Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Ke Fumane Litlhohonolofatso ‘Nakong e Tšoanelang le e Likhathatso’

Ke Fumane Litlhohonolofatso ‘Nakong e Tšoanelang le e Likhathatso’

KE HLAHETSE motseng oa Namkumba, Malawi, ka March 1930, lelapeng la batho ba neng ba tšepahala ho Molimo. Ka 1942, ke ile ka inehela ho Jehova ’me ka kolobetsoa ho e ’ngoe ea linōka tse ntle tsa haeso. Ka lilemo tse 70 tse fetileng, ke ’nile ka leka ho etsa feela joalokaha moapostola Pauluse a ile a khothalletsa Timothea hore ‘a bolele lentsoe; a be ho lona ka ho phehella nakong e tšoanelang le nakong e likhathatso.’—2 Timothea 4:2.

Ka 1948, Nathan H. Knorr le Milton G. Henschel ba ile ba tla Malawi, ’me ketelo ea bona e ile ea ntšusumelletsa hore ke sebeletse Jehova ka nako e tletseng. Hamorao, ke ile ka kopana le Lidasi, e leng morali’abo rōna ea ratehang, eo le eena a neng a e-na le pakane ea ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng joaloka ’na. Re ile ra nyalana ka 1950, ’me ka 1953 re ne re se re e-na le bana ba babeli. Le hoja re ne re e-na le boikarabelo bo bongata ba lelapa, re ile ra etsa qeto ea hore ke be pula-maliboho oa kamehla. Lilemo tse peli hamorao, ke ile ka khethoa hore ke be pula-maliboho ea khethehileng.

Likopano li ile tsa re matlafalletsa mahloriso a neng a larile ka pele

Ka mor’a nakoana ke ile ka fuoa tokelo ea ho etela liphutheho ke le molebeli oa potoloho. Kaha Lidasi o ne a ntšehetsa haholo, ke ile ka khona ho hlokomela lelapa, ke ntse ke le tšebeletsong ea nako e tletseng. * (Sheba naletsana.) Leha ho le joalo, ka bobeli ba rōna re ne re batla ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Ka lebaka leo, re ile ra hlophisa lintho ka hloko, ’me le bana ba rōna ba re nolofalletsa hore Lidasi a qale tšebeletso ea nako e tletseng ka 1960.

Ka 1962, re ile ra thabela ho ba Kopanong ea Setereke ea “Basebeletsi ba Sebete.” Selemong se latelang, Mor’abo rōna Henschel o ile a etela Malawi, kopanong e khethehileng e neng e tšoaretsoe haufi le motse oa Blantyre. Batho ba fetang 10 000 ba ile ba e-ba teng kopanong eo. Ha ke nahana ka mananeo ao a khethehileng, kea hlokomela hore a ile a hlomella Lipaki tsa Malawi le ho li matlafalletsa linako tse boima tse neng li larile ka pele.

LINAKO TSE BOIMA LIA QALA

’Muso o ile oa thibela mosebetsi oa rōna ’me oa nka mohaho oa lekala

Ka 1964, Lipaki li ile tsa hlorisoa hobane li sa nke lehlakore lipolotiking. Ka lebaka leo, Liholo Tsa ’Muso tse fetang 100 li ile tsa senngoa hammoho le matlo a barab’abo rōna a fetang 1 000. ’Na le Lidasi re ile ra tsoela pele ka mosebetsi oa potoloho ho fihlela ha ’muso o thibela mosebetsi oa Lipaki ka 1967. ’Muso o ile oa nka mohaho oa lekala, oa leleka baromuoa naheng eo, ’me oa kenya Lipaki tse ngata teronkong, ho akarelletsa ’na le Lidasi. Ha re lokolloa teronkong, re ile ra tsoela pele ho etsa mosebetsi oa potoloho, empa re le hlokolosi.

Ka letsatsi le leng ka October 1972, litho tsa Mokhatlo o kotsi oa lipolotiki oa Bacha oa Malawi li ile tsa tla ha ka. Empa setho se seng sa mokhatlo oo se ile sa mathela pele ho tla mpolella hore ke ipate hobane ba ne ba rerile ho tla mpolaea. Ke ile ka re mosali oa ka le bana ba ipate lifateng tsa libanana tse haufi le moo. Eaba ’na ke hloella sefateng se seholo sa limango. Ha ke le moo, ke ile ka ba shebella ha ba ntse ba senya ntlo ea rōna le sohle seo re neng re e-na le sona.

