Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamano ea Hao le Jehova ke ea Sebele Hakae?

Kamano ea Hao le Jehova ke ea Sebele Hakae?

“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” —JAKOBO 4:8.

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho boloka kamano ea rōna le Jehova e le matla?

HAEBA u Paki ea Jehova e kolobelitsoeng, u na le letlotlo la bohlokoa. U na le kamano e khethehileng le Jehova. Empa lefatše la Satane le batla ho senya kamano ea rōna le eena, hape e ka fokolisoa ke ho se phethahale ha rōna. Ke kahoo kaofela re lokelang ho leka ka matla ho boloka kamano ea rōna le Jehova e le matla.

2. U ka matlafatsa kamano ea hao le Jehova joang?

2 Na Jehova ke motho oa sebele ho uena? Na ke Motsoalle oa hao? Na u ka rata ho matlafatsa kamano ea hao le eena? Jakobo 4:8 e re bolella seo re lokelang ho se etsa, e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” E le hore u be le kamano e matla le Jehova, u lokela ho etsa ho itseng, ’me Jehova le eena a etse ho hong. Ha u atamela ho Jehova, o tla atamela ho uena. Ha u tsoela pele ho atamela ho eena, e tla ba oa sebele haholoanyane ho uena, ’me kamano ea lōna e tla ba matla hoo u tla ikutloa joaloka Jesu ea ileng a re: “Ea nthomileng ke oa sebele” ’me “kea mo tseba.” (Johanne 7:28, 29) Empa u ka etsa’ng hore u atamele haufi le Jehova?

U ka buisana le Molimo joang? (Sheba serapa sa 3)

3. U ka buisana le Jehova joang?

3 Haeba u batla ho atamela haufi le Jehova, ke habohlokoa hore u buisane le eena kamehla. Empa re ka etsa see joang? Nahana ka seo u ka se etsang haeba u batla ho buisana le motsoalle oa hao ea lulang hōle. Le ka ’na la ngollana mangolo kapa la founelana. U buisana le Jehova ha u mo rapela kamehla. (Bala Pesaleme ea 142:2.) Empa Jehova o buisana le uena joang? O buisana le uena ha u bala lentsoe la hae Bibele kamehla, ’me u thuisa ka lona. (Bala Esaia 30:20, 21.) A re bone hore na ho buisana le Jehova ho ka matlafatsa kamano ea hao le eena joang, ’me ea e-ba Motsoalle oa hao oa sebele.

LUMELLA JEHOVA HO BUA LE UENA HA U ITHUTA BIBELE

4, 5. Jehova o bua le uena joang ha u ithuta Bibele? Fana ka mohlala.

4 Rea tseba hore Bibele ke molaetsa oa Molimo o ngoletsoeng batho bohle. Joale, na Bibele e ka u thusa hore u atamele haufi le Jehova? E, e ka u thusa! Ha u ntse u bala Bibele kamehla le ho ithuta eona, ela hloko hore na u ikutloa joang ka seo u se balang. Nahana kamoo u ka sebelisang seo u ithutang sona kateng. Ha u etsa joalo, u lumella Jehova hore a bue le uena. E ba Motsoalle oa hao ea haufi ea u thusang, ’me u atamela ho eena.—Baheberu 4:12; Jakobo 1:23-25.

5 Ka mohlala, u ikutloa joang ha u bala mantsoe a Jesu a reng: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng”? Haeba u ikitlaelletsa ho beha Jehova pele bophelong ba hao, u tla hlokomela hore u ua mo thabisa. Empa u ka ’na ua bala mantsoe ana a Jesu, ’me ua hlokomela hore u lokela ho fetola tsela eo u phelang ka eona e le hore u sebeletse Molimo ka botlalo. Ka tsela ena, Jehova o u thusa ho utloisisa seo u lokelang ho se etsa e le hore u atamele ho eena.—Matheu 6:19, 20.

6, 7. (a) Ha re tsoela pele ho ithuta Bibele, seo se ama lerato la rōna ho Jehova joang? (b) Morero oa rōna o ka sehloohong e lokela ho ba ofe ha re ithuta Bibele?

6 Ke ’nete hore ha re ithuta Bibele, re hlokomela moo re lokelang ho etsa liphetoho teng e le hore re ntlafatse tsela eo re sebeletsang Jehova ka eona. Re boetse re ithuta ka liketso tsa hae tse bontšang lerato le ka botho ba hae, e leng se etsang hore re mo rate haholoanyane. Ha re ntse re tsoela pele ho mo rata, seo se etsa hore le eena a re rate, ’me kamano ea rōna le eena e ba matla.—Bala 1 Bakorinthe 8:3.

