Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšepa Jehova ka Linako Tsohle!

Tšepa Jehova ka Linako Tsohle!

“Mo tšepeng ka linako tsohle.”—PESALEME EA 62:8.

1-3. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a kholisehile hore a ka tšepa Jehova? (Sheba setšoantšo se qalong.)

HAEBA u ne u le Mokreste ’me u lula Roma lekholong la pele la lilemo, u ne u tla be u phela nakong e kotsi. Baroma ba ne ba hlorisa Bakreste ka sehlōhō. Ba ba qosa ka hore ke bona ba chesitseng motse o mong oa Roma le hore ba hloile batho. Ba tšoara bara le barali beno ba bangata ba Bakreste. Ba bang ba rusolloa ke liphoofolo. Ba bang ba khokhotheloa thupeng ’me ba chesoa ba ntse ba phela. U ua tseba hore le uena sena se ka ’na sa u etsahalla.

2 Nakong ena e thata, moapostola Pauluse o ile a koalloa chankaneng. E ka ’na eaba o ile a ipotsa hore na barab’abo ba Bakreste ba tla mo thusa, kaha pejana ho ne ho se na motho ea mo thusitseng. Empa Jehova o ne a sebelisitse Morena Jesu ho mo thusa. Pauluse o ile a ngola a re: ‘Morena o ile a ema haufi le ’na ’me a kenya matla ka ho ’na.’ Jesu o ile a fa Pauluse matla ao a neng a a hloka. Pauluse o re o ile a ba a “lopolloa molomong oa tau.”—2 Timothea 4:16, 17. * (Sheba naletsana.)

3 Pauluse o ile a hopola kamoo Jehova a ’nileng a mo thusa kateng nakong e fetileng. Kahoo o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo fa matla a hlokahalang e le hore a mamelle boemo boo a tobaneng le bona esita le liteko tse ka ’nang tsa mo hlahela nakong e tlang. O ne a kholisehile hoo a ileng a ngola a re: “Morena o tla ntopolla mosebetsing o mong le o mong o khopo.” (2 Timothea 4:18) Pauluse o ne a tseba hore le maemong ao ho ’ona barab’abo ba neng ba hlōlehile ho mo thusa, a ka tšepa hore Jehova le Jesu ba tla mo thusa. O ne a kholisehile ka ho feletseng.

MENYETLA EA HORE RE TŠEPE JEHOVA

4, 5. (a) Ke mang ea ka u thusang kamehla ha u hloka thuso? (b) U ka etsa’ng ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova?

4 Na u kile ua tobana le bothata ’me ua utloa eka ha ho na motho ea u thusang? Mohlomong u ne u feletsoe ke mosebetsi kapa u hatelloa ke lithaka sekolong. Mohlomong u ne u kula haholo kapa u tobane le teko e itseng. E ka ’na eaba u ile ua kōpa batho ba bang hore ba u thuse empa ua soetseha ha ba hlōleha ho u thusa. Ke ’nete hore mathata a mang ke ao batho ba ke keng ba khona ho a rarolla. U lokela ho etsa’ng boemong boo? Bibele e re u lokela ho “tšepa Jehova.” (Liproverbia 3:5, 6) Na u ka kholiseha hore o tla u thusa? E, u ka kholiseha! Ho na le mehlala e mengata ka Bibeleng e re kholisang hore Jehova o fela a thusa batho ba hae.

Teko e u fa monyetla oa hore u tšepe Jehova ka ho feletseng

5 U se ke ua utloa bohloko ha batho ba hlōleha ho u thusa. Empa joaloka Pauluse, nka hore teko eo e u fa monyetla oa hore u tšepe Jehova ka ho feletseng. E boetse e u fa monyetla oa hore u bone kamoo a u hlokomelang kateng. Seo se tla etsa hore u tšepe Jehova le ho feta ’me kamano ea lōna e tla ba matla.

