Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Gogo oa Magogo eo ho buuoang ka eena bukeng ea Ezekiele ke mang?

Hobane’ng? Hobane buka ea Tšenolo e bontša hore Satane ke eena ea tla li hula pele ha ho hlaseloa batho ba Molimo. (Tšenolo 12:1-17) Kahoo re ne re utloisisa hore Gogo ke lebitso le leng la Satane.

Leha ho le joalo, tlhaloso ena e ne e fana ka mathata a itseng. Nahana ka sena: Ha Jehova a bua ka ho felisoa ha Gogo o ile a re o tla nehelana ka Gogo hore e be “lijo tsa linonyana tse jang nama, linonyana tsa mapheo a mefuta eohle, le ho libata tsa naha.” (Ezekiele 39:4) Jehova o ile a boela a re: “Letsatsing leo ke tla fa Gogo sebaka moo, sebaka sa lepato Iseraele.” (Ezekiele 39:11) Empa ke joang Satane, eo e leng sebōpuoa sa moea se sa bonahaleng a ka jeoang ke linonyana le libata tsa naha? Hona ke joang a ka patoang lefatšeng? Bibele e bontša ka ho hlaka hore Satane o tla lahleloa mohohlong ka lilemo tse sekete. Kahoo a ke ke a jeoa kapa a patoa.—Tšenolo 20:1, 2.

Bibele e re qetellong ea lilemo tse sekete, Satane o tla lokolloa ka mohohlong, ’me “o tla tsoa ho ea khelosa lichaba tseo likhutlong tse ’nè tsa lefatše, Gogo le Magogo, ho li bokella bakeng sa ntoa.” (Tšenolo 20:8) Kahoo, haeba Satane ke eena Gogo seo se bolela hore o tla lokela ho ikhelosa. Ka hona, ha ho buuoa ka “Gogo” bukeng ea Ezekiele le ea Tšenolo ha ho buuoe ka Satane.

Joale Gogo oa Magogo ke mang? Ho fumana karabo, re lokela ho batlisisa hore na Bibele e re ke mang ea hlaselang batho ba Molimo. Bibele e bua ka tlhaselo ea ‘Gogo oa Magogo,’ ea “morena oa leboea” le ea “marena a lefatše.” (Ezekiele 38:2, 10-13; Daniele 11:40, 44, 45; Tšenolo 17:14; 19:19) Na tsee ke litlhaselo tse sa tšoaneng? Ha ho bonahale joalo. Ho bonahala eka Bibele e hlalosa tlhaselo e le ’ngoe ka litsela tse sa tšoaneng. Ke hobane’ng re bua joalo? Hobane Bibele e re bolella hore lichaba tsohle tsa lefatše li tla kenya letsoho tlhaselong ena ea ho qetela e tla thakhola ntoa ea Armagedone.—Tšenolo 16:14, 16.

Ha re bapisa litemana tsena tsa Bibele tse buang ka tlhaselo ea ho qetela ho batho ba Molimo, hoa hlaka hore Gogo oa Magogo hase Satane. Ho e-na le hoo, Gogo oa Magogo o emela lichaba. Na “morena oa leboea” ke eena ea tla li etella pele? Ha re tsebe. Empa tlhaloso ena e batla e lumellana le seo Jehova a se buileng ka Gogo ha a re: “Ka sebele u tla tla u tsoa sebakeng sa hao, u tsoa likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa leboea, uena hammoho le lichaba tse ngata, kaofela li kaletse lipere, e le phutheho e khōlō, e le lebotho le leholo la sesole.”—Ezekiele 38:6, 15.

Ka ho tšoanang, moprofeta Daniele ea phetseng mehleng ea Ezekiele, o re ka morena oa leboea: “Empa ho tla ba le litlaleho tse tla mo tšoenya, tse tsoang bochaba-tsatsi le tse tsoang leboea, ’me ka sebele o tla tsoa ka khalefo e khōlō e le hore a felise le ho nehela ba bangata timetsong. O tla hloma litente tsa hae tsa borena pakeng tsa leoatle le leholo le thaba e halalelang ea Mokhabiso; ’me o tla lokela ho fihla bofelong ba hae, ’me o tla hloka mothusi.” (Daniele 11:44, 45) Sena se tšoana le seo buka ea Ezekiele e reng Gogo o tla se etsa.—Ezekiele 38:8-12, 16.

Ho tla etsahala’ng ka mor’a tlhaselo ea ho qetela? Daniele o re: “Nakong eo Mikaele [Jesu Kreste] o tla raoha [ka Armagedone], khosana e khōlō e emeng [ho tloha ka 1914] molemong oa bara ba sechaba sa heno. Ka sebele ho tla ba le nako ea mahlomola [matšoenyeho a maholo] eo e joaloka eona e e-s’o ka e etsoa hore e be teng ho tloha ha ho e-ba le sechaba ho fihlela ka nako eo. Nakong eo sechaba sa heno se tla phonyoha, e mong le e mong ea fumanoang a ngotsoe bukeng.” (Daniele 12:1) Tšenolo 19:11-21 e hlalosa hore Jesu o tla etsa se tšoanang.

Empa “Gogo le Magogo” bao ho buuoang ka bona ho Tšenolo 20:8 ke bo-mang? Ke marabele ’ohle a khahlanong le Jehova a tla hlasela batho ba hae tekong ea ho qetela, qetellong ea lilemo tse sekete. A tla ba hloea joaloka Gogo oa Magogo, e leng lichaba tse tla hlasela batho ba Molimo qetellong ea matšoenyeho a maholo. Feela joalokaha lichaba tseo li tla timetsoa ka Armagedone, Gogo le Magogo le bona ba tla timetsoa. (Tšenolo 19:20, 21; 20:9) Kahoo, ho loketse hore bohle ba tlang ho fetohela Jehova qetellong ea lilemo tse sekete ba bitsoe “Gogo le Magogo.”

Kaha re liithuti tse hloahloa tsa Lentsoe la Molimo, re labalabela ho tseba hore na ke mang eo e tla ba “morena oa leboea.” Ho sa tsotellehe hore na ke mang ea tla etella lichaba pele ha li hlasela batho ba Molimo, re kholisehile ka lintho tsena tse peli: (1) Gogo oa Magogo hammoho le mabotho a hae ba tla hlōloa ba be ba timetsoe. (2) Morena oa rōna, Jesu Kreste o tla pholosa batho ba Molimo ’me o tla ba kenya lefatšeng le lecha le nang khotso le tšireletseho ea sebele.—Tšenolo 7:14-17.