7 Haeba re batla ho atamela haufi le Jehova, ke habohlokoa hore re ithute Bibele ka sepheo se nepahetseng. Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Re ithuta lintho tse ngata tse ncha le tse thahasellisang ha re bala Bibele, empa morero oa rōna o ka sehloohong e lokela ho ba ho tseba Jehova hamolemo e le Motho oa sebele.—Bala Exoda 33:13; Pesaleme ea 25:4.

8. (a) Batho ba bang ba ka ’na ba re’ng ka tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le Morena Azaria ka eona? (b) Haeba u tseba Jehova, u tla ikutloa joang ka tsela eo a etsang lintho ka eona?

8 Haeba Jehova ke Motsoalle oa rōna ea haufi, re ke ke ra khathatseha ha Bibele e sa hlalose mabaka ao a entseng lintho tse ling ka ’ona. Ka mohlala, nakong ea ha Azaria e le morena oa Juda, batho ba ne ba rapela melimo ea bohata. Azaria eena o ne a sa e rapele. O ile “a tsoela pele ho etsa se lokileng mahlong a Jehova.” (2 Marena 15:1-5) Empa Jehova o ile a otla Azaria ka lepera. Hobane’ng? Tlaleho ena ha e re bolelle lebaka. Joale u ikutloa joang ka seo Jehova a se entse’ng? Na taba ee e lokela ho u tšoenya, u nke hore Jehova ha aa sebetsa litaba ka toka le hore o otlile Azaria ntle ho lebaka? Che. Haeba u tseba Jehova hantle, u ua tseba hore khalemelo ea hae e nepahetse kamehla. O lula a “khalemela ka tekanyo e loketseng.” (Jeremia 30:11) Kahoo, le haeba u sa tsebe hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a otla Azaria, u ka kholiseha hore Jehova o entse se nepahetseng.

9. Ke lintlha life tse re thusang ho hlokomela hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a otla Azaria ka lepera?

9 Bibele e re fa lintlha tse eketsehileng ka bophelo ba Morena Azaria, eo hape a neng a tsejoa e le Morena Uzia. (2 Marena 15:7, 32) Tlaleho e ho 2 Likronike 26:3-5, 16-21 e re o ile “a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.” Empa e boetse e re hamorao pelo ea hae e ile ea ikhohomosa ho fihlela a etsa sebe. Morena eo o ile a leka ho etsa ntho e neng e lokela ho etsoa ke baprista feela. Baprista ba 81 ba ile ba mo bolella hore seo se fosahetse ’me ba leka ho mo thiba. O ile a etsa’ng? Ka boikhohomoso o ile a ba halefela! Lintlha tsena tse eketsehileng li re thusa ho hlokomela hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a otla morena eo ka lepera.

Ha u tsoela pele ho tseba Jehova, u tla mo tšepa haholoanyane ’me u tla kholiseha hore kamehla o etsa se nepahetseng

10. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore re tsebe lebaka la ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e etsang? Ke’ng e ka etsang hore re tšepe hore Jehova o etsa se nepahetseng kamehla?

10 Re ithuta thuto efe ea bohlokoa tabeng ee? Tlaleho ea Morena Azaria e na le lintlha tse lekaneng ho re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a mo otla. Empa u tla etsa’ng ha u bala tlaleho ea Bibele e sa faneng ka lintlha tsohle? Na u tla ipotsa hore na Jehova o entse se nepahetseng? Kapa na u tla nka hore Bibele e na le boitsebiso bo lekaneng hoo u ka tšepang hore kamehla Molimo o etsa se nepahetseng? (Deuteronoma 32:4) Ha u tsoela pele ho tseba Jehova e le Motho oa sebele, u tla mo rata le ho mo tšepa haholoanyane. Joale u ke ke ua batla ho tseba lebaka la ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang. Ha u ntse u ithuta Bibele, Jehova e tla ba oa sebele ho uena ’me u tla atamela haufi le eena.—Pesaleme ea 77:12, 13.

U BUA LE JEHOVA KA HO RAPELA

11-13. U tseba joang hore Jehova o mamela lithapelo? (Sheba setšoantšo se qalong.)

11 Ha re rapela, re atamela haufi le Jehova. Rea mo rorisa, rea mo leboha ebile re kōpa hore a re thuse. (Pesaleme ea 32:8) Empa haeba u batla ho ba motsoalle ea haufi oa Jehova, u lokela ho kholiseha hore o utloa lithapelo.

12 Batho ba bang ba re Molimo ha a mamele lithapelo, ebile ba re ho rapela ke tsela feela ea ho imolla motho maikutlong. Ba lumela hore thapelo e mpa e thusa motho feela hore a nahanisise ka mathata a hae le hore a iphumanele tharollo. Ke ’nete hore thapelo e ka ’na ea u thusa lintlheng tseo. Empa ha u buisana le Jehova ka thapelo, ka sebele o oa u mamela. U ka kholiseha joang ka seo?