RE LOKELA HO TŠEPA JEHOVA

6. Ke hobane’ng ha re ka ’na ra thatafalloa ho tšepa Jehova ha re tobana le mathata?

6 Mohlomong u tobane le bothata bo u imelang. U entse sohle se matleng a hao ho bo rarolla, ebile u rapetse Jehova ua mo kōpa hore a u thuse. Na joale u ka ikutloa u imolohile hobane u tšepa hore o tla u thusa? Ka sebele! (Bala Pesaleme ea 62:8; 1 Petrose 5:7.) Haeba u batla ho ba le kamano e ntle le Jehova, ke habohlokoa hore u mo tšepe. Empa ka linako tse ling, ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa seo. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore Jehova a ka ’na a se ke a araba thapelo ea hao hang-hang.—Pesaleme ea 13:1, 2; 74:10; 89:46; 90:13; Habakuke 1:2.

Jehova, Ntate oa rōna ea leholimong o oa re rata ebile o oa tseba hore na re hloka eng

7. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling Jehova a sa arabe lithapelo tsa rōna hang-hang?

7 Ke hobane’ng ha ka linako tse ling Jehova a sa arabe lithapelo tsa rōna hang-hang? Bibele e re Jehova ke Ntate oa rōna ’me re bana ba hae. (Pesaleme ea 103:13) Motsoali ha a fe ngoana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e kōpang, kapa a mo fe eona hang-hang. O oa tseba hore ngoana a ka ’na a fetola maikutlo eaba o se a batla ntho e ’ngoe e fapaneng. Ntate o boetse o oa tseba hore na ke’ng e ka tsoelang ngoana molemo le hore na ntho eo a e kōpang e ka ’na ea ama ba bang joang. O tseba seo ngoana a se hlokang le hore na o se hloka neng. Haeba ntate a fa ngoana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e kōpang hang-hang, ntate e tla be e le lekhoba la ngoana. Jehova, Ntate oa rōna ea leholimong o oa re rata. Kaha ke ’Mōpi oa rōna ea bohlale, o oa tseba hore na re hloka eng ’me o khetha nako e molemo ea ho re fa seo re se kōpang. Re lokela ho letela Jehova le ho bona kamoo a arabang lithapelo tsa rōna kateng.—Bapisa le Esaia 29:16; 45:9.

8. Jehova o re tšepisa eng tabeng ea ho mamella liteko?

8 Hape, u hopole hore Jehova o tseba seo motho ka mong a ka se mamellang le seo a ke keng a se mamella. (Pesaleme ea 103:14) Kahoo, o re fa matla ao re a hlokang. Ke ’nete hore ka linako tse ling re ka ’na ra utloa eka ha re sa khona ho mamella. Empa Jehova o re tšepisa hore haeba re tobana le teko eo re sitoang ho e mamella, o tla re ‘bulela tsela ea ho tsoa.’ (Bala 1 Bakorinthe 10:13.) Hoa khothatsa ho tseba hore Jehova o oa tseba hore na re ka mamella liteko ho isa bohōleng bofe.

9. Re lokela ho etsa’ng haeba re kōpa Jehova hore a re thuse empa a sa re arabe hang-hang?

9 Haeba re rapela Jehova re mo kōpa hore a re thuse ’me a sa re arabe hang-hang, re lokela ho ba le mamello. Hopola hore Jehova o labalabela ho re thusa, empa o emela nako e loketseng ka ho fetisisa ea ho re fa seo re se hlokang. Bibele e re: “Jehova o tla lebella hore a le bontše mohau, ka hona o tla ema hore a le bontše mohau. Etsoe Jehova ke Molimo oa kahlolo. Ho thaba bohle ba mo lebeletseng.”—Esaia 30:18.

“MOLOMONG OA TAU”

10-12. (a) Ke’ng e ka ’nang ea re thatafalletsa ho hlokomela setho sa lelapa se kulang? (b) Ho tšepa Jehova linakong tse thata ho tla ama kamano ea hao le eena joang? Fana ka mohlala.

10 U ka ’na ua ba boemong bo thata hoo u ka ikutloang joaloka Pauluse, ’me ua lokela ho pholosoa “molomong oa tau.” (2 Timothea 4:17) Linakong tse thata joalo, ke habohlokoa hore u tšepe Jehova. Ka mohlala, mohlomong u oka setho se seng sa lelapa. U rapetse Jehova ua mo kōpa hore a u thuse ho etsa liqeto tse bohlale le hore a u fe matla. * (Sheba naletsana.) Joale u ka ikutloa u imolohile ha u hopola hore Jehova o bona boemo ba hao ebile o oa bo utloisisa. O tla u thusa hore u mamelle ’me u lule u tšepahala.—Pesaleme ea 32:8.