Matlo a barab’abo rōna a ile a chesoa hobane ba ne ba sa nke lehlakore lipolotiking

Ha mahloriso a ntse a tota, Lipaki tse likete li ile tsa tloha Malawi. Re ile ra lula kampong ea baphaphathehi Mozambique ho fihlela ka June 1974. Ka nako eo, ’na le Lidasi re ile ra kōptjoa ho sebetsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng Dómue, Mozambique. Re ile ra tsoela pele ka bopula-maliboho ho fihlela ka 1975 ha re ne re lelekoa Mozambique, re khutlela Malawi, moo Lipaki li neng li ntse li hlorisoa.

Ka mor’a hore re khutlele Malawi, ke ile ka abeloa ho etela liphutheho tse motse-moholo, Lilongwe. Ho sa tsotellehe mahloriso le mathata ao kaofela, palo ea liphutheho e ile ea eketseha, lipotolohong tseo re ileng ra sebeletsa ho tsona.

TŠEHETSO E LERATO EA JEHOVA

Ka letsatsi le leng, re ile ra fihla motseng o mong ’me ra fumana ho tšoeroe seboka sa lipolotiki. Batho ba bang ba motse ba ile ba hlokomela hore re Lipaki ’me ba re lulisa le litho tsa mokha oa Malawi Young Pioneers. Re ile ra rapella thuso le tataiso ea Jehova. Ha seboka seo se tsoa, ba ile ba qala ho re otla. Eaba mosali-moholo e mong o tla a matha, a hoelelitse a re: “Ba tloheleng hle! Motho enoa ke ngoan’a khaitseli’a ka. Mo tloheleng a itsamaele!” Motho ea neng a tšoere seboka seo o ile a re: “Ba tloheleng ba tsamaee!” Ha re tsebe hore na ke hobane’ng ha nkhono eo a ne a bua joalo, hobane re ne re sa amane le eena. Re lumela hore e tlameha ebe Jehova o ne a utloile thapelo ea rōna.

Karete ea mokha oa lipolotiki

Ka 1981, litho tsa mokha oa Malawi Young Pioneers li ile tsa boela tsa re fumana. Lekhetlong lena, tsa re amoha libaesekele, liaparo le libuka, hammoho le lipampiri tse nang le boitsebiso ba bohlokoa ba barab’abo rōna ba potolohong eo. Re ile ra phonyoha eaba re balehela ha moholo e mong. Leha ho le joalo, re ne re tšoenyehile ka boitsebiso bo neng bo le lipampiring tseo. Ha litho tsa Malawi Young Pioneers li sheba lipampiri tseo, li ile tsa fumana mangolo ao barab’abo rōna ba neng ba ’ngoletse ’ona ho tsoa hohle Malawi. Li ile tsa tšoha kaha li ne li nahana hore ke ofisiri e khōlō ea ’muso. Kahoo, tsa isa mangolo ao ho baholo ba sebakeng seo.

Ka nako e ’ngoe, re ne re tšela nōka ka seketsoana. Mong’a seketsoana seo e ne e le moeta-pele oa lipolotiki, ’me o ne a batla ho bona likarete tsa mokha tsa e mong le e mong ea neng a le ka seketsoaneng seo. Ha a atamela ho rōna, o ile a fumana lesholu leo mapolesa a neng a ntse a le batla. Sena se ile sa ferekanya motho e mong le e mong, eaba mong’a seketsoana o khaotsa ho sheba likarete tsa mokha. Le lekhetlong lena re ile ra hlokomela tšehetso e lerato ea Jehova.

RE ILE RA TŠOAROA ’ME RA KENNGOA TERONKONG

Ka February 1984, ke ne ke ea Lilongwe, ke il’o romela litlaleho ofising ea lekala e Zambia. Lepolesa le ile la nkemisa ’me la phenyekolla mokotla oa ka. Le ile la fumana lingoliloeng tsa Bibele, eaba le nkisa seteisheneng sa mapolesa ’me la qala ho nkotla. Ka mor’a moo, le ile la ntlama ka liropo ’me la nkenya seleng e neng e tletse batho ba neng ba tšoaretsoe bosholu.

