Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisang ea Tšepisang Bophelo bo sa Feleng

Etsisang ea Tšepisang Bophelo bo sa Feleng

“Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” —BAEFESE 5:1.

1. Ke bokhoni bofe bo ka re thusang ho etsisa Jehova?

JEHOVA o re bōpile re e-na le bokhoni ba ho utloisisa tsela eo batho ba bang ba ikutloang ka eona, le hoja re e-s’o ka re e-ba boemong ba bona. (Bala Baefese 5:1, 2.) Bokhoni boo bo ka re thusa ho etsisa Jehova joang? Hona ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi hore na re bo sebelisa joang?

2. Jehova o ikutloa joang ha re hlaheloa ke lintho tse bohloko?

2 Jehova o re tšepisitse bokamoso bo babatsehang bo se nang mahlomola. Batlotsuoa le “linku tse ling” ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng, ebang ke leholimong kapa lefatšeng. (Johanne 10:16; 17:3; 1 Bakorinthe 15:53) Jehova o oa tseba hore re utloa bohloko ha re hlaheloa ke mathata kajeno. Jehova o ile a sareloa nakong e fetileng ha batho ba hae ba hlorisoa Egepeta. “O ile a hlomoha.” (Esaia 63:9) Hamorao ha batho ba hae ba tsosolosa tempele ’me ba tšaba ba lireng, Jehova o ile a utloisisa hore na ba ikutloa joang. O ile a re ho bona: “Ea le amang o ama leihlo la ka.” (Zakaria 2:8) Feela joalokaha ’mè a rata lesea la hae, Jehova le eena o rata bahlanka ba hae ’me o batla ho ba thusa. (Esaia 49:15) Re etsisa lerato la Jehova ha re leka ho utloisisa hore na ba bang ba ikutloa joang ka ho ipeha boemong ba bona.—Pesaleme ea 103:13, 14.

JESU O NE A ETSISA JEHOVA ’ME A RATA BATHO

3. Jesu o ne a ikutloa joang ka batho?

3 Jesu o ne a utloisisa hore na batho ba ikutloa joang ha ba le mahlomoleng, le hoja a e-s’o ka a e-ba boemong ba bona. Ka mohlala, o ne a tseba hore batho ba bangata ba phela ka thata. Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba ba thetsitse ebile ba behile melao e mengata e sa tsoeng ho Molimo. Batho ba ne ba ba tšaba. (Matheu 23:4; Mareka 7:1-5; Johanne 7:13) Le hoja Jesu a ne a sa ba tšabe ebile ho se mohla a kileng a kholoa mashano a bona, o ne a utloisisa kamoo batho ba ikutloang kateng. O ne a utloa bohloko haholo ha a bona kamoo ba tšoeroeng hampe kateng. Ba ne ba le “joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:36) Jesu o ne a ithutile ho Ntate oa hae ho rata batho, ho ba ‘mohau le ho ba mosa.’—Pesaleme ea 103:8.

4. Jesu o ile a etsa’ng ha a bona batho ba le mahlomoleng?

4 Ha Jesu a bona batho ba le mahlomoleng, o ne a ba thusa hobane a ba rata. O ne a tšoana hantle le Ntate oa hae. Ka mohlala, ka letsatsi le leng baapostola ba Jesu ba ne ba tsoa ho bolela sebakeng se hōle, ’me ba khutla ba khathetse ba batla ho phomola moo ho khutsitseng. Empa Jesu o ile a fumana batho ba bangata ba mo emetse. O ile a lemoha hore ba hloka thuso ea hae, kahoo ‘a qala ho ba ruta lintho tse ngata.’—Mareka 6:30, 31, 34.

E-BA LE LERATO JOALOKA JEHOVA

5, 6. Haeba re batla ho ba le lerato joaloka Jehova, re lokela ho etsa’ng? Fana ka mohlala. (Sheba setšoantšo se qalong.)

