hobane’ng ha ho potlakile hore baholo ba koetlise barab’abo rōna liphuthehong?

18 Re tšepa hore litlhahiso tse fanoeng sehloohong sena le se fetileng li tla susumelletsa baholo ba eketsehileng hore ba iphe nako ea ho koetlisa barab’abo rōna. Re boetse re tšepa hore barab’abo rōna ba eketsehileng ba tla amohela koetliso, ’me ba sebelise seo ba ithutang sona ho hlokomela batho ba Jehova. Ho ba koetlisa ho tla matlafatsa liphutheho lefatšeng lohle, ’me ho tla thusa e mong le e mong oa rōna hore a lule a tšepahala nakong e tlang.

^ ser. 5 Haeba mor’abo rōna ea mocha a bontša ho hōla tsebong, a ikokobelitse a bile a na le litšobotsi tse ling tse hlokahalang hore a ka sebeletsa ka phuthehong, baholo ba ka ’na ba mo buella hore a khethoe e le mohlanka ea sebeletsang, esita le haeba a e-s’o be lilemo li 20.—1 Timothea 3:8-10, 12; sheba Molula-Qhooa oa July 1, 1989, leqepheng la 29.