Letsatsing le hlahlamang, mookameli oa sepolesa o ile a nkisa ofising e ’ngoe a batla hore ke saene pampiri e reng: “’Na, Trophim R. Nsomba, ke khaolitse ho ba Paki ea Jehova e le hore ke lokolloe.” Ke ile ka hana ho saena pampiri eo eaba ke re ho eena: “Ha kea ikemisetsa ho tlangoa feela, empa ke ikemiselitse le ho shoa. Ke ntse ke le Paki ea Jehova.” Sena se ile sa halefisa mookameli eo, ’me a otla tafole haholo hoo lepolesa le ka ofising e ’ngoe le ileng la hlaha le matha ho tla bona hore na ho etsahala’ng. Mookameli eo o ile a le bolella a re: “Monna enoa o hana ho saena hore ha e sa le Paki. Kahoo e-re a saene hore ke Paki ea Jehova, ’me re tla mo romella litlamong Lilongwe.” Nako ena kaofela mosali oa ka o ne a sa tsebe hore na ke hokae. Ka mor’a matsatsi a mane, bara ba bang babo rōna ba ile ba mo tlalehela hore na ho etsahetse eng.

Ha ke le seteisheneng sa mapolesa sa Lilongwe, mapolesa a ile a ntšoara ka mosa. Mookameli oa sepolesa o ile a re: “Nka raese ke ena, hobane uena u tšoaretsoe Lentsoe la Molimo. Batho ba bang bona ke masholu mona.” Eaba o nthomella Teronkong ea Kachere, moo ke ileng ka hlola likhoeli tse hlano teng.

Molebeli oa teronko eo o ne a thabetse hore ebe ke tlile moo hobane o ne a batla hore ke be “moruti” teronkong eo. O ile a tlosa motho eo e neng e le moruti teronkong eo, a re ho eena: “Ha ke sa batla hore u ’ne u rute Lentsoe la Molimo mona, kaha u kentsoe teronkong hobane u utsoelitse kereke ea heno!” Kahoo beke le beke ke ne ke ruta batšoaruoa Bibele.

Hamorao, lintho li ile tsa ntsamaela hampe le ho feta. Ba boholong teronkong ba ile ba ntlhoma lipotso hobane ba ne ba batla ho tseba hore na Lipaki tsa Malawi li kae ka palo. Ha kea ka ka ba araba ka tsela eo ba neng ba e batla, kahoo ba ile ba nkotla ho fihlela ke akheha. Ka nako e ’ngoe, ba ne ba batla ho tseba hore na ntlo-khōlō ea rōna e hokae. Ke ile ka re, “Le mpotsitse potso e bonolo, ke tla le bolella.” Ke ile ka ba bolella hore Bibele e ea hlalosa hore na ntlo-khōlō ea rōna e hokae. Ba ile ba makala eaba baa botsa, “Hokae ka Bibeleng?”

Ke ile ka re, “Ho Esaia 43:12.” Ba ile ba e phetla ’me ba e bala ka hloko: “‘Le lipaki tsa ka,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke ’na Molimo.’” Ba ile ba e bala ka makhetlo a mararo. Eaba baa botsa ba re: “Ho tla joang hore ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e be ka Bibeleng, eseng Amerika?” Ke ile ka ba bolella ka re: “Esita le Lipaki Tsa Jehova tse Amerika li hlokometse hore lengolo lena le hlalosa ntlo-khōlō ea tsona.” Kaha ke ne ke sa ba bolelle seo ba neng ba batla ho se utloa, ke ile ka romeloa Teronkong ea Dzaleka, e ka leboea ho Lilongwe.

KE FUMANA LITLHOHONOLOFATSO LE LINAKONG TSE BOIMA

Ha ke fihla Teronkong ea Dzaleka ka July 1984, ho ne ho se ho e-na le Lipaki tse 81 moo. Teronko eo e ne e tletse batho hoo batšoaruoa ba 300 ba neng ba lokela ho robala fatše ba petetsane. Qetellong, Lipaki tsohle tse moo li ne li khona ho kopana e le hore li khothatsane ka Bibele letsatsi le letsatsi, ’me seo se ile sa re matlafatsa haholo.