5 Haeba re batla ho ba le lerato joaloka Jehova, re lokela ho etsa’ng? Nahana ka boemo bona. Ho na le mor’abo rōna e mocha lilemong ea bitsoang Alan. O nahana ka mor’abo rōna ea hōlileng ea thatafalloang ho tsamaea ebile a sa bone hantle. Alan o nahana ka mantsoe a Jesu a reng: “Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.” (Luka 6:31) Kahoo o oa ipotsa, ‘Nka rata hore batho ba bang ba etse’ng le ’na?’ O re, ‘Nka rata hore ba bapale bolo le ’na!’ Empa mor’abo rōna ea hōlileng a ke ke a khona ho matha kapa ho bapala bolo. Kahoo, seo Alan a lokelang ho ipotsa sona ke hore, ‘Haeba ke ne ke le mor’abo rōna eo, ke ne nka rata hore batho ba etse’ng le ’na?’

6 Le hoja Alan a ntse a le mocha, o leka ho nahana hore na o ne a ka ikutloa joang ha e ne e le eena ea tsofetseng. O qeta nako le mor’abo rōna ea hōlileng ’me o mo mamela ka hloko. Joale o oa lemoha hore mor’abo rōna ea hōlileng o thatafalloa ho bala Bibele le ho ea ka ntlo le ntlo. Alan o elelloa kamoo a ka mo thusang kateng ’me o batla ho etsa sohle seo a ka se khonang ho mo thusa. Ha re utloisisa kamoo batho ba bang ba ikutloang kateng ’me re ba bontša lerato, re tla be re etsisa Jehova.—1 Bakorinthe 12:26.

E-ba mosa joaloka Jehova (Sheba serapa sa 7)

7. Re ka utloisisa mathata a barab’abo rōna joang?

7 Ka linako tse ling, ha ho bonolo ho utloisisa mathata ao batho ba bang ba tobanang le ’ona, haholo-holo haeba re e-s’o be boemong ba bona. Ka mohlala, barab’abo rōna ba bangata ba utloisoa bohloko ke ho kula, ho lemala kapa botsofali. Ba bang ba sithabetse maikutlong, ba ngongoreha ka ho fetelletseng kapa ba kile ba hlekefetsoa nakong e fetileng. Ba bang ba hōlisa bana ba se na balekane kapa litho tsa malapa a bona ha li sebeletse Jehova. Motho e mong le e mong o na le mathata, ’me hangata ha a tšoane le a ba bang. Empa re batla ho bontša batho ba bang lerato ’me re ba thuse. Joale re ka etsa see joang? Batho ba ka ’na ba hloka ho thusoa ka litsela tse fapaneng. Kahoo, haeba re mamela ka hloko ’me re leka ho utloisisa kamoo motho a ikutloang kateng, re tla tseba tsela e molemo ea ho mo thusa. Mohlomong re ka mo hopotsa hore na Jehova o ikutloa joang ka bothata ba hae. Kapa ra mo thusa ka litsela tse ling. Ha re etsa sena, re tla be re etsisa Jehova.—Bala Baroma 12:15; 1 Petrose 3:8.

E-BA MOSA JOALOKA JEHOVA

8. Ke’ng e ileng ea thusa Jesu hore a be mosa?

8 Jehova o mosa ho batho bohle. (Luka 6:35) Jesu o tšoana le Ntate oa hae. Ke’ng e ileng ea thusa Jesu hore a be mosa ho batho ha a le lefatšeng? O ne a nahana kamoo ba tla ikutloa kateng ka seo a se buang le ho se etsa. Ka mohlala, mosali e mong ea neng a entse lintho tse ngata tse mpe o ile a tla ho Jesu. O ile a lla hoo likeleli tsa hae li ileng tsa rothela maotong a Jesu. Jesu o ile a lemoha hore mosali eo o soabetse lintho tse mpe tseo a li entseng le hore o bakile. A elelloa hore haeba a sa mo tšoare ka mosa, seo se tla mo utloisa bohloko le ho feta. Kahoo, o ile a mo babatsa ka lintho tse ntle tseo a li entseng ’me a mo tšoarela. Jesu o ile a boela a bua ka mosa le Mofarisi ea neng a le khahlanong le seo a se etselitseng mosali eo.—Luka 7:36-48.