U ka tšepa Ntate oa hao ea leholimong hore o tla u fa matla a hore u mamele taelo ea hae ka botšepehi

11 Ka linako tse ling, u ka ’na ua bona eka Jehova ha a u thuse. Mohlomong lingaka ha li lumellane ka pheko. Kapa u ne u tšepile hore beng ka uena ba tla u tšehetsa, empa ho e-na le hoo ekare ba mpefatsa boemo le ho feta. Tšepa Jehova kamehla hore o tla u fa matla. Atamela ho eena. (Bala 1 Samuele 30:3, 6.) Hamorao ha u hlokomela kamoo Jehova a u thusitseng kateng, seo se tla matlafatsa kamano ea hao le eena.

12 Ke kamoo Linda a ileng a ikutloa kateng. * (Sheba naletsana.) O ne a qetile nako e telele a hlokomela batsoali ba hae pele ba hlokahala. O re: “’Na le monna oa ka le khaitseli ea ka re ne re atisa ho iphumana re sa tsebe hore na re lokela ho etsa’ng. Ka linako tse ling re ne re ikutloa re tsielehile. Empa hona joale ha re hetla morao, re bona ka ho hlaka kamoo Jehova a ’nileng a re tšehetsa kateng. O ile a re matlafatsa le ho re fa seo re se hlokang, le maemong ao ho neng ho bonahala eka ha ho letho leo re ka le etsang.”

13. Ho tšepa Jehova ho thusitse Rhonda joang hore a mamelle litlokotsi tse ileng tsa mo hlahela?

13 Ha re tšepa Jehova ka ho feletseng, seo se tla re thusa ho mamella litlokotsi. Ke sona se ileng sa etsahalla Rhonda. Monna oa hae eo e seng Paki ea Jehova o ne a lokisetsa ho mo hlala. Hona nakong eo, lingaka li ile tsa fumana hore khaitseli ea hae e tšoeroe ke boloetse bo kotsi bo bitsoang lupus. ’Me ka mor’a likhoeli tse seng kae, mosali oa khaitseli ea hae a hlokahala. Ha Rhonda a hlaphoheloa litlokotsing tsena, o ile a nka bopula-maliboho ba kamehla. Empa joale ha hlokahala ’mè oa hae. Ke’ng e ileng ea thusa Rhonda ho mamella litlokotsi tsee? O re: “Ke ne ke bua le Jehova letsatsi le chabang le le likelang, esita le ha ke etsa liqeto tsa lintho tse sa reng letho. Seo se ile sa etsa hore ke nke Jehova e le Motho oa sebele. Ke ile ka ithuta ho mo tšepa ho e-na le ho itšetleha ka bohlale ba ka kapa ka batho ba bang. Ruri o ile a nthusa—a mpha sohle seo ke se hlokang. Seo se entse hore ke latsoe tlhokomelo ea Jehova.”

Esita le lintho tse etsahalang ka lapeng li ka ’na tsa leka kamano ea hao le Jehova (Sheba serapa sa 14-16)

14. Jehova a ka u thusa joang haeba setho se seng sa lelapa se khaotsoe?

14 Ak’u nahane ka bothata bo bong hape. Nka hore setho se seng sa lelapa se khaotsoe. U ua tseba hore na Bibele e re re lokela ho tšoara batho ba khaotsoeng joang. (1 Bakorinthe 5:11; 2 Johanne 10) Empa kaha u rata motho eo, u ka ’na ua thatafalloa ho mamela taelo ea Bibele kapa ua nka hore u ke ke ua khona ho e mamela. Na u ka tšepa Ntate oa hao ea leholimong hore o tla u fa matla a hore u mamele taelo ea hae ka botšepehi? Na u tla talima boemo boo e le monyetla oa hore u atamele haufi le Jehova haholoanyane?