Barab’abo rōna ba il’o koalloa ka mor’a nyeoe

Ka October 1984, kaofela ha rōna re ile ra ea lekhotleng ’me ra ahloleloa lilemo tse peli teronkong. Joaloka pele, re ile ra koalloa teronkong le batho bao e seng Lipaki. Empa molebeli oa teronko o ile a re ho makosetabole: “Lipaki Tsa Jehova ha li tsube. Kahoo lōna makosetabole, le se ke la li tšoenya ka ho li kōpa sakerete ’me le se ke la li roma hore li le batlele mollo ho tla laeta sakerete. Ke batho ba Molimo! Lipaki Tsa Jehova kaofela li lokela ho fuoa lijo habeli ka letsatsi, kaha ha lia tla mona hobane li entse tlōlo ea molao, empa li tlile mona ka lebaka la tumelo ea tsona e thehiloeng Bibeleng.”

Re ile ra fumana melemo e mengata ka lebaka la boitšoaro ba rōna bo botle. Ha ho ne ho le lefifi kapa pula e na, makosetabole a ne a sa lumelle batšoaruoa ho tsoela ka ntle. Empa rōna a ne a re lumella ho tsoela ka ntle hobane a ne a re tšepa ’me a tseba hore re ke ke ra leka ho baleha. Ka mohlala, ka nako e ’ngoe re ne re ntse re sebetsa ka ntle masimong eaba molebeli oa rōna o oa kula. Kahoo, re ile ra mo nka ’me ra mo khutlisetsa teronkong. Kaha re ile ra tsoela pele re itšoere hantle, re ile ra bona ha banna ba neng ba re lebetse ba tlotlisa lebitso la Jehova.—1 Petrose 2:12. * (Sheba naletsana.)

NAKO E TŠOANELANG E BOETSE E BA TENG

Ka la 11 May, 1985, ke ile ka lokolloa Teronkong ea Dzaleka ’me ke ne ke thabetse ho khutlela lapeng! Re leboha Jehova hore ebe o ile a re thusa ho lula re tšepahala ho eena linakong tseo tse boima. Re ikutloa joaloka moapostola Pauluse ea ileng a ngola a re: ‘Ha re lakatse hore le hloke tsebo, barab’eso, ka matšoenyeho a ileng a re etsahalla. Re ne re sa tiiseha esita le ka bophelo ba rōna. Ha e le hantle, re ile ra ikutloa ka hare ho rōna hore re amohetse kahlolo ea lefu. Hona e ne e le hore re se ke ra itšepa, empa re tšepe Molimo ea tsosang bafu. Ho tsoa nthong e khōlō joaloka lefu o ile a fela a re pholosa.’—2 Bakorinthe 1:8-10.

Mor’abo rōna Nsomba le mosali oa hae, Lidasi, ba eme ka pel’a Holo ea ’Muso, ka 2004

Ka linako tse ling ho ne ho bonahala eka re ke ke ra pholoha. Empa kamehla re ne re kōpa Jehova hore a re fe sebete, bohlale le boikokobetso e le hore re ka tsoela pele re tlotlisa lebitso la hae le phahameng ka ho fetisisa.

Jehova o ile a hlohonolofatsa tšebeletso eo re mo etsetsang eona ‘nakong e tšoanelang le e likhathatso’ kapa nakong e boima. Kajeno rea thaba ha re bona ofisi e ncha ea lekala e ntle e Lilongwe le Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse fetang 1 000, Malawi! ’Na le Lidasi rea hlolloa ha re bona litlhohonolofatso tsena tsa Jehova, ekare ke toro! *—Sheba naletsana.

^ ser. 6 Barab’abo rōna ba nang le bana ba banyenyane ha ba sa kōptjoa hore ba etse mosebetsi oa potoloho.

^ ser. 27 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka ho hlorisoa ha Lipaki Tsa Jehova, Malawi, sheba Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999, leqepheng la 171-223.

^ ser. 31 Nakong eo ho ntseng ho lokisetsoa sehlooho sena, Mor’abo rōna Nsomba o ile a hlokahala a le lilemo li 83.