Pele re etsa qeto re lokela ho nahana kamoo e tla re ama kapa e ama ba bang kateng

9. Ke’ng e ka re thusang ho ba mosa joaloka Jehova? Fana ka mohlala.

9 Ke joang re ka bang mosa joaloka Jehova? Re lokela ho nahana pele re bua kapa re etsa ntho e itseng e le hore re nahanele ba bang le ho qoba ho ba utloisa bohloko. Pauluse o ile a re ‘ha ho hlokahale hore Mokreste a loane, empa ho hlokahala hore a be bonolo ho bohle.’ (2 Timothea 2:24) Ka mohlala, nahana kamoo u ka bontšang bonolo maemong a latelang: Haeba mohiri oa hao a sa etse mosebetsi oa hae hantle, u ne u ka etsa’ng? Haeba u bona mor’abo rōna ea qetetseng ho tla Holong ea ’Muso khale, u ne u ka re’ng ho eena? Haeba u etsa mosebetsi oa boboleli ’me mong’a ntlo a re o phathahane hore a ka buisana le uena, u ka mo bontša mosa joang? Haeba mosali oa hao a u botsa hore na ke hobane’ng u sa mo bolella ka ntho e itseng eo u rerang ho e etsa, na u tla buisana le eena ka mosa? Re lokela ho nahanela maikutlo a ba bang, le kamoo seo re se buang se ka ba amang kateng. Joale re tla tseba seo re lokelang ho se bua le ho se etsa e le hore re be mosa joaloka Jehova.—Bala Liproverbia 15:28.

E-BA BOHLALE JOALOKA JEHOVA

10, 11. Re ka etsisa Jehova joang ’me kahoo ra ba bohlale? Fana ka mohlala.

10 Jehova o bohlale ka tsela e makatsang ebile a ka khetha ho bona se tla etsahala nakong e tlang. Le hoja re sa tsebe bokamoso, re ntse re ka ba bohlale. Joang? Pele re etsa qeto re lokela ho nahana kamoo e tla re ama kapa e ama ba bang kateng. Ha rea lokela ho tšoana le Baiseraele. Ha baa ka ba nahana ka liphello tsa ho se mamele Jehova. Ebile ha baa ka ba nahana ka kamano ea bona le Molimo le ka lintho tsohle tseo a ba etselitseng tsona. Kaha Moshe o ne a tseba sena, o ile a lemoha hore Baiseraele ba tla etsa se fosahetseng. O ile a re: “Ke sechaba seo keletso e leng sieo ho sona, ’me har’a bona ha ho na kutloisiso. Hoja ba ne ba le bohlale! Joale ba ne ba tla nahanisisa ka sena. Ba ne ba tla nahana ka qetello ea bona hamorao.”—Deuteronoma 31:29, 30; 32:28, 29.

11 Ka mohlala, haeba u leferehong, u hopole hore ha u rata motho ha ho bonolo ho laola maikutlo le takatso ea ho kopanela liphate. Kahoo, u se ke ua etsa letho le ka senyang kamano ea hao le Jehova! Ho e-na le hoo, e-ba bohlale ’me u qobe kotsi. Mamela keletso ena e bohlale ea Jehova: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.”—Liproverbia 22:3.

LAOLA MONAHANO OA HAO

12. Lintho tseo re li nahanang li ka re ntša kotsi joang?

12 Motho ea bohlale o laola seo a se nahanang. Lintho tseo re li nahanang li ka tšoana le mollo, tsa re tsoela molemo kapa tsa re ntša kotsi. Haeba re le hlokolosi, re ka sebelisetsa mollo ho pheha. Empa haeba re se hlokolosi, mollo o ka chesa ntlo oa ba oa re bolaea. Hoa tšoana le ka lintho tseo re li nahanang. Re rua molemo ha re nahana ka lintho tseo Jehova a re rutang tsona. Empa haeba re lula re nahana ka boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate le ka lintho tse ling tse fosahetseng, re tla li lakatsa ’me re qetelle re li entse. Seo se ka senya kamano ea rōna le Jehova.—Bala Jakobo 1:14, 15.

13. Eva o ile a nahana hore bophelo ba hae bo tla ba joang?

13 Re ka ithuta ho hong mohlaleng oa mosali oa pele, e leng Eva. Jehova o ne a laetse Adama le Eva hore ba se ke ba ja tholoana ea “sefate sa tsebo ea botle le bobe.” (Genese 2:16, 17) Empa Satane o ile a re ho Eva: “Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” Eva o ile a nahana hore bophelo ba hae bo tla ntlafala ha a se a iketsetsa qeto ea se setle le se sebe. O ile a lula a nahana ka sena ’me “a bona hore sefate se loketse ho jeoa le hore sea lakatseha mahlong.” Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? O ile “a qala ho kha tholoana ea sona ’me a e ja. Ka mor’a moo a fa le monna oa hae ha a se a e-na le eena ’me a qala ho e ja.” (Genese 3:1-6) Kahoo, ‘sebe sa kena lefatšeng le lefu la kena ka sebe.’ (Baroma 5:12) Eva o ne a sa lokela ho lula a nahana ka ho etsa se fosahetseng.