15. Ke hobane’ng ha Adama a ile a tlōla molao oa Jehova?

15 Boemo boo bo tšoana joang le boo monna oa pele, e leng Adama, a neng a le ho bona? Na o ne a nahana hore a ka tlōla molao oa Jehova ’me a ’na a tsoela pele a phela? Che, Mangolo a re Adama “ha aa ka a thetsoa.” (1 Timothea 2:14) Joale ke hobane’ng ha a ile a tlōla molao oa Jehova? Adama o ile a ja tholoana eo mosali oa hae a mo fileng eona hobane o ne a mo rata ho feta kamoo a neng a rata Jehova kateng. O ile a mamela mosali oa hae ho e-na le hore a mamele taelo ea Jehova.—Genese 3:6, 17.

16. Ke mang eo re lokelang ho mo rata haholo, hona hobane’ng?

16 Qeto eo Adama a ileng a e etsa e re ruta hore re lokela ho rata Jehova ho feta motho leha e le ofe e mong. (Bala Matheu 22:37, 38.) ’Me haeba re hlile re rata Jehova, re ka atleha ho thusa beng ka rōna ka tsela e molemohali, ebang ba sebeletsa Jehova kapa che. Kahoo, tsoela pele ho matlafatsa lerato la hao ho Jehova ’me u mo tšepe le ho feta. Haeba u tšoenyehile ka setho sa lelapa se khaotsoeng, rapela Jehova ’me u mo bolelle maikutlo a hao. * (Sheba naletsana.) (Baroma 12:12; Bafilipi 4:6, 7) Le hoja boemo bona bo u utloisa bohloko, nka hore bo u fa monyetla oa ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova. Seo se tla etsa hore u mo tšepe haholoanyane ’me u tla hlokomela hore ho mo mamela ho tlisa liphello tse molemo.

HA RE NTSE RE LETILE

Bontša Jehova hore u ua mo tšepa ka hore u lule u phathahane mosebetsing oa boboleli (Sheba serapa sa 17)

17. Haeba re lula re phathahane mosebetsing oa boboleli, re ka tiiseha hore Jehova o tla etsa’ng?

17 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a pholosa Pauluse “molomong oa tau”? Pauluse o re: “E le hore ka ’na boboleli bo ka phethoa ka botlalo.” (2 Timothea 4:17) Jehova o boetse o re file mosebetsi oa ho bolela “litaba tse molemo,” ’me o re bitsa “basebetsi-’moho” le eena. (1 Bathesalonika 2:4; 1 Bakorinthe 3:9) Haeba re lula re phathahane mosebetsing ona, re ka tiiseha hore Jehova o tla re fa sohle seo re se hlokang. (Matheu 6:33) Kahoo, re tla nolofalloa ho letela Jehova hore a arabe lithapelo tsa rōna.

18. U ka etsa’ng hore u tšepe Jehova ’me u matlafatse kamano ea hao le eena?

18 Kahoo, leka ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova letsatsi le leng le le leng. Ha u hlaheloa ke teko ’me u tšoenyehile, sebelisa monyetla oo hore u atamele haufi le Jehova. Bala Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, ’me u thuise ka seo u se balang. Tsoela pele ho rapela Jehova ’me u lule u phathahane tšebeletsong ea hae. Haeba u etsa sena, u ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa ho mamella liteko tsohle tse u hlahelang hona joale le tse ka ’nang tsa u hlahela nakong e tlang.

^ ser. 2 E ka ’na eaba Pauluse o ne a hlile a pholositsoe molomong oa tau kapa boemong bo bong bo itseng bo kotsi.

^ ser. 10 Ho hatisitsoe lihlooho tse ka thusang Bakreste hore ba mamelle ha ba kula le tse ka thusang ba hlokomelang bakuli. Sheba Tsoha! ea February 8, 1994; February 8, 1997; June 8, 2000; le ea February 8, 2001.

^ ser. 12 Mabitso a fetotsoe.

^ ser. 16 Ho hatisitsoe lihlooho tse reretsoeng ho re thusa ha setho sa lelapa se khaotsa ho sebeletsa Jehova. Sheba Molula-Qhooa oa September 1, 2006, leqepheng la 17-21 le oa January 15, 2007, leqepheng la 17-20.