Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Ile ba Bona Lintho Tse Tšepisitsoeng

Ba Ile ba Bona Lintho Tse Tšepisitsoeng

“Le hoja ba sa ka ba fumana phethahatso ea litšepiso, empa ba ile ba li bonela hōle.”—BAHEBERU 11:13.

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka lintho tseo re e-s’o ka re li bona? (Sheba setšoantšo se qalong.)

JEHOVA o re file mpho e babatsehang. Ke bokhoni ba ho nahana ka lintho tseo re e-s’o li bone. Bokhoni bona bo re thusa ho nahana ka lintho tse molemo tse tlang, ho rera lintho esale pele le ho qoba mathata. Jehova o tseba bokamoso, ’me o re bolella hore na re ka lebella lintho life nakong e tlang. Le hoja re sa li bone, re khona ho nahana ka tsona le ho lumela hore li tla etsahala.—2 Bakorinthe 4:18.

2, 3. (a) Ho nahana ka lintho tseo re li tšepisitsoeng ho ka re tsoela molemo joang? (b) Re tlil’o tšohla lipotso life sehloohong see?

2 Ke ’nete hore ka linako tse ling re nahana lintho tse ke keng tsa etsahala. Ka mohlala, ngoana e monyenyane a ka ’na a nahana hore a ka palama serurubele. Empa eo hase ntho e ka etsahalang. ’Mè oa Samuele, e leng Anna, eena o ile a nahana ka lintho tse ka etsahalang. O ile a lula a nahana ka letsatsi leo a tla isa mora oa hae tabernakeleng ka lona, hore a il’o sebetsa le baprista. Eo e ne e se toro feela. Ke seo a neng a rerile ho se etsa. Kahoo, ho nahana ka letsatsi leo ho ile ha fa Anna matla a hore a phethahatse seo a se tšepisitseng Jehova. (1 Samuele 1:22) Le rōna ha re nahana ka seo Jehova a se tšepisitseng, re nahana ka lintho tsa sebele tse tla etsahala.—2 Petrose 1:19-21.

3 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba mehleng ea Bibele ba ne ba nahana ka lintho tseo a li tšepisitseng. Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore ba nahane ka tsona? Hona ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka hore na bophelo ba rōna bo tla ba joang ha litšepiso tsa Molimo li phethahala?

BA ILE BA TIEA TUMELO LE HO FETA HA BA NAHANA KA BOKAMOSO

4. Ke’ng e ileng ea nolofalletsa Abele ho nahana ka bokamoso bo khanyang?

4 Abele ke motho oa pele ea ileng a ba le tumelo litšepisong tsa Jehova. O ne a tseba seo Jehova a se buileng ho noha ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.” (Genese 3:14, 15) Abele o ne a sa tsebe hantle hore na sena se tla etsahala joang. Empa e tlameha ebe o ile a nahanisisa ka seo Molimo a neng a se buile. Mohlomong Abele o ile a ipotsa hore na ke mang ea neng a tla longoa serethe ke noha ’me a thuse ho khutlisetsa batho phethehong. Abele o ne a lumela hore ntho leha e le efe eo Jehova a e tšepisitseng e tla phethahala, ’me Jehova a khahloa ke sehlabelo seo a ileng a se nyehela.—Bala Genese 4:3-5; Baheberu 11:4.

5. Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore Enoke a nahane ka bokamoso?

5 Enoke ke e mong oa batho ba neng ba e-na le tumelo e matla litšepisong tsa Molimo. O ne a phela har’a batho ba khopo ba neng ba bua ‘lintho tse tšosang’ ka Molimo. Empa Enoke o ne a le sebete ’me a phatlalatsa molaetsa oa Molimo. O ile a bolella batho hore Jehova o tl’o felisa ba khopo. (Juda 14, 15) Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a etse see? Mohlomong Enoke o ile a nahana ka hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng ha batho bohle ba se ba sebeletsa Jehova.—Bala Baheberu 11:5, 6.