U ka kholiseha hore Jehova o mamela lithapelo tsa hao

13 Nahana ka sena: Pele Jesu a tla lefatšeng, o ne a hlokometse hore Jehova o araba lithapelo tsa bahlanka ba Hae. Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a rapela Ntate oa hae oa leholimo, a mo bolella tsela eo a ikutloang ka eona. Ka lekhetlo le leng, o ile a rapela bosiu kaofela. (Luka 6:12; 22:40-46) Na Jesu o ne a ka qeta bosiu bohle a ntse a rapela, haeba a ne a nahana hore Jehova ha aa mo mamela? Jesu o ile a boela a ruta balateli ba hae ho rapela Jehova. Na o ne a ka ba ruta hore ba rapele Jehova, haeba a ne a nahana hore Jehova ha a mamele lithapelo? Ho hlakile hore Jesu o ne a tseba hore ka sebele Jehova o mamela lithapelo. O ile a ba a re: “Ntate, kea u leboha ka hore ebe u nkutloile. Ke ’nete, ke tsebile hore kamehla ua nkutloa.” Le rōna re ka kholiseha hore Jehova o mamela lithapelo tsa rōna.—Johanne 11:41, 42; Pesaleme ea 65:2.

14, 15. (a) Re rua molemo joang ha re bolela ka ho toba seo re se kōpang ha re rapela? (b) Lithapelo tsa Kathy li mo thusitse joang hore a atamele haufi le Jehova?

14 Ka linako tse ling, lithapelo tsa hao li ka ’na tsa se ke tsa arajoa ka tsela e totobetseng. Empa ha u bolela ka ho toba seo u se kōpang thapelong, u tla khona ho bona ka ho hlaka ha Jehova a araba, ’me e tla ba oa sebele haholoanyane ho uena. Haeba u bolella Jehova ntho e ’ngoe le e ’ngoe e u tšoenyang, o tla atamela haufi le uena.

15 Ka mohlala, Kathy o ne a atisa ho ea tšebeletsong ea tšimo, empa e sa mo natefele. * (Sheba naletsana.) O re: “Ke ne ke sa rate tšebeletso ea tšimo. Ho hang e ne e sa ’natefele.” Ha a tlohela mosebetsi, moholo e mong o ile a mo khothalletsa hore a nke bopula-maliboho. Kathy o re: “O ile a mpha foromo ea kōpo. Ke ile ka etsa qeto ea ho ba pula-maliboho, ’me ka qala ho rapela letsatsi le letsatsi hore Jehova a nthuse ho rata tšimo.” Na Jehova o ile a araba thapelo ea hae? Kathy e se e bile pula-maliboho ka lilemo tse tharo, ’me hona joale o re: “Kaha ke qeta nako e ngata ke le tšimong ’me ke ithuta ho baralib’abo rōna ba bang, ke ntlafalitse tsela eo ke pakang ka eona. Hona joale ke rata tšebeletso ea tšimo e le kannete. Ho phaella moo, kamano ea ka le Jehova e matlafetse ho feta le ha e le neng pele.” Ka sebele, lithapelo tsa Kathy li mo thusitse hore a atamele haufi le Jehova.

Tsoela pele ho atamela haufi le Jehova (Sheba serapa sa 16 le 17)

PHETHA KAROLO EA HAO

16, 17. (a) Re lokela ho etsa’ng e le hore re matlafatse kamano ea rōna le Jehova? (b) Sehlooho se latelang se tl’o bua ka eng?

16 Re ka lula re atamela haufi le Jehova ka ho sa feleng. Kahoo, a re tsoeleng pele ho mo mamela ka ho ithuta Bibele kamehla, ’me re tsoele pele ho buisana le eena ka thapelo. Ha re etsa joalo, kamano ea rōna le Jehova e tla ba matla le ho feta, ’me ka thuso ea hae re tla khona ho mamella liteko.

Re ka lula re atamela haufi le Jehova ka ho sa feleng

17 Empa ka linako tse ling re ka ’na ra tobana le mathata le hoja re ntse re rapela Jehova. Linakong tse joalo, re ka ’na ra qala ho nyahama ’me ra felloa ke tšepo ho Jehova. Re ka ’na ra nka hore Jehova ha a utloe lithapelo tsa rōna ’me ra ipotsa hore na ehlile ke Motsoalle oa rōna. U ka etsa’ng haeba u ikutloa ka tsela ee? Sehlooho se latelang se tla u thusa.

^ ser. 15 Lebitso le fetotsoe.