14. Bibele e re fa temoso efe mabapi le boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate?

14 Ke ’nete hore Eva ha aa ka a etsa sebe ka ho kopanela boitšoarong bo bobe. Empa Bibele e re lemosa ka ho hlaka hore re se ke ra lula re nahana ka boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate. Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:28) Pauluse le eena o ile a lemosa: “Le se ke la rera esale pele bakeng sa litakatso tsa nama.”—Baroma 13:14.

15. Re lokela ho tsepamisa kelello tabeng efe, hona hobane’ng?

15 Bibele e boetse e re re lokela ho tsepamisa kelello tabeng ea ho khahlisa Jehova, eseng ho batla maruo. Esita le haeba motho e le morui, chelete e ke ke ea mo sireletsa. (Liproverbia 18:11) Jesu o ile a re ke booatla hore motho a ipokellele matlotlo a mangata, empa a sa re letho ka Jehova. Seo se bontša hore ha aa “ruela ho Molimo.” (Luka 12:16-21) Ha re ipolokela “matlotlo leholimong” ka ho etsa lintho tse khahlisang Jehova, re tla mo thabisa ’me le rōna re tla thaba. (Matheu 6:20; Liproverbia 27:11) Ho ba le kamano e ntle le Jehova ke habohlokoa ho feta ntho leha e le efe.

LE SE KE LA TŠOENYEHA

16. Re lokela ho etsa’ng ha re tšoenyehile?

16 Haeba re lelekisa maruo lefatšeng lena, re tla lula re tšoenyehile. (Matheu 6:19) Jesu o ile a re ba lulang ba tšoenyehile ka chelete ba tla thatafalloa ho etelletsa ’Muso oa Molimo pele bophelong. (Matheu 13:18, 19, 22) Batho ba bang ba lula ba tšoenyehile ka hore ba ka ’na ba hlaheloa ke lintho tse bohloko. Empa haeba re lula re tšoenyehile, re ka ’na ra kula kapa ra felloa ke tumelo ho Jehova. Ho e-na le hoo, re lokela ho kholiseha hore Jehova o tla re thusa. Bibele e re “ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.” (Liproverbia 12:25) Kahoo, ha u tšoenyehile ka ntho e itseng, bua le motho ea sebeletsang Jehova le ea u tsebang hantle. Motsoali oa hao, molekane kapa motsoalle a ka u thusa hore u tšepe Jehova ’me u se ke ua tšoenyeha haholo.

Ha u tšoenyehile rapela Jehova ’me u nahane ka thuso eo a u fang eona

17. Jehova a ka re thusa joang ha re tšoenyehile?

17 Jehova o re tseba ho feta motho leha e le ofe ebile a ka re thusa ho khoba matšoafo ha re tšoenyehile. Pauluse o ile a ngola a re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) Kahoo, ha u tšoenyehile nahana ka thuso eo Jehova a u fang eona ho boloka setsoalle sa lōna se le matla, mohlomong a sebelisa bara le barali beno, baholo, lekhoba le tšepahalang, mangeloi esita le Jesu.

18. Bokhoni ba rōna ba ho nahana bo ka re thusa joang?

18 Joalokaha re ithutile, ha re sebelisa bokhoni ba rōna ba ho utloisisa kamoo batho ba bang ba ikutloang kateng, re etsisa Jehova. (1 Timothea 1:11; 1 Johanne 4:8) Re tla thaba ha re bontša batho ba bang lerato le mosa, ha re nahana ka liphello tsa liketso tsa rōna le ha re qoba ho lula re tšoenyehile. A re nahaneng kamoo bophelo bo tla ba kateng ’Musong oa Molimo ’me re etse sohle se matleng a rōna ho etsisa Jehova.—Baroma 12:12.