6. E ka ’na eaba Noe o ile a nahana ka eng ka mor’a Moroallo?

6 Noe o ne a e-na le tumelo litšepisong tsa Jehova, kahoo ha aa ka a timetsoa ka Moroallo. (Baheberu 11:7) ’Me ka tumelo, Noe o ile a etsetsa Jehova mahlabelo a liphoofolo. (Genese 8:20) Ka mor’a Moroallo, lefatše le ile la boela la senyeha. Nimrode o ile a qala ho busa ’me a batla hore batho ba fetohele Jehova. (Genese 10:8-12) Empa Noe o ile a lula a le matla tumelong. Ho tšoana le Abele, o ne a kholisehile hore ka letsatsi le leng Molimo o tla felisa sebe le lefu. E ka ’na eaba Noe o ile a boela a nahana ka nako eo ka eona ho sa tl’o hlola ho e-ba le babusi ba sehlōhō. Le rōna re ka nahana ka nako eo e babatsehang, ’me hona joale e atametse!—Baroma 6:23.

BA ILE BA NAHANA KA HO PHETHAHALA HA LITŠEPISO

7. Abrahama, Isaka le Jakobo ba ne ba ka lebella eng?

7 Abrahama, Isaka le Jakobo ba ile ba nahana ka bokamoso bo babatsehang. Jehova o ne a ba tšepisitse hore batho ba lichaba tsohle ba tla itlhohonolofatsa “ka peō” ea bona. (Genese 22:18; 26:4; 28:14) Molimo o ne a boetse a ba tšepisitse hore ba lesika la bona e tla ba sechaba se seholo le hore ba tla lula Naheng e Tšepisitsoeng e ntle. (Genese 15:5-7) Abrahama, Isaka le Jakobo ba ne ba kholisehile hore ba lesika la bona ba tla lula naheng eo, kaha ba ne ba tseba hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala. Ha e le hantle, ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, Jehova o ’nile a thusa bahlanka ba hae ba tšepahalang hore ba utloisise hore ka le leng batho ba tla khutlela phethehong.

8. Ke’ng e ileng ea thusa Abrahama hore a be le tumelo e matla le hore a mamele?

8 Kaha Abrahama o ne a e-na le tumelo e matla, o ile a mamela Jehova esita le tlas’a maemo a thata haholo. Abrahama le bahlanka ba bang ba Jehova ba tšepahalang ba ile ba bona ka ho hlaka lintho tseo Jehova a li tšepisitseng, le hoja li sa ka tsa phethahala ba ntse ba phela. Bibele e re: “Ba ile ba li bonela hōle ’me ba li amohela.” (Bala Baheberu 11:8-13.) Abrahama o ne a tseba hore nakong e fetileng Jehova o ’nile a phethahatsa litšepiso tsa hae, kahoo o ne a kholisehile hore litšepiso tsohle tsa Jehova tsa nakong e tlang le tsona li tla phethahala.

Batho ba mehleng ea Bibele ba ne ba lebeletse nako eo ka eona Jehova ka puso ea hae a tlang ho busa ka ho sa feleng lefatšeng

9. Tumelo ea Abrahama litšepisong tsa Molimo e ile ea mo thusa joang?

9 Kaha Abrahama o ne a e-na le tumelo litšepisong tsa Jehova, o ile a tsoela pele ho etsa seo Jehova a mo laelang sona. Ka mohlala, o ile a tloha motseng oa habo oa Ure ’me a qeta bophelo bohle ba hae e le mojaki metseng e meng. O ne a tseba hore metse eo e ke ke ea e-ba teng ka ho sa feleng, kaha babusi ba eona ba ne ba sa sebeletse Jehova. (Joshua 24:2) Empa o ne a lebeletse nako eo ka eona Jehova ka puso ea hae a tlang ho busa ka ho sa feleng lefatšeng. Puso ena ke “motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.” (Baheberu 11:10) Abrahama, Abele, Enoke, Noe hammoho le ba bang, ba ne ba lumela tsohong. Nako le nako ha ba ne ba nahana ka ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng, tumelo ea bona e ne e tiea le ho feta litšepisong tsa Jehova.—Bala Baheberu 11:15, 16.

10. Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore Sara a nahane ka bokamoso?

10 Sara, mosali oa Abrahama, le eena o ne a e-na le tumelo e matla litšepisong tsa Jehova. Leha a se a le lilemo li 90 ’me a ntse a se na ngoana, o ne a ntse a tšepa hore o tla ba le ngoana. Sara o ne a lumela hore bana ba hae e tla ba sechaba se seholo. (Baheberu 11:11, 12) Ke’ng e neng e etsa hore a kholisehe hakaalo? Jehova o ne a itse ho monna oa hae: “Ke tla mo hlohonolofatsa ’me ke u fe mora ka eena; ke tla mo hlohonolofatsa ’me o tla fetoha lichaba; marena a lichaba a tla tsoa ho eena.” (Genese 17:16) Feela joalokaha Jehova a ne a tšepisitse, Sara o ile a ba le mora ea bitsoang Isaka. Mohlolo ona o ile oa mo kholisa hore litšepiso tsohle tsa Jehova li tla phethahala. Le rōna re ka imatlafatsa tumelong ha re nahana ka lintho tsohle tse babatsehang tseo Jehova a re tšepisang tsona.

O ILE A LULA A NAHANA KA MOPUTSO

11, 12. Ke’ng e ileng ea thusa Moshe hore a rate Jehova le ho feta?

11 Moshe le eena o ne a e-na le tumelo litšepisong tsa Jehova. O ne a hōletse Egepeta e le khosana. Empa kaha Moshe o ne a rata Jehova ho feta ntho leha e le efe, ha aa ka a hahamalla maemo le maruo. Batsoali ba hae ba Baheberu ba ne ba mo rutile ka Jehova, ba mo rutile hore Jehova o tšepisitse ho lokolla Baheberu bokhobeng le ho ba fa Naha e Tšepisitsoeng. (Genese 13:14, 15; Exoda 2:5-10) Moshe o ile a rata Jehova le ho feta ha a ntse a nahana ka litšepiso tsena.

12 Bibele e re bolella seo Moshe a ileng a lula a nahana ka sona, ha e re: “Ka tumelo Moshe, ha a hōlile, o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro, a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo ho e-na le hore a thabele sebe ka nakoana, hobane o ile a nka nyeliso ea Kreste e le maruo a maholo ho feta matlotlo a Egepeta; kaha o ile a talima ka hloko tefong ea moputso.”—Baheberu 11:24-26.

13. Ho nahana ka litšepiso tsa Jehova ho ile ha ruisa Moshe molemo joang?

13 E tlameha ebe Moshe o ile a nahana ka ho teba ka tšepiso ea Jehova ea ho lokolla Baheberu bokhobeng. Joaloka bahlanka ba bang ba Jehova, Moshe le eena o ne a tseba hore Jehova o tla lopolla batho bohle lefung. (Jobo 14:14, 15; Baheberu 11:17-19) Kahoo, Moshe o ne a utloisisa hore Jehova o rata batho haholo. Sena se ile sa etsa hore Moshe a rate Jehova le ho feta ’me a mo tšepe haholoanyane. Se ile sa etsa hore a ikemisetse ho sebeletsa Jehova bophelo bohle ba hae. (Deuteronoma 6:4, 5) Esita le nakong eo Faro a neng a batla ho mo bolaea, Moshe ha aa ka a tšoha. O ne a tseba hore Jehova o tla mo putsa nakong e tlang.—Exoda 10:28, 29.

NAHANA KA LINTHO TSEO ’MUSO OA MOLIMO O TLA LI ETSA

Na u ipona u se u etsa lintho tseo Jehova a u tšepisitseng tsona? (Sheba serapa sa 15)

14. Batho ba bang ba nahana’ng ka bokamoso?

14 Ha batho ba bangata ba nahana ka bokamoso, ba nahana lintho tse ke keng tsa etsahala. Ka mohlala, batho ba bang ba futsanehileng haholo ba nahana hore ka le leng e tla ba barui, ’me ba se hlole ba tšoenyeha ka letho. Empa Bibele e re bophelo lefatšeng lena la Satane bo tla lula bo tletse ‘likhathatso le lintho tse kotsi.’ (Pesaleme ea 90:10) Ha ba bang bona ba nahana hore mebuso ea batho e tla rarolla mathata a lefatše. Empa Bibele e re ke ’Muso oa Molimo feela o tla etsa seo. (Daniele 2:44) Batho ba bangata ba nahana hore ha ho mohla lefatše le tla fetoha. Empa Bibele e re Molimo o tla timetsa lefatše lena le khopo. (Sofonia 1:18; 1 Johanne 2:15-17) Batho ba nahanang lintho tse khahlanong le seo Jehova a se buang ba tla soetseha.

15. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka lintho tseo Molimo a re tšepisang tsona? (b) Har’a tse ling, ke’ng eo u labalabelang ho bona e etsahala?

15 Jehova o re tšepisa bokamoso bo babatsehang. Rea thaba ha re nahana ka nako eo, ’me seo se re fa matla ao re a hlokang e le hore re tsoele pele re mo sebeletsa. Na u ipona u se u etsa lintho tseo Jehova a u tšepisitseng tsona, ebang u tla be u le leholimong kapa u le lefatšeng? Haeba u na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, ak’u nahane u se u sebetsa le metsoalle ea hao ho etsa lefatše serapa se setle. Ba u etellang pele mosebetsing ona, e le batho ba u tsotellang. ’Me batho bohle ba rata Jehova, joaloka uena. U tla be u phela hantle ’me u le mahlahahlaha, ho se na letho le u tšoenyang. U tla thabela ho sebelisa tsebo le bokhoni ba hao ho thusa ba bang le ho tlotlisa Jehova. Mohlomong u tla be u thuse ba tsositsoeng bafung hore ba ithute ka Jehova. (Johanne 17:3; Liketso 24:15) Ha u nahana ka lintho tsena, u tla be u sa lore. Li tla etsahala kaha ke sona seo Bibele e reng se tla etsahala nakong e tlang.—Esaia 11:9; 25:8; 33:24; 35:5-7; 65:22.

BUA KA LINTHO TSEO U LI LABALABELANG

16, 17. Ke hobane’ng ha re lokela ho bua ka bokamoso boo Jehova a re tšepisitseng bona?

16 Ha re bolella bara le barali babo rōna lintho tseo re batlang ho li etsa lefatšeng le lecha, re ba thusa hore le bona ba nahane ka ho teba ka bokamoso bona bo babatsehang. Ke ’nete hore ha re tsebe hantle hore na e mong le e mong oa rōna o tla be a etsa’ng. Empa ha re bua ka lintho tseo re labalabelang ho li etsa, re bontša hore re na le tumelo litšepisong tsa Jehova. Ha re etsa sena, re tla khothatsana hore re tsoele pele ho sebeletsa Jehova nakong ena e thata, feela joaloka moapostola Pauluse le barab’abo ba Roma.—Baroma 1:11, 12.

17 Ho nahana ka bokamoso boo Jehova a bo tšepisitseng, ho tla etsa hore re se ke ra nahana haholo ka mathata a rōna. Ka nako e ’ngoe, Petrose o ne a tšoenyehile ’me a re ho Jesu: “Bona! Re siile lintho tsohle ’me ra u latela; re tla fumana eng?” Jesu o ne a batla hore Petrose le barutuoa ba bang ba nahane ka lintho tse babatsehang tseo ba tla li etsa nakong e tlang. O ile a re ho bona: “Ha Mor’a motho a lula teroneng ea hae e khanyang, lōna ba ntatetseng le lōna le tla lula literoneng tse leshome le metso e ’meli, le ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele. E mong le e mong ea siileng matlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ntate kapa ’mè kapa bana kapa masimo ka lebaka la lebitso la ka o tla amohela ho eketsehileng ka makhetlo a mangata ’me o tla rua bophelo bo sa feleng.” (Matheu 19:27-29) Kahoo, Petrose le barutuoa ba bang ba ne ba ka ipona ba se ba busa le Jesu leholimong, ’me ba thusa batho ba ikokobelitseng ba lefatšeng hore e be ba phethahetseng.

18. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka nako eo Molimo a tla phethahatsa litšepiso tsa hae ka eona?

18 Re buile ka se ’nileng sa thusa bahlanka ba Jehova hore ba be le tumelo e matla. Abele o ile a nahana ka bokamoso bo babatsehang boo Jehova a bo tšepisitseng, ’me ka lebaka la ho ba le tumelo tšepisong eo, a khahlisa Jehova. Abrahama o ile a mamela Jehova esita le ha ho ne ho le thata, kaha o ile a nahana ka ho phethahala ha seo Jehova a tšepisitseng hore se tla etsahala ka “peō.” (Genese 3:15) Moshe o ne a labalabela ho fumana moputso oo Jehova a o tšepisitseng, e leng se ileng sa etsa hore a rate Jehova ’me a tšepahale. (Baheberu 11:26) Ha re nahana ka nako eo Jehova a tla phethahatsa lintho tsohle tseo a li tšepisitseng, tumelo ea rōna litšepisong tsa hae e tiea le ho feta. Sehloohong se latelang, re tla tšohla tsela e ’ngoe eo re ka sebelisang matla a rōna a ho nahana